Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?

Khaolong ea 5

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?

“Ke tlas’a khatello e khōlō ea hore ke kopanele liphate.”—Kelly.

“Ke ikutloa ke le mokhelo hore ebe ke ntse ke e-s’o kopanele liphate.”—Jordon.

“NA U ntse u e-s’o kopanele liphate?” Potso eo ka boeona e ka ’na ea u kenya botlolong! Etsoe libakeng tse ngata mocha ea e-song ho kopanele liphate o nkoa e le ea makatsang, mokhelo. Hase feela bacha ba bangata hakana ba kopanelang liphate le pele ba e-ba lilemo li 20!

Ho Huloa ke Takatso le ho Susumetsoa ke Lithaka

Haeba u Mokreste, ua tseba hore Bibele e re u “ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Leha ho le joalo, u ka ’na ua thatafalloa ke ho laola takatso ea ho kopanela liphate. Mohlankana e mong ea bitsoang Paul o re: “Ka linako tse ling ke tleloa ke mohopolo oa ho kopanela liphate ntle ho lebaka.” U se ke ua khathatseha, ho ea bohōleng bo itseng, maikutlo a joalo ke a tlhaho.

Empa hase ntho e monate ho lula u tlokoa le ho hobosoa ka hore ha u e-s’o kopanele liphate! Ka mohlala, ho thoe’ng haeba lithaka tsa hao li u bolella hore ha u monna kapa mosali oa sebele haeba ha u e-s’o kopanele liphate? Ellen o re: “Lithaka tsa hao li etsa hore eke ho kopanela liphate ke ntho e thabisang, e tloaelehileng. Haeba u sa kopanele liphate, u nkoa u le mohlolo.”

Empa ho na le taba eo lithaka tsa hao li ka ’nang tsa se ke tsa u bolella eona mabapi le ho kopanela liphate pele ho lenyalo. Ka mohlala, Maria ea ileng a kopanela liphate le mohlankana oa hae oa hopola: “Ka mor’a moo, ke ile ka sala ke soabile ke bile ke le lihlong. Ke ile ka itlhoea ka ba ka hloea le mohlankana oa ka.” Bacha ba bangata ha ba elelloe hore eo ke eona phello e atisang ho ba teng. Bonneteng, ho kopanela liphate pele ho lenyalo hangata ho utloisa motho bohloko maikutlong—’me ho tlisa litholoana tse babang!

Leha ho le joalo, mocha ea bitsoang Shanda oa botsa, “Ke hobane’ng ha Molimo a entse hore bacha ba be le takatso ea ho kopanela liphate empa a tseba hore ba lokela ho emela lenyalo?” Eo ke potso e utloahalang. Empa nahana ka se latelang:

Na takatso ea ho kopanela liphate ke eona feela takatso e matla eo u bang le eona? Che. Jehova Molimo o u bōpelletse le matla a ho ba le litakatso tse sa tšoaneng le maikutlo a sa tšoaneng.

Na u lokela ho ea le takatso e ’ngoe le e ’ngoe hang feela ha e hlaha? Che, Molimo o boetse o u file matla a ho laola liketso tsa hao.

Joale re ithuta eng? U ka ’na ua se ke ua khona ho thibela litakatso tse itseng hore li be teng, empa u ka khona ho laola tsela eo u itšoarang ka eona ha li le teng. Ruri ho ea le takatso ea ho kopanela liphate neng le neng ha e fihla e ne e tla ba ntho e fosahetseng le e booatla joalokaha nako le nako u ne u ka otla motho e mong ha u ikutloa u halefile.

’Nete ke hore ha ho mohla Molimo a ileng a rera hore re sebelise hampe matla ao a re fileng ’ona a ho kopanela liphate. Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:4) Feela joalokaha ho e-na le “nako ea ho rata le nako ea ho hloea,” ho boetse ho na le nako ea ho ea le takatso ea ho kopanela liphate le nako ea ho ithiba. (Moeklesia 3:1-8) Ha e le hantle, ke uena ea laolang litakatso tsa hao!

Empa u ka etsa’ng haeba e mong a u soma, ka ho se kholoe hohle a re, “Na u tiile u ntse u e-s’o kopanele liphate?” U se ke ua tšoha. Ho motho eo sepheo sa hae e leng feela ho u kenyetsa mahlo, u ka ’na ua re: “Ehlile ke ntse ke e-s’o kopanele liphate, ebile ua tseba ke’ng? Ke motlotlo hore ebe ho joalo!” Kapa u ka ’na ua re: “Eo ke taba ea botho eo ke sa tsamaeeng ke bua le batho ka eona.” * (Liproverbia 26:4; Bakolose 4:6) Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua hlokomela hore motho ea u botsang o tšoanetse ho tseba ho eketsehileng. Boemong boo, u ka ’na ua khetha ho mo hlalosetsa boemo ba hao bo thehiloeng Bibeleng.

Na u ka nahana litsela tse ling tseo u ka arabelang motho ea lekang ho u soma ka hore “Na u tiile u ntse u e-s’o kopanele liphate?” Haeba li teng, li ngole ka tlaase mona.

