Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlala o Motle oa Pauluse

Mohlala o Motle oa Pauluse

Mohlala o Motle oa Pauluse

Moapostola Pauluse o ne a talima lintho ka tsela ea sebele mabapi le kamoo a neng a ikutloa kateng. Ka botšepehi, o ile a lumela a re: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” Pauluse o ne a rata ho etsa se setle. O ile a ngola, a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare.” Joale bothata ba hae e ne e le bofe? Pauluse o ile a re: “Ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” O ne a utloa bohloko ha a hlōleha ho etsa lintho tse itseng. O ile a re: “Ke monna ea sōtō hakaakang!”—Baroma 7:21-24.

Na liphoso tsa hao li etsa hore u ikutloe u saretsoe kapa u le sōtō? Haeba ho joalo, hopola hore ka linako tse ling esita le Pauluse o ile a ikutloa joalo. Empa Pauluse o ne a boetse a tseba hore Kreste o shoetse batho ba kang eena, ’me seo se ile sa etsa hore a re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Baroma 7:25) Pauluse o ne a talima sehlabelo sa thekollo e le mpho eo a e fuoeng. O ile a ngola: ‘Mora oa Molimo o ile a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.’ (Bagalata 2:20) Ha u ikutloa u nyahame, nahanisisa ka sehlabelo sa thekollo. Haeba mefokolo ea hao e u nyahamisa, le ka mohla u se ke ua lebala hore Kreste o shoetse baetsalibe, eseng batho ba phethahatseng.