Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 8

Matla a ho Tsosolosa​—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”

Matla a ho Tsosolosa​—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”

1, 2. Lelapa la motho le utloisoa bohloko ke ho lahleheloa ke lintho life kajeno, hona see se re ama joang?

NGOANA o lahla ntho eo a bapalang ka eona eo a e ratang kapa oa e roba ’me o lla sa ’mokotsane. Seboko ke se hlabang habohloko! Empa, na u kile ua bona kamoo sefahleho sa ngoana se elang kateng ha motsoali a mo tholla ntho eo e lahlehileng? Ho motsoali ho ka ’na ha e-ba bonolo ho thola ntho eo ea ho bapala kapa hona ho e lokisa. Empa ngoana eena o thabile hoo a sa tsebeng hore na a iketse’ng o bile o hloletsoe. Ntho eo ho neng ho bonahala eka e etse ruri e fumanehile!

2 Jehova, Motsoali ea phahameng ka ho fetisisa, o na le matla a ho tsosolosa seo bana ba hae ba lefatšeng ba ka ’nang ba nka hore se ile se ile. Ho hlakile hore ha re bue ka lintho feela tjee tsa ho bapala. ‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ re tlameha ho tobana le tahlehelo e tebileng ho feta eo hōle. (2 Timothea 3:1-5) Ho bonahala lintho tse ngata tseo batho ba li nkang e le tsa bohlokoa li le kotsing nako eohle—ntlo, thepa, mosebetsi, esita le bophelo bo botle ba ’mele. Re ka ’na ra ikutloa re nyahame ha re nahana ka ho senngoa ha tikoloho le tahlehelo eo ho e bakang ea ho timela ha mefuta e mengata ea lintho tse phelang. Leha ho le joalo, ha ho ntho e re utloisang bohloko joaloka ho shoeloa ke moratuoa. Maikutlo a tahlehelo le a ho felloa ke matla e ka ba a sithabetsang.—2 Samuele 18:33.

3. Ho boletsoe tebello efe e khothatsang ho Liketso 3:21, hona Jehova o tla sebelisa eng ho e phethahatsa?

3 Joale, ke ho khothatsang hakaakang ho ithuta ka matla a Jehova a ho tsosolosa! Joalokaha re tla bona, ho na le lintho tse ngata ka mokhoa o tsotehang tseo Molimo a ka li tsosolosang le tseo a tlang ho li tsosolosetsa bana ba hae ba lefatšeng. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore Jehova o rerile “tsosoloso ea lintho tsohle.” (Liketso 3:21) Ho phethahatsa sena, Jehova o tla sebelisa ’Muso oa Bomesia, o tlas’a puso ea Mora oa hae, Jesu Kreste. Bopaki bo bontša hore ’Muso ona o qalile ho busa leholimong ka 1914. * (Matheu 24:3-14) Ho tla tsosolosoa eng? A re hlahlobeng tse ling tsa liketso tsa Jehova tse babatsehang tsa tsosoloso. Le hona joale re khona ho bona le ho thabela e ’ngoe ea tsona. Tse ling li tla etsahala ka tekanyo e pharaletseng nakong e tlang.

Ho Tsosolosoa ha Borapeli bo Hloekileng

4, 5. Ho ile ha etsahala’ng ka batho ba Molimo ka 607 B.C.E., ’me Jehova o ile a ba tšepisa eng?

4 Ntho e ’ngoe eo Jehova a seng a e tsosolositse ke borapeli bo hloekileng. E le hore re utloisise se boleloang ke sena, a re hlahlobeng ho se hokae tlaleho ea ’muso oa Juda. Ho e hlahloba ho tla re fa leseli le hlasimollang mabapi le kamoo Jehova a ’nileng a sebelisa matla a hae a ho tsosolosa kateng.—Baroma 15:4.

