KHAOLO EA 17
“A Tšetleha Mabaka a Hae ka Mangolo”
Baberea ke mohlala o motle oa ho ruta ka tsela e atlehang
E Thehiloe ho Liketso 17:1-15
1, 2. Ke bo-mang ba tlohang Filipi ba e-ea Thesalonika, hona e ka ’na eaba ba ntse ba ipotsa eng?
TSELA e tsamauoang haholo, e hahiloeng ke litsebi tsa Baroma, e feta har’a lithaba tse matsaranka. Nako le nako ho utloahala lerata la lintho tse sa tšoaneng la liesele, likariki tse tsamaeang letlapeng, le baeti ba mefuta-futa, mohlomong ho akarelletsa le masole, bahoebi le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. Pauluse, Silase le Timothea ba tsamaea tseleng ena ba tloha Filipi ba ea Thesalonika, e leng leeto la lik’hilomithara tse fetang 130. Leeto lena ha le bonolo, haholo-holo ho Pauluse le Silase. Ba ntse ba ikoka maqeba a ho shapuoa ka melamu ha ba le Filipi.—Lik. 16:22, 23.
2 Banna baa ba itebatsa leeto lee le lelelele joang? Ka ho qoqa. Ba sa ntse ba hopola kamoo ho bileng monate kateng ha molebeli oa teronko oa Filipi le ba lelapa la hae e e-ba balumeli. Seo se entse hore banna bana ba ikemisetse ho tsoela pele ba bolela lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, ha ba atamela motse oa Thesalonika o lebopong la leoatle, ho ka etsahala hore ebe ba ntse ba ipotsa hore na Bajuda ba moo ba tla ba tšoara joang. Na ba tla ba hlasela ’me ba ba shape joalokaha ho etsahetse ha ba le Filipi?
3. Mohlala oa Pauluse oa ho iteta sebete hore a bolele litaba tse monate o ka re thusa joang kajeno?
3 Pauluse o ile a ntša maikutlo a hae hamorao lengolong leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Thesalonika, a re: “Lea tseba hore re ile ra hlokofatsoa le ho tšoaroa hampe ha re le Filipi. Leha ho le joalo, Molimo o ile a re fa sebete sa ho le bolella litaba tse monate tse tsoang ho eena le hoja re ne re hanyetsoa haholo.” (1 Bathes. 2:2) Ho bonahala eka Pauluse o ne a tšaba ho kena motseng oa Thesalonika, haholo-holo ka mor’a se etsahetseng Filipi. Na u utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ne a ikutloa ka tsela ee? Na ka linako tse ling u ee u utloe ho le thata ho bolela litaba tse monate? Pauluse o ile a tšepa Jehova hore a mo thuse, a mo fe matla a hore a itete sebete. Ho ithuta mohlaleng oa hae ho ka u thusa hore u etse se tšoanang.—1 Bakor. 4:16.
Liketso 17:1-3)
“A Tšetleha Mabaka a Hae ka Mangolo” (4. Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore Pauluse o qetile nako e fetang libeke tse tharo Thesalonika?
4 Bibele e re bolella hore ha Pauluse a le Thesalonika, o ile a bolela litaba tse monate ntlong ea thapelo ka Lisabatha tse tharo. Na see se bolela hore o ile a ba motseng oo ka libeke tse tharo feela? Che. Ha re tsebe hore na Pauluse o ile a ea ntlong ea thapelo ka mor’a nako e kae a fihlile motseng ona. Ho feta moo, mangolo a Pauluse a bontša hore ha a le Thesalonika, eena le bo-mphato ba hae ba ile ba sebetsa e le hore ba khone ho iphelisa. (1 Bathes. 2:9; 2 Bathes. 3:7, 8) Ntle ho moo, ka makhetlo a mabeli bara ba bo rona ba Filipi ba ile ba romella Pauluse lintho tseo a li hlokang. (Bafil. 4:16) Kahoo, mohlomong o lutse Thesalonika nako e fetang libeke tse tharo.
