Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Etsa’ng Hore ke Iphumanele Chelete?

Nka Etsa’ng Hore ke Iphumanele Chelete?

Khaolong ea 18

Nka Etsa’ng Hore ke Iphumanele Chelete?

“Ke batla chelete hore ke reke koloi.”—Sergio.

“Ke rata ho reka.”—Laurie-Ann.

“Ho na le lintho tse ling tse ntle haholo, ’me nka rata ho ba le tsona; empa batsoali ba ka ba ke ke ba khona ho li reka.”—Mike.

MOHLOMONG le uena u na le mabaka a tšoanang a hore u batle ho ba le chelete. Kapa e ka ’na eaba u batla chelete hore u hlokomele lelapa leno. Esita le haeba u sa lefelle litšenyehelo tsa lelapa ka ho toba, ho ithekela liphahlo kapa lintho tse ling tseo u li hlokang ho ka imolla batsoali ba hao ka tsela e itseng mathateng a lichelete.

Ebang ho joalo kapa che, u hloka chelete hore u iphumanele lintho tse itseng kapa u li fumanele lelapa leno. Le hoja Jesu a ile a tšepisa hore Molimo o tla hlokomela ba ‘batlang ’Muso oa Molimo pele,’ Mokreste o lokela ho nka bohato ba hore a itlhokomele. (Matheu 6:33; Liketso 18:1-3; 2 Bathesalonika 3:10) Kahoo, u ka etsa’ng hore u iphumanele chelete? ’Me ntho ea bohlokoa le ho feta, u ka etsa joang hore u be le pono e loketseng ka chelete?

Kamoo U ka Fumanang Mosebetsi

Haeba kannete u hloka ntho e itseng eo batsoali ba ke keng ba khona ho e reka, mohlomong u ka iphumanela mosebetsi e le hore u be le chelete e lekaneng ea ho ithekela eona. Buisana le batsoali ba hao ka taba eo. Ba ka ’na ba khahloa ke bohato boo u bo nkang. Ha re nke hore batsoali ba hao baa lumela ’me ka molao u se u ka sebetsa, litlhahiso tsena tse ’nè li tla u thusa hore u fumane mosebetsi.

Bolella ba bang. Bolella baahelani ba hao, matichere, le beng ka uena hore u ntse u batla mosebetsi. Haeba u le lihlong hore u ba botse ka ho toba, mohlomong u ka ba botsa feela hore na ba ne ba etsa mosebetsi ofe ha ba lekana le uena. Ha batho ba bangata ba tseba hore u ntse u batla mosebetsi, u tla ba le menyetla e mengata ea hore u o fumane.

Latella menyetla eohle. Sheba likheo tsa mosebetsi tse hlahang likoranteng, libotong tsa boitsebiso mabenkeleng, sekolong sa heno le libakeng tse ling tsa sechaba. Mocha e mong ea bitsoang Dave o re, “Ke kamoo ke fumaneng mosebetsi kateng. Ke ile ka sheba koranteng, ka romela fax ea lengolo la ka la tsebo ea mosebetsi le maemo a thuto ’me ka ba letsetsa mohala.” Haeba u sa fumane mosebetsi leha u entse joalo, mohlomong u ka kholisa mohiri hore u ka fana ka tšebeletso e itseng eo a e hlokang.

