Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Khetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?

Nka Khetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?

Khaolong ea 32

Nka Khetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?

Tšoaea ’nete kapa bohata lipolelong tse latelang.

Ho latela Bibele . . . 

Kamehla ho fosahetse ho kopanela lipapaling.

□ ’Nete □ Bohata

Lifilimi tsohle le mananeo ’ohle a thelevishene a na le tšusumetso e mpe.

□ ’Nete □ Bohata

Tantši ea mofuta leha e le ofe ha ea lokela.

□ ’Nete □ Bohata

U QETILE beke eohle u sebetsa ka thata. Ke mafelo-beke, ha u ee sekolong. U qetile mesebetsi ea hao ea lapeng. Empa u ntse u ikutloa u le mahlahahlaha, e leng o mong oa melemo ea ho ba mocha. (Liproverbia 20:29) Joale sohle seo u batlang ho se etsa ke ho ithabisa.

Lithaka tsa hao li ka ’na tsa nka hore Bibele e khahlanong le hore batho ba ithabise. Empa na seo ke ’nete? A re hlahlobe lipolelo tse leqepheng le fetileng tse batlang hore motho a khethe ’nete kapa bohata ’me re bone seo Bibele e hlileng e se buang ka boithabiso.

Kamehla ho fosahetse ho kopanela lipapaling.

Bohata. Bibele e re “koetliso ea ’mele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8) Lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng Segerikeng sa pele e le “koetliso” mona le bolela ‘boikoetliso bo kang ba motho ea ikoetlisang ’meleng.’ Kajeno ho na le lipapali tsa mefuta-futa—tse kang ho thelelisa, ho palama libaesekele, ho matha, ho bapala tenese, baseball, bolo ea maoto le volleyball, ha re bolela tse seng kae feela—e leng tseo motho a ka ikoetlisang le ho ikhatholla ka tsona.

Na see se bolela hore ha ho hlokahale hore u be seli ka lipapali? Ak’u nahane ka se neng se tšohloa temaneng e qotsitsoeng ka holimo. Ha moapostola Pauluse a ngolla mohlankana Timothea, o ile a re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” Mantsoe ana a Pauluse a re hopotsa hore kamehla ntho e lokelang ho tla pele bophelong ba rōna e lokela ho ba ho khahlisa Molimo. U ka tiisa hore boinehelo ba bomolimo bo tla pele bophelong ba hao—esita le ha u khetha papali eo u e bapalang—ka hore u ipotse lipotso tse tharo tse latelang:

1. Papali eo ke khethang ho e bapala e kotsi hakae? U se ke ua ea feela le taba ea bo-ba-re kapa seo bacha ba bang ba e chesehelang ba se buang ka eona. Fumana seo e hlileng e leng ’nete ka eona. Ka mohlala, batla ho tseba lintlha tse latelang: Ke batho ba bakae ba lemalang papaling ee? Ke mehato efe ea tšireletso e nkoang? Ho hlokahala hore motho a fumane koetlisoe efe ’me a be le lintho life pele a bapala papali ee ka tsela e sireletsehileng? Le hoja e batla e le lipapaling tsohle moo motho a ka ’nang a tsoa kotsi, na morero o ka sehloohong oa papali ee ke ho bontša hore ha u tšabe ho tsoa kotsi kapa ho shoa?

Bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo, ’me ho latela Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele ho ne ho fanoa ka kotlo e boima le haeba motho a ne a ka bolaea e mong e se ka morero. (Exoda 21:29; Numere 35:22-25) Kahoo batho ba Molimo ba ne ba khothalletsoa hore ba be hlokolosi ho qoba lintho tse ka bakang kotsi. (Deuteronoma 22:8) Bakreste le bona kajeno ba tlameha ho bontša hore ba hlompha bophelo.

2. Na ho bapala papali ee ho tla etsa hore ke tloaelane le batho ba nang le tšusumetso e ntle? Haeba u na le talenta ea ho bapala papali e itseng, lithaka tsa hao le matichere li ka ’na tsa u susumelletsa hore u kene thiming ea sekolo. Le uena u ka ’na ua khalla ho kena thiming. Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Mark, o re: “Ke utloa bohloko ha batsoali ba ka ba nkhanela ho bapalla thimi ea sekolo.” Empa ho e-na le hore u leke ho qeka batsoali ba hao hore ba u lumelle, ak’u nahane ka lintlha tse latelang: Hangata ho uoa boikoetlisong le lipapaling ha sekolo se e tsoa. Haeba u ipabola papaling e itseng, lithaka tsa hao le matichere li tla u khothalletsa hore u qete nako e ngata u e bapala. Haeba u sa e bapale hantle hakaalo, u tla batla ho qeta nako e eketsehileng u ikoetlisa. Ho phaella moo, libapali tsa thimi li ba le maqhama a matla a setsoalle ha li keteka tlhōlo le ha li tšelisana ka mor’a hore li hlōloe.