5 Nahana kamoo Bajuda ba tšepahalang ba ileng ba ikutloa kateng ka 607 B.C.E. ha Jerusalema e timetsoa. Motse oa bona o ratoang o ne o timelitsoe, marako a oona a helelitsoe. Ho hobe le ho feta, tempele e khanyang eo Solomone a neng a e hahile e le setsi sa borapeli ba Jehova bo hloekileng lefatšeng lohle, e ne e setse e le lithako. (Pesaleme ea 79:1) Baphonyohi ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona, ba siea naha ea habo bona e le lithako tseo ho sollang liphoofolo tse hlaha ho tsona. (Jeremia 9:11) Ho ea ka pono ea motho, ho ne ho bonahala eka sohle se lahlehile. (Pesaleme ea 137:1) Empa Jehova, ea ileng a bolela timetso eo nako e telele esale pele, o ile a tšepisa hore ho sa ntse ho tla tla nako ea tsosoloso.

6-8. (a) Ke taba efe e ka sehloohong e hlahang khafetsa mangolong a baprofeta ba Baheberu, hona boprofeta boo bo ile ba phethahala joang qalong? (b) Mehleng ea kajeno batho ba Molimo ba bone phethahatso ea boprofeta bo bongata ba tsosoloso joang?

6 Ha e le hantle, tsosoloso e ne e le taba e ka sehloohong e hlahang khafetsa mangolong a baprofeta ba Baheberu. * Ka bona, Jehova o ile a tšepisa ho tsosolosa naha le ho boela a e tlatsa ka baahi, ho e atlehisa, ho e sireletsa tlhaselong ea libatana le lira. O ile a hlalosa naha ea bona e tsosolositsoeng e le paradeise ea sebele! (Esaia 65:25; Ezekiele 34:25; 36:35) Ka holim’a tsohle, ho ne ho tla tsosolosoa borapeli bo hloekileng, ’me tempele e hahuoe bocha. (Mikea 4:1-5) Boprofeta bona bo ile ba fa Bajuda ba kholehong tšepo, ba ba thusa ho mamella lilemo tse 70 tsa botlamuoa Babylona.

7 Qetellong, nako ea tsosoloso e ile ea fihla. Ba lokolotsoe Babylona, Bajuda ba ile ba khutlela Jerusalema ’me ba tsosolosa tempele ea Jehova moo. (Esdrase 1:1, 2) Hafeela ba ntse ba khomaretse borapeli bo hloekileng, Jehova o ne a ba hlohonolofatsa ’me a atlehisa naha ea bona le ho e fa chai. O ne a ba sireletsa ho lira le ho libatana tse neng li ’nile tsa lalasa naheng ea bona ka mashome a lilemo. E tlameha ebe ba ile ba thabela matla a Jehova a ho tsosolosa hakaakang! Empa liketsahalo tseo e ne e le qalo feela, e le phethahatso e fokolang ea boprofeta ba tsosoloso. Phethahatso e khōloanyane e ne e tla tla “karolong e qetellang ea matsatsi,” mehleng ea rōna, ha Mojalefa oa Morena Davida eo e leng khale a tšepisitsoe a ne a tla behoa teroneng.—Esaia 2:2-4; 9:6, 7.

8 Nakoana ka mor’a hore Jesu a behoe teroneng ea ’Muso oa leholimo ka 1914, o ile a lebisa tlhokomelo litlhokong tsa moea tsa batho ba Molimo ba tšepahalang ba lefatšeng. Feela joalokaha mohlōli oa Mopersia, Cyruse, a ile a lokolla masala a Bajuda Babylona ka 537 B.C.E., Jesu o ile a lokolla masala a Bajuda ba moea—e leng balateli ba hae—tšusumetsong ea Babylona ea kajeno, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Baroma 2:29; Tšenolo 18:1-5) Ho tloha ka 1919 ho ea pele, borapeli bo hloekileng bo ile ba tsosolosetsoa sebakeng sa bona se loketseng bophelong ba Bakreste ba ’nete. (Malakia 3:1-5) Ho tloha nakong eo, batho ba Jehova ba ’nile ba mo rapela ka tempeleng ea hae e hloekisitsoeng ea moea—e leng tokisetso ea Molimo ea borapeli bo hloekileng. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa ho rōna kajeno?

Tsosoloso ea Moea—Lebaka Leo ka Lona e Leng ea Bohlokoa

9. Ka mor’a mehla ea baapostola, likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa etsa’ng ka borapeli ba Molimo, empa Jehova o entse’ng mehleng ea rōna?