5. Pauluse o ile a sebelisa mokhoa ofe hore a kholise ba mo mametseng?
5 Ha Pauluse a se a itetile sebete hore a bolele litaba tse monate, o ile a bua le ba bokaneng ka tlung ea thapelo. Joalokaha a tloaetse, o ile “a tšetleha mabaka a hae ka Mangolo. O ne a ba hlalosetsa a bile a ba bontša ka Mangolong hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung. O ne a re: ‘Jesu enoa eo ke le bolellang ka eena, ke eena Kreste.’” (Lik. 17:2, 3) Hlokomela hore Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho etsa hore bamameli ba hae ba nkehe maikutlo, o ne a batla hore ba nahane. O ne a tseba hore batho ba tlileng ntlong ea thapelo ba tseba Mangolo ba bile ba a hlompha. Ba ne ba mpa ba sa a utloisise. Ke kahoo Pauluse a ileng a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a a hlalosa ’me a a sebelisa ho paka hore Jesu oa Nazaretha ke Mesia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste.
6. Jesu o ile a beha mabaka joang ka Mangolo, hona phello ea e-ba efe?
6 Pauluse o ile a nka malebela ho Jesu, ea neng a tšehetsa seo a se rutang ka Mangolo. Ka mohlala, ha Jesu a ntse a phetha tšebeletso ea hae ea phatlalatsa o ile a bolella balateli ba hae hore Mangolo a re Mor’a motho o lokela ho utloisoa bohloko, ho shoa le ho tsosoa bafung. (Mat. 16:21) Jesu o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ha a qeta ho tsoha bafung. Ka sebele, ho ne ho sa hlokahale bopaki bo fetang boo hore o ne a bua ’nete. Leha ho le joalo, Jesu o ile a etsa ho fetang hoo. Ha Bibele e bua ka seo a ileng a se bolella barutuoa ba bang, e re: “Eaba o qala ho ba hlalosetsa lintho tsohle tse hlahang ka Mangolong tse amanang le eena, a qala ka Mangolo a ngotsoeng ke Moshe le a Baprofeta kaofela.” Phello ea e-ba efe? Barutuoa bao ba ile ba re: “Ha se feela re neng re thabile ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re hlalosetsa Mangolo ka tsela e hlakileng.”—Luka 24:13, 27, 32.
7. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re thehe seo re se rutang Mangolong?
7 Molaetsa oa Lentsoe la Molimo o matla. (Baheb. 4:12) Ke kahoo kajeno Bakreste ba thehang lithuto tsa bona ho lona joaloka Jesu, Pauluse le baapostola ba bang. Le rona re behela batho mabaka, re ba hlalosetsa Mangolo re be re ba fe bopaki ba seo re se rutang ka ho ba balla Bibele ho ba bontša seo e se bolelang. ’Nete ke hore molaetsa oo re o bolelang hase oa rona. Haeba re sebelisa Bibele khafetsa, re thusa batho hore ba elelloe hore ha re bue maikutlo a rona, empa re ba bolella seo Molimo a se rutang. Ho feta moo, re lokela ho hopola hore molaetsa oo re o bolelang o thehiloe ka ho feletseng Lentsoeng la Molimo. O ka tšeptjoa ka ho feletseng. Na ho tseba see ha ho etse hore u bolele u sa tšabe letho joaloka Pauluse?
“Ba Bang ba Bona ea E-ba Balumeli” (Liketso 17:4-9)
8-10. (a) Batho ba Thesalonika ba ile ba etsa joang ha ba utloa litaba tse molemo? (b) Ke hobane’ng ha Bajuda ba bang ba ne ba honohela Pauluse? (c) Bajuda ba hanyetsang litaba tse molemo ba ile ba etsa joang?
8 Pauluse o ne a se a bone bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse le lona ba tla le hlorisa. Haeba ba ’mametse le lona ba tla le mamela.” (Joh. 15:20) Ke sona se ileng sa etsahalla Pauluse ha a le Thesalonika ba bang ba ne ba thahasella ho boloka lentsoe, ’me ba bang ba le hanyetsa. Ha Luka a bua ka ba neng ba thahasella, o re: “Ba bang ba bona [Bajuda] ea e-ba balumeli [Bakreste] ’me ba ikopanya le Pauluse le Silase. Bagerike ba bangata ba rapelang Molimo le basali ba bangata ba hlaheletseng le bona ba ikopanya le bona.” (Lik. 17:4) Ka sebele barutuoa bana ba bacha ba ne ba thabetse hore ebe ba thusitsoe hore ba utloisise Mangolo hantle.