Fa ba bang lengolo la hao la tsebo ea mosebetsi le maemo a thuto. Ngola mokhoa oo batho ba ka ikopanyang le uena ka oona, u thathamise litsebo tsa hao le mesebetsi eo u kileng ua e etsa. Mohlomong u nahana hore ha ho letho leo u ka le ngolang, na ha ho joalo? Empa ak’u nahanisise. Na u kile ua sala le ngoan’eno ea tlaase lilemong ha batsoali ba hao ba ne ba le sieo, kapa na u kile ua sala le bana ba batho ba bang? Sena se bontša hore u motho ea nang le boikarabelo. Na u kile ua thusa ntate oa hao ho lokisa koloi? Mohlomong sena se bontša hore u bohlale tabeng ea ho lokisa lintho. Na u tseba ho thaepa kapa ho sebelisa k’homphieutha? Kapa na u ile ua fumana limaraka tse holimo sekolong ka lebaka la ho iqapela ntho e itseng? Tsena ke lintlha tse ntle haholo tse ka khahlang bahiri. Li ngole lengolong la hao la tsebo ea mosebetsi le maemo a thuto. Fana ka lengolo leo ho batho ba ka u hirang, ’me u kōpe metsoalle le beng ka uena hore ba le fe motho leha e le ofe eo ba tsebang hore o ntse a batla basebetsi.

Itšebetse. Nahana ka motse oa heno. Na batho ba hloka lintho tse itseng kapa litšebeletso tseo ho seng motho ea fanang ka tsona? Ka mohlala, ha re nke hore u rata liphoofolo. Mohlomong u ka hlapisa kapa ua kuta liphoofolo tsa lapeng tsa baahelani ba hao ebe ua ba lefisa. Kapa mohlomong u tseba ho letsa seletsa sa ’mino. Na u ka ruta ba bang ho se letsa? Kapa mohlomong u ka ba ua etsa mosebetsi oo ka tloaelo batho ba tsoafang ho o etsa, o kang oa ho hlatsoa lifensetere kapa ho hloekisa. Mokreste ha a hlajoe ke lihlong hore a tšoare ka matsoho. (Baefese 4:28) Ho hlakile hore ho itšebetsa ho hloka hore u ikhanne, u ikhalemele u be u ikemisetse ho nka bohato.

Tlhokomeliso ke ena: U se ke ua potlakela ho kena khoebong pele u tseba ka litšenyehelo tse amehang le hore na hantle-ntle khoebo ea mofuta oo e hloka eng. (Luka 14:28-30) Taba ea pele, buisana le batsoali ba hao ka eona. Hape buisana le ba bang ba kileng ba etsa mosebetsi oa mofuta oo. Na ho tla hlokahala hore u lefe lekhetho? Na u tla lokela ho fumana lengolo la tumello? Fumana lintlha tse feletseng ho ba boholong sebakeng sa heno.—Baroma 13:1.

Bontša ho Leka-lekana

Ak’u nahane u leka ho khanna baesekele, empa ka nako e tšoanang u leka ho tšoara lintho tse ngata, tse kang mokotla oa hao oa libuka, bolo, mohlomong le lipolasetiki tsa korosari. Ha u leka ho jarella lintho tse ngata haholo, ho ba boima le ho feta hore u tsitse! Hoa tšoana le haeba u ne u ka amohela mosebetsi o u imelang. Haeba u sebelisa nako e ngata, matla, le ho falimeha mosebetsing oo u o etsang ka mor’a sekolo, sena se ka ’na sa ama bophelo ba hao hampe le lithuto tsa hao tsa sekolo. Habohlokoa le ho feta, mosebetsi o boima o ka ’na oa u thatafalletsa hore u be teng kamehla libokeng tsa Bokreste, u ithute Bibele le hore u kopanele tšebeletsong ea Bokreste. Mocha ea bitsoang Michelé oa lumela: “Ke ne ke sitoa ho ea libokeng hobane ke ne ke khathetse ka mor’a hore ke ee sekolong le mosebetsing.”

U se ke ua lumela hore pono ea hao ka chelete e be e sa leka-lekanang joalo! Jesu o ile a re ba fumanang thabo ea ’nete ke ba “elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) O ile a boela a re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Mocha oa Mokreste ea bitsoang Maureen o mametse keletso eo. O re: “Ha ke batle ho iphumana ke tšoarehile ka ho phehella lipakane tsa lintho tse bonahalang. Ke tseba hantle hore haeba ke tšoareha ka ho lelekisa chelete feela, kamano ea ka le Molimo e tla senyeha.”

