Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Etsa’ng Haeba Lelapa Leso le Futsanehile?

Nka Etsa’ng Haeba Lelapa Leso le Futsanehile?

Khaolong ea 20

Nka Etsa’ng Haeba Lelapa Leso le Futsanehile?

Gregory, eo e leng mocha oa Europe Bochabela, o sitoa ho ithekela liaparo kapa thepa ea elektronike eo bacha ba bang ba linaheng tsa Bophirimela ba nang le eona. O utloisoa bohloko ke maemo ao a phelang ho ’ona hoo a leng mothating oa ho fallela Austria. Na u nahana hore Gregory o futsanehile?

□ E □ Che

Loyiso ke mocha ea lulang motseng oa mahaeng karolong e ’ngoe ea lefatše Afrika e ka boroa. Kaha Loyiso o lula le lelapa labo ntlong e nyenyane, o honohela bacha ba lulang toropong e haufi le ha habo ba phelang “mabothobothong,” moo ho nang le metsi le motlakase lapeng. Na u ne u ka re Loyiso o futsanehile?

□ E □ Che

HO HLAKILE hore lentsoe “bofutsana” le ka bolela lintho tse sa tšoaneng linaheng ka ho fapana. Ka mohlala, mohlomong Gregory o ne a nahana hore o futsanehile, empa ha a bapisoa le Loyiso o phela hamonate. U lokela ho hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na mohlomong u futsanehile hakae, e ka ’na eaba ho na le ba futsanehileng ho u feta. Leha ho le joalo, haeba u se na liaparo tse shebahalang hantle tsa sekolo kapa u se na lintho tsa motheo tse kang ho ba le metsi lapeng, mohlomong u ka ’na ua utloa e le matšeliso a se nang phofo ha u bolelloa hore ba bang ba futsanehile ho u feta.

Bacha ba bang ba hōlelang bofutsaneng ba ikutloa ba se na thuso ebile ba ikhalala, ’me ba leka ho itebatsa seo ka ho noa joala kapa ho sebelisa lithethefatsi. Leha ho le joalo, lintho tseo batho ba li etsang hore ba balehele maemo a teng, li mpefatsa litaba feela. Ba ipolaisang joala baa bona hore bo “loma feela joaloka noha, ’me [bo] ntša chefo feela joaloka marabe.” (Liproverbia 23:32) Ngoanana ea bitsoang Maria, oa Afrika Boroa, oa lelapeng le futsanehileng la motsoali a le mong, o re, “Ho leka ho baleha ’nete ea bophelo ho baka mathata a mangata ho e-na le ho a rarolla.”

Mohlomong u ke ke ua ipolaisa joala kapa lithethefatsi, empa u ka ’na ua felloa ke tšepo ea hore u sa tla ke u ntlafatse maemo a hao bophelong. Ebe joale u ka leba hokae? Keletso ea Bibele e ka tšoantšoa le senotlolo se u tšoasollang mahlaahleleng a ho nyahama, e u thuse hore u be le boikutlo bo nepahetseng. A re bone hore na e ka etsa seo joang.

Hlahloba Matlotlo ao U Nang le ’Ona

Bohato bo bong ba bohlokoa boo u ka bo nkang ke hore u nahane ka lintho tseo u nang le tsona, eseng tseo u se nang tsona. Matlotlo a kang ho ba le lehae le lelapa le u ratang, ruri ke a bohlokoa ho feta chelete! Maele a Bibele a re: “Ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e fepetsoeng sejelong e tsamaeang le lehloeo.” (Liproverbia 15:17) Bacha ba Bakreste ba na le letlotlo la bohlokoa le ho feta—e leng tšehetso ea “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.”—1 Petrose 2:17.

