Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ke Nahana Hore ke Lokela ho ba ea Phethahetseng?

Ke Hobane’ng ha ke Nahana Hore ke Lokela ho ba ea Phethahetseng?

Khaolong ea 27

Ke Hobane’ng ha ke Nahana Hore ke Lokela ho ba ea Phethahetseng?

Na u utloa bohloko haeba u sa nepe lipotso kaofela tlhahlobong?

□ E

□ Che

Na u utloa eka ha u na thuso ea letho ha u nyatsuoa ka ho itseng?

□ E

□ Che

Na u sitoa ho etsa metsoalle e mecha kapa ho lula u e-na le eona hobane ho bonahala eka ha ho na motho ea etsang lintho ka tsela eo u nahanang hore li lokela ho etsoa ka eona?

□ E

□ Che

HAEBA ho na le potso eo u e arabetseng ka e ho tsena, e ka ’na eaba u na le bothata ba ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng. U ka ’na ua botsa, ‘Empa phoso e hokae ha motho a leka ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng?’ Ke ’nete hore ha ho phoso. Bibele e rorisa “motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae.” (Liproverbia 22:29) Leha ho le joalo, motho ea batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng o feteletsa litaba.

Ka mohlala, Jason ea lilemo li 19 o re: “Ha ke le selemong sa ho qetela sekolong se phahameng, ke ne ke nka hore ke sethoto ha ke sa nepe lipotso kaofela litlhahlobong. Ke ne ke boetse ke bapala piano ’me ke ne ke nahana hore ke lokela ho e bapala ka bokhabane joaloka ka ba letsang piano likonsareteng.”

Ho batla ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng ho ka ba ha khina motho litabeng tsa borapeli. Nahana ka se ka etsahalang ho mocha eo kamehla a nkoang e le mohlala oa ba bang. Kaha batho ba lula ba mo shebile, a ka ’na a ikutloa a sa lokoloha, eka motho e mong le e mong o mo shebile ka leihlo le nchocho hore na o etsa’ng. Ke ’nete hore Bakreste ba bacha le ba hōlileng ba rua molemo mohlaleng o motle o behoang ke ba bang ka phuthehong. Empa ho batla ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng ho ka etsa hore mocha a se ke a hlola a thabela ho sebeletsa Molimo. Haeba seo se etsahala, mocha eo o hloka thuso. Empa a ka ’na a tsoafa ho e kōpa, a tšaba hore o tla soabisa ba mo nketseng holimo. A ka ba a lakatsa eka a ka khaotsa ka ho feletseng, a ipehela lebaka la ho re, ‘Ha e le moo ke hlōleha ho etsa lintho ka tsela e phethahetseng, na ha ho molemo hore ke hle ke khaotse?’

Ho Loantša Bothata Bona

Ba batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ba na le boikutlo bo fosahetseng ba hore batho ha baa lokela ho etsa liphoso. Leha ho le joalo, boikutlo boo bo fosahetse. Bibele e bolela ka ho hlaka hore “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Ka hona, ho ke ke ha etsahala hore re etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng. Ha e le hantle, ho lumela hore u ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng ke ntho e sa utloahaleng joaloka ho nahana hore u ka qhoma feela ebe ua fofa. Ho sa tsotellehe hore na u lumela hoo ka tieo hakae, ho hang ho ke ke ha etsahala!

U ka etsa’ng hore u se ke ua laoloa ke boikutlo ba hore u lokela ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng? Leka ho etsa lintho tse latelang:

Hlahlobisisa seo u nkang hore ke “katleho.” Na u iqeta matla moo u lekang ho ba ea ipabolang linthong tsohle? Bibele e bontša hore ho leka ho etsa joalo ho ka tšoana le “ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:4) ’Nete ke hore ke batho ba ’maloa ba hlileng ba “ipabolang” linthong tse itseng. Esita le haeba motho a ipabola nthong e itseng, hangata ka mor’a nako ho hlaha e mong ea ipabolang le ho mo feta. Katleho e bolela ho etsa sohle se matleng a hao, eseng ho etsa se fetang se etsoang ke motho e mong.Bagalata 6:4.

