Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Thoe’ng ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?

Ho Thoe’ng ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?

Khaolong ea 11

Ho Thoe’ng ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?

U rata ho buisana le batho joang?

□ Le shebane mahlong

□ Ka fono

□ Ka k’homphieutha

Ke bo-mang bao u nolofalloang haholo ho qoqa le bona?

□ Liithuti-’moho le uena

□ Litho tsa lelapa

□ Bakreste-’moho le uena

U qoqa ka bolokolohi ha u le hokae?

□ Sekolong

□ Lapeng

□ Libokeng tsa phutheho

SHEBA karabo eo u e khethileng potsong ea pele. Na u tšoaile hore u rata ho buisana le motho ka k’homphieutha ho e-na le ho buisana le shebane mahlong? Haeba ho joalo, hase uena feela. Bacha ba bangata ba sebelisa Inthanete ho theha setsoalle le ho se ntšetsa pele. Moroetsana e mong ea bitsoang Elaine, o re: “Ho thabisang ke hore motho a ka kopana le batho ba likarolong tsohle tsa lefatše, bao ho neng ho se mohla a tla ke a kopane le bona.” Tammy, ea lilemo li 19, o hlalosa lebaka le leng le etsang hore batho ba rate Inthanete. O re: “U ka laola tsela eo batho ba u nkang ka eona. Ha le bua le shebane mahlong, ha ho letho leo u ka le etsang haeba ba sa u amohele.”

Joale sheba karabo eo u e khethileng potsong ea bobeli le ea boraro. U se ke ua makala haeba u nolofalloa ho qoqa le liithuti-’moho le uena ho e-na le ho qoqa le Bakreste-’moho le uena libokeng tsa phutheho. Jasmine ea lilemo li 18, o re: “Sekolong ho batla ho le bonolo ho fumana batho ba hlaheloang ke lintho tse u hlahelang. Seo se ka etsa hore u phutholohe habonolo ha u e-na le bona.”

Ha re kopanya lintlha tsena tse ka holimo, ho ka ’na ha itlela feela hore u rate ho buisana le liithuti-’moho le uena ka Inthanete. Tammy oa lumela hore ke seo ka nako e ’ngoe a neng a se etsa. O re: “Bana bohle bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba buisana ka Inthanete, ’me ke ne ke sa batle ho ba mokhelo.” * Natalie, ea lilemo li 20, o butse Web page e le hore a buisane le metsoalle. O re: “Theknoloji e hatela pele. Batho ba se ba buisana ka litsela tse ncha. Ena ke e ’ngoe ea tsona, ’me kea e rata.”

Nahana ka Likotsi

Ke ’nete hore ba bang ba nolofalloa ho etsa setsoalle ka Inthanete le ho se ntšetsa pele. Natalie o re: “Inthanete e etsa hore motho a be le sebete seo a neng a ke ke a ba le sona boemong bo bong.” Tammy o lumellana le eena. O re: “Haeba u le motho ea lihlong, ho bua ka Inthanete ho u fa monyetla oa hore u rere hantle seo u tlang ho se bua.”

Empa ho buisana le batho ka Inthanete ho na le likotsi, ’me e ka ba booatla ho li hlokomoloha. Ka mohlala: Na u ka tsamaea sebakeng se kotsi u koetsoe mahlo? Joale ke hobane’ng ha u ke ke ua ba hlokolosi ha u bua le batho Inthaneteng?

Nahana ka likotsi tse ka tlisoang ke ho leka ho fumana metsoalle ka Inthanete. Elaine, eo ka nako e ’ngoe a neng a rata ho iqoqela le batho bao a sa ba tsebeng Inthaneteng, o re: “Ho batla ho le bonolo ho kopana le batho ba bolotsana.” Oa phaella: “Ka nako e ’ngoe le pele ho feta metsotso e seng mekae feela motho e mong o se a bua ntho e tsoileng tseleng kapa a botsa lipotso tse kang: ‘Na u se u kile ua kopanela liphate? Na u kile ua nyanya motho e mong litho tsa ka sephiring?’ Ba bang ba bile ba ithabisa ka ho bua ka litaba tsa thobalano.”

Ho thoe’ng haeba u mpa u ipuela le motsoalle eo u mo tšepang? Le teng u lokela ho ba hlokolosi. Joan o re: “U ka qeta nako e ngata haholo u qoqa le motho oa bong bo fapaneng, esita le haeba ‘e le motsoalle feela.’ Ha le qeta nako e ngata le romellana melaetsa le motho eo, setsoalle sa lōna se tiea le ho feta, ’me moqoqo oa lōna o ka ’na oa fetela litabeng tse tebileng tsa botho.”

“Ba Patang Seo ba Leng Sona”

Morena Davida o ne a tseba bohlokoa ba ho itebela khahlanong le metsoalle e fosahetseng. O ile a ngola: “Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.”—Pesaleme ea 26:4.

Ha u ntse u sebelisa Inthanete, na u kile ua kopana le batho bao Davida a neng a bua ka bona? Ke maemong afe ao batho ba sebelisang Inthanete “ba patang seo ba leng sona”? ․․․․․

Ka lehlakoreng le leng, na le uena u pata seo u leng sona ha u sebelisa Inthanete? Abigail, eo ka nako e ’ngoe a sebelisang mecha ea ho qoqa Inthaneteng, o re: “Ke ee ke qale moqoqo ke ntan’o ikhakanya e le hore ke lumellane le taba eo ho qoqoang ka eona.”

