Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Ka?

Ke Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Ka?

Khaolong ea 38

Ke Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Ka?

“Qalong, ke ne ke sa tšoenyeha ka bokamoso. Empa ha ke se ke le haufi le ho qeta sekolong, ke ile ka hlokomela hore ha ke tloha moo, ke il’o phela lefatšeng la sebele, le hlokang hore ke sebetse ’me ke itjare.”—Alex.

HA RE re u lokisetsa ho nka leeto la lik’hilomithara tse ngata hōle le hae. Mohlomong u ne u tla qala ka ho sheba ’mapa ho bona hore na tsela e molemo haholo ke efe. Hoa tšoana le ha u rera bokamoso. Mohlankana e mong ea bitsoang Michael ea sebeletsang ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, o re: “Ho na le lintho tse ngata tseo u ka khethang ho tsona.” U ka khetha seo u lokelang ho se etsa joang linthong tseo tse ngata? Michael o re: “Ho itšetlehile ka lipakane tsa hao.”

Nka hore pakane ea hao e tšoana le sebaka seo u eang ho sona. U ke ke ua fihla ho sona haeba u itsamaela feela u sa tsebe moo u eang teng. Ha re bua ka tsela ea tšoantšetso, ho ka ba molemo hore u ntše ’mapa ebe u sheba tsela eo u lokelang ho e nka. Ka tsela eo u tla be u latela keletso e ho Liproverbia 4:26, ha e re: “Batalatsa tsela ea leoto la hao.” Contemporary English Version eona e fetolela poleloana eo ka ho re: “Tseba moo u eang teng.”

Lilemong tse tlang, u tla etsa liqeto tse ngata tsa bohlokoa tabeng ea borapeli, mosebetsi, lenyalo, lelapa le linthong tse ling tsa bohlokoa. U tla nolofalloa ho etsa liqeto tse bohlale haeba taba ea pele, u tseba moo u eang teng. ’Me ha u ntse u rera tsela eo u tla phela ka eona, ho na le ntlha e ’ngoe eo ho hang u sa lokelang ho e hlokomoloha.

“Hopola ’Mōpi oa Hao”

E le hore u thabe e le kannete, u lokela ho nka ka ho teba mantsoe a Morena Solomone ea bohlale, ha a re: “Hopola ’Mōpi oa hao ha u sa ntse u le mocha.” (Moeklesia 12:1, Today’s English Version) Ka mantsoe a mang, tsela eo u khethang ho phela ka eona e lokela ho susumetsoa ke takatso eo u nang le eona ea ho khahlisa Molimo.

Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Bibele e re ho Tšenolo 4:11: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” Libōpuoa tsohle tse leholimong le lefatšeng li na le lebaka la ho leboha ’Mōpi. Na u ananela hore ebe o u file “bophelo le phefumoloho le lintho tsohle”? (Liketso 17:25) Na ha u ikutloe u susumelletseha ho etsetsa Jehova Molimo ho itseng ho bontša hore u ananela sohle seo a u fileng sona?

Bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba lulang ba hopola ’Mōpi oa bona ba kene tšebeletsong ea nako e tletseng. Nahana ka mefuta e meng e babatsehang ea tšebeletso eo u ka e hahamallang.

Ho bula maliboho. Bo-pula-maliboho ba kamehla ba qeta nako e ngata ba le tšebeletsong ea tšimo. Koetliso le phihlelo eo ba e fumanang e etsa hore ba chorise tsebo ea bona ea ho ruta Bibele.

Ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Ba bang ba fallela moo ho nang le baboleli ba ’maloa ba ’Muso oa Molimo. Ba bang ba ithuta puo e ’ngoe ’me ba sebeletsa phuthehong e haufinyane moo ho buuoang puo eo kapa ba hle ba fallele naheng e ’ngoe. *

Tšebeletso ea boromuoa. Bo-pula-maliboho ba tšoanelehang ba phelang hantle ’meleng le ba sehlahlo ba koetlisetsoa ho ea sebeletsa linaheng tse ling. Baromuoa ba phela ba thabile ba bile ba khotsofetse.

Tšebeletso ea Bethele. Litho tsa lelapa la Bethele li sebeletsa liofising tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova. Linaheng tse ling, mosebetsi ona o akarelletsa ho hlahisa lingoliloeng tsa Bibele le ho li romela libakeng tse ling.

Ho sebeletsa linaheng tse ling. Basebeletsi ba machaba ba ea linaheng tse ling ho ea thusa ka kaho ea Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Kopano le mehaho ea makala.

Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ba masoha ba koetlisoa litabeng tse amanang le tlhophiso le ho fana ka lipuo. Ba bang ba bona ba abeloa ho ea linaheng tse ling.

Rera Tsela eo U Tla e Nka

Tšebeletso ea nako e tletseng ke pakane e babatsehang, e tlisang litlhohonolofatso tse ngata. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore motho a nahane ka eona esale pele. Ka mohlala, ipotse, ‘Ke tseba ho etsa’ng eo nka iphelisang ka eona ha ke le tšebeletsong ea nako e tletseng?’

Kelly o ne a e-na le pakane e tobileng ea hore e be pula-maliboho, kahoo o ile a rera hore na o tla nka tsela efe mabapi le mosebetsi. O re: “Ke ne ke lokela ho khetha mosebetsi o tla ’nolofalletsa ho iphelisa ha ke le tšebeletsong.”

