Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molaetsa ho Batsoali

Molaetsa ho Batsoali

Molaetsa ho Batsoali

Bacha ba tobana le nako e thata ha ba kena lilemong tsa bocha. Ba ka ’na ba se ke ba tseba hantle hore na ba sebetsane le nako ena joang, mohlomong e ka ba ea ba tšosa. Joaloka motsoali, ka linako tse ling u ka lakatsa eka u ne u ka sireletsa bana ba hao ba bacha hore ba se ke ba feta boemong bona. Ke ’nete hore u ke ke ua ba sireletsa, empa u ka ba tšehetsa. U boemong bo ikhethang ba ho thusa bana ba hao hore ba fete boemong bona hantle ’me ba qetelle e le batho ba baholo ba nang le boikarabelo.

Na ho bonolo ho bua see ho feta ho se etsa? E. Ho ka bonahala ekare ke maobane mona ha mora oa hao e ne e le leseanyana le tletseng bophelo, le buang le sa qete; empa hona joale e se e le mocha ea itšehlileng thajana, ea sa batleng ho buisana le uena. Hase khale ha moralinyana oa hao a ne a batla ho ea hohle le uena; empa hona joale ho bonahala a se a tšaba hore batho ba mo bone a e-na le batsoali ba hae!

Leha ho le joalo, ha ua lokela ho felloa ke matla ha u talimane le liphetoho tsena. U ka fumana bohlale bo tla tataisa uena hammoho le ngoana oa hao ka tsela e tla le ruisa molemo. U ka fumana bohlale boo Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele.

Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e etselitsoe hore e fe ngoana oa hao mabaka a utloahalang a tsoang Mangolong. Ha u ka sheba Tse ka Hare leqepheng la 4 le 5, u tla bona hore buka ena e tšohla lihlooho tse sa tšoaneng. Empa buka ena ha e fane ka boitsebiso feela. Ak’u nahane ka sena:

(1) Buka ena e etsa hore mocha a nke karolo ho se tšohloang. Libakeng tse ngata, ngoana oa hao o tla khothalletsoa hore a ngole karabo lipotsong tse sa tšoaneng le ho ntša maikutlo a hae lipolelong tse itseng. Ka mohlala, karolo e reng “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka” leqepheng la 132 le 133 e tla thusa ngoana oa hao hore a nahane ka mathata a tobileng ao a tobanang le ’ona le hore na a ka sebetsana le ’ona joang. Ho phaella moo, karolo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse robong tsa buka ena e qetella ka leqephe le nang le sehlooho se reng “Lintlha Tsa Botho,” moo ngoana oa hao a ka ngolang seo a se nahanang le maikutlo a hae ka boitsebiso bo tšohloang karolong eo.

(2) Buka ena e khothalletsa hore ho be le puisano. Ka mohlala, leqepheng la 63 le la 64 ho na le lebokose le reng “Nka Buisana le Ntate Kapa ’Mè Joang ka Taba ea ho Kopanela Liphate?” Hape, qetellong ea khaolo e ’ngoe le e ’ngoe ho na le lebokose le reng “U Nahana’ng ka See?” Ntle le hore lebokose lena le akaretsa se tšohliloeng, le ka boetse la sebelisoa bakeng sa thuto ea lelapa. Ho phaella moo, khaolo e ’ngoe le e ’ngoe e na le karolo e reng “Seo ke Rerang ho se Etsa!” ’me ntlha ea eona ea ho qetela e kōpa mocha hore a qetele polelo ena e reng: “Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke . . . ” Sena se tla etsa hore bacha ba kōpe keletso e loketseng ho batsoali ba bona ha ba feta nakong ena e thata ea bocha.

Tlhokomeliso: E le ho khothalletsa bacha hore ba lokolohe ka hohle ho ngola maikutlo a bona, u se ke ua phenyekolla libuka tsa bona. Hamorao, ba ka ’na ba lokoloha hore ba bue le uena ka lintho tseo ba li ngotseng.

Ipatlele buka ea hao ’me u e bale ka hloko. Ha u ntse u e bala, leka ho hopola maemo ’ohle ao u fetileng ho ’ona a neng a u ferekanya le ho u tšoenya ha u sa le mocha. Ha ho loketse, bolella mora kapa morali oa hao ka lintho tseo u ileng ua thulana le tsona ha u sa le mocha. Sena se tla etsa hore bana ba hao ba lilemong tsa bocha ba u phetlele sefuba. Ha ba bua, mamela ka hloko! Haeba ho bonahala ba sa rate ho bua, u se ke ua tela. Ho sa tsotellehe hore na ba bonahala eka ha ba rate keletso ea hao hakae, ’nete ke hore bana ba nka keletso ea batsoali ba bona e le ea bohlokoa ho feta ea lithaka tsa bona.

Re thabela ho fa uena le bana ba hao buka ena e thehiloeng Bibeleng, ’me takatso ea rōna e tiileng ke hore e tsoele lelapa la hao molemo haholo.

Bahatisi