KHAOLO EA 19
“U se ke oa Tšaba, U ’ne U Bue U sa Khaotse”
Pauluse oa iphelisa empa o etelletsa tšebeletso ea hae pele
E Thehiloe ho Liketso 18:1-22
1-3. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a tlile Korinthe, hona o tobana le liphephetso life?
KE HOO e ka bang bofelong ba selemo sa 50 C.E. Moapostola Pauluse o Korinthe, e leng setsi sa khoebo se atlehileng moruong seo Bagerike, Baroma le Bajuda ba bangata ba lulang ho sona. a Pauluse ha aa tla mona bakeng sa ho reka kapa ho rekisa kapa ho batla mosebetsi. O tlile Korinthe ka lebaka la bohlokoa haholo e leng ho paka ka ’Muso oa Molimo. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore Pauluse a fumane sebaka sa bolulo, ’me ha aa ikemisetsa ho ba moroalo ho batho ba bang. Ha a batle hore mang kapa mang a nahane hore o ja ka lentsoe la Molimo. O tla etsa’ng?
2 Pauluse o tseba ho etsa litente. Mosebetsi ona ha o bonolo, empa o ikemiselitse ho iphelisa ka ho itšoarela ka matsoho. Na o tla fumana mosebetsi motseng oo o phetheselang? Na o tla fumana sebaka sa bolulo se setle? Le hoja Pauluse a tobane le liphephetso tsena, ha a lebale mosebetsi oa hae o ka sehloohong oa boboleli.
3 Pauluse o ile a lula Korinthe ka nakoana, ’me tšebeletso ea hae moo ea e-ba le liphello tse molemo. Re ka ithuta’ng ho seo Pauluse a ileng a se etsa Korinthe, ’me se re thusa joang ho fana ka bopaki bo hlakileng ka ’Muso oa Molimo tšimong ea rona?
‘Ba ne ba Etsa Mosebetsi o Tšoanang oa ho Etsa Litente’ (Liketso 18:1-4)
4, 5. (a) Pauluse o ne a lula kae ha a le Korinthe, hona o ne a etsa mosebetsi oa mofuta ofe? (b) E ka ’na eaba ho tlile joang hore Pauluse a etse litente?
4 Nakoana ka mor’a hore Pauluse a fihle Korinthe, o ile a teana le banyalani ba nang le moea oa ho amohela baeti e leng Akuila, eo e neng e le Mojuda le mosali oa hae, Prisilla, kapa Priska. Banyalani bana ba ile ba fallela Korinthe hobane Moemphera Claudiase o ne a lelekile “Bajuda bohle Roma.” (Lik. 18:1, 2) Akuila le Prisilla ba ile ba amohela Pauluse lehaeng la bona ba ba ba sebetsa le eena khoebong. Bibele e re: “Kaha [Pauluse] o ne a etsa mosebetsi o tšoanang le oa bona oa ho etsa litente, a lula le bona ’me ba sebetsa ’moho.” (Lik. 18:3) Pauluse o ile a tsoela pele a lula lehaeng la banyalani bana ba lerato ha a ntse a bolela litaba tse monate Korinthe. Ha Pauluse a ntse a lula le Akuila le Prisilla, e ka ’na eaba o ile a ngola mangolo a mang ao hamorao e ileng ea e-ba karolo ea Bibele. b
5 Ho tlile joang hore mosebetsi oa Pauluse, ea neng a “rutoa ke Gamaliele,” e be ho etsa litente? (Lik. 22:3) Kamoo ho bonahalang kateng Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa nke hore ho ruta bana ba bona mosebetsi oa matsoho ke ho itlosa seriti, leha bana bao ba ne ba rutehile. Mohlomong Pauluse o ile a ithuta mosebetsi ona a sa le monyenyane hobane o ne a tsoa Tarsase, Silisia, sebakeng se neng se tsebahala ka ho etsa lesela la litente le bitsoang cilicium. Litente li ne li etsoa joang? Mosebetsi ona o ne o ka ’na oa akarelletsa ho ohla lesela le etsang litente kapa ho seha le ho roka lesela le mahoashe le le thata. Ho salang ke hore e ne e le mosebetsi o boima.