9 Nahana ka boemo ho latela histori. Bakreste morao koana lekholong la pele la lilemo ba ile ba thabela litlhohonolofatso tse ngata tsa moea. Empa Jesu le baapostola ba ile ba bolela esale pele hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla silafatsoa le hore bo ne bo tla nyamela. (Matheu 13:24-30; Liketso 20:29, 30) Ka mor’a mehla ea baapostola, Bokreste-’mōtoana bo ile ba hlahella. Baruti ba bona ba ile ba amohela lithuto le mekhoa ea bohetene. Hape ba ile ba etsa hore ho atamela Molimo e be ntho e thata, ba mo hlalosa e le Boraro-bo-bong boo ho leng thata ho bo utloisisa ’me ba ruta batho hore ba ipolele libe ho baprista le hore ba rapele Maria le “bahalaleli” ba fapa-fapaneng ho e-na le Jehova. Joale, ka mor’a lilemo tse makholo-kholo tsa bokoenehi boo, Jehova o entse’ng? Lefatšeng la kajeno—le pupelitsoeng ke lithuto tsa bohata tsa bolumeli le le silafalitsoeng ke mekhoa e se nang bomolimo—o ile a kenella ’me a tsosolosa borapeli bo hloekileng! Re sa fetelletse litaba, re ka bolela hore tsosoloso ena ke e ’ngoe ea liketsahalo tsa bohlokoa ka ho fetisisa mehleng ena.

10, 11. (a) Paradeise ea moea e akarelletsa likarolo life tse peli, hona u ameha joang? (b) Jehova o bokeletse batho ba mofuta ofe paradeiseng ea moea, hona ba tla hlohonolofatsoa ka ho bona eng?

10 Ka hona, kajeno Bakreste ba ’nete ba thabela paradeise ea moea. Paradeise ee e akarelletsa eng? Ha e le hantle, e likarolo li peli. Ea pele ke borapeli bo hloekileng ba Molimo oa ’nete, Jehova. O re hlohonolofalitse ka borapeli bo se nang mashano le lithuto tse sothehileng. O re hlohonolofalitse ka lijo tsa moea. Sena se re nolofalletsa ho ithuta ka Ntat’a rōna oa leholimo, ho mo khahlisa le ho atamela ho eena. (Johanne 4:24) Karolo ea bobeli ea paradeise ea moea e akarelletsa batho. Joalokaha Esaia a ile a bolela esale pele, “karolong e qetellang ea matsatsi,” Jehova o ’nile a ruta barapeli ba hae litsela tsa khotso. O felisitse ntoa har’a rōna. Le hoja re sa phethahala, o re thusa ho apara “botho bo bocha.” O hlohonolofatsa boiteko ba rōna ka moea oa hae o halalelang, o hlahisang ka ho rōna litšobotsi tse ratehang. (Baefese 4:22-24; Bagalata 5:22, 23) Ha u sebetsa tumellanong le moea oa Molimo, ka sebele u ba karolo ea paradeise ea moea.

11 Jehova o bokeletse batho bao a ba ratang—ba mo ratang, ba ratang khotso le ba “elang hloko tlhoko ea bona ea moea”—paradeiseng ena ea moea. (Matheu 5:3) Batho bana ba tla hlohonolofatsoa ka monyetla oa ho bona tsosoloso e hlollang le ho feta—ea moloko oa batho le ea lefatše lohle.

“Bona! Ke Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha boprofeta ba tsosoloso bo ntse bo lokela ho phethahala ka tsela e ’ngoe? (b) Morero oa Jehova ka lefatše joalokaha o boletsoe Edene ke ofe, hona ke hobane’ng ha see se re fa tšepo ka nako e tlang?

12 Boprofeta bo bongata ba tsosoloso ha bo bue ka tsosoloso ea moea feela. Ka mohlala, Esaia o ile a ngola ka nako eo ka eona ba kulang, ba holofetseng, ba foufetseng le ba sa utloeng litsebeng ba tlang ho folisoa le nako eo ka eona esita le lefu ka bolona le tlang ho metsoa ka ho sa feleng. (Esaia 25:8; 35:1-7) Litšepiso tseo ha lia ka tsa phethahala ka tsela ea sebele Iseraeleng ea boholo-holo. Le hoja re bone ho phethahala ha litšepiso tsena ka tsela ea moea mehleng ena ea rōna, re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore li tla phethahala ka tsela ea sebele le ka tekanyo e feletseng nakong e tlang. Seo re se tseba joang?

