Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boithabiso

Boithabiso

Karolo ea 8

Boithabiso

Ke hangata hakae u ikhathollang ka lintho tse kang lipapali, ho mamela ’mino, ho shebella lifilimi, thelevishene, kapa ho bapala lipapali tsa elektronike?

□ Seoelo

□ Hanngoe ka letsatsi

□ Makhetlo a ’maloa ka letsatsi

Ke mang kapa ke eng e u susumetsang haholo ha u khetha boithabiso bo itseng?

□ Lithaka tsa hao

□ Motsoali kapa batsoali ba hao

□ Papatso

Kajeno, e ka ’na eaba uena le lithaka tsa hao le na le lintho tse ngata haholo tsa boithabiso ho feta meloko e fetileng. Empa u na le lihora tse seng kae feela ka letsatsi. Boithabiso boo u bo khethang bo ka ama tsela eo u nahanang ka eona le eo u etsang lintho ka eona. Kahoo, ke nako e kae e loketseng eo u ka e qetang u ikhatholla? Hona u ka tseba joang hore na ke boithabiso ba mofuta ofe boo u lokelang ho bo khetha? Khaolong ea 30-33 u tla thusoa hore u nahane ka ho teba mabapi le kamoo u ka khethang boithabiso kateng.

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 244, 245]