PALE EA 50
Basali ba Babeli ba Sebete
HA Baiseraele ba kena khathatsong, ba llela ho Jehova. Jehova o arabela ka ho ba fa baeta-pele ba sebete hore ba ba thuse. Bibele e bitsa baeta-pele bana baahloli. Joshua e ne e le moahloli oa pele, ’me ba bang ba ileng ba mo hlahlama e ne e le Othniele, Ehude le Shamgare. Empa batho ba bang ba babeli ba ileng ba thusa Iseraele ke basali ba bitsoang Debora le Jaele.
Debora ke moprofeta oa mosali. Jehova o mo tsebisa lintho tse tla etsahala nakong e tlang, ebe o joetsa batho seo Jehova a se bolelang. Hape Debora ke moahloli. O lula tlas’a sefate se seng sa palema sebakeng se lithaba, ’me batho ba tla ho eena hore a ba thuse ka mathata a bona.
Jabine ke morena oa Kanana nakong ena. O na le likoloi tsa ntoa tse 900. Lebotho la hae la ntoa le matla hoo Baiseraele ba bangata ba qobeletsoeng hore e be bahlanka ba Jabine. Molaoli oa lebotho la Morena Jabine o bitsoa Sisera.
Ka letsatsi le leng Debora o bitsa Moahloli Barake ’me o re ho eena: ‘Jehova o itse: “Nka banna ba 10 000, u ba ise Thabeng ea Tabore. Ke tla u tlisetsa Sisera moo. ’Me ke tla etsa hore u mo hlōle hammoho le lebotho la hae.”’
Barake o re ho Debora: ‘Ke tla ea haeba le uena u ea le ’na.’ Debora o ea le eena, empa o re ho Barake: ‘U ke ke ua rorisoa ka tlhōlo, hobane Jehova o tla nehela Sisera letsohong la mosali.’ ’Me ha fela ha etsahala joalo.
Barake o theoha Thabeng ea Tabore ho ea kopana le masole a Sisera. Kapele Jehova o tlisa moroallo, ’me masole a mangata a sera a khangoa ke metsi. Empa Sisera o theoha koloing ea hae oa baleha.
Ka mor’a nakoana Sisera o tla tenteng ea Jaele. Jaele o re a kene ’me o mo fa lebese. Le mo tšoarisa boroko, ’me kapele oa khaleha. Joale Jaele o nka thakhisa ea tente o e khokhothela hloohong ea monna enoa e mobe. Hamorao, ha Barake a fihla, o mo bontša setopo sa Sisera! Kahoo ua bona hore seo Debora a se boletseng se phethahetse.
Qetellong le Morena Jabine oa bolaoa, ’me Baiseraele ba boela ba e-ba le khotso ka nakoana.