9 Le hoja ba bang ba ne ba ananela mantsoe a Pauluse, ba bang ba ile ba mo halefela. Bajuda ba bang ba Thesalonika ba ne ba tletse lefufa kahobane Pauluse o ile a khona ho hapa “Bagerike ba bangata.” Kaha Bajuda bao ba ne ba ikemiselitse ho sokollela batho ba lichaba tse ling Bojudeng, ba ne ba rutile Balichaba ba Bagerike lithuto tsa Mangolo a Seheberu ’me ba nka hore Bagerike bao ke batho ba bona. Leha ho le joalo, ho ne ho bonahala eka Pauluse o hlotha Bagerike bao mahlong a bona hona ka tlung ea thapelo! Bajuda bao ba ne ba loloma ke bohale.
10 Luka o re bolella se ileng sa etsahala ka mor’a moo, o re: “Bajuda ba bang ba e-ba mona eaba ba bokella banna ba khopo ba neng ba solla ’marakeng. Ba ikopanya eaba ba baka moferefere motseng. Ba hlasela ntlo ea Jasone ’me ba batla hore Pauluse le Silase ba tlisoe ho bona. Ha ba sa ba fumane, ba isa Jasone le barutuoa ba bang ho babusi ba motse, ba tletleba ba re: ‘Banna bana ba ferekantseng lefatše lohle ba se ba le teng mona, joale Jasone eena o ba amohetse ha hae. Batho bana kaofela ba etsa lintho tse khahlanong le melao ea Sesare, ba re ho na le morena e mong ea bitsoang Jesu.’” (Lik. 17:5-7) Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba etsa joang ha ba hlaseloa ke mahoohoo?
11. Pauluse le bao a bolelang ’Muso oa Molimo le bona ba ile ba qosoa ka lintho life, ’me ho ka etsahala hore ebe ba ba qosang ba ne ba nahanne ka taelo efe? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
11 Batho ba tsoa tseleng ha e le mokhopi. Ba tšoana le noka e jang litlhokoa ba mabifi ebile ha ba laolehe. Sena ke sebetsa seo Bajuda ba ileng ba se sebelisa ha ba leka ho leleka Pauluse le Silase. Joale, ka mor’a hore Bajuda ba ‘bake moferefere’ motseng, ba ile ba leka ho kholisa babusi hore lintho tseo ba ba qosang ka tsona li tebile. Qoso ea pele e ne e le hore Pauluse le ba bang bao a bolelang ’Muso oa Molimo le bona ‘ba ferekantse lefatše lohle,’ empa e le hore hase Pauluse le bo-mphato ba hae ba bakileng moferefere Thesalonika! Qoso ea bobeli e ne e tebile le ho feta. Bajuda ba ile ba re baromuoa bao ba bolela hore ho na le Morena e mong, e leng Jesu, kahoo ba tlola melao ea moemphera. a
12. Ke eng e bontšang hore lintho tseo Bakreste ba Thesalonika ba neng ba qosoa ka tsona li ne li ka ba kenya khathatsong?
12 U hopole hore baeta-pele ba bolumeli ba ile ba qosa Jesu ka ntho e tšoanang, ba re ho Pilato: “Re fumane monna enoa a ntse a khelosa sechaba sa rona . . . a bile a re ke eena Kreste morena.” (Luka 23:2) Mohlomong Pilato o ne a tšaba hore moemphera o tla etsa qeto ea hore o khothalletsa ho phethola ’muso, eaba o nehelana ka Jesu hore a bolaoe. Ka ho tšoanang, liqoso tseo Bakreste ba Thesalonika ba neng ba qosoa ka tsona li ne li ka ba kenya khathatsong. Buka e ’ngoe e re: “Ha re feteletse litaba ha re re ba ne ba le tsietsing, etsoe ‘hangata batho ba qosoang ka hore ba khothalletsa ho phethola ’muso oa Baemphera ba ne ba bolaoa.’” Na qoso ee e lonya e ne e tla atleha?
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha qoso ea mokhopi e sa ka ea atleha? (b) Pauluse o ile a bontša joang hore o hlokolosi joaloka Kreste, ’me re ka mo etsisa joang?
