Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Eng e Mpe Hakaale ka ho Seba?

Ke Eng e Mpe Hakaale ka ho Seba?

Khaolong ea 12

Ke Eng e Mpe Hakaale ka ho Seba?

“Nkile ka ea phathing, eare ka le hlahlamang ha be ho e-na le menyenyetsi ea hore ke kopanetse liphate le moshanyana e mong moo. Taba eo e ne e se ’nete ho hang!”—Linda.

“Ka linako tse ling ke ee ke utloe menyenyetsi ea hore ke ratana le motho ea itseng—eo ke bileng ke sa mo tsebeng! Batho ba bangata ba sebang ha ba itšoenye ka ho batlisisa hore na taba e fela e le joalo kapa che.”—Mike.

LESEBO le ka u tlamelletsa ka lintho tse ngata le ho feta tse bontšoang filiming. U ka botsa Amber ea lilemo li 19. O re: “Ke khale batho ba ntšeba. Ho kile ha e-ba le menyenyetsi ea hore ke ne ke le moimana, ’me ka ntša mpa, le hore ke hoeba ka lithethefatsi ebile kea li sebelisa. Ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ha batho ba ne ba bua joalo ka ’na!”

Mocha ea ikemiselitseng ho u senya lebitso a ka sebelisa e-mail le Inthanete ho hasa taba ka ho panya ha leihlo a ntse a thōtse a sa re letho. Sohle seo a lokelang ho se etsa ho hasa taba ea bo-ba-re ke hore a thaepe molaetsa o mokhutšoanyane feela o tla fihla bathong ba bangata ba seng ba ntse ba o letetse ka tjantjello! Ka linako tse ling ho buloa mocha oa Inthanete o reretsoeng feela ho senya motho ea itseng lebitso. Ho ntseng ho ata le ho feta ke litlaleho tse mecheng ea Inthanete e fanang ka boitsebiso ka batho ba itseng, tse atisang ho bua litaba tsa lesebo tseo motho a neng a ke ke a li bua ka ho toba.

Empa na ho bua ka batho ba bang ho fosahetse kamehla? Na ho na le . . . 

Ho Seba ho Loketseng?

Tšoaea ’nete kapa bohata polelong e latelang.

Ho seba ho fosahetse kamehla. □ ’Nete □ Bohata

Karabo e nepahetseng ke efe? Ha e le hantle, e itšetlehile ka hore na u hlalosa “ho seba” e le eng. Haeba ke taba feela ea ho ipuela ka batho ba bang, ka linako tse ling e ka ba ho loketseng. Etsoe Bibele e re bolella hore re lokela “ho thahasella kamoo ba bang ba phelang kateng.” (Bafilipi 2:4, New Century Version) Seo ha se bolele hore re lokela ho itšunya-tšunya litabeng tse sa re ameng ka letho. (1 Petrose 4:15) Empa ha re ntse re iqoqela feela re atisa ho fumana boitsebiso bo ka re thusang, bo kang hore na ke bo-mang ba nyalanang, ke bo-mang ba nang le ngoana. ’Nete ke hore re ke ke ra re re tsotella batho ba bang haeba ho se mohla re buang ka bona!

Leha ho le joalo, moqoqo feela o ka fetoha habonolo hore e be lesebo le kotsi. Ka mohlala, taba feela e sa reng letho joaloka ho re, “Thabiso le Nthabiseng ba ka tšoanelana” e ka ’na eare ha e fetela pele ea feta e se e le “Thabiso o ratana le Nthabiseng”—le hoja Thabiso le Nthabiseng ba sa tsebe letho ka taba eo. U ka ’na ua re, ‘Eo ke taba e sa reng letho’—ntle le haeba u le Thabiso kapa Nthabiseng!

Batho ba ile ba bua joalo ka Julie ea lilemo li 18, ’me seo sa mo utloisa bohloko. O re: “Taba eo e ile ea nkhalefisa, ’me ea etsa hore ke se ke ka hlola ke tšepa batho ba bang.” Jane ea lilemo li 19 le eena o bile boemong bo tšoanang le boo. O re: “Ke ile ka qetella ke se ke qoba ho kopana le motho eo ho neng ho tletse taba ea hore ke ratana le eena,” ’me o phaella ka ho re, “Ho ne ho se monate, kaha re ne re le metsoalle re bile re nahana hore re ka khona ho iqoqela feela ho se na taba tsa bo-ba-re!”

Laola Moqoqo ka Hloko

U ka etsa’ng ho laola leleme la hao ha u utloa u batla ho seba? E le ho araba potso eo, nahana ka tsebo e hlokahalang e le hore motho a khanne tseleng e phetheselang. Ka tšohanyetso feela, ho ka ’na ha hlaha boemo bo etsang hore u tlamehe ho tsamaea ka lehlakoreng le leng, u fokotse lebelo hore koloi e ’ngoe e fete, kapa u hle u eme tsi! Ha u le seli, u tla bona se etsahalang ka pele ’me u nke bohato bo loketseng.

