Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 112

Ba Robeheloa ke Sekepe Sehlekehlekeng

Ba Robeheloa ke Sekepe Sehlekehlekeng

BONA! sekepe sena se bothateng! Se khaoha likoto! Na u bona batho ba ikakhetseng ka metsing? Ba bang ba se ba ntse ba fihla lebōpong. Na eo ke Pauluse? A re bone se ’nileng sa mo etsahalla.

Hopola hore Pauluse o bile teronkong Cesarea ka lilemo tse peli. Joale eena le batšoaruoa ba bang ba kenngoa sekepeng ’me ba ea Roma. Ha ba feta haufi le sehlekehleke sa Kreta, ba otloa ke sefefo se matla. Moea o foka ka matla hoo banna bao ba sitoang ho tsamaisa sekepe. ’Me ha ba bone letsatsi motšehare kapa linaleli bosiu. Qetellong, ka mor’a matsatsi a mangata, batho ba palameng sekepe seo ba felloa ke tšepo ea hore ba ka pholoha.

Joale Pauluse oa ema ’me o re: ‘Ha ho le ea mong oa lōna ea tla shoa; ke sekepe feela se tla senyeha. Etsoe bosiu bo fetileng lengeloi la Molimo le tlile ho ’na ’me la re: “U se ke ua tšoha Pauluse! U tlameha ho ema ka pel’a Cesare ’musi oa Roma. ’Me Molimo o tla pholosa bohle ba tsamaeang le uena ka sekepe.”’

Ha e batla e se e le bosiu bo boholo ka mor’a matsatsi a 14 sefefo se qalile, basesisi ba sekepe baa hlokomela hore metsi ha a sa tebile haholo! Ka lebaka la ho tšaba ho thula mafika lefifing, ba akhela liankora tsa bona. Hoseng ho latelang ba bona lebōpo. Ba leka ho sesisetsa sekepe sa bona lebōpong leo.

Ha ba atamela lebōpong, sekepe se thula tutulu ea lehlabathe ’me sea qaoa. Joale maqhubu a qala ho otla sekepe ’me se khaoha likoto. Molaoli oa lebotho ea ikarabellang o re: ‘Lōna bohle ba tsebang ho sesa ikakheleng ka leoatleng pele ’me le sesetse lebōpong. Lōna ba bang kaofela le ikakhele ka mor’a bona ’me le nke likotoana tse tsoang sekepeng le itšoareletse ka tsona.’ Ba etsa joalo. Ka tsela eo batho bohle ba 276 ba neng ba le sekepeng ba fihla lebōpong ba sireletsehile, feela joalokaha lengeloi le ne le tšepisitse.

Sehlekehleke seo se bitsoa Malta. Batho ba teng ba mosa haholo, ’me ba hlokomela batho ba tsoang sekepeng. Ha boemo ba leholimo bo hlaka, Pauluse o palamisoa sekepe se seng ’me o isoa Roma.