Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlala o Motle oa Lydia

Mohlala o Motle oa Lydia

Mohlala o Motle oa Lydia

Le hoja Lydia e ne e le molumeli e mocha, o ile a ikemisetsa ho amohela Pauluse le bao a neng a e-na le bona ka mofuthu. (Liketso 16:14, 15) Ka lebaka lena, o bile le tokelo ea ho thabela botsoalle le barutuoa bana. Ha Pauluse le Silase ba lokolloa teronkong, ba ile ba ea hokae? Ba ile ba khutlela ha Lydia!—Liketso 16:40.

Na u ka ikemisetsa ho tseba ba bang joaloka Lydia? U ka etsa seo joang? Ka hore u qale ho etsa lintho tse nyenyane. Leka ho bua le motho a le mong ka nako. U ka iketsetsa pakane ea ho qala ho qoqa le motho a le mong nako le nako ha u le libokeng tsa Bokreste. Leka ho bososela. Haeba u sa tsebe hore na u re’ng, botsa lipotso kapa u bue ho itseng ka uena. Mamelisisa hantle. Ha nako e ntse e feta, u ka ’na ua ikutloa u lokolohile ho bua haholoanyane. Ka tloaelo batho ba ananela mantsoe a buuoang ka botšepehi, a mosa le a thabisang. (Liproverbia 16:24) Kaha Lydia o ne a le mosa a bile a rata ho amohela baeti, o ile a hlohonolofatsoa ka metsoalle e molemo. Le uena u tla hlohonolofatsoa haeba u latela mohlala oa hae!