Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?

Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?

Khaolong ea 22

Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?

Bolela e meng ea melao e behiloeng heno. ․․․․․

Na u nahana hore melao ea lapeng ea utloahala kamehla?

□ E □ Che

Ke molao ofe oo ho leng thata ka ho fetisisa ho o mamela? ․․․․․

MELAO EA LAPENG ke litaelo tseo batsoali ba hao ba u fang tsona tsa hore na u etse eng, u se ke ua etsa eng. Melao ena e ka ’na ea akarelletsa seo ho lebeletsoeng hore u se etse malebana le mosebetsi oa sekolo, oa lapeng le hore na u fihle lapeng neng, haesita le ho beheloa meeli ea ho sebelisa fono, ho shebella TV le ho ba k’homphieutheng. E meng e ka ’na ea se ke ea fella lapeng feela, empa e ka fetela le tabeng ea hore na u lokela ho itšoara joang ha u le sekolong le hore na u khetha metsoalle e joang.

Na u utloa eka melao ee ea u khina? Mohlomong u ikutloa ka tsela e kang eo bacha ba latelang ba ikutloang ka eona:

“Ke ne ke halefisoa ke ho beheloa nako ea hore na ke fihle neng lapeng! Ke ne ke khentšoa ke hore ba bang ba ne ba lumelloa ho fihla malapeng abo bona bosiu, ha ’na ke ne ke haneloa.”—Allen.

“Ha ho ntho e tenang joaloka hore ebe fono ea hao e lula e hlahlojoa. Ke ikutloa eka ke etsoa ngoana!”—Elizabeth.

“Ke ne ke utloa eka batsoali ba ka ba ne ba leka ho ntšulafalletsa bophelo, joalokaha eka ho hang ba ne ba sa batle ha ke e-ba le metsoalle!”—Nicole.

Le hoja bacha ba atisa ho iphumana ba tlōtse melao ea batsoali ba bona, ba bangata baa lumela hore melao e meng ea hlokahala bakeng sa ho boloka taolo e itseng. Empa haeba melao ea lapeng ea hlokahala, ke hobane’ng ha e meng ea eona e tena hakaale?

“Ha ke sa le Ngoana!”

Mohlomong u halefisoa ke melao e itseng hobane u nka hore u tšoaroa joaloka ngoana. U batla ho tlakoloha, u re: “Ha ke sa le ngoana!” Ke ’nete hore batsoali ba hao e ka ’na eaba ba nka hore melao ea bona ea hlokahala e le hore ba u sireletse le ho u lokisetsa hore u be le boikarabelo ha u se u le moholo.

Leha ho le joalo, ho ka ’na ha bonahala eka melao ea lapeng eona e eme nģa e le ’ngoe ha uena u ntse u hōla. U ka ’na ua ikutloa u se na bolokolohi, ho tšoana le moroetsana e mong ea bitsoang Brielle, ea ileng a re ka batsoali ba hae: “Ba lebetse ka ho feletseng hore na ho joang ho ba lilemong tseo ke leng ho tsona. Ha ba batle hore ke ntše maikutlo a ka, ke ikhethele lintho kapa hore ke hōle.” Mocha e mong ea bitsoang Allison le eena o ikutloa joalo. O re: “Ho bonahala eka batsoali ba ka ha ba utloisise hore ha ke sa le lilemo li 10, ke se ke le lilemo li 18. Ba lokela ho ntšepa haholoanyane!”

Ho ka ’na ha e-ba boima haholo ho mamela melao ea lapeng haeba ho bonahala eka banab’eno bona ha baa beheloa melao e thata joaloka uena. Ka mohlala, ha Matthew a hopola lilemo tsa hae tsa bocha, o re mabapi le khaitselinyana ea hae le bo-motsoal’ae, “Banana bana bona ba ne ba lumelloa ho etsa borata!”

Na ho Molemo ha Melao e le Sieo?