6, 7. (a) Pauluse o ne a ikutloa joang ka mosebetsi oa ho etsa litente, ’me ke eng e bontšang hore Akuila le Prisilla ba ne ba e-na le maikutlo a kang a hae? (b) Kajeno Bakreste ba latela mohlala oa Pauluse, Akuila le Prisilla ka tsela efe?
6 Pauluse o ne a sa nke hore ho etsa litente ke mosebetsi oa hae o ka sehloohong. O ne a o etsa e le hore feela a ka iphelisa ha a ntse a bolela litaba tse monate ‘a sa patalise’ batho. (2 Bakor. 11:7) Mosebetsi oo e ne e le oa bohlokoa hakae ho Akuila le Prisilla? Kaha e ne e le Bakreste, ha ho pelaelo hore ba ne ba e-na le maikutlo a kang a Pauluse ka oona. Ha e le hantle, ha Pauluse a tloha Korinthe ka 52 C.E., Akuila le Prisilla ba ile ba ea le eena Efese, ’me phutheho ea moo e ne e kopanela lapeng la bona. (1 Bakor. 16:19) Hamorao, ba ile ba khutlela Roma, ba ntan’o boela Efese. Banyalani bana ba chesehang ba ile ba etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele ’me ba itella ba bang ka ho rata, e leng se ileng sa ananeloa ke “liphutheho tsohle tsa lichaba.”—Bar. 16:3-5; 2 Tim. 4:19.
7 Bakreste ba mehleng ena ba latela mohlala oa Pauluse, Akuila le Prisilla. Kajeno baboleli ba chesehang ba sebetsa ka thata e le hore ‘ba se ke ba imetsa’ ba bang. (1 Bathes. 2:9) Hoa babatseha hore baboleli ba ’Muso ba bangata ba sebeletsang ka nako e tletseng ba etsa mosebetsi oa nakoana hore ba khone ho iphelisa tšebeletsong ea bona ea Bokreste. Joaloka Akuila le Prisilla, bahlanka ba Jehova ba bangata ba ratang baeti ba amohela balebeli ba potoloho malapeng a bona. Ba ‘Itloaelitseng ho amohela baeti’ baa tseba hore ho etsa joalo hoa khothatsa ebile hoa matlafatsa.—Bar. 12:13.
“Bakorinthe ba Bangata . . . ba Lumela” (Liketso 18:5-8)
8, 9. Pauluse o ile a re’ng ha a hanyetsoa haholo ha a ntse a pakela Bajuda ka matla, hona o ile a bolela litaba tse monate kae ka mor’a moo?
8 Ha Silase le Timothea ba tsoa Macedonia ba tlisitse matletsetletse a limpho, ho ile ha hlaka hore Pauluse o ne a sa nke mosebetsi oa ho etsa litente e le ntho e ka sehloohong. (2 Bakor. 11:9) Ntle ho tšenyo ea nako, Pauluse o ile “a qala ho tšoareha ka matla haholo ka lentsoe [“a sebelisa nako eohle ea hae boboleling,” The Jerusalem Bible].” (Lik. 18:5) Leha ho le joalo, o ile a hanyetsoa haholo ha a ntse a pakela Bajuda ka matla. Pauluse o ile a hlohlora liaparo tsa hae ho bontša hore ha a na molato ha ba hana ho amohela molaetsa oa bophelo o buang ka Kreste, eaba o re ho Bajuda ba mo hanyetsang: “E se e le taba ea lona hore na le tla hlaheloa ke’ng. ’Na ha ke na molato. Ho tloha joale ke tla ea ho balichaba.”—Lik. 18:6; Ezek. 3:18,19.
9 Joale Pauluse o ne a tla bolela litaba tse monate hokae? Monna ea bitsoang Titiase Justase, eo mohlomong a neng a sokolohetse Bojudeng ’me ntlo ea hae e le haufi le ntlo ea thapelo, o ile a amohela Pauluse lapeng la hae. Kahoo Pauluse o ile a tloha ntlong ea thapelo ’me a kena ka tlung ea Justase. (Lik. 18:7) Pauluse o ile a tsoela pele a lula ha Akuila le Prisilla ha a ntse a le Korinthe, empa a ntšetsa mosebetsi oa hae oa boboleli pele a le ntlong ea Justase.
10. Ke eng e bontšang hore Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho bolela litaba tse monate ho batho ba lichaba feela?