13 Morao koana Edene, Jehova o ile a hlakisa morero oa hae ka lefatše: Le ne le lokela ho ahuoa ke lelapa la motho le thabileng, le phelang hantle le le momahaneng. Monna le mosali ba ne ba lokela ho hlokomela lefatše le libōpuoa tsohle tse ho lona, ho etsa lefatše lohle paradeise. (Genese 1:28) Boemo boo bo fapane hōle le bo teng kajeno. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore merero ea Jehova e ke ke ea hlōleha le ka mohla. (Esaia 55:10, 11) Jesu, e le Morena oa Bomesia ea khethiloeng ke Jehova, o tla tlisa Paradeise ena ea lefatše lohle.—Luka 23:43.

14, 15. (a) Jehova o tla etsa hore “lintho tsohle li be ncha” joang? (b) Bophelo bo tla ba joang Paradeiseng, hona ke tšobotsi efe e ipiletsang ho uena ka ho khetheha?

14 Ak’u nahane feela u bona lefatše lohle e se e le Paradeise! Jehova o re ka nako eo: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:5) Nahana ka se tla boleloa ke seo. Ha Jehova a qeta ho sebelisa matla a hae a ho timetsa tsamaiso ena ea khale e khopo, ho tla sala “maholimo a macha le lefatše le lecha.” Sena se bolela hore puso e ncha e tla busa e le leholimong holim’a mokhatlo oa lefatše le lecha o entsoeng ka batho ba ratang Jehova le ba etsang thato ea hae. (2 Petrose 3:13) Satane, hammoho le bademona ba hae ba tla felloa ke mosebetsi. (Tšenolo 20:3) Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse likete, moloko oa batho o tla lokoloha tšusumetsong eo e senyang, e lonya le e kotsi. Ha ho pelaelo hore o tla ikutloa o imolohile haholo.

15 Qetellong, re tla khona ho hlokomela lefatše lena le letle joalokaha re ne re reretsoe ho le hlokomela qalong. Lefatše le na le matla a tlhaho a ho inchafatsa. Matša le linōka tse silafetseng li khona ho itlhoekisa haeba mohloli oa tšilafalo o tlosoa; libaka tse sentsoeng ke lintoa li ka ntlafala haeba lintoa li emisa. E tla ba ho thabisang hakaakang ho sebetsa tumellanong le melao ea tlhaho ea lefatše, ho thusa ho le fetola sebaka se kang serapa sa lifate le lipalesa, Edene ea lefatše lohle e nang le mefuta-futa ea limela le liphoofolo! Ho fapana le ho bolaea liphoofolo le limela larita, motho o tla phela ka khotso le pōpo eohle lefatšeng. Esita le bana ba ke ke ba tšaba liphoofolo tse hlaha ho hang.—Esaia 9:6, 7; 11:1-9.

16. Paradeiseng, ke tsosoloso efe e tla ama motho e mong le e mong ea tšepahalang?

16 Re tla boela re nchafale ’meleng. Ka mor’a Armagedone, baphonyohi ba tla folisoa ka tsela ea mohlolo lefatšeng ka kakaretso. Joalokaha Jesu a ile a etsa ha a le lefatšeng, o tla sebelisa matla ao a a filoeng ke Molimo ho etsa hore ba foufetseng ba bone, ba sa utloeng litsebeng ba utloe, ba holofetseng le ba kulang ba phele hantle ’meleng. (Matheu 15:30) Ba tsofetseng ba tla thabela ho khutlela matleng a bocha, ho phela hantle ’meleng le ho ba mahlahahlaha. (Jobo 33:25) Masoebe a tla fela, litho tse holofetseng li tla otloloha le mesifa e nchafale. Batho bohle ba tšepahalang ba tla hlokomela hore liphello tsa sebe le ho se phethahale li ntse li fokotseha butle-butle, li nyamela. Re tla leboha Jehova Molimo hakaakang ka matla a hae a tsotehang a ho tsosolosa! Joale a re lebiseng tlhokomelo tšobotsing e ’ngoe e thabisang ka ho khetheha ea nako ena e hlasimollang ea tsosoloso.

