Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlala o Motle oa Davida

Mohlala o Motle oa Davida

Mohlala o Motle oa Davida

Davida o ne a rata ’mino. E ne e le sebini se hloahloa a bile a khona ho qapa lipina. O ne a bile a iketsetsa liletsa. (2 Likronike 7:6) Davida o ne a ipabola hoo morena oa Iseraele a ileng a mo bitsa hore a tl’o letsa ’mino mabaleng a borena. (1 Samuele 16:15-23) Davida o ile a lumela. Empa seo ha sea ka sa etsa hore a ikhohomose, ’me ha aa ka a lumella ’mino hore o mo laole bophelong. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa talenta ea hae ho rorisa Jehova.

Na u rata ’mino? E ka ’na eaba ha u sebini se hloahloa, empa u ntse u ka etsisa mohlala oa Davida. Joang? Ka hore u se ke ua lumella ’mino hore o u laole bophelong kapa o u susumelletse ho nahana le ho etsa lintho tse bontšang ho se hlomphe Molimo. Ho e-na le hoo, etsa hore ’mino o u thuse ho thabela bophelo. Bokhoni ba ho qapa le ho thabela ’mino ke mpho e tsoang ho Molimo. (Jakobo 1:17) Davida o ile a sebelisa mpho ena ka litsela tse ileng tsa thabisa Jehova. Na le uena u tla etsa se tšoanang?