10 Na ha Pauluse a re o se a tla ea bathong ba lichaba o ne a bolela hore ha a sa tla pakela Bajuda bohle le ba sokolohetseng Bojudeng, hammoho le batho ba thahasellang? Le hanyenyane. Ka mohlala, “Krispase molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo a lumela ho Morena hammoho le bohle ba lelapa la hae.” Kamoo ho bonahalang kateng, bongata ba bo-mphato’a Krispase ntlong ea thapelo ba ile ba mo latela, hobane Bibele e re: “Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utloa lentsoe le bona ba lumela ’me ba kolobetsoa.” (Lik. 18:8) Kahoo phutheho ea Bakreste ea Korinthe e sa tsoa thehoa e ne e kopanela ntlong ea Titiase Justase. Haeba buka ea Liketso e ngotsoe ka mokhoa oo Luka a neng a rata ho beha litaba ka oona, e leng ho ngola liketsahalo ka tatellano eo li etsahetseng ka eona, joale Bajuda kapa basokolohi bao ba sokolohile ka mor’a hore Pauluse a hlohlore liaparo tsa hae. Ka lebaka leo, ketsahalo ena e tla be e bontša ka ho hlaka hore moapostola Pauluse o ne a ikemiselitse ho ikamahanya le maemo.
11. Kajeno Lipaki Tsa Jehova li etsisa Pauluse joang ha li ntse li leka ho bolella batho ba Bokreste-’motoana litaba tse monate?
11 Linaheng tse ngata kajeno, likereke tsa Bokreste-’motoana li itsetsepetse ’me li tšoaretse litho tsa tsona haufi. Likarolong tse ling tsa lefatše, baruti ba Bokreste-’motoana ba sokolotse batho ba bangata. Hangata batho ba ipitsang Bakreste ba sa ntse ba khomaretse meetlo joaloka Bajuda ba Korinthe ea lekholong la pele la lilemo. Ho sa tsotellehe seo, rona Lipaki Tsa Jehova re etsisa Pauluse ka ho bolella batho ba joalo molaetsa ka cheseho, re ba thusa ho chorisa tsebo ea Mangolo eo e ka ’nang eaba ba se ba ntse ba e-na le eona. Esita leha ba re hanyetsa kapa baeta-pele ba bona ba bolumeli ba re hlorisa, ha re nyahame. Har’a batho ba ‘chesehelang Molimo empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng,’ e ka ’na eaba ho na le ba bangata ba bonolo bao ho hlokahalang hore re ba batle ho fihlela re ba fumana.—Bar. 10:2.
“Ke sa na le Batho ba Bangata . . . Motseng Ona” (Liketso 18:9-17)
12. Pauluse o ile a tiisetsoa eng ponong?
12 Haeba Pauluse o ne a ipotsa hore na a tsoele pele ka tšebeletso ea hae Korinthe, e tlameha ebe lipelaelo tsa hae li ile tsa fela ha Morena Jesu a hlaha ho eena ponong ’me a re: “U se ke oa tšaba, u ’ne u bue u sa khaotse kaha ke na le uena. Ha ho motho ea tla u hlasela ebe o u ntša kotsi. Ke sa na le batho ba bangata bao e tla ba barutuoa motseng ona.” (Lik. 18:9, 10) Ruri e ne e le pono e khothatsang. Morena o ile a kholisa Pauluse hore a ke ke a ntšoa kotsi le hore ho sa ntse ho e-na le batho ba bangata ba tšoanelehang motseng oo. Pauluse o ile a etsa’ng ka mor’a ho bona pono eo? Bibele e re: “A lula moo selemo le likhoeli tse tšeletseng, a ruta lentsoe la Molimo.”—Lik. 18:11.
13. E ka ’na eaba Pauluse o ile a hopola ketsahalo efe ha a atamela setulo sa kahlolo, empa ke hobane’ng ha a ne a ka lebella hore seo se ke ke sa mo etsahalla?
13 Ka mor’a hore Pauluse a qete nako e ka etsang selemo a le Korinthe, o ile a fumana bopaki bo bong ba hore Morena o mo tšehelitse. “Bajuda ba hlasela Pauluse ’me ba mo isa setulong sa kahlolo,” se bitsoang beʹma. (Lik. 18:12) Ba bang ba nahana hore setulo sena sