Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 110

Timothea—Mothusi e Mocha oa Pauluse

Timothea—Mothusi e Mocha oa Pauluse

MOHLANKANA eo u mo bonang mona a e-na le moapostola Pauluse ke Timothea. Timothea o lula Lystra le lelapa labo. ’Mè oa hae ke Eunice ’me nkhono oa hae ke Loise.

Lena ke lekhetlo la boraro Pauluse a etela Lystra. Hoo e ka bang selemo pejana ho moo, Pauluse le Barnabase ba ile ba etela mona ka lekhetlo la pele ba tl’o bolela litaba tse molemo. Joale Pauluse o khutletse mona hape le motsoalle oa hae Silase.

Na ua tseba hore Pauluse o re’ng ho Timothea? Oa mo botsa: ‘Na u ka rata ho tsamaea le ’na le Silase? U ka re thusa ho bolella batho ba libakeng tse hōle litaba tse molemo.’

Timothea oa araba: ‘Ho lokile, nka rata ho tsamaea le lōna.’ Kapele ka mor’a moo, Timothea o siea lelapa labo ’me o tsamaea le Pauluse le Silase. Empa pele re ithuta ka leeto la bona, a re bone se ’nileng sa etsahalla Pauluse. Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 17 ho tloha ha Jesu a ne a itlhahisa ho eena tseleng e eang Damaseka.

Hopola hore Pauluse o ne a tlile Damaseka ho tla hlorisa barutuoa ba Jesu, empa joale e se e le morutuoa ka boeena! Hamorao lira li rera ho bolaea Pauluse hobane ha li rate ha a ruta ka Jesu. Empa barutuoa ba thusa Pauluse ho baleha. Ba mo kenya ka basketeng ’me ba mo theola lerakong la motse.

Ka mor’a moo Pauluse o ea Antioke ho ea bolela. Ke hona mona moo balateli ba Jesu ba qalang ho bitsoa Bakreste. Joale Pauluse le Barnabase ba romeloa ho ea bolela litaba tse molemo linaheng tse hōle ba tloha Antioke. Motse o mong oo ba o etelang ke Lystra, ha habo Timothea.

Joale, hoo e ka bang selemo hamorao, Pauluse o khutletse Lystra leetong la hae la bobeli. Na ua tseba hore ha Timothea a tloha moo a tsamaea le Pauluse le Silase ba leba hokae? Sheba ’mapa ona ’me re ithute libaka tse ling.

Ba qala ka ho ea motseng oa Ikoniamo o haufinyane, ’me motse oa bobeli oo ba eang ho oona ke Antioke. Ka mor’a moo ba ea Troase, ebe ba fetela Filipi, Thesalonika le Berea. Na u bona Athene moo ’mapeng? Pauluse o bolela litaba tse molemo moo. Ka mor’a moo ba qeta selemo le halofo ba bolela litaba tse molemo Korinthe. Qetellong ba khefutsa ho se hokae Efese. Joale ba khutlela Cesarea ka sekepe, ’me ba nyolohela Antioke, e leng moo Pauluse a lulang teng.

Kahoo Timothea o tsamaea lik’hilomithara tse ngata a thusa Pauluse ho bolela “litaba tse molemo” le ho qala liphutheho tse ngata tsa Bokreste. Ha u hōla, na u tla ba mohlanka ea tšepahalang oa Molimo joaloka Timothea?