Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali ba Hao

Batsoali ba Hao

Karolo ea 6

Batsoali ba Hao

Batsoali ba na le phihlelo bophelong. Ba se ba kile ba kopana le maemo a thata bophelong a tlisoang ke liphetoho tseo motho a bang le tsona ’meleng le maikutlong ha e ntse e le mocha. Ha e le hantle, ba lokela ho ba boemong bo botle ba ho u tataisa hore u fete boemong boo bo thata. Empa ka linako tse ling, ho ka bonahala eka batsoali ke bona ba bakang mathata ho e-na le ho a rarolla. Ka mohlala, u ka ’na ua tobana le bo bong ba mathata ana:

Batsoali ba ka ba lula ba ’nyatsa nako ena kaofela.

’Mè kapa Ntate o lemaletse lithethefatsi kapa joala.

Batsoali ba ka ba lula ba ngangisana.

Batsoali ba ka ba arohane.

Khaolong ea 21-25 u tla thusoa hore u sebetsane le mathata ana hammoho le a mang.

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 172, 173]