13 Mokhopi oo ha oa ka oa thibela mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate Thesalonika. Ka lebaka lefe? Lebaka le leng ke hore Pauluse le Silase ba ile ba nyamela. Ntle ho moo, ho bonahala hore baeta-pele ba motse ba ne ba sa kholoe hore liqoso tseo ke tsa ’nete. Ka mor’a ho batla chelete, mohlomong ea beile, ba ile ba lokolla Jasone le bara ba bang ba bo rona ba neng ba tlisitsoe ho bona. (Lik. 17:8, 9) Pauluse o ile a mamela keletso ea Jesu ea hore re ‘be seli joaloka linoha leha ho le joalo re hloke molato joaloka maeba,’ eaba ka bohlale oa nyamela e le hore a ka tsoela pele a bolela litaba tse monate libakeng tse ling. (Mat. 10:16) Ho hlakile hore le hoja Pauluse a ile a iteta sebete, sena ha se bolele hore o ne a se hlokolosi. Bakreste ba ka etsisa mohlala oa hae joang kajeno?
14 Mehleng ena, hangata baruti ba Bokreste-’motoana ba ’nile ba susumetsa mokhopi hore o hlasele Lipaki Tsa Jehova. Ba susumetsa babusi ho loantša Lipaki ka ho bolela hore li tsoa ’muso tlaase ebile li batla ho o phethola. Joaloka batho bao ba neng ba hlorisa bara ba bo rona lekholong la pele la lilemo, ba re hlorisang mehleng ena ba susumetsoa ke lefufa. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba qale ntoa. Ha ho khoneha, re qoba batho ba joalo ba halefileng le ba manganga, ho e-na le hoo re tsoela pele re etsa mosebetsi oa rona ka khotso, mohlomong ka hore re khutlele sebakeng se itseng ha re nahana hore batho ba moo ba se ba khobile matšoafo.
“Ba ne ba Ikemiselitse ho Ithuta” (Liketso 17:10-15)
15. Baberea ba ile ba etsa joang ha ba utloa litaba tse molemo?
15 E le hore Pauluse le Silase ba sireletsoe, ba ile ba romeloa motseng oa Berea o ka bang lik’hilomithara tse 65 ho tloha moo. Ha ba fihla teng, Pauluse o ile a ea synagogeng ’me a bua le ba bokaneng moo. O ile a thaba hakaakang ha ba mo mamela! Luka o re Bajuda ba Berea “ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ho feta Bathesalonika kaha ba ile ba amohela lentsoe la Molimo ka lipelo tsohle. Ba ne ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng ho tiisa hore na lintho tseo ba li utloileng ke ’nete kapa che.” (Lik. 17:10, 11) Na mantsoe aa a beha Bathesalonika ba neng ba amohetse ’nete ka mosing? Le letho. Hamorao Pauluse o ile a ba ngolla a re: “Re boetse re leboha Molimo re sa khaotse hobane ha le ne le utloa lentsoe la Molimo ho rona, ha lea ka la le nka e le lentsoe la batho. Le ile la le nka e le lentsoe la Molimo hobane kannete ke lona ’me lentsoe leo le thusa lona balumeli.” (1 Bathes. 2:13) Leha ho le joalo, ke eng e entseng hore Bajuda bao ba Berea ba ikemisetse ho ithuta hakaale?
16. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ho thoe Baberea ba ne ba e-na le “likelello tse bulehileng”?
16 Le hoja Baberea ba ne ba qala ho utloa litaba tseo, ba ne ba se na lipelaelo ebile ba sa tšoaea-tšoaee liphoso leha ho le joalo, e ne e se bo-malumela-tsohle. Pele, ba ile ba mamela Pauluse ka hloko. Ka mor’a moo, ba batla bopaki ba seo ba ithutileng sona ka ho phetla Mangolo ao Pauluse a ba hlaloselitseng ’ona. Ho feta moo, ba ne ba ithuta Lentsoe la Molimo ka mafolofolo letsatsi le leng le le leng, eseng ka Sabatha feela. Ntle ho moo, ba ne ba etsa sena “ka tabatabelo e kholo ea kelello,” ba ikakhetse ka setotsoana ho fumana hore na Mangolo a re’ng ka thuto ena e ncha. Ka mor’a moo, ba ile ba bontša hore ba ikokobelitse ha ba fetoha, etsoe ‘ba bangata ba bona e ile ea e-ba balumeli.’ (Lik. 17:12) Hase feela Luka a reng ba ne ba e-na le “likelello tse bulehileng”!