Ka ho utloahalang, u ka ’na ua lakatsa hore batsoali ba hao ba se hlole ba u behela melao. Empa na lintho li ne li tla u tsamaela hantle haeba ba sa u behele lithibelo? Mohlomong u tseba ba bang ba lithaka tsa hao ba ka fihlang habo bona ka nako leha e le efe eo ba e ratang, ba ka aparang ntho leha e le efe eo ba e ratang ’me ba ka ea le metsoalle ea bona leha e le kae moo ba ratang ka nako eo ba e batlang. Mohlomong batsoali ba bona ba mpa ba tšoarehile haholo hoo ba sa lemoheng seo bana ba bona ba se etsang. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, Bibele e bontša hore ho hōlisa bana ka tsela ena ho ke ke ha atleha. (Liproverbia 29:15) Ho haella ha lerato ho bonahalang lefatšeng kajeno ho bakoa haholo-holo ke baithati, bao ba bangata ba bona ba hōletseng malapeng a neng a se na molao.—2 Timothea 3:1-5.

Ho e-na le ho khalla bacha ba lumelloang ho etsa seo ba se ratang, leka ho nka melao ea batsoali ba hao e le bopaki ba hore baa u rata ’me ba amehile ka uena. Ka ho beha melao e utloahalang, ba etsisa Jehova Molimo ea ileng a re ho batho ba hae: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pesaleme ea 32:8.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ’na ua utloa u imetsoe ke melao ea batsoali ba hao. U ka etsa’ng hore u imolohe ho se hokae?

Puisano e Sebetsang

Ebang u batla tokoloho e eketsehileng kapa u mpa u batla ho fokotsa pherekano e bakoang ke lithibelo tseo batsoali ba hao ba u behetseng tsona, ntho e tla u thusa ke puisano e ntle. E mong a ka ’na a re, ‘Empa ke lekile ho buisana le batsoali ba ka, ha ho thuse letho!’ Haeba ke tsela eo u ikutloang ka eona, ak’u ipotse, ‘Na nka ntlafatsa mekhoa ea ka ea puisano?’ Puisano ke ea bohlokoa hobane e ka (1) thusa ba bang hore ba u utloisise kapa (2) u utloisise hore na ke hobane’ng ha u haneloa ka seo u se batlang. Ka sebele, haeba u batla ho tšoaroa joaloka motho e moholo, joale ho hlakile hore u lokela ho ba le mekhoa ea puisano e bontšang hore u se u hōlile. U ka etsa seo joang?

Ithute ho laola maikutlo. Hore u be le puisano e ntle u lokela ho sebelisa boitšoaro. Bibele e re: “Ea hlokang kelello o hlahatsa moea oohle oa hae, empa ea bohlale o o boloka o khutsitse ho fihlela qetellong.” (Liproverbia 29:11) Kahoo, qoba ho lula u tletleba, ho ngala feela le ho ithaburanya. Ke ’nete hore u ka ’na ua utloa hore u khahlele lemati kapa u tile fatše ka leoto ha batsoali ba hao ba u thibela ho etsa se itseng. Empa ho etsa seo ho tla etsa hore u beheloe melao e eketsehileng—eseng ho fuoa tokoloho e eketsehileng.

Leka ho talima lintho ka tsela eo batsoali ba hao ba li talimang ka eona. Mocha e mong oa Mokreste ea hōlisoang ke motsoali ea se nang molekane ea bitsoang Tracy, o re, “Kea ipotsa, ‘Hantle ’Mè o leka ho finyella eng ka melao ee ea hae?’” Tracy o fihlela qeto ena: “O leka ho nthusa hore ke be motho ea molemo.” (Liproverbia 3:1, 2) Ho utloisisa seo batsoali ba hao ba amehileng ka sona ho ka u thusa hore u itlhalose hantle ha u bua le bona.

Ho tea mohlala, ha re re mohlomong batsoali ba hao ba leqe ho u lumella ho ea moketjaneng o itseng. Ho e-na le ho ngangisana le bona, u ka ’na ua ba botsa: “Ha nka ka tsamaea le motsoalle ea itseng ea hōlileng le ea tšepahalang teng na le ka ntumella?” Batsoali ba hao ba ntse ba ka hana seo u se kōpang. Empa haeba u utloisisa seo ba amehileng ka sona, u ka ’na ua ba boemong bo botle ba ho fana ka tlhahiso eo ba ka ’nang ba lumellana le eona.