Joale ipotse: ‘Na ho qeta nako ka mor’a sekolo ke etsa ntho e ka ’nang ea fella ka hore ke be le maqhama a setsoalle le bacha ba sa lumeleng seo ke se lumelang, ho tla ba le tšusumetso e ntle ho ’na?’ (1 Bakorinthe 15:33) ‘Ke ikemiselitse ho tela eng e le hore feela ke bapalle thimi e itseng?’

3. Ho bapala papali ee ho tla ntjella nako le chelete e kae? Bibele e re laela hore re ‘nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafilipi 1:10) Ho u thusa hore u latele keletso ena, ak’u ipotse: ‘Na ho bapala papali ee ho tla ntjella nako ea ho etsa mosebetsi oa sekolo kapa mesebetsi e amanang le lintho tsa moea? Ho tla hlokahala chelete e kae ho bapala papali ee? Na ke tla ba le chelete e lekaneng?’ Ho araba lipotso tsena ho tla u thusa hore u eteletse lintho tsa bohlokoa pele bophelong.

Lifilimi tsohle le mananeo ’ohle a thelevishene a na le tšusumetso e mpe.

Bohata. Bibele e laela Bakreste hore ba “tšoarelle ka tieo ho se setle” le hore ba “ile bokhopo ba mofuta o mong le o mong.” (1 Bathesalonika 5:21, 22) Hase lifilimi tsohle le mananeo ’ohle a thelevishene a khahlanong le molao-motheo oo. *

Ke ’nete hore ho shebella filimi e itseng le metsoalle e ka ba ho thabisang. Ngoanana e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Leigh, o re: “Ha ke labalabela ho shebella filimi e itseng, ke founela e mong oa metsoalle ea ka, e be re bolella ba bang.” Ka tloaelo bacha bana ba shebella filimi e kenang motšehare. Ka mor’a moo, batsoali ba bona baa ba lata ebe ba ea reschorenteng.

E ka ’na eaba lifilimi le thelevishene ke lintho tsa sejoale-joale, empa ha e le hantle li ntšetsa pele tloaelo ea boholo-holo—ea ho pheta lipale. Jesu o ne a atleha ho finyella batho lipelo ka ho ba phetela lipale. Ka mohlala, papiso ea hae ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani e susumetsa batho hore ba be le kutloelo-bohloko ebile e ruta thuto ea bohlokoa tabeng ea ho ba le mekhoa e metle.—Luka 10:29-37.

Kajeno batho ba etsang lifilimi le bona ba susumetsa tsela eo batho ba talimang mekhoa ea boitšoaro ka eona. Ba etsa hore bashebelli ba emele libapali tse itseng—esita le haeba sebapali seo ba se ratang e le senokoane, e le motho ea sehlōhō, kapa ea nyoretsoeng ho laola ba bang. Haeba u se hlokolosi u ka ’na ua iphumana u lakatsa eka senokoane seo se ka atleha, ka pelong u emela boitšoaro ba sona bo litšila kapa liketso tsa sona tse sehlōhō! U ka qoba leraba lee joang?

Ha u khetha ho shebella filimi kapa lenaneo le itseng la thelevishene, ipotse: ‘Na lenaneo lee le tla nkhothalletsa hore ke be le qenehelo e bonolo?’ (Baefese 4:32) ‘Kapa na le tla etsa hore ke thabe ha motho e mong a hlaheloa ke tlokotsi?’ (Liproverbia 17:5) ‘Na le tla nthatafalletsa ho “hloea se sebe”?’ (Pesaleme ea 97:10) ‘Na ha e le hantle ke tla be ke imatahanya le “baetsi ba bobe”?’—Pesaleme ea 26:4, 5.