Ho joalo le tabeng ea moqoqo. Hangata ua utloa ha moqoqo o se o fetoha lesebo le kotsi. Ha seo se etsahala, na u ka tsamaella ka lehlakoreng le leng? Haeba u sa etse joalo, tseba hore lesebo le ka baka tšenyo. Mike o re: “Nkile ka bua hampe ka ngoanana e mong—ka re o hlanyetsa bashanyana—’me taba eo ea fihla litsebeng tsa hae. Ha ke sa tla lebala molumo oa lentsoe la hae ha a ne a mpotsa ka taba eo, a mpolella kamoo ke mo utloisitseng bohloko kateng ka mantsoe a sa nahaneleng ao ke a buileng. Re ile ra lokisa litaba, empa ho tseba hore ke utloisitse motho e mong bohloko ka tsela eo ho ne ho sa mphe khotso!”

Ha ho pelaelo hore mantsoe a ka utloisa motho bohloko. Bibele le eona ea lumela hore “ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” (Liproverbia 12:18) Ke kahoo ho hlokahalang hore u nahane taba hantle pele u e bua! Ke ’nete hore ho ka ’na ha hlokahala hore u itšoare e le hore u se ke ua bua taba e itseng e thahasellisang ka motho e mong. Leha ho le joalo, ho joalokaha Carolyn ea lilemo li 17 a beha taba: “U lokela ho ba hlokolosi ka seo u se buang. Haeba u sa utloa taba mohloling o tšepahalang, u ka ’na ua iphumana u hasa leshano.” Kahoo ha ho tluoa litabeng tse ka ’nang tsa fetoha lesebo le kotsi, sebelisa keletso ea moapostola Pauluse ea hore u ho etse ‘sepheo sa hao ho phela ka khutso le ho hlokomela litaba tsa hao.’—1 Bathesalonika 4:11.

U ka etsa’ng ho bontša hore u thahasella ba bang empa u sa itšunya-tšunye litabeng tsa bona? Pele u bua ka motho e mong, ipotse: ‘Na ke hlile ke tseba ’nete ea see? Sepheo sa ka sa ho bua taba ee ke sefe? Ho seba ho tla ama botumo ba ka joang?’ Potso ena ea ho qetela ke ea bohlokoa, kaha ho tsebahala u le motho ea sebang ho senola ho hongata ka uena ho fapana le motho eo u buang ka eena.

Ha Batho ba U Seba

U ka etsa’ng ha batho ba u seba? Moeklesia 7:9 ea lemosa: “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe.” Ho e-na le hoo, leka ho se nkele taba eo hloohong haholo. Bibele e re: “U se ke ua tebisetsa pelong mantsoe ’ohle ao batho ba ka a buang, . . . etsoe pelo ea hao e tseba hantle esita le makhetlo a mangata ao ka ’ona u rohakileng ba bang.”—Moeklesia 7:21, 22.

Ke ’nete hore ha ho na lebaka la hore motho a hase litaba tsa lesebo. Empa ho nkoa ke pelo ho ka u senya lebitso ho feta lesebo ka bolona! Ho ka ba molemo ho ba le maikutlo ana a ileng a thusa Renee. O re: “Hangata ke utloa bohloko ha batho ba mpua hampe, empa ke leka ho se nkele taba eo hloohong. Kaha bekeng e hlahlamang e ka ’na eaba ba tla be ba bua ntho e ’ngoe e itseng kapa ba bua ka motho e mong.” *

Kahoo fetola moqoqo ka bohlale hore o se ke oa fetoha lesebo le kotsi. Ha batho ba u buile hampe, bontša ho hōla tsebong ka hore u se ke ua nkela taba eo hloohong haholo. Etsa hore mesebetsi ea hao e metle e u buelle. (1 Petrose 2:12) Ka ho etsa joalo, u tla khona ho boloka likamano li le ntle le ba bang le ho lula u amoheleha ho Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 21 Maemong a mang ho ka ’na ha hlokahala hore u buisane ka bohlale le motho ea u buileng hampe. Empa maemong a mangata, seo ha se hlokahale kaha “lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ea lebelang molomo oa hae o boloka moea oa hae. Ea ahlamisang molomo—o tla ba le tšenyeho.Liproverbia 13:3.

KELETSO

Haeba u pheteloa taba ea lesebo, u ka ’na ua araba ka ho re: “Ke utloa ke sa phutholoha hore re bue ka taba ena. Etsoe mong’a eona ha a eo hore a ikarabelle.”

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ho mamela lesebo ho ka etsa hore le uena u be molato ka tsela e itseng. Ha u lumella motho ea sebang hore a tsoele pele, u etsa hore taba e jalehe le ho feta!

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Nakong e tlang ha ke utloa ke batla ho hasa taba ea bo-ba-re, ke tla ․․․․․

Ha batho ba mpuile hampe, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke maemong afe a loketseng moo u ka buang ka litaba tsa ba bang?

● Na batho ba kile ba u seba, hona haeba ho joalo, u ithutile eng phihlelong eo?

● Ho seba batho ba bang ho ka ama botumo ba hao joang?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 107]

“Ke ile ka ithuta thuto ea bohlokoa ha motho eo ke mo sebileng a utloa ka taba eo ’me a mpotsa ka eona. Ho ne ho se na kamoo nka hanang taba eo kateng! Ka sebele ke ile ka ithuta hore ho molemo ho toba motho ka taba ho e-na le ho mo seba ho ba bang!’’—Paula

[Setšoantšo se leqepheng la 108]

Lesebo le kotsi le tšoana le sebetsa se kotsi, le ka senya motho e mong lebitso