Etsa hore batsoali ba hao ba u tšepe. Ak’u nahane ka monna ea itseng ea kolotang banka chelete. Haeba a ka lefa kamehla, banka e tla mo tšepa ’me e ka ba ea mo ekeletsa sekoloto nakong e tlang. Le lapeng ho joalo. U lokela ho mamela batsoali ba hao. Haeba u bontša hore ua tšepahala—esita le linthong tse nyenyane—batsoali ba hao ba ka ’na ba u tšepa haholoanyane nakong e tlang. Empa haeba nako le nako u sa ba mamele, u se ke ua makala haeba ba se ba sa u tšepe hakaalo kapa ba se ba sa u tšepe ka ho feletseng.

Ha U Tlōtse Molao

Ho ka ’na ha etsahala hore neng-neng u tlōle molao oa lapeng—u sitoe ho etsa mosebetsi oa lapeng oo o u abetsoeng, u bue nako e telele fonong kapa u fihle lapeng ka mor’a nako eo u e behetsoeng. (Pesaleme ea 130:3) Joale u tla lokela ho hlalosetsa batsoali! U ka etsa’ng hore boemo boo bo bobe bo se ke ba mpefala le ho feta?

Bua ’nete. U se ke ua tla ka lipalenyana. Ha u ka leka seo, u ka ’na ua etsa hore tšeponyana eo batsoali ba hao ba neng ba ntse ba e-na le eona ho uena e fele. Ka hona, bua ’nete ’me u fane ka lintlha tse qaqileng. (Liproverbia 28:13) Qoba ho ikemela kapa ho bebofatsa seo u se entseng. Kamehla hopola hore “karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.”—Liproverbia 15:1.

Kōpa tšoarelo. Ho bontša hore u soabile ka hore ebe u ba baketse matšoenyeho, u ba soetsitse kapa u ba baketse mosebetsi ho sa hlokahale, ho ka ’na ha fokotsa bohale ba kotlo eo u tla e fuoa. Leha ho le joalo, u lokela ho soaba e le kannete.

Amohela liphello. (Bagalata 6:7) Qalong u ka leka ho ba khahlanong le kotlo, haholo haeba u bona eka e leeme. Leha ho le joalo, ho jara boikarabelo ba seo u se entseng ke letšoao la hore u hōlile. Ntho ea bohlokoa eo u ka e khethang ke hore u sebeletse ho etsa hore batsoali ba hao ba boele ba u tšepe.

Ngola hore na ke ntlha efe ho tse tharo tse boletsoeng ka holimo eo u lokelang ho sebeletsa ho eona haholo. ․․․․․

Hopola hore ke boikarabelo ba batsoali ho laola liketso tsa hao ka tsela e utloahalang. Kahoo, Bibele e bua ka “taelo ea ntat’ao” le “molao oa ’m’ao.” (Liproverbia 6:20) Leha ho le joalo, ha ua lokela ho nka hore melao ea lapeng e tla senya bophelo ba hao. Ho e-na le hoo, haeba u ikokobelletsa taolo ea batsoali ba hao, Jehova o tšepisa hore qetellong, u tla “tsoella hantle”!—Baefese 6:1-3.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 3

KHAOLONG E LATELANG

Na motsoali oa hao o lemaletse lithethefatsi kapa joala? Bala kamoo u ka sebetsanang ka katleho le boemo boo kateng.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Hlompha ntat’ao le ’m’ao . . . e le hore u ka tsoella hantle.Baefese 6:2, 3.

KELETSO

Haeba u batla hore batsoali ba hao ba u fe bolokolohi bo eketsehileng, qala ka ho itloaetsa ho mamela melao ea bona. Ha ba se ba tseba hore ua ba mamela, ba ka ’na ba nolofalloa hore ba u lumelle ho etsa lintho tseo u ba kōpang tsona.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Patlisiso e bontša hore bacha bao batsoali ba bona ka lerato ba tiisang hore ba mamela melao, hangata baa ipabola lithutong, ba sebelisana hantle le ba bang ’me e ba batho ba thabileng.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ke tlōtse molao o behiloeng lapeng, ke tla re ․․․․․

Nka etsa hore batsoali ba ka ba ntšepe ka ho ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha bonahala eka ka linako tse ling batsoali ba hao ba u sireletsa ho feta tekanyo?

Ke hobane’ng ha ka linako tse ling u hlabeha ha u beheloa lithibelo?

