Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 39

Lere la Arone le Mela Lipalesa

Lere la Arone le Mela Lipalesa

BONA lipalesa le lialmonde tse butsoitseng tse metseng lereng lena. Ke lere la Arone. Lipalesa tsena le litholoana tse butsoitseng li metse lereng la Arone ka bosiu bo le bong feela! A re bone lebaka.

Ke nakoana Baiseraele ba ntse ba lelera lefeelleng joale. Batho ba bang ba re Moshe ha aa lokela ho ba moeta-pele, le Arone ha aa lokela ho ba moprista ea phahameng. Ke Kora ea nahanang joalo, o tlatsoa ke Dathane, Abirame le baeta-pele ba sechaba ba 250. Kaofela baa tla ba re ho Moshe: ‘Ke hobane’ng ha u iphahamisetsa rōna kaofela?’

Moshe o re ho Kora le balateli ba hae: ‘Hosasane hoseng le inkele lijana tsa mollo le li tšele libano. Joale le tle tabernakeleng ea Jehova. Re tla bona eo Jehova a tla mo khetha.’

Ka le hlahlamang Kora le balateli ba hae ba 250 ba tla tabernakeleng. Batho ba bang ba bangata ba tlela ho tla tšehetsa banna bana. Jehova o halefile haholo. Moshe o re: ‘Tlohang litenteng tsa batho bana ba babe. Le se ke la ama letho la bona.’ Batho baa mamela, ’me ba tloha tenteng ea Kora, ea Dathane le ea Abirame.

Joale Moshe o re: ‘Ka sena le tla tseba eo Jehova a mo khethileng. Lefatše le tla ahlama le koenye banna bana ba babe.’

Hang ha Moshe a thōla, lefatše lea ahlama. Tente ea Kora, ea Dathane le ea Abirame le lintho tsa bona hammoho le ba nang le bona ba oela ka har’a lefatše le ahlameng, ’me lea ba koahela. Ha batho ba utloa seboko sa ba oelang ka har’a lefatše, baa hoeletsa: ‘Balehang! Le rōna lefatše le tloha le re koenya!’

Kora le balateli ba hae ba 250 ba ntse ba le haufi le tabernakele. Joale Jehova o romela mollo, ’me ba cha kaofela. Joale Jehova o re mora oa Arone, Eleazare, a nke lijana tsa mollo tsa banna bao ba shoeleng ’me a etse makapa a masesaane ka tsona a koahele aletare ka ’ona. Sekoahelo sena sa aletare ke temoso ho Baiseraele hore ha ho e mong ntle ho Arone le bara ba hae ea ka sebeletsang e le moprista oa Jehova.

Empa Jehova o batla ho hlakisa hantle hore ke Arone le bara ba hae bao a ba khethetseng ho ba baprista. Joale o re ho Moshe: ‘E-re moeta-pele e mong le e mong oa leloko la Iseraele a tlise lere la hae. Lelokong la Levi, Arone a tlise lere la hae. Joale u kenye lere le leng le le leng ka tabernakeleng ka pel’a areka ea selekane. Lere la monna eo ke mo khethetseng ho ba moprista le tla mela lipalesa.’

Ha Moshe a sheba hoseng ho latelang, lere la Arone ke lona le nang le lipalesa tsena le lialmonde tse butsoitseng! Na joale u bona lebaka leo ka lona Jehova a ileng a melisa lipalesa lereng la Arone?