Maikutlo a ba bang ka filimi le boitsebiso bo fanoang ha e bapatsoa li ka u fa leseli la hore na filimi eo ke ea mofuta ofe. Empa le teng u se ke ua ea le khongoana holimo ua beha “tumelo lentsoeng le leng le le leng.” (Liproverbia 14:15) Hobane’ng? Hobane tsela eo ba bang ba ikutloang ka eona e mpa e hlalosa maikutlo a bona feela. ’Me ba bapatsang ba ka ’na ba pata hore ho na le likarolo tse itseng tse litšila filiming eo. Mocha e mong ea bitsoang Connie, o re: “Ke hlokometse hore ha u tseba hore na libapali tse ka sehloohong ke bo-mang filiming e itseng, seo se atisa ho fana ka leseli la hore na filimi eo e ka ’na eaba ke ea mofuta ofe.”

Bacha ba bang ba Bakreste ba latelang melao-motheo ea Bibele joaloka uena ba ka ’na ba tseba hore na filimi e itseng e loketse kapa che. Empa hopola hore hangata batho ba u bolella seo ba hlileng ba se thabetseng filiming eo ba e shebeletseng. Ba botse hore na e na le likarolo tse fosahetseng. Toba taba. Ka mohlala, ba botse hore na ho na le moo e bontšang liketso tse mabifi, batho ba kopanelang liphate, kapa bodemona. Batsoali ba hao le bona ba ka u fa keletso e ntle. Mocha e mong ea bitsoang Vanessa, o re: “Ke botsa batsoali ba ka. Haeba ba nahana hore nka e shebella, ke ea ea.”

U se ke ua nka habobebe taba ea ho khetha filimi kapa lenaneo la thelevishene. Hobane’ng? Hobane boithabiso boo u bo khethang bo senola se ka pelong ea hao, bo bontša hore na ke melao-motheo efe eo u e nkang e le ea bohlokoa. (Luka 6:45) Boithabiso boo u bo khethang bo bontša hore na u thabela ho etsa setsoalle le batho ba mofuta ofe, o rata puo ea mofuta ofe le hore na u amohela mekhoa efe ea boitšoaro ba ho kopanela liphate. Kahoo bo khethe ka hloko!

Tantši ea mofuta leha e le ofe ha ea lokela.

Bohata. Ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Leoatle le Lefubelu ’me ba pholohe tlhaselong ea lebotho la Egepeta, Miriame o ile a etella pele basali ba neng ba tantša ba thabile. (Exoda 15:20) Papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa, mora eo o ile a amoheloa ka thabo ha a khutla ’me ha e-ba le “konsarete ea ’mino le motjeko.”—Luka 15:25.

Hoa tšoana le kajeno. Litsong tse ngata, ba bacha le ba hōlileng baa tantša ha ba lelapa le metsoalle ba kopane. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore motho a be hlokolosi. Le hoja Bibele e se hane ha batho ba e-ba le ’moka o itekanetseng, e lemosa ka “mekete e lerata,” kapa “liphathi tse se nang taolo.” (Bagalata 5:19-21; Byington) Moprofeta Esaia o ile a ngola, a re: “Ho malimabe ba tsohang hoseng haholo e le hore feela ba batle joala bo tahang, ba liehang ho fihlela ka shoalane hoo veine e ba tahang! Ho tla ba le harepa le seletsa se likhoele, moropa o monyenyane le lekolilo, le veine meketeng ea bona; empa ha ba talime mosebetsi oa Jehova.”—Esaia 5:11, 12.

Meketeng eo ho ne ho e-ba le “joala bo tahang” le ’mino o lerata. E ne e qala hoseng ’me e fela bosiu. Hape hlokomela boikutlo ba batho ba neng ba ea meketeng eo—ba ne ba itšoara joalokaha eka Molimo ha a eo! Kahoo ha ho makatse hore ebe Molimo o ne a nyatsa mekete eo.

Ha u memeloa phathing eo ho tla beng ho tantšoa ho eona, ipotse lipotso tse kang: ‘Ke bo-mang ba eang? Ba tumme ka eng? Ke mang ea ikarabellang phathing eo? Ke mang ea tla bona hore lintho li tsamaea hantle? Na batsoali ba ka ba ntumella hore ke ee phathing eo? Ho tla ba le tantši ea mofuta ofe moo?’ Mefuta e mengata ea tantši e reretsoe feela ho tsosa takatso ea ho kopanela liphate. Na ho kopanela tantšing eo kapa le ho e shebella feela ho tla u thusa hore u ‘balehele bohlola’?—1 Bakorinthe 6:18.

