Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Motsoalle a Nkutloisitse Bohloko?

Ke Hobane’ng ha Motsoalle a Nkutloisitse Bohloko?

Khaolong ea 10

Ke Hobane’ng ha Motsoalle a Nkutloisitse Bohloko?

“Kerry e ne e le motsoalle oa ka e moholo. Ke ne ke mo lata letsatsi le leng le le leng ha ke chaisa, kaha o ne a se na koloi. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana ke ile ka qala ho ba le pelaelo ea hore o sebelisa mosa oa ka hampe.

“O ne a kena ka koloing a phathahane a bua fonong kapa a ngola melaetsa. Ha ho mohla a neng a leboha ha ke ntse ke mo lata, ’me o ile a khaotsa ho nthusa ka chelete ea peterole. Hape o ne a rata ho bua hampe ka batho ba bang. Ke ile ka utloa bohloko haholo hore ebe ke ne ke mo mameletse nako e telele hakaalo!

“Ka letsatsi le leng ke ile ka bolella Kerry ka mosa hore ha ke sa tla khona ho mo lata ha ke chaisa. Ho tloha ka nako eo, ha a sa batla ho ba motsoalle oa ka—e leng ntho e nkholisang le ho feta hore e ne e le motsoalle ea ipatlelang feela hore na a ka fumana eng ho ’na. Sena se utloisa bohloko haholo!”—Nicole.

SENA se ka etsahalla metsoalle ea hlooho ea khomo. Tsatsing lena ke mathe le leleme; hosasa ke sa ntja le phiri. Ho tla joang hore setsoalle se monate se fetohe se bolila kapele hakaale?

● Jeremy o re lintho li ile tsa senyeha ha motsoalle oa hae e moholo a fallela sebakeng se hōle haholo. Jeremy o re: “Ka mor’a hore a falle, ha aa ka a hlola a founa, ’me seo se ile sa nkutloisa bohloko haholo.”

● Kerrin o ile a qala ho lemoha hore motho eo e bileng motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo ka lilemo tse hlano o se a fetohile. Kerrin o re: “Boikutlo ba hae le lipuo tsa hae li ile tsa ntšoenya haholo. O ile a qala ho nyatsa-nyatsa le ho eisa lintho tseo ke neng ke li nka e le tsa bohlokoa. Ha ke leka ho bua le eena ka taba ena, o ile a nqosa ka hore ke iketsa moloki ebile ha ke tšepahale, a ba a re botsoalle ba rōna bo ne bo sa mo ruise molemo oa letho!”

● Gloria eena o re setsoalle sa hae le motsoalle ea haufi se ile sa fela ka tšohanyetso ho bile ho se tlhaloso. Gloria o re: “Qalong re ile ra tloaelana kapele, ’me o ile a mpolella hore o nkuka joaloka ngoan’abo. Joale ke ile ka bona a se a khaotsa ho etsa lintho le ’na, ’me o ne a beha mabaka a sa utloahaleng.”

● Bothata pakeng tsa Laura le Daria bo ile ba qala ha Daria a nkela Laura mohlankana. Laura o re: “O ne a bua le mohlankana oa ka fonong lihora tse ngata, empa a ntse a tseba hore ke ratana le eena. Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo o ile a ntsoa tlaase, ’me ka lahleheloa ke motho eo mohlomong nka beng ke nyetsoe ke eena—tsena tsohle li etsahetse ka nako e le ’ngoe!”

Ho Ile ha Senyeha Hokae?

Bohle re etsa liphoso. Ka hona, ho ka lebelloa hore ka nako e ’ngoe motsoalle o tla etsa ho hong kapa a bue ho hong ho tla u utloisa bohloko. Ho bua ’nete, mohlomong u ka ba ua hopola makhetlo a ’maloa ao le uena u ileng ua utloisa ba bang bohloko ka ’ona. (Moeklesia 7:22) Moroetsana ea bitsoang Lisa o re: “Kaofela ha rea phethahala, ’me ka nako e ’ngoe re tla sitelanoa.” Hangata bothata bo bakoang ke ho se utloane ho sa reng letho bo ka lokisoa ka ho buisana ho se hokae feela.

Leha ho le joalo, maemong a mang bothata bo bang teng setsoalleng ha bo bakoe ke ketso e le ’ngoe empa bo bakoa ke ho lemoha butle-butle hore bobeli ba lōna ha le sa thahasella lintho tse tšoanang joalokaha le ne le nahana. Hopola hore ha u hōla lintho tseo u li ratang lia fetoha—’me le tsa motsoalle oa hao lia fetoha. U ka etsa eng ha u lemoha hore ekare ho buleha lekhalo pakeng tsa hao le eena?

Kamoo Setsoalle se ka Lokisoang Kateng

Na u se u kile ua taboheloa ke phahlo eo u e ratang? U ile ua etsa’ng? Na u ile ua e lahla kapa u ile ua e rōka? Ha ho pelaelo hore bohato boo u ileng ua bo nka bo ile ba itšetleha ka hore na phahlo eo e senyehile hakae le hore na u e rata hakae. Haeba u ne u hlile u e rata haholo, e ka ’na eaba u ile ua batla mekhoa ea ho e rōka. Maemong a mangata ho joalo le ha setsoalle se senyehile. Ho itšetlehile haholo ka hore na ho etsahetse’ng le hore na motho o nka setsoalle seo e le sa bohlokoa hakae. *

Ka mohlala, haeba motsoalle oa hao o buile kapa o entse ntho e u utloisitseng bohloko, u ka ’na ua hlokomoloha bothata boo ka hore u latele keletso e ho Pesaleme ea 4:4 e reng: ‘Buela ka pelong, holim’a bethe ea hao, ’me u khutse.’ Ka hona, pele u khaotsa setsoalle, nahana ka hloko. Na motho eo o entse see ka boomo? Haeba u sa tiisehe, ke hobane’ng ha u sa ipolelle hore motsoalle oa hao o ne a sa etse seo ka moea o mobe? Maemong a mangata u ka etsa hore ‘lerato le koahele libe tse ngata haholo.’—1 Petrose 4:8.

