Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 48

Bagibeone ba Bohlale

Bagibeone ba Bohlale

JOALE metse e mengata ea Kanana e itokisetsa ho loantša Iseraele. E nahana hore e ka e hlōla. Empa batho ba motse o haufi oa Gibeone ha ba nahane joalo. Ba lumela hore Molimo o thusa Baiseraele, ’me ha ba batle ho loantša Molimo. Na ua tseba hore joale Bagibeone ba etsa’ng?

Ba iketsa eka ke batho ba lulang kae-kae sebakeng se hōle haholo. Kahoo banna ba bang ba apara liaparo tse tabohileng ebile ba roala meqathatso e tsofetseng. Ba belesa liesele tsa bona mekotla ea khale, ’me ba nka le bohobe ba khale bo omeletseng. Joale ba ea ho Joshua ba re: ‘Re tsoa naheng e hōle-hōle, hobane re utloetse ka Molimo oa lōna e moholo, Jehova. Re utloetse ka tsohle tseo a le etselitseng tsona Egepeta. Eaba baeta-pele ba rōna ba re re lokise mefaho re kene leetong re tle ’me re re ho uena: “Re bahlanka ba hao. Re tšepise hore u ke ke ua re loantša.” U ka bona hore le liaparo tsa rōna li tabohile ke ho tsamaea leeto le lelelele ’me bohobe ba rōna e se e le ba khale ebile bo omeletse.’

Joshua le baeta-pele ba bang ba kholoa seo Bagibeone ba se bolelang. Kahoo ba tšepisa hore ba ke ke ba ba loantša. Empa ka mor’a matsatsi a mararo baa hlokomela hore ehlile Bagibeone ha ba lule hōle.

Joshua oa ba botsa: ‘Ke hobane’ng ha le itse ho rōna le tsoa naheng e hōle?’

Bagibeone baa arabela: ‘Re entse joalo hobane re boleletsoe hore Molimo oa lōna Jehova o tšepisitse ho le neha naha ena eohle ea Kanana. Kahoo re ne re tšohile hore le tla re bolaea.’ Empa Baiseraele ba boloka tšepiso ea bona, ’me ha ba bolaee Bagibeone. Ho e-na le ho ba bolaea, ba ba etsa bahlanka ba bona.

Morena oa Jerusalema o halefile hobane Bagibeone ba entse khotso le Iseraele. Joale o re ho marena a mang a mane: ‘Tloong le nthuse re loantše Gibeone.’ Marena ana a mahlano a etsa joalo. Na e bile bohlale hore Bagibeone ba etse khotso le Iseraele, ha e le moo marena aa a ba loantša? Re tla bona.