Ho Tsosetsa Bafu Bophelong

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela Basaduse ka matla? (b) Ke maemo afe a ileng a etsa hore Elia a kōpe Jehova hore a tsose mofu?

17 Lekholong la pele la lilemo C.E., baeta-pele ba bang ba bolumeli, ba neng ba bitsoa Basaduse, ba ne ba sa lumele tsoho ea bafu. Jesu o ile a ba khalemela ka matla ka mantsoe a reng: “Le fositse, hobane ha le tsebe Mangolo kapa matla a Molimo.” (Matheu 22:29) E, Mangolo a senola hore Jehova o na le matla ao a ho tsosa. Joang?

18 Nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ea Elia. Mohlolohali e mong o ne a sikile setopo se nyebeletseng sa ngoana ea ’notši oa hae. Moshemane eo o ne a shoele. E tlameha ebe moprofeta Elia, ea neng a qetile nakoana a etetse ha mohlolohali eo, o ile a haroha letsoalo. O ne a sa tsoa thusa ho pholosa ngoana eo ho bolaoeng ke tlala. E ka ’na eaba Elia o ne a se a bile a e-na le maqhama a matla le moshemane eo. ’Mè oa hae o ne a sithabetse habohloko. Moshemane enoa e ne e se e le eena feela motho ea phelang ea mo hopotsang monna oa hae ea shoeleng. Mohlomong o ne a tšepile hore mora eo oa hae o tla mo hlokomela botsofaling ba hae. A tsielehile, mohlolohali enoa o ile a tšoha hore o otleloa phoso e itseng ea nakong e fetileng. Elia o ne a sitoa ho mamella tlokotsi ena e rarahaneng. O ile a nanabela setopo seo sefubeng sa ’mè eo, a nyolohela le sona ka kamoreng ea hae, ’me a kōpa Jehova Molimo hore a khutlise moea oa ngoana, kapa bophelo ba hae.—1 Marena 17:8-21.

19, 20. (a) Abrahama o ile a bontša joang hore o ne a e-na le tumelo matleng a Jehova a ho tsosa, hona motheo oa tumelo eo e ne e le ofe? (b) Jehova o ile a putsa tumelo ea Elia joang?

19 Elia e ne e se eena motho oa pele oa ho lumela tsohong ea bafu. Makholo a lilemo pejana, Abrahama o ile a lumela hore Jehova o na le matla a joalo a ho tsosa—’me e le ka lebaka le utloahalang. Ha Abrahama a le lilemo li 100 ’me Sara a le lilemo li 90, Jehova o ile a tsosolosa matla a bona a ho ba le bana, ka mohlolo a etsa hore Sara a belehe mora. (Genese 17:17; 21:2, 3) Hamorao, ha moshemane eo e se e le monna ea tiileng, Jehova o ile a kōpa Abrahama hore a etse mora oa hae sehlabelo. Abrahama o ile a bontša tumelo, a lekanya hore Jehova a ka tsosa mora oa hae ea ratoang Isaka. (Baheberu 11:17-19) E ka ’na eaba tumelo eo e matla e bontša lebaka leo ka lona Abrahama, pele a nyolohela thabeng ho ea etsa mora oa hae sehlabelo, a ileng a tiisetsa bahlanka ba hae hore o tla khutla le Isaka.—Genese 22:5.

“Bona, mora oa hao oa phela”!

20 Jehova o ile a sireletsa Isaka, kahoo ha hoa ka ha hlokahala hore a tsosoe bafung ka nako eo. Leha ho le joalo, tabeng ea Elia, mora oa mohlolohali o ne a se a shoele—le hoja e ne e e-s’o be khale. Jehova o ile a putsa tumelo ea moprofeta eo ka ho tsosa ngoana eo! Ka mor’a moo Elia o ile a isa moshemane ho ’m’ae, a bua mantsoe ana a sa lebaleheng: “Bona, mora oa hao oa phela”!—1 Marena 17:22-24.