E ka ’na eaba le uena u na le boikutlo bo nepahetseng haholoanyane ka lintho tseo u nang le tsona. Ke ’nete hore mohlomong u lula ntlong ea boemo bo tlaase. E ka ’na eaba liaparo tsa hao ke tsa khale, li tsofetse kapa li lapuoe. Kapa mohlomong u lakatsa eka u ka be u ja lijo tsa mefuta-futa. Empa hore u thabise Molimo, na u lokela ho ba le liaparo tsa feshene kapa lehae le mabothobotho? Na u hloka lijo tsa mefuta-futa hore u lule u phela u bile u phetse hantle ’meleng? Eseng hakaalo. Moapostola Pauluse o ile a ithuta thuto ea bohlokoa mabapi le sena. O ile a utloa borui esita le bofutsana. (Bafilipi 4:12) O ile a fihlela qeto efe? Ea hore “haeba re e-na le lijo le liaparo, li re lekane.”—1 Timothea 6:8, Today’s English Version.

Monna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Eldred, ea hōletseng lelapeng le itšokolang, o re: “Re ile ra amohela hore lelapa le hula ka thata le hore re ne re ke ke ra fumana lintho tsohle tseo re li batlang.” Eldred o hopola hore ha marikhoe a hae a sekolo a ne a se a thochehile haholo, ’mè oa hae o ne a a lapa ka makhetlo-khetlo! Eldred oa lumela: “Ke ile ka tlameha ho mamella ho tšehoa. Empa ntho ea bohlokoa ke hore liaparo tsa rōna li ne li hloekile ’me li ntse li apareha.”

Etsa Hore U be le Seriti

James, ea lilemo li 11, o ne a lula le ’mè oa hae le khaitseli ea hae mek’huk’hung e haufi le Johannesburg, Afrika Boroa. Ba ne ba se na letho linthong tse bonahalang. Leha ho le joalo, James o ne a ntse a e-na le matlotlo a bohlokoa—e leng nako le matla—’me o ne a thabela ho a sebelisa ho thusa ba bang. Mafelo-beke a mang le a mang, James o ne a ithaopela ho thusa kahong ea Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng seo. Mosebetsi ona ha oa ka oa etsa feela hore James a sebelise nako ea hae hantle, eo ho seng joalo a neng a sa tl’o tseba hore na o etsa’ng ka eona, empa o ile oa boela oa etsa hore a utloe a etsa ntho ea bohlokoa ebile a na le seriti. O re: “Bofelong ba letsatsi ha ke tsoa kahong ea holo, ke utloa ke khotsofetse haholo!”

Mosebetsi o mong o khotsofatsang ke oa ho ruta Bibele ka ntlo le ntlo. (Matheu 24:14) Bacha ba Lipaki Tsa Jehova ba kopanela mosebetsing ona kamehla. Ha ba etsa joalo, ba thusa batho ba bang hore ba be le tšepo ea ho phela hantle nakong e tlang, ’me ba boetse ba ikutloa ba itlhompha haholoanyane ba bile ba e-na le seriti. Ke ’nete hore ha ba fumane chelete ka ho etsa mosebetsi oo. Empa hopola molaetsa oo Jesu a ileng a o fa Bakreste ba phutheho ea boholo-holo ea Smyrna. Ba ne ba futsanehile haholo. Leha ho le joalo, ka lebaka la boinehelo ba bona bo tebileng ho Molimo, Jesu o ile a re ho bona: ‘Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba lōna—empa le ruile.’ Kahobane ka cheseho ba ne ba bontša tumelo maling a tšolotsoeng a Jesu, qetellong ba ne ba tla rua haholo, ba fumane moqhaka oa bophelo ba ho se shoe.—Tšenolo 2:9, 10.

E-ba le Tšepo ka Bokamoso

Ebang u morui kapa u mofutsana, u ka ba le kamano e haufi le Jehova. Bibele e re: “Ea ruileng le ea nang le ho honyenyane ba kopane. Moetsi oa bona bohle ke Jehova.” (Liproverbia 22:2) Ntlha eo e thusitse bacha ba likete ba Lipaki Tsa Jehova hore ba sebetsane ka katleho le bofutsana. Baa hlokomela hore thabo ha ea itšetleha ka ho ba le lintho tse bonahalang, empa e itšetlehile ka ho ba motsoalle oa Jehova Molimo, ea amohelang bohle ba batlang ho mo sebeletsa. Molimo o re tšepisa bophelo lefatšeng le lecha le tlang, moo ho tla beng ho se na bofutsana bo utloisang bohloko.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.