․․․․․

Mpho ea Bohlokoahali

Molimo o ikutloa joang ha batho ba etsa qeto ea ho kopanela liphate pele ba kena lenyalong? Ak’u nahane u reketse motsoalle oa hao mpho e itseng. Empa le pele u mo fa eona, ka bohelehele o bula mpho eo! Na u ne u ke ke ua utloa bohloko? Joale nahana hore na Molimo o tla ikutloa joang ha u ne u ka kopanela liphate pele u kena lenyalong. O batla hore u emele lenyalo e le hore u thabele mpho ea ho kopanela liphate.—Genese 1:28.

U lokela ho etsa’ng ha u ba le takatso ea ho kopanela liphate? Ithute ho e laola. U na le matla a ho etsa joalo! Rapela Jehova hore a u thuse. Moea oa hae o ka u matlafatsa hore u be le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Hopola hore Jehova “a ke ke a hanela ba tsamaeang ka ho hloka molato ka ntho leha e le efe e ntle.” (Pesaleme ea 84:11) Mocha ea bitsoang Gordon o re: “Ha ke fihleloa ke monahano oa hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo hase ntho e mpe hakaalo, ke nahana ka liphello tse mpe tsa ho senyeheloa ke kamano eo ke nang le eona le Jehova ’me kea lemoha hore ha ho na sebe se monate hoo nka telang kamano ea ka le eena.”

’Nete ke hore hase mohlolo ha motho a e-s’o kopanele liphate, ebile hase ntho e makatsang. Boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate ke bona bo theolang motho seriti, bo tlotlollang le bo kotsi. Ka hona, u se ke ua lumella mashano a lefatše lena hore a u susumetse ho nahana hore ho na le phoso e itseng ka uena ha u latela melao-motheo ea Bibele. Ho lula u sa kopanele liphate ho u sireletsa ’meleng, maikutlong ebile ho etsa hore u lule u thabile, ’me habohlokoa le ho feta, ho sireletsa kamano ea hao le Molimo.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 24

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 15 Hoa thahasellisa hore ebe Jesu o ile a khetha ho thola ha Heroda a ne a mo botsa lipotso. (Luka 23:8, 9) Hangata tsela e molemo ea ho sebetsana le lipotso tse sa hlokahaleng ke ho se li arabe.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Haeba leha e le mang . . . a entse qeto ena ka pelong ea hae, hore a boloke bosoha ba hae, o tla etsa hantle.1 Bakorinthe 7:37.

KELETSO

U se ke ua tloaelana le batho ba sa hlompheng melao ea boitšoaro bo botle, esita le haeba e le bao u leng bolumeling bo le bong le bona.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Batho ba sa khoneng ho itšoara tabeng ea ho kopanela liphate ba ka ’na ba sitoa ho fetola mekhoa ea bona leha ba se ba le lenyalong. Ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore ba tšepahallang melao ea boitšoaro ea Molimo pele ba kena lenyalong ba tšepahalle balekane ba bona ha ba se ba le lenyalong.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ke batla ho emela lenyalo pele ke kopanela liphate, ke tla lokela ho ․․․․․

Haeba bao ke tloaelaneng le bona ba etsa hore ho be thata ho ema qetong eo ke e entseng, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

U nahana hore ke hobane’ng ha bacha ba bang ba soma ba e-song ho kopanele liphate?

Ke hobane’ng ha ho le boima hore mocha a lule a sa kopanele liphate?

Melemo ea ho emela lenyalo pele u kopanela liphate ke efe?

U ka hlalosetsa ngoan’eno e monyenyane joang ka melemo ea hore a lule a sa kopanele liphate?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 51]

“Ho lula ke hopola hore ‘ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Molimo’ ho nthusa hore ke hanele teko ea ho kopanela liphate.’’ (Baefese 5:5)—Lydia

[Lebokose se leqepheng la 49]

Lintlha Tseo U li Ngotseng

Ke Eng e Hlileng e Etsahalang ka Mor’a Moo?

Lithaka tsa hao hammoho le ba mecha ea boithabiso bo tloaelehileng, hangata ka masene ba pata liphello tse bohloko tsa ho kopanela liphate pele u kena lenyalong. Hlahloba liketsahalo tse tharo tse latelang. U nahana hore ke eng e tla hle e etsahale ho bacha baa?

● Moshanyana eo u kenang sekolo le eena o ithorisa ka hore eena o robetse le banana ba bangata. O re ke ntho e monate—ha ho na motho ea utloang bohloko. Ke eng e hlileng e etsahalang ka mor’a moo—ho eena le ho banana bao? ․․․․․

● Ha filimi e fela, e bontša bacha ba babeli ba sa nyalanang ba bontšana lerato ka ho kopanela liphate. Ka mor’a moo ho tla etsahala eng—bophelong ba sebele? ․․․․․

● U kopana le moshanyana e motle ea u kōpang hore u robale le eena. O re ha ho na motho ea tla tseba ka taba ena. Ha u lumela ’me u leka ho pata taba ena, ke eng e tla hle e etsahale ka mor’a moo? ․․․․․

[Setšoantšo se leqepheng la 54]

Ho kopanela liphate pele u kena lenyalong ho tšoana le ho bula mpho pele u e fuoa