21, 22. (a) Morero oa litlaleho tsa tsoho tse tlalehiloeng ka Mangolong ke ofe? (b) Paradeiseng, tsoho ea bafu e tla ba e pharaletseng hakae, hona ke mang ea tla tsosa batho?

21 Kahoo ka lekhetlo la pele tlalehong ea Bibele, re bona ha Jehova a sebelisa matla a hae ho tsosa motho bafung. Hamorao, Jehova o ile a boela a fa Elisha, Jesu, Pauluse le Petrose matla a ho tsosa bafu. Ke ’nete hore ba ileng ba tsosoa bafung qetellong ba ile ba boela ba shoa. Leha ho le joalo, litlaleho tseo tsa Bibele li re fa ponelo-pele e hlollang ea lintho tse tlang.

22 Jesu o tla phethahatsa karolo ea hae e le “tsoho le bophelo,” Paradeiseng. (Johanne 11:25) O tla tsosa ba limilione tse se nang palo bafung, a ba fe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. (Johanne 5:28, 29) Ak’u nahane feela ha metsoalle e ratanang le ba leloko, bao e leng khale ba arohantsoe ke lefu, ba boetse ba kopana, ba hakana, ba tlōla-tlōla ke nyakallo! Moloko oohle oa batho o tla tlotlisa Jehova ka matla a hae a ho tsosolosa.

23. Ponahatso e ikhethang ka ho fetisisa ea matla a Jehova e bile efe, hona e tiisa tšepo ea rōna ea nakong e tlang joang?

23 Jehova o fane ka tiiso e tiileng le e ke keng ea sisinyeha ea hore litšepiso tseo ke tsa ’nete. E le ponahatso e ikhethang ka ho fetisisa ea matla a hae, o ile a tsosa Mora oa hae, Jesu, e le sebōpuoa se matla sa moea, a mo beha boemong ba ho ba ea phahametsoeng ke Jehova feela. Jesu ea tsositsoeng o ile a bonahala ho lipaki tse makholo. (1 Bakorinthe 15:5, 6) Esita le ho batho ba belaelang, bopaki boo e lokela ho ba bo kholisang. Jehova o na le matla a ho tsosa bafu.

24. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla tsosa bafu, hona e mong le e mong oa rōna a ka ananela tšepo efe?

24 Hase feela hore Jehova o na le matla a ho tsosa bafu empa o boetse o labalabela ho etsa joalo. Monna ea tšepahalang Jobo o ile a bululeloa ho bolela hore ha e le hantle Jehova o hlolohetsoe ho tsosa bafu. (Jobo 14:15) Na ha u huleloe ho Molimo oa rōna, ea labalabelang ho sebelisa matla a hae a ho tsosolosa ka tsela e lerato joalo? Leha ho le joalo, hopola hore tsoho ea bafu e mpa e le tšobotsi e ’ngoe feela ea mosebetsi oa Jehova o moholo oa tsosoloso o larileng ka pele. Ha u ntse u atamela ho eena haholoanyane, lula u ananela tšepo ea bohlokoa ea hore u ka ba teng ho bona ha Jehova a “etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:5.

^ ser. 3 ‘Linako tsa tsosoloso ea lintho tsohle’ li qalile ha ho hlongoa ’Muso oa Bomesia ’me mojalefa oa Morena Davida ea tšepahalang a behoa teroneng. Jehova o ne a ile a tšepisa Davida hore mojalefa oa hae o tla busa ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 89:35-37) Empa ka mor’a hore Babylona e timetse Jerusalema ka 607 B.C.E., ha ho motho eo e neng e le setloholo sa Davida ea ileng a lula teroneng ea Molimo. Jesu, ea ileng a tsoaloa lefatšeng e le mojalefa oa Davida, e bile eena Morena eo e leng khale a tšepisitsoe ha a behoa teroneng leholimong.

^ ser. 6 Ka mohlala, Moshe, Esaia, Jeremia, Ezekiele, Hosea, Joele, Amose, Obadia, Mikea le Sofonia kaofela ba ile ba bua ka taba ena e ka sehloohong.