Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 55

Moshanyana o Sebeletsa Molimo

Moshanyana o Sebeletsa Molimo

NA MOSHANYANA eo ha a motle? Lebitso la hae ke Samuele. ’Me monna ea behileng letsoho hloohong ea Samuele ke Eli, moprista ea phahameng oa Iseraele. Ba tlisitseng Samuele ho Eli ke Elkana, ntat’a Samuele le Anna, ’m’ae.

E ka ’na eaba Samuele o lilemo li ’nè kapa li hlano. Empa o tla lula mona tabernakeleng ea Jehova le Eli le baprista ba bang. Ebe ke hobane’ng ha Elkana le Anna ba fana ka Samuele e monyenyane hakaale hore a sebeletse Jehova tabernakeleng? A re bone.

Ke lilemo tse seng kae pele ho mona ha Anna a ne a utloile bohloko haholo. Lebaka ke hore o ne a se na ngoana, ’me o ne a mo batla haholo. Eare ka letsatsi le leng ha Anna a etetse tabernakeleng ea Jehova, a rapela a re: ‘Oho Jehova, u se ke ua ntebala! Ha u ka mpha mora, ke tšepisa hore ke tla u neha eena a u sebeletse bophelo bohle ba hae.’

Jehova o ile a arabela thapelo ea Anna, ’me likhoeli hamorao a ba le Samuele. Anna o ne a rata moshanyana oa hae, ’me a qala ho mo ruta ka Jehova a sa le monyenyane haholo. A re ho monna oa hae: ‘Ha Samuele a se a hōlile, ho se ho sa hlokahale hore a anyesoe, ke tla mo isa tabernakeleng ho ea sebeletsa Jehova moo.’

Ke sona seo re bonang Anna le Elkana ba se etsa setšoantšong sena. Kaha batsoali ba Samuele ba mo rutile hantle, o thabetse ho tla sebeletsa Jehova mona tenteng ea Jehova. Selemo le selemo Anna le Elkana ba tla tenteng ena e khethehileng ho tla rapela le ho etela moranyana oa bona. Hape, selemo le selemo Anna o tlisetsa Samuele seaparo se secha se se nang matsoho seo a mo etselitseng sona.

Ha lilemo li ntse li feta, Samuele o tsoela pele ho sebeletsa tabernakeleng ea Jehova, ’me Jehova oa mo rata esita le batho baa mo rata. Empa bara ba Eli, moprista ea phahameng, e leng Hofni le Finease ba babe. Ba etsa lintho tse mpe tse ngata, ’me ba etsa hore batho ba bang le bona ba se ke ba mamela Jehova. Eli o lokela ho ba tlosa bopristeng, empa ha a ba tlose.

Samuele e monyenyane ha a lumelle lintho tse mpe tse etsahalang tabernakeleng hore li mo sitise ho sebeletsa Jehova. Empa kaha ke batho ba fokolang ka palo ba hlileng ba ratang Jehova, ke khale Jehova a qetetse ho bua le motho leha e le ofe. Ha Samuele a hōla-hōla ho etsahala sena:

Samuele o khalehile ka tabernakeleng ha lentsoe le mo tsosa. Oa arabela o re: ‘Ke ’na enoa.’ Oa tsoha o mathela ho Eli, ’me o re: ‘U mpitsitse, ke ’na enoa.’

Empa Eli o arabela ka ho re: ‘Ha kea u bitsa, khutlela likobong.’ Joale Samuele o khutlela likobong.

Joale lentsoe le bitsa lekhetlo la bobeli le re: ‘Samuele!’ Joale Samuele oa tsoha ’me o mathela ho Eli hape. O re: ‘U mpitsitse, ke ’na enoa.’ Empa Elia o re: ‘Ha kea u bitsa, mor’a ka. Tsam’o robala hape.’ Kahoo Samuele o khutlela likobong.

Lentsoe le bitsa lekhetlo la boraro le re: ‘Samuele!’ Samuele o mathela ho Eli. O re: ‘Ke ’na enoa, etsoe lekhetlong lena e tlameha ebe u mpitsitse.’ Joale Eli a tseba hore e tlameha ebe ke Jehova ea mo bitsang. Kahoo o re ho Samuele: ‘Tsam’o robala hape, ’me haeba a u bitsa hape, u re: “Bua Jehova, etsoe mohlanka oa hao o mametse.”’

Ha Jehova a mo bitsa hape, Samuele o bua joalo. Joale Jehova o bolella Samuele hore O tlil’o otla Eli le bara ba hae. Hamorao Hofni le Finease ba shoela ntoeng e loanoang le Bafilista, ’me ha Eli a utloa se etsahetseng o oa ka seetse, o robeha molala ’me le eena oa shoa. Kahoo lentsoe la Jehova lea phethahala.

Samuele oa hōla, ’me e ba eena moahloli oa ho qetela oa Iseraele. Ha a tsofala, batho baa mo kōpa ba re: ‘Khetha morena ea tla re busa.’ Samuele ha a rate ho etsa joalo, hobane ha e le hantle Jehova ke eena morena oa bona. Empa Jehova o mo bolella hore a mamele batho.