Ke ’nete hore likarolong tse ling tsa lefatše, bacha ha ba na boikhethelo haese hore ba sebetse lihora tse ngata e le hore ba thuse malapa abo bona ho phela. Empa haeba ha u boemong boo, sena se ka etsa hore u be ea sa leka-lekanang ka ho sebetsa lihora tse ngata. Ho ea ka litsebi tse ngata, ho sebetsa lihora tse fetang 20 ka beke motho a ntse a kena sekolo, ke ho feteletsa lintho ebile ho kotsi. Litsebi tse ling li khothalletsa hore motho ea kenang sekolo a sebetse lihora tse robeli ho isa ho tse leshome ka beke. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 4:6.

Hopola hore “matla a thetsang a maruo” a ka bipetsa thahasello ea hao linthong tsa moea. (Mareka 4:19) Kahoo haeba u khetha ho sebetsa ha u tsoa sekolong hore u iphumanele chelete, hlophisa kemiso ea hao ka tsela eo u tla eteletsa lintho tsa moea pele. Rapela Jehova Molimo mabapi le taba ena. A ka u fa matla a hore u hanele likhatello tse teng ’me a ka u thusa hore u khethe ka bohlale e le hore u lule u e-na le kamano le eena.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 21

KHAOLONG E LATELANG

Na u laola chelete kapa ea u laola? Ithute kamoo u ka lulang u e laola kateng.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ho sa tsotellehe hore na motho ea botsoa o batla ntho e itseng hakae, ha ho mohla a tla e fumana. Ea sebetsang ka thata o tla fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang.Liproverbia 13:4, Today’s English Version.

KELETSO

Romela lengolo la hao la tsebo ea mosebetsi lik’hamphaning, u se ke ua emela hore li phatlalatse likheo tsa mosebetsi.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Libakeng tse ling, hoo e ka bang karolo ea 85 lekholong ea likheo tsa mosebetsi ha e phatlalatsoe.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ke tla eketsa menyetla ea hore ke fumane mosebetsi ka hore ke ․․․․․

Ke tla sebetsa feela lihora tse ․․․․․ ka beke.

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha u lokela ho iphumanela chelete?

● Ke mathata afe ao u tla tobana le ’ona ha u fumana mosebetsi?

● U ka ba le pono e loketseng joang ka chelete?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 153]

“Haeba kamehla thabo ea hao e itšetlehile ka hore u be le lintho tse itseng, ha ho mohla u tla thaba. Kamehla ho tla ’ne ho be le lintho tse ncha tseo u li batlang. U lokela ho ithuta ho thabela seo u nang le sona.’’—Jonathan

[Lebokose se leqepheng la 155]

Hlokomela Melemo ea Chelete, Empa u se ke ua e Rata

Thipa ke sesebelisoa sa bohlokoa ho seapehi se ipabolang. Empa eona thipa eo e ka baka kotsi e tšabehang ha e sebelisoa ke motho ea se nang phihlelo kapa ea seng hlokolosi. Chelete e tšoana le thipa e bohale. Haeba u e sebelisa ka bohlale, ke sesebelisoa sa bohlokoa. Empa haeba u se hlokolosi, u ka lemala! Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a lemosa hore re se ke ra rata chelete. Kaha ba bang ba batla ho rua, ba tela setsoalle sa bona le ba bang, kamano ea bona le malapa a bona, esita le kamano ea bona le Molimo. Ka lebaka leo, ba ‘itlhaba hohle ka bohloko bo boholo.’ (1 Timothea 6:9, 10) Ke’ng seo u ithutang sona? Ke hore u ithute ho sebelisa chelete ka bohlale. Hlokomela melemo ea eona, empa u se ke ua e rata!

[Setšoantšo se leqepheng la 153]

Ho itjarisa mesebetsi e mengata haholo ho ka u thatafalletsa hore u be ea leka-lekaneng