Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 40

Moshe o Otla Lefika

Moshe o Otla Lefika

LILEMO tsa ’na tsa feta—ha feta tse 10, tse 20, tse 30, tse 39! Baiseraele ba ntse ba le lefeelleng. Empa ka lilemo tsena tsohle Jehova o hlokomela batho ba hae. O ba fepa manna. Motšehare o ba tsamaisa ka topallo ea leru, bosiu ka topallo ea mollo. Ka lilemo tsena tsohle liaparo tsa bona ha li tabohe le maoto a bona ha a ruruhe.

Joale ke khoeli ea pele selemong sa bo40 ba tlohile Egepeta. Baiseraele ba hloma litente hape Kadeshe. Ba ne ba le hona mona ha lihloela tse 12 li ne li romeloa ho ea hloela naha ea Kanana lilemong tse fetileng tse ka bang 40. Miriame, khaitseli ea Moshe o shoella Kadeshe. Joaloka pele, ho hlaha khathatso mona.

Batho ha ba fumane metsi ho hang. Joale ba belaela ho Moshe ba re: ‘Ho ne ho le molemo ha re shoele. U re ntšelitse’ng Egepeta ho re tlisa sebakeng see se tšabehang seo ho seng letho le tla mela ho sona? Ha ho lijo-thollo, ha ho lifeiga, ha ho merara, ha ho likharenate. Ha ho na le metsi a ho noa ho hang.’

Ha Moshe le Arone ba ea tabernakeleng ho ea rapela, Jehova o re ho Moshe: ‘Phutha sechaba. Joale u bue le lefika leo ka pel’a sona kaofela. Ho tla tsoa metsi a lekaneng sechaba le liphoofolo tsohle tsa sona.’

Joale Moshe o phutha sechaba ’me o re: ‘Mamelang, lōna ba sa tšepeng Molimo! Na ’na le Arone re lokela ho le ntšetsa metsi lefikeng lee?’ Joale Moshe o otla lefika habeli ka lere, ’me nōka e khōlō e phalla lefikeng leo. Ho ba le metsi a lekaneng sechaba kaofela le liphoofolo hore ba noe.

Empa Jehova o halefetse Moshe le Arone. Na u tseba lebaka? Ke hobane Moshe le Arone ba itse ke bona ba neng ba tla ntša metsi lefikeng. Empa hantle-ntle ke Jehova ea a ntšitseng. Kahobane Moshe le Arone ha baa bua ’nete ka taba eo, Jehova o re o tl’o ba otla. O re: ‘Le ke ke la kenya sechaba sa ka Kanana.’

Kapele Baiseraele ba tloha Kadeshe. Ka mor’a nakoana ba fihla Thabeng ea Hore. Ha ba le moo, holimo thabeng, Arone o shoella teng. O shoa a le lilemo li 123. Baiseraele ba hlomohile haholo, ’me sechaba sohle se llela Arone ka matsatsi a 30. O hlahlangoa ke mor’a hae Eleazare e le moprista ea phahameng sechabeng sa Iseraele.