Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Laola Maikutlo a ka Joang?

Nka Laola Maikutlo a ka Joang?

Khaolong ea 26

Nka Laola Maikutlo a ka Joang?

U NAHANA’NG ka see—na mollo o molemo kapa o kotsi? U ka ’na ua re ho itšetlehile ka maemo. Mariha, ha ho bata bosiu, ho besa mollo ho ka fana ka mofuthu o hlokahalang. Seo se molemo. Empa haeba mollo o sa laoloe, lelakabe le ka aparela ntlo ka potlako ’me la e senya. Seo se kotsi.

Ho joalo le ka maikutlo a hao. Ha u a laola, seo se molemo, se u thusa hore u be le setsoalle se mofuthu le ba bang. Ha u sa a laole, maikutlo a hao a ka u ntša kotsi, a ba a ntša le batho ba bang ba haufi le uena kotsi.

Joaloka mocha, ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u halefile kapa u hloname haholo. U ka laola maikutlo ao joang? A re tšohleng lintlha tsena ka bonngoe.

Ho Kokobetsa Bohale

Ha ho bonolo ho sebetsana le bohloko le ho hlabeha ho bakoang ke ho tšoaroa hampe. Ba bang ha ba le boemong boo ba sitoa ho itšoara. Ha e le hantle, Bibele e bua ka batho ba “ineheletseng bohale” le ba “ratang ho halefa.” (Liproverbia 22:24; 29:22) Ena ke taba e tebileng. Ho se laole bohale ho ka etsa hore u etse lintho tseo hamorao u tla ikoahlaela tsona. Ka hona, u ka laola maikutlo a hao joang ha u tšoeroe hampe?

Ntlha ea pele, sekaseka taba ka kelello e pholileng ’me u bone hore na u ka e tlohela ea feta. * (Pesaleme ea 4:4) Hopola hore ho phetetsa “bobe ka bobe” ho mpa ho tla mpefatsa litaba le ho feta. (1 Bathesalonika 5:15) Ka mor’a hore u nahane ka taba ena le ho rapela ka eona, u ka ’na ua fumana hore ebile taba eo ha e sa u halefisa. Seo se tla etsa hore u se ke ua lula u halefile.—Pesaleme ea 37:8.

Empa u ka etsa’ng haeba taba eo e ntse e u utloisa bohloko? Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:7) Na u ka bua le motho ea u utloisitseng bohloko? Haeba e se bohlale ho buisana le eena, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u buisane le batsoali ba hao kapa motsoalle oa hao ea hōlileng, u hlalose kamoo u ikutloang kateng. Haeba motho e mong a leka ho u hlekefetsa ka boomo, leka ka matla hore u be mosa ho eena.  Chate e leqepheng la 221 e ka u thusa hore u nahane ka lintho tse ling tseo u ka li etsang maemong ao hona joale u etsang lintho ka ho nkeha maikutlo.

Leka ka hohle ho rapela Jehova ’me u mo kōpe ho u thusa hore u se ke ua jara motho ea u utloisitseng bohloko ka pelo. Hopola sena: Le hoja u ke ke ua fetola se etsahetseng, u ka fetola tsela eo u itšoarang ka eona mabapi le seo. Haeba u itumella hore u lule u jere motho e mong ka pelo, u ba maqakabetsing joaloka tlhapi e tšoasitsoeng. U lumella motho e mong hore a laole tsela eo u nahanang ka eona le eo u ikutloang ka eona. Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore e be uena ea laolang maikutlo a hao?—Baroma 12:19.

Ho Sebetsana le Tlhonamo

Laura ea lilemo li 16 o re: “Morao tjena ke se ke e-na le mokhoa oa ho ba sefela-peloana le ho inyatsa ho feta tekano. Ha ho letho le nthabisang bophelong. Ke lla ho fihlela ke khaleha.” Joaloka Laura, bacha ba bangata ba ikutloa ba imetsoe ke mathata a bophelo. Uena? Lintho tseo batsoali ba hao, metsoalle le matichere ba lebeletseng hore u li etse; liphetoho tseo u bang le tsona ’meleng le maikutlong ha u kena bohlankaneng kapa boroetsaneng; kapa ho ikutloa u hlōlehile bophelong ka lebaka la mofokolo o itseng—kaofela ha tsona li ka etsa hore u ikutloe u saretsoe.

Bacha ba bang ba bile ba intša kotsi e le ho ikimolla bohlokong boo ba bo utloang maikutlong. * Haeba u tloaetse mokhoa oo, leka ho utloisisa lebaka la seo. Ka mohlala, hangata ho intša kotsi ke tsela eo batho ba bang ba theolang khatello e itseng maikutlong ka eona. Na ebe ho na le boemo bo etsang hore u sareloe—ebang ke lapeng kapa ke bo amanang le metsoalle?

E ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho sebetsana le ho utloa bohloko maikutlong ke ho buisana le motsoali kapa motho ea hōlileng tsebong ka phuthehong ea Bokreste, ea ka ipakang e le “ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Liliana ea lilemo li 16, o ile a tšollela maikutlo ho baralib’abo ba Bakreste ba hōlileng. O re: “Kaha ba baholo ho ’na, likeletso tsa bona li molemo. E se e le metsoalle ea ka.” * Dana ea lilemo li 15, o re o ile a imoloha maikutlong ka mor’a hore a eketse mosebetsi oa hae tšebeletsong ea Bokreste. O re: “Eo e bile ntho e molemo ka ho fetisisa eo ke e entseng. Ha e le hantle, eo e bile nako e thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka!”