17. Ke hobane’ng ha mohlala oa Baberea o le motle hakaale, hona re ka tsoela pele re o etsisa joang leha ho se ho fetile nako e telele re le balumeli?
17 Baberea bao ba ne ba sa tsebe hore tlaleho ea kamoo ba ileng ba amohela litaba tse molemo kateng e tla bolokoa Lentsoeng la Molimo e le mohlala o motle bakeng sa mehla ea rona. Ba ile ba etsa sona seo Pauluse a neng a tšepile hore ba tla se etsa le seo Jehova Molimo a neng a batla hore ba se etse. Le rona ke seo re khothalletsang batho hore ba se etse hore ba ithute Bibele ka hloko e le hore tumelo ea bona e thehoe ka ho feletseng Lentsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, na ka mor’a hore re fetohe balumeli ha ho sa hlokahala hore re be le likelello tse bulehileng? Che, ho e-na le hoo, ke hona ha ho hlokahala ho feta leha e le neng hore re labalabele ho ithuta ka Jehova re be re sebelise seo re ithutang sona hang-hang. Ka tsela ena, re lumella Jehova hore a re bope a be a re koetlise ho ea ka thato ea hae. (Esa. 64:8) Ka lebaka leo, Ntate oa rona ea leholimong o tla ’ne a re sebelise ’me re mo thabise ka botlalo.
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a tloha Berea, leha ho le joalo, ke joang a ileng a bontša mamello eo le rona re lokelang ho ba le eona? (b) Ka mor’a moo Pauluse o ile a lokela ho pakela bo-mang, hona ba ne ba le hokae?
18 Pauluse ha aa ka a lula nako e telele Berea. Bibele e re: “ Ha Bajuda ba Thesalonika ba utloa hore Pauluse o phatlalatsa lentsoe la Molimo Berea, ba tla teng ho tla hlohlelletsa le ho ferekanya batho. Barutuoa ba isa Pauluse leoatleng hang-hang empa Silase le Timothea ba sala moo. Batho ba felehelitseng Pauluse ba mo fihlisa Athene. Pauluse a re ba joetse Silase le Timothea hore ba tle ho eena kapele eaba barutuoa bao baa tsamaea.” (Lik. 17:13-15) Lira tsena tsa litaba tse molemo li ile tsa ba qophella, ha lia ka tsa khotsofalla ho leleka Pauluse Thesalonika li ile tsa leba Berea ’me tsa leka ho baka khathatso e tšoanang le hona moo empa tsa hloleha. Pauluse o ne a tseba hore o na le tšimo e kholo ke kahoo a ileng a ikela sebakeng se seng ho ea bolela litaba tse molemo. E se eka kajeno le rona re ka ikemisetsa ho nyopisa merero ea ba batlang ho thibela mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo.
19 Ha Pauluse a se a paketse Bajuda ba Thesalonika le ba Berea ka ho phethahetseng, ha ho pelaelo hore o ne a ithutile lintho tse ngata mabapi le bohlokoa ba ho paka ka sebete le ho beha mabaka ka Mangolo. Ho joalo le ka rona. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lokela ho bua le batho ba bang hape e leng Balichaba ba Athene. Ho ne ho tla etsahala eng ka eena motseng oo? Re tla bona khaolong e latelang.
a Ho latela setsebi se seng, ka nako eo Cesare o ne a laetse hore ho se ke ha e-ba le motho ofe kapa ofe ea bolelang hore “ho tla tla morena kapa ’muso o mocha, haholo-holo oo ho thoeng o tla ketola kapa o ahlole moemphera ea busang.” Mohlomong lira tsa Pauluse li ile tsa sotha molaetsa oa hae tsa re o khahlanong le taelo eo. Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Bo-Sesare Bao Litaba Tsa Buka ea Liketso li Etsahetseng Pusong ea Bona.”