Hajoale, sebelisa matlotlo a hao ka bohlale. E-ba le tšepo ka bokamoso. Bokella matlotlo a moea. (Matheu 6:19-21) Nka bofutsana e le bothata boo u ka khonang ho sebetsana le bona ka katleho!

LENGOLO LA SEHLOOHO

Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.Luka 12:15.

KELETSO

Qoba ho becha, ho tsuba le ho noa haholo. Haeba ba bang ba lelapa leno ba tloaetse ho etsa lintho tsena, ba behele mohlala ka boitšoaro ba hao.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka u thusa hore u khotsofale ho sa tsotellehe maemo ao u leng ho ’ona.—Bafilipi 4:12, 13; 1 Timothea 6:8; Baheberu 13:5.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Matlotlo ao ke nang le ’ona ke ․․․․․

Ke tla sebelisa matlotlo ana ho thusa ba bang ka ho ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha lentsoe “bofutsana” le ka bolela lintho tse sa tšoaneng?

● Ke hobane’ng ha e se bohlale ho leka ho itebatsa litsietsi ka ho noa joala kapa ho sebelisa lithethefatsi?

● Ke mehato efe e utloahalang eo u ka e nkang e le hore u sebetsane ka katleho le bofutsana?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 168]

“Le hoja ke ne ke ikutloa ke sithabelitsoe ke bofutsana, ke ile ka lemoha hore ho kena likenke kapa ho phela ka bosholu ho ne ho ke ke ha nthusa ka letho. Kajeno, ba bangata bao e leng lithaka tsa ka ba ileng ba etsa lintho tseo ha ba sa na thuso bophelong, ke makhoba a tahi le lithethefatsi, kapa ba teronkong.’’—George

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 164]

Lintlha Tseo U li Ngotseng

Na ke Lokela ho Fallela Naheng e ’Ngoe?

Bacha ba bang ba batla ho fallela linaheng tse ling ho ea itšebeletsa kapa ho ea sebeletsa malapa abo bona. Ba bang ba fallela libakeng tse ling ho ea ithuta puo e ’ngoe, ho ea ntlafatsa thuto, kapa hobane ba baleha mathata lapeng. Bacha ba bang ba Bakreste ba falletse linaheng tseo ho hlokahalang baevangeli ho tsona. Qeto ea ho fallela naheng e ’ngoe e tebile ’me ha ea lokela ho nkoa hanyenyane. Ka hona, haeba u nahana ho fallela naheng e ’ngoe, bala mangolo a latelang u be u nahanisise ka ’ona. Ipotse lipotso tse tsamaeang le ’ona ’me u ngole likarabo leqepheng. Joale rapela ’me u etse qeto.

□ Ke lokela ho latela lintho life tse hlokoang ke molao?—Baroma 13:1.

□ Ke tla kena litšenyehelong tse kae tsa chelete ha ke fallela naheng e ’ngoe?—Luka 14:28.

□ Hona joale ke etsa’ng e bontšang hore ke tla khona ho itlhokomela ha ke le naheng e ’ngoe?—Liproverbia 13:4.

□ Ke fumane keletso efe ho batho ba hōlileng tsebong ba kileng ba lula naheng e ’ngoe?—Liproverbia 1:5.

□ Batsoali ba ka ba nahana’ng ka taba ee?—Liproverbia 23:22.

□ Sepheo sa ka sa ho fallela naheng e ’ngoe ke sefe?—Bagalata 6:7, 8.

□ Haeba ke il’o lula le ba bang, na ba tla nkhothalletsa hore ke tsoele pele ka mekhoa e metle ea ho rapela Molimo?—Liproverbia 13:20.

□ Nka ’na ka tobana le likotsi life boitšoarong, ’meleng le moeeng?—Liproverbia 5:3, 4; 27:12; 1 Timothea 6:9, 10.

□ Bonneteng, ke melemo efe eo ke lebeletseng ho e fumana ka ho ea lula naheng e ’ngoe?—Liproverbia 14:15.

[Setšoantšo se leqepheng la 167]

Keletso ea Bibele e ka tšoantšoa le senotlolo se u tšoasollang mahlaahleleng a ho nyahama