U ka etsa’ng haeba u memeloa ho ea nightclub ho ea tantša? Nahana ka se buuoang ke mocha e mong ea bitsoang Shawn, eo pele e e-ba Mokreste a neng a atisa ho ea litlelabong tsa tantši. O re: “Hangata ho letsoa ’mino o hlephisang boitšoaro, ’me ho tantšoa ka tsela e litšila, ebile boholo ba batho ba eang moo ba ea ka sepheo se itseng.” Shawn o re ba ea moo ka sepheo sa hore ha ba tloha teng ba be ba e-na le motho eo ba tla kopanela liphate le eena. Ka mor’a hore Shawn a ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova, o ile a fetola tsela eo a ikutloang ka eona. O nahana’ng ka tsona? O re: “Litlelabo tseo hase libaka tse loketseng Bakreste.”

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Lula U le Hlokolosi?

U nahana hore lesole le kotsing e khōlō ea ho hlaseloa neng—ha le le ntoeng kapa ha le phomotse le metsoalle? Bonneteng, le ka hlaseleha habonolo ha le phomotse. Ka ho tšoanang, ha u le sekolong kapa mosebetsing, u lula u itebetse moeeng. U hlokolosi ka kotsi e ka ’nang ea u hlahela. Ke hamorao ha u khatholohile le metsoalle moo melao ea boitšoaro eo u phelang ka eona e leng kotsing e khōlō.

Bacha ba bang ba ka ’na ba u soma ha u khomarela melao e phahameng ea boitšoaro e ka Bibeleng tabeng ea ho ithabisa. Esita le bacha ba bang ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste ba ka ’na ba u hatella. Empa bacha bao ba se ba chele matsoalo. (1 Timothea 4:2) Ba ka ’na ba re u feteletsa lintho kapa u iketsa ea lokileng. Ho e-na le hore u inehele ha ba u susumetsa hore u etse seo, ‘e-ba le letsoalo le molemo.’—1 Petrose 3:16.

Seo e hlileng e leng sa bohlokoa ke tsela eo Jehova a u nkang ka eona eseng eo lithaka tsa hao li u nkang ka eona! ’Me haeba metsoalle ea hao e u tšoenya ha u mamela letsoalo la hao, joale ke nako ea hore u batle metsoalle e meng. (Liproverbia 13:20) Hopola hore ke uena ea lokelang ho tiisa hore u khomarela melao ea boitšoaro eo u phelang ka eona—esita le ha u ithabisa.—Liproverbia 4:23.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 37

KHAOLONG E LATELANG

Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li hohle ’me li fumaneha habonolo ho feta le ha e le neng pele. U ka qoba leraba lee joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 22 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 36, Bukeng ea 1.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Mohlankana, u thabele bocha ba hao, . . . ’me u tsamaee ka litsela tsa pelo ea hao le ka lintho tse bonoang ke mahlo a hao. Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u tlisa kahlolong ka lebaka la tsena tsohle.Moeklesia 11:9.

KELETSO

Kōpa batsoali ba hao hore na ba ka behella ka thōko nako e itseng khoeli ka ’ngoe, eo ka eona le ka etsang lintho tse itseng tse thabisang le le lelapa ho e-na le ho shebella TV.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Motjeko le ’mino li ne li phetha karolo ea bohlokoa borapeling ba ’nete ba Baiseraele.—Pesaleme ea 150:4.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ke khothalletsoa hore ke bapalle thimi ea sekolo ka mor’a lihora tsa sekolo, ke tla re ․․․․․

Haeba filimi eo ke e shebeletseng le metsoalle ea ka e bontša lintho tse sa lokelang, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho qoba lipapali tse kotsi?

U ka tseba joang hore na filimi e itseng e loketse kapa che?

Tantši e loketseng ke e joang?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 269]

“Ke rata ho tantša, empa ke ithutile hore ke habohlokoa ho mamela keletso ea batsoali ba ka. Ha ke lumelle ho tantša hore ho laole bophelo ba ka.’’—Tina

[Setšoantšo se leqepheng la 268]

Lesole le ka hlaseleha habonolo ha le phomotse—le uena boitšoaro ba hao bo ka ba kotsing ha u khatholohile le metsoalle