Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 41

Noha ea Koporo

Noha ea Koporo

NA NOHA eo e thatetsoeng thupeng e tšoana le noha ea ’nete? Hase noha ea ’nete. Noha eo e entsoe ka koporo. Jehova o laetse Moshe hore a e fanyehe thupeng e le hore batho ba ka e sheba ’me ba lule ba phela. Empa linoha tse ling tse fatše tsona lia phela. Li lomme batho ’me tsa ba kulisa. Na u tseba lebaka?

Ke hobane Baiseraele ba buile Molimo le Moshe hampe. Ba belaela ka ho re: ‘Ke hobane’ng ha le re ntšitse Egepeta hore re tl’o shoella lefeelleng lee? Ha ho na lijo kapa metsi mona. Manna ana a re tenne.’

Empa manna ke lijo tse monate. Jehova o ba file ’ona ka mohlolo. Le metsi o ba file ’ona ka mohlolo. Empa batho ha ba lebohe tsela eo Molimo a ba hlokometseng ka eona. Kahoo Jehova o romela linoha tsena tse chefo ho otla Baiseraele. Linoha lia ba loma ’me ba shoa ba le bangata.

Qetellong batho ba tla ho Moshe ’me ba re: ‘Re sitiloe, hobane re buile Jehova le uena hampe. Joale rapela Jehova hore a tlose linoha tsena.’

Kahoo Moshe o rapella batho. Joale Jehova o laela Moshe hore a etse noha ena ea koporo. O re a e fanyehe thupeng, hore mang kapa mang ea lonngoeng a e shebe. Moshe o etsa feela kamoo Molimo a mo laelang. Batho ba lonngoeng ba sheba noha ea koporo ’me baa fola.

Ho na le seo re ithutang sona mona. Ka tsela e itseng, kaofela ha rōna re tšoana le Baiseraele bao ba neng ba lonngoe ke linoha tseo. Bohle rea shoa. Ha u sheba hohle, u tla bona hore batho baa tsofala, baa kula ebile baa shoa. Ke hobane monna oa pele le mosali oa pele, Adama le Eva, ba ile ba furalla Jehova, ’me rōna bohle re bana ba bona. Empa Jehova o butse tsela ea hore re ka phela ka ho sa feleng.

Jehova o ile a romela Mora oa hae, Jesu Kreste, lefatšeng. Jesu o ile a fanyehoa thupeng, hobane batho ba bangata ba ne ba nahana hore o mobe. Empa Jehova o fane ka Jesu ho re pholosa. Ha re sheba mohlala oa hae, ebile re mo latela, joale re ka phela ka ho sa feleng. Empa re tla ithuta haholo ka sena hamorao.