Ka holim’a tsohle, haeba u hloname kapa u sithabetse maikutlong, u se ke ua lesa ho rapela. Mopesaleme Davida, ea bileng mahlomoleng hangata, o ile a ngola: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Jehova o tseba matšoenyeho a hao. Ho feta moo, ‘oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Haeba pelo ea hao e u tsoa, hopola hore ‘Molimo o moholo ho pelo ea hao ’me o tseba lintho tsohle.’ (1 Johanne 3:20) O utloisisa le ho u feta hore na ke hobane’ng ha u sithabetse, ’me a ka u imolla mathateng a u sithabetsang.

Haeba tlhonamo e sa fele, ho ka etsahala hore ebe u na le lefu le itseng le kang la ho tetebela maikutlo. * Haeba ho joalo, ho ka ba molemo hore u ee ngakeng. Ho hlokomoloha boemo boo ho tšoana le ho bulela radio ea koloi holimo e le hore u se ke ua utloa lerata le hlahang ka enjeneng le bontšang hore bothata bo teng. Ho molemo hore u sebetsane le bothata. Ruri ha ho hlokahale hore u hlajoe ke lihlong ka boemo ba hao. Bacha ba bangata ba nang le bothata ba ho tetebela maikutlo le ba nang le mathata a mang a kelello ba thusitsoe ke ho ea ngakeng.

Hopola hore maikutlo a hao a tšoana le mollo. Ha u a laola, a molemo; empa ha u sa a laole, a ka ba kotsi. Etsa sohle se matleng a hao hore u laole maikutlo a hao. Ke ’nete hore ka linako tse ling u ka ’na ua bua kapa ua etsa ntho eo hamorao u tla ikoahlaela eona. Empa u se ke ua fela pelo. Ha nako e ntse e feta, u tla ithuta ho laola maikutlo a hao e le hore a se ke a u laola.

KHAOLONG E LATELANG

Na u motho ea batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng? Haeba ho joalo, u ka ithuta ho sebetsana le mefokolo ea hao joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Haeba u tšoaroa hampe ka ho hlorisoa, sheba Khaolo ea 14 bukeng ena bakeng sa litlhahiso tsa hore na u ka sebetsana le hona joang. Ka lehlakoreng le leng, haeba motsoalle oa hao a u koatisitse, u ka ’na ua thusoa ke boitsebiso bo Khaolong ea 10.

^ ser. 13 Batho ba intšang kotsi ba etsa seo ka boomo ka litsela tse fapaneng, tse kang ho itšeha, ho ichesa, ho itetetsa, kapa ho ikhobola letlalo.

^ ser. 14 Haeba u tšaba ho buisana le motho le shebane mahlong, leka ho mo ngolla lengolo kapa ho bua le eena ka fono. Hangata mohato oa pele o thusang motho hore a fole maikutlong ke ho tšollela motho e mong maikutlo.

^ ser. 16 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka ho tetebela maikutlo, sheba Buka ea 1, Khaolong ea 13.

LENGOLO LA SEHLOOHO

U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.Baroma 12:21.

KELETSO

Letsatsi ka leng, bolella motsoali kapa batsoali ba hao ntho e molemo e u etsahalletseng—esita le haeba e se ntho e khōlō. Joale ha ho hlaha bothata bo tebileng, ho tla ba bonolo hore u bue le bona. Le bona ho tla ba bonolo hore ba u mamele.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Ha u sa phomole ka ho lekaneng ’me u sa je lijo tse matlafatsang, u ke ke ua ba le matla a ho sebetsana le maikutlo a hao.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Maikutlo a sa thabiseng ao ke thatafalloang ka ho fetisisa ho a laola ke․․․․․

Ke tla sebetsana le maikutlo ana ka ho․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha Molimo a sa thabisoe ke ha motho a sitoa ho laola bohale?

● Ho lula u halefile ho ka u lematsa ka litsela life?

● Ke litsela life tse ling tseo ka tsona u ka sebetsanang ka katleho le ho hlonama?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 223]

“Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e bile ho tseba hore ho na le motho ea hlileng a ntsotellang, eo nka buang le eena ha ke sithabetse maikutlong.’’—Jennifer

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 221]

 Lintlha Tseo U li Ngotseng

Laola Bohale Tlatsa chate ena

Ketsahalo Ha ke nkehile Se loketseng

maikutlo

Ngoana e mong ka Kea mo rohaka Kea mo hlokomoloha ’me ke

tlelaseng oa ntšoma mo bontša hore a ke ke a

nkhopisa

Ngoan’eso o “ikalima” Ke iphetetsa ka ho “ikalima” ․․․․․

lieta tsa ka tseo ke li ntho e ’ngoe ea hae

ratang haholo

Batsoali ba nkhanela ․․․․․ ․․․․․

ho etsa ntho e itseng

[Setšoantšo se leqepheng la 220]

Motho ea lulang a jere e mong ka pelo o tšoana le tlhapi e tšoasitsoeng kaha o laoloa ke motho eo, joalokaha tlhapi e laoloa ke motho ea e tšoasitseng