Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 113

Pauluse o Roma

Pauluse o Roma

BONA mahlaahlela a ho Pauluse, le lesole la Moroma le mo lebetseng. Pauluse ke motšoaruoa Roma. O emetse ho fihlela Cesare oa Roma a etsa qeto ea hore na o etsa’ng ka eena. Ha a ntse a tšoeroe, batho ba lumeletsoe ho mo etela.

Matsatsi a mararo ka mor’a hore Pauluse a fihle Roma o romela hore baeta-pele ba bang ba Bajuda ba tl’o mo bona. Ka lebaka leo, Bajuda ba bangata ba Roma baa tla. Pauluse o ba bolella ka Jesu le ka ’muso oa Molimo. Ba bang baa lumela ’me e ba Bakreste, empa ba bang ha ba lumele.

Hape Pauluse o bolella masole a sa tšoaneng a mo lebelang litaba tse molemo. Ka lilemo tseo tse peli e le motšoaruoa mona, Pauluse o bolella motho e mong le e mong eo a khonang ho mo bolella. Ka lebaka leo, esita le ba ntlo ea Cesare ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso, ’me ba bang e ba Bakreste.

Empa moeti eo ea tafoleng ea ntseng a ngola ke mang? U nahana hore ke mang? E, ke Timothea. Timothea le eena o ne a kentsoe teronkong ka lebaka la ho bolela ka ’Muso, empa o lokolohile hape. O tlile mona ho tla thusa Pauluse. Na ua tseba hore Timothea o ntse a ngola eng? A re bone.

Na u sa hopola metse ea Filipi le Efese eo ho builoeng ka eona Paleng ea 110? Pauluse o ile a thusa hore ho thehoe liphutheho tsa Bokreste metseng eo. Joale ha a ntse a le teronkong, Pauluse o ngolla Bakreste bana mangolo. Mangolo ao a teng ka Bibeleng, ’me a bitsoa Baefese le Bafilipi. Joale Pauluse o ntse a bolella Timothea seo a lokelang ho se ngolla metsoalle ea bona ea Bakreste e Filipi.

Bafilipi ba bile mosa haholo ho Pauluse. Ba mo rometse mpho mona teronkong, joale Pauluse oa ba leboha. Epafroditase ke eena ea tlisitseng mpho eo. Empa o ile a kula haholo hoo a batlileng a e-shoa. Joale o folile ’me o loketse ho ea hae. O tla nka lengolo lena le tsoang ho Pauluse le Timothea ha a khutlela Filipi.

Ha a ntse a le teronkong Pauluse o ngola mangolo a mang a mabeli ao re nang le ’ona ka Bibeleng. Le leng le ea ho Bakreste ba motseng oa Kolose. Na ua tseba hore le bitsoa’ng? Ke Bakolose. Le leng ke le eang ho motsoalle oa hae ea bitsoang Filemone ea lulang hona Kolose. Lengolo leo le bua ka Onesimase mohlanka oa Filemone.

Onesimase o ne a balehile Filemone a tlile Roma. Ka tsela e itseng Onesimase o ile a utloela hore Pauluse o teronkong mona. A mo chakela, eaba Pauluse o bolella Onesimase litaba tse molemo. Kapele Onesimase le eena ea e-ba Mokreste. Joale Onesimase o soabile hore ebe o balehile. Na u tseba seo Pauluse a se ngollang Filemone lengolong lee?

Pauluse o kōpa Filemone hore a tšoarele Onesimase. Pauluse oa ngola o re: ‘Ke mo khutlisetsa ho uena. Empa joale hase mohlanka oa hao feela. Hape ke mor’abo rōna oa Mokreste ea molemo.’ Ha Onesimase a khutlela Kolose o nka mangolo ana a mabeli, le leng le ea ho Bakolose ’me le leng le ea ho Filemone. Re ka inahanela hore na Filemone o thaba hakaakang ha a utloa hore mohlanka oa hae e se e le Mokreste.

Ha Pauluse a ngolla Bafilipi le Filemone, ehlile o ba tšoaretse litaba tse monate. Pauluse o re ho Bafilipi: ‘Ke le romela Timothea. Empa le ’na ke tla le etela haufinyane.’ O re ho Filemone: ‘U ntokisetse sebaka moo ke tla lula teng.’

Ha Pauluse a lokolloa teronkong o etela bara le barali babo ba Bakreste libakeng tse ngata. Empa hamorao Pauluse o tšoaroa hape Roma. Lekhetlong lena oa tseba hore o tl’o bolaoa. Kahoo o ngolla Timothea hore a tle ho eena kapele. Pauluse oa ngola o re: ‘Ke tšepahetse ho Molimo, ’me Molimo o tla mpha moputso.’ Lilemo tse seng kae ka mor’a hore Pauluse a bolaoe, Jerusalema e timetsoa hape, ’me lekhetlong lena e timetsoa ke Baroma.

Empa Bibele e na le litaba tse ngata. Jehova Molimo o re moapostola Johanne a ngole libuka tsa eona tsa ho qetela, ho kopanyelletsa le buka ea Tšenolo. Buka ena e bua ka nako e tlang. Joale a re ithute hore na nako eo e tlang e re tšoaretse eng.