Mohlomong u ka hlahloba boemo ho bona hore esebe le uena u tlatselitse bothateng bona. Ka mohlala, haeba motsoalle a ntšitse lekunutu leo u mo boleletseng lona, na mohlomong e bile booatla hore ebe u ile ua imetsa motsoalle oa hao ka ho mo bolella taba eo? Ntho e ’ngoe eo u ka ipotsang eona ke hore na hase uena ea etsang hore batho ba u tšehe—mohlomong ka ho bua ka ho feteletseng kapa ho bua lintho tse se nang kelello. (Liproverbia 15:2) Haeba ho le joalo, ipotse, ‘Na ke lokela ho etsa phetoho e le hore motsoalle oa ka a tle a ntlhomphe haholoanyane?’

“Na re ka Buisana ka se Etsahetseng?”

Ho thoe’ng haeba u utloa hore u ke ke ua lebala habonolo se etsahetseng? Boemong boo ho ka ba molemo hore u buisane le motsoalle oa hao. Empa u be hlokolosi hore u se ke ua bua le eena nakong eo u ntseng u halefile. Bibele e re: “Motho ea halefileng o tsosa ho hloka kutloano, empa ea liehang ho halefa o khutsisa qabang.” (Liproverbia 15:18) Ka hona, emela hore khalefo e kokobele pele u leka ho lokisa taba.

Ha u se u bua le motsoalle oa hao, hopola hore sepheo sa hao hase ho ‘busetsa bobe ka bobe.’ (Baroma 12:17) Ho e-na le hoo, sepheo sa hao ke ho lokisa litaba le ho etsa hore le boele le be metsoalle. (Pesaleme ea 34:14) Ka hona, bua ho tsoa botebong ba pelo. U ka ’na ua re, “E se e le nako joale re le metsoalle. Na re ka buisana ka se etsahetseng?” Ha u se u tseba hore na bothata bo bakiloe ke eng, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore le boele le be metsoalle. Esita le haeba motsoalle oa hao a sa batle ho bua, u ka tšelisoa ke hore ebe u lekile ho etsa hore ho be le khotso pakeng tsa lōna.

Qetellong, kholiseha hore le hoja “ho na le metsoalle e ratang ho tsekollana,” ho boetse ho na le “motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” (Liproverbia 18:24) Ke ’nete hore ka linako tse ling, le batho bao e leng metsoalle ea hlooho ea khomo ba ntse ba ka ba le mathata a itseng. Ha seo se etsahala, etsa sohle seo u ka se khonang ho lokisa boemo. Ka sebele, ho ikemisetsa ho lokisa liphapang ke bopaki ba hore u se u e-ba motho e moholo ea nang le tsebo.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 8

KHAOLONG E LATELANG

Tse ling tsa lithaka tsa hao li ka ’na tsa qeta lihora li bua le ba bang Inthaneteng. Ke hobane’ng ha li rata see?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 15 E ka ’na ea se ke ea e-ba bohlale hore u ’ne u be le setsoalle se haufi le batho ba itseng. Sena ke sa bohlokoa haholo haeba boitšoaro ba bona bo se bo sa amohelehe ho Bakreste.—1 Bakorinthe 5:11; 15:33.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.

KELETSO

Pele u potlakela ho etsa qeto, utloa hore na motsoalle oa hao eena o re’ng.—Liproverbia 18:13.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Batho ba nang le setsoalle se atlehang ha ba manamane nako e khōlō le e nyane. (Liproverbia 25:17) Haeba e mong a batla ho laola nako ea motsoalle le ho batla hore a shebane le eena feela, seo se ka senya setsoalle.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba ke batla ho buisana le motsoalle ka taba eo a nkutloisitseng bohloko ka eona, nka qala ka ho re ․․․․․

Le haeba ke halefisitsoe ke seo motsoalle oa ka a se entseng, ke tla leka ho boloka khotso ka hore ke ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

Ke hobane’ng ha ka linako tse ling metsoalle e khaohana butle-butle?

Ke lintho tsa mofuta ofe tse utloisang bohloko tseo u ka li hlokomolohang, ’me ke tsa mofuta ofe tseo u ka ratang ho buisana ka tsona le motsoalle ea u utloisitseng bohloko?

Ke thuto efe ea bohlokoa eo u ka ithutang eona ha u utloisitsoe bohloko ke motsoalle?

Ke lintho life tseo u ka li elang hloko e le hore u qobe ho utloisoa bohloko ke motsoalle hangata?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 95]

“Haeba re ne re ka ba metsoalle hape, ke ne nke ke ka lebella phetheho setsoalleng sa rōna. Ke ne ke tla mo mamela haholoanyane le ho mo tšehetsa ho e-na le ho hōlisa liphoso tsa hae. Hona joale kea utloisisa hore ho atlehisang setsoalle ke ho leka ho rarolla liteko le mathata.’’—Keenon

[Setšoantšo se leqepheng la 94]

Bothata bo bang teng setsoalleng bo ka tšoana le ho taboha ha phahlo—empa bobeli li ka lokisoa