Sheba lintho ka tsela ea sebele. Ha u nahana ka seo u ka se etsang u lokela ho tseba seo u ka se khonang le seo u ke keng ua se khona. Ho ipehela lipakane tseo u ke keng ua li finyella ke pontšo ea hore ha u na boikokobetso, kapa mohlomong ua ikhohomosa. Moapostola Pauluse o fane ka keletso ena e utloahalang: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.” (Baroma 12:3) Ka hona, sheba lintho ka tsela ea sebele. Fetola monahano oa hao ka seo u se lebeletseng. Etsa sohle se matleng a hao empa u se ke ua batla ho finyella phetheho.

U se ke ua nkela lintho holimo haholo! Leka ho etsa lintho tseo u tsebang hore ha u khone ho li etsa hantle, tse kang ho letsa seletsa sa ’mino. Ha ho pelaelo hore u tla etsa liphoso tse ngata. Leha ho le joalo, lekhetlong lena u se ke ua nka liphoso tsena joaloka nakong e fetileng. Bibele e re ho na le “nako ea ho tšeha.” (Moeklesia 3:4) Kahoo, u se ke ua nkela lintho holimo haholo. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u utloisise hore motho o ithuta ka ho etsa liphoso. Ho ka ’na ha e-ba thata hore u amohele mosebetsi oo u nahanang hore ha ua o etsa ka tsela e phethahetseng. Empa leka ka matla ho leleka maikutlo a u nyahamisang, a ho itšoaea-tšoaea liphoso.

Kamehla hopola hore Jehova ha aa lebella hore re etse lintho ka tsela e phethahetseng, empa o lebeletse hore re tšepahale ho eena. (1 Bakorinthe 4:2) Haeba u leka ho ba motho ea tšepahalang, ka sebele u tla thabela seo u leng sona, esita le haeba u sa etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng.

KHAOLONG E LATELANG

Kajeno bosodoma ke ntho e amohelehang hohle. U ka bo qoba joang? U ka etsa’ng haeba u utloa u khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hao?

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.Moeklesia 7:20.

KELETSO

Nahana ka ntho eo u ’nileng ua e chechisetsa morao hobane u tšaba hore u ke ke ua e etsa ka tsela e tsoileng matsoho. Joale beha nako eo u tla e etsa ka eona.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Jehova o phethahetse, empa ha a sebetsana le batho ba sa phethahalang ha a lebelle hore ba etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng. Oa re nahanela ebile o lebella hore re etse seo re ka se khonang.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ha ke hlokomela hore ke se ke inyatsa ho feta tekano, ke tla ․․․․․

Ha ke hlokomela hore ke se ke nyatsa ba bang ho feta tekano, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke lintho life bophelong tseo ho tsona u ipehelang lipakane tse phahameng ho feta tekano?

● Ke litemana life tsa Bibele tse bontšang ka ho hlaka hore Jehova Molimo ha aa lebella hore bahlanka ba hae e be ba phethahetseng?

● Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba ikhula ho uena haeba u batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng?

● Nakong e tlang ha u entse phoso, u tla sebetsana le boemo boo joang?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 226]

“Ho etsa sohle se matleng a hao ho bontša ho leka-lekana ’me ho fapane le ho batla ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng kaha seo se bontša ho se leka-lekane.’’—Megan

[Lebokose se leqepheng la 228]

Kamoo ho Lebella Phetheho ho Amang Setsoalle Kateng

Na ha u batle ho etsa setsoalle le batho ba bang hobane u nka hore ha ba etse lintho ka tsela eo u nahanang hore li lokela ho etsoa ka eona? Kapa na batho ba molemo ba qoba ho etsa setsoalle le uena hobane ho bonahala eka u lebeletse ho hongata haholo? Bibele ea re eletsa: “U se ke ua ba ea lokileng ho feta tekanyo, kapa ua iponahatsa u le bohlale ka ho fetisisa. Ke hobane’ng ha u ka ipakela tšenyeho?” (Moeklesia 7:16) Tsela e ’ngoe eo motho ea batlang ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng a ipakelang tšenyeho ka eona ke ka ho qhela bao e ka ’nang eaba ba ne ba tla thabela ho etsa setsoalle le eena. Ngoanana e mong ea bitsoang Amber o re: “Ha ho na motho ea ratang ho ba haufi le motho ea mo etsang hore a ikutloe a le mosesaane, ’me ke ’nile ka bona batho ba ratang ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng ba lahleheloa ke metsoalle e molemo ka mabaka a sa reng letho.”

[Setšoantšo se leqepheng la 229]

Ho leka ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng ke ntho e ke keng ea etsahala joaloka ho leka ho fofa