Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 37

Tente ea Borapeli

Tente ea Borapeli

NA UA tseba hore mohaho oo ke oa eng? Ke tente ea bohlokoa eo ho rapeloang Jehova ho eona. Hape e bitsoa tabernakele. Batho ba qetile ho e haha selemo ka mor’a hore ba tlohe Egepeta. Na ua tseba hore ke mang ea itseng e hahuoe?

Ke Jehova ea itseng e hahuoe. Jehova o ile a bolella Moshe hore na e hahuoe joang ha a le Thabeng ea Sinai. A re e hahuoe ka mokhoa oo e tla nkoa habonolo. Ka tsela ena likarolo tsa eona li ne li ka isoa sebakeng se seng, ebe li kopanngoa moo hape. Kahoo ha Baiseraele ba ne ba tloha sebakeng se seng ba ea ho se seng, ba ne ba tsamaea le eona.

Ha u sheba ka hare ho kamore e nyenyane qetellong ea tente u bona lebokose. Le bitsoa areka ea selekane. Le ne le e-na le mangeloi kapa likerubime tse peli tsa khauta ka mahlakoreng a mabeli. Molimo o ile a boela a ngola Melao e Leshome matlapeng a mabeli a majoe, hobane Moshe o ne a pshatlile a pele. Majoe ao a ne a bolokiloe ka arekeng ea selekane. Hape, ho ne ho bolokiloe le sekotlolo sa manna ka ho eona. Na u sa hopola hore na manna ke eng?

Jehova o khetha moholoane oa Moshe Arone hore e be eena moprista ea phahameng. O etella batho pele ha ba rapela Jehova. Le bara ba hae ke baprista.

Joale sheba kamore e khōloanyane ea tente. E feta kamore e nyenyane habeli. Na u bona lebokose le kubellang mosi? Ke aletare moo baprista ba chesang ntho e nkhang hamonate e bitsoang libano. Joale ho na le seluloana sa mabone se nang le mabone a supileng. ’Me ntho ea boraro ka kamoreng eo ke tafole. Ho eona ho behiloe mahobe a 12.

Lebaleng la tabernakele ho na le sekotlolo se seholo, se tlatsitsoeng metsi. Baprista ba hlapa ka ’ona. Hape ho na le aletare e khōlō. Mona ho chesoa liphoofolo tse shoeleng e le nyehelo ho Jehova. Tente e bohareng ba liahelo, ’me Baiseraele ba lula ka litenteng tsa bona ba e pota-potile.