U ka etsa’ng ho ntlafatsa mokhoa oo u buisanang le batsoali ba hao ka oona?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 183]

“Ha u sa le monyenyane, u nahana hore u tseba lintho tsohle. Kahoo ha batsoali ba hao ba u hanela ho etsa ntho e itseng, ho bonolo hore seo se u koatise. Empa melao eo ba u behelang eona, ha e le hantle e molemong oa hao.’’—Megan

[Lebokose se leqepheng la 186]

Na ba Hlile ba ea ka Leeme?

Na u kile ua ipotsa hore na, ‘Ke hobane’ng ha batsoali ba sa tšoare bana ba bona kaofela ka tsela e tšoanang?’ Haeba ho joalo, ak’u nahane ka taba ena: E ka ’na ea se ke ea e-ba ho loketseng hore kamehla batsoali ba tšoare bana ba bona ka tsela e tšoanang. Potso eo u hlileng u lokelang ho ipotsa eona ke hore, Na ba hlokomoloha litlhoko tsa hao? Ka mohlala, ha u hloka keletso, thuso, kapa tšehetso ea batsoali ba hao, na baa u thusa? Na ka sebele u ka bolela hore u tšoeroe ka leeme? Kaha uena le banab’eno le batho ba nang le litlhoko tse sa tšoaneng, ka sebele ho ke ke ha etsahala hore kamehla batsoali ba lōna ba le tšoare ka tsela e tšoanang kaofela. Ke seo qetellong Beth a ileng a se hlokomela. Hona joale o lilemo li 18, ’me o re: “’Na le khaitseli ea ka re batho ba babeli ba fapaneng ’me re lokela ho tšoaroa ka tsela e sa tšoaneng. Ha ke nahana ka taba eo, ke sitoa ho lumela hore ke ne ke sa e utloisise ha ke le monyenyane.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 189]

Lintlha Tseo U li Ngotseng

Bua le Batsoali ba Hao!

Likhaolong tse peli tse fetileng ho tšohliloe kamoo u ka sebetsanang le ho nyatsuoa ke batsoali le kamoo u ka sebetsanang kateng le melao e behiloeng lapeng. U ka etsa’ng haeba u nka hore batsoali ba hao baa u hatella lintlheng tsee? U ka buisana le bona joang ka taba ee?

Khetha nako eo u ikutloang u phutholohile ka eona le eo batsoali ba hao ba sa tšoarehang haholo ka eona.

Ba bolelle tsela eo u hlileng u ikutloang ka eona empa u se ke ua nkoa ke maikutlo. Siela batsoali tlhompho.

Haeba u nka hore batsoali ba hao ba u nyatsa ka sena le sane, u ka ’na ua re: “Ke leka ka matla ho etsa se nepahetseng, empa ho thata ha ke nka hore ke lula ke nyatsuoa nako ena kaofela. Ke kōpa re buisaneng ka taba ena.”

Ngola hore na u tla re’ng ha u qala ho buisana le batsoali ba hao ka taba ena.

․․․․․

KELETSO: Bua ka lintlha tse tšohliloeng Khaolong ea 21 ho qalisa puisano. Mohlomong batsoali ba hao ba tla rata ho buisana le uena ka boitsebiso bo tšohliloeng khaolong eo.

Haeba u nka hore batsoali ba hao ha ba u fe bolokolohi bo lekaneng, u ka ’na ua re: “Nka rata ho bontša hore ke na le boikarabelo e le hore nakong e tlang le ka mpha bolokolohi bo eketsehileng. Ke lintlha life tseo le nahanang hore ke lokela ho ntlafatsa ho tsona?”

Ngola hore na u tla re’ng ha u qala ho buisana le batsoali ba hao ka taba ena.

․․․․․

KELETSO: Hlahloba lintlha tse tšohliloeng Khaolong ea 3 Bukeng ea 1. Ebe u etsa lethathamo la lipotso leha e le life tseo e ka ’nang eaba u na le tsona ka seo u se balileng.

[Setšoantšo se leqepheng la 184, 185]

Ho mamela melao ea batsoali ho tšoana le ho lefa sekoloto sa banka—haeba u tšepahala, ba tla u tšepa le ho feta