Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlala o Motle oa Asafe

Mohlala o Motle oa Asafe

Mohlala o Motle oa Asafe

Asafe o ne a tobane le nako e thata bophelong. O ne a bona batho ba mo potolohileng ba sa mamele melao ea Molimo empa ho bonahala eka lintho li ba tsamaela hantle! Ka hona, Asafe o ne a ipotsa hore na ebe ho leka ho khahlisa Molimo ho na le molemo oa letho. O ile a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.” Leha ho le joalo, ka mor’a hore a nahanisise ka taba ena, Asafe o ile a ba le mohopolo o fapaneng. O ile a hlokomela hore thabo leha e le efe eo ba khopo ba bang le eona ke ea nakoana. Asafe o ile a etsa qeto efe? O ile a bolella Jehova ka pina, a re: “Ntle ho uena ha ho ntho e ’ngoe eo ke e thabelang lefatšeng.”—Pesaleme ea 73:3, 13, 16, 25, 27.

Mohlomong ka linako tse ling u ’nile ua ipotsa hore na ebe ho hlile ho na le molemo oa letho ho phela ka melao ea Molimo. Empa latela mohlala oa Asafe ’me u hlahlobisise taba. Nahana ka boemo ba batho ba sa mameleng melao ea Jehova. Na ba hlile ba na le khotso? Na ba fumane tsela e itseng ea ho thaba eo batho ba tšepahalang ho Molimo ba sa e tsebeng? Ka mor’a hore u nahane ka ho teba ka taba ena, ha ho pelaelo hore u tla pheta mantsoe a Asafe, a reng: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.”—Pesaleme ea 73:28.