Ngoanana e mong ea bitsoang Leanne o sebelisa leqheka le leng. O re: “Ke ne ke lula ke le Inthaneteng ke ngollana le moshemane e mong ea kopanelang phuthehong e ’ngoe e haufi. Ka mor’a nakoana re ne re se re bolellana kamoo ‘re ratanang’ kateng. Ke ne ke pata moo ke ntseng ke ngolla teng ha batsoali ba ka ba feta, e le hore ba se ke ba tseba hore na ke ntse ke etsa’ng. Kea kholoa ba ne ba sa nahane hore moralinyana oa bona ea lilemo li 13 a ka ngolla moshanyana ea lilemo li 14 lithothokiso tsa lerato. E tlameha ebe ba ne ba sa nahane le ho nahana ka seo.”

Lula U Sireletsehile

Ke ’nete hore ka linako tse ling ho buisana ka Inthanete ho loketse. Ka mohlala, batho ba bangata—ho akarelletsa le batho ba baholo—ba buisana le metsoalle ka Inthanete. Haeba le uena ke seo u se etsang, na ho na le mehato eo u ka e nkang hore u be hlokolosi? Nahana ka lintlha tse latelang.

Ela hloko nako eo u e qetang u le Inthaneteng, etsa hore e se ke ea u jella nako ea ho etsa lintho tse ling tsa bohlokoa—ho akarelletsa le nako ea ho robala. Mocha e mong ea bitsoang Brian, o re: “Bana ba bang sekolong ba re ba lula Inthaneteng ho fihlela ka hora ea boraro hoseng.”—Baefese 5:15, 16.

Buisana feela le batho bao u ba tsebang kapa bao u ka netefatsang hore na ke bo-mang. Batho ba boitšoaro bo hlephileng ba lula ba fuputsa Inthaneteng ba batla bacha ba sa tsebeng letho e le hore ba ba eke.—Baroma 16:18.

Ha u reka kapa u rekisa, e-ba hlokolosi. E-ba hlokolosi haholo ha u fana ka boitsebiso ba hao. Ho seng joalo, u ka ’na ua etsetsoa bolotsana—kapa ho hong ho hobe le ho feta.—Matheu 10:16.

Ha u romela metsoalle ea hao lifoto, ipotse, ‘Na lifoto tsee li hlile li bontša hore ke tsa motho ea ipolelang hore o sebeletsa Molimo?’—Tite 2:7, 8.

Ho tšoana le ha u buisana le motho le shebane mahlong, haeba seo le buang ka sona Inthaneteng se fetela “linthong tse sa tšoanelang,” emisa moqoqo oo.—Baefese 5:3, 4.

Kamehla tšepahala ha u sebelisa Inthanete. Haeba u tlameha ‘ho patela batsoali ba hao seo u leng sona,’ ho na le se fosahetseng moo. Mocha e mong ea bitsoang Kari, o re: “Ha ke patele ’Mè letho. Ke mo bontša seo ke ntseng ke se etsa Inthaneteng.”—Baheberu 13:18.

“U ke ke Ua Ikoahlaela Hore Ebe U Ile Ua Leta!”

U batla ho ba le metsoalle. Ena ke ntho ea tlhaho. Batho ba bōpetsoe hore ba thabele botsoalle le batho ba bang. (Genese 2:18) Kahoo takatso ea ho ba le metsoalle, e tsamaisana le tsela eo re entsoeng ka eona! Empa u lokela ho e khetha ka hloko.

Kholiseha hore u ka fumana metsoalle e molemo ka ho fetisisa haeba u e khetha ho latela melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo. Ngoanana e mong ea lilemo li 15 o ile a beha taba ka mantsoe ana: “Ho thata ho fumana metsoalle e ratang Jehova le e u ratang. Empa ha u e fumana, u ke ke ua ikoahlaela hore ebe u ile ua leta!”

KHAOLONG E LATELANG

Na hase ’nete hore mantsoe a ka re utloisa bohloko haholo? Lesebo le ka hlaba joaloka sabole. U ka le thibela joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Taba ea ho etsa setsoalle le bao u kenang sekolo le bona e tla tšohloa Khaolong ea 17.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.Pesaleme ea 26:4.

KELETSO

Nako ea matha ha u le Inthaneteng! Kahoo ipehele nako ’me u e khomarele. Haeba ho hlokahala, cheha alamo e le hore e tle e lle ha nako eo u ipehetseng eona e fela.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

E le hore motho ea nang le sepheo se sebe a u fumane, o hloka boitsebiso bo seng bokae feela Inthaneteng—mohlomong fane ea hao, sekolo seo u kenang ho sona le nomoro ea hao ea fono.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ke tla rata ho qeta nako e ka etsang ․․․․․ ka beke ke le Inthaneteng, ’me e le hore ke finyelle seo ke tla ․․․․․

Haeba ke hlokomela hore ke ntse ke bua le motho eo ke sa mo tsebeng Inthaneteng, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ho buisana ka Inthanete ho na le melemo efe le mathata afe ha ho bapisoa le ho buisana le motho le shebane mahlong?

● Ke hobane’ng ha ho le bonolo hore motho a pate seo a leng sona ha a le Inthaneteng?

● U ka etsa’ng ho laola nako eo u e qetang u le Inthaneteng?

● Ho buisana ka Inthanete ho ka sebelisoa ka litsela life tse molemo?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 103]

“Ha ke buisane le batho bao ke sa ba tsebeng Inthaneteng kapa bao ke neng nke ke ka thabela botsoalle le bona bophelong.’’—Joan

[Setšoantšo se leqepheng la 100, 101]

Na u ka tsamaea sebakeng se kotsi u koetsoe mahlo? Joale ke hobane’ng ha u ke ke ua ba hlokolosi ha u bua le batho Inthaneteng?