Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 36

Namane ea Khauta

Namane ea Khauta

JO, JO! Batho ba etsa’ng joale? Ba rapela namane! Ke hobane’ng ha ba etsa joalo?

Ha Moshe a lula nako e telele thabeng, batho ba re: ‘Ha re tsebe se etsahetseng ka Moshe. A re iketsetseng molimo ea tla re ntša naheng ena.’

Moholoane oa Moshe, Arone, o re: ‘Ho lokile. Rōlang masale a lōna a khauta le a tlise ho ’na.’ Ha batho ba etsa joalo, Arone oa a qhibilisa ’me o a etsa namane ea khauta. Batho ba re: ‘Enoa ke Molimo oa rōna, ea re ntšitseng Egepeta!’ Joale Baiseraele ba etsa mokete o moholo, ba rapela namane ea khauta.

Ha Jehova a bona sena, o halefa haholo. Joale o re ho Moshe: ‘Theoha ka potlako. Batho ba etsa ntho e mpe haholo. Ba lebetse melao ea ka ’me ba khumamela namane ea khauta.’

Moshe o theoha ka potlako thabeng. Ha a atamela, ke sona seo a se bonang sena. Batho baa bina le ho hobela ba pota-potile namane ea khauta! Moshe o halefile hoo a lahlelang fatše majoe a mabeli a nang le melao, ’me a pshatleha likotoana tse ngata. O nka namane ea khauta oa e qhibilisa. Joale o e sila hore e be phofo.

Batho ba entse ntho e mpe haholo. Joale Moshe o bolella banna ba bang hore ba nke lisabole tsa bona. Moshe o re: ‘Batho bohle ba babe ba rapetseng namane ea khauta ba tlameha ho shoa.’ Joale banna bao ba bolaea batho ba 3 000! Na see ha se bontše hore re lokela ho ba hlokolosi hore re rapele Jehova feela, eseng melimo leha e le efe ea bohata?