Kelly o ile a kena lenaneong le leng la mosebetsi oa matsoho sekolong se phahameng. Sena se ile sa mo thusa hore a finyelle pakane ea hae e ka sehloohong. Kelly o re: “Seo ke neng ke hlile ke batla ho se etsa e ne e le ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng. Lintho tse ling tsohle li ne li tla latela.” Kelly o thabetse seo a ileng a khetha ho se etsa. O re: “Ke nahana hore ke entse qeto e molemo ka ho fetisisa.”

Kōpa Thuso

Ha u tsamaea sebakeng seo u sa se tloaelang, ha u fihla kae-kae u ka ’na ua tlameha ho kōpa thuso. U ka etsa se tšoanang ha u rera bokamoso. Batla keletso ho ba bang. Liproverbia 20:18 e re: “Ka keletso merero e tiisoa ka thata.”

Batsoali ba hao ba ka u fa keletso e molemo haholo. Empa u ka boetse ua kōpa keletso ho Bakreste ba hōlileng tsebong bao tsela eo ba phelang ka eona e bontšang hore ba sebelisa keletso ea Molimo. Roberto ea lilemong tsa bo-20, ea sebeletsang Bethele, o re: “Sheba batho ba baholo ba behang mohlala o motle ka phuthehong ea heno kapa libakeng tse ling tse haufi.”

Ho feta motho leha e le ofe e mong, Jehova Molimo o batla ho u thusa hore u khethe lintho tse tla u tlisetsa thabo e khaphatsehang bophelong. Kahoo mo kōpe hore a u thuse ho ‘lemoha seo thato ea hae e leng sona’ mabapi le bokamoso ba hao. (Baefese 5:17) Likarolong tsohle tsa bophelo ba hao, latela keletso e ho Liproverbia 3:5, 6, e reng: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, shebella DVD ea “Young People Ask—What Will I Do With My Life?” E fumaneha ka lipuo tse fetang 30

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

LENGOLO LA SEHLOOHO

‘Ntekeng . . . ,’ ho boletse Jehova oa mabotho, ‘hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.’Malakia 3:10.

KELETSO

Buisana le ba bang ba bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata. Ba botse hore na ke hobane’ng ha ba ile ba khetha mosebetsi oo le hore na ba utloa ba hlohonolofalitsoe ka litsela life.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Motlakase o etsa hore thepa ea motlakase e sebetse. Ka ho tšoanang, moea o halalelang oa Molimo o ka u susumelletsa hore u etse ho hoholo tšebeletsong ea hae.—Liketso 1:8.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

E le hore ke thabele tšebeletso haholoanyane, ke tla bua le ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke tsebo efe eo u nang le eona?

● U ka sebelisa tsebo ea hao ka litsela life hore u rorise Jehova?

● Ke tšebeletso efe ea nako e tletseng ho tse boletsoeng khaolong ee eo u e ratang haholo?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 313]

“Ke rolela batsoali ba ka khaebana. Ho mamella ha bona ka cheseho tšebeletsong, tsela eo ba mameletseng mathata a moruo ka eona le tsela eo ba neng ba nkhothatsa ka eona hore ke be tšebeletsong ea nako e tletseng, kaofela li bile le tšusumetso e ntle ho ’na.’’—Jarrod

[Lebokose se leqepheng la 314]

Lintlha Tseo U li Ngotseng

Lipakane Tsa Ka

Tšoaea hore na u ka rata ho iketsetsa lipakane life. Meleng e fanoeng, ngola lipakane tseo u ka ratang ho li finyella, kapa u hle u ingolle tse ling.

Lipakane Tsa Tšebeletso

□ Ho eketsa nako eo ke e qetang tšebeletsong ea tšimo hore e be lihora tse ․․․․․ ka khoeli

□ Ho nehelana ka lingoliloeng tse ․․․․․ ka khoeli

□ Ho sebelisa Bibele ha ke bua ka tumelo ea ka

□ Ho etsa maeto a ho boela a ․․․․․ ka khoeli

□ Ho qalisa thuto ea Bibele

Lipakane tse ling: ․․․․․

Lipakane Tsa ho Ithuta

□ Ho bala maqephe a ․․․․․ a Bibele letsatsi ka leng

□ Ho lokisetsa liboka tsa beke le beke

□ Ho etsa lipatlisiso ka litaba tse latelang tsa Bibele: ․․․․․

Lipakane Phuthehong

□ Ho araba bonyane hanngoe sebokeng ka seng

□ Ho qalisa ho qoqa le motho e moholo ho ’na eo nka ratang ho mo tseba haholoanyane

□ Ho etela motho ea hōlileng kapa ea kulang ka phuthehong

Lipakane tse ling: ․․․․․

Deiti ea kajeno ke ․․․․․

Hlahloba lintlha tsena ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ’me u bone hore na u finyeletse lipakane tsa hao hakae. Li feto-fetole kapa u li eketse ho ea kamoo ho hlokahalang kateng.

[Setšoantšo se leqepheng la 312]

Ho ba le lipakane ho tla u thusa hore u se ke ua senya matla a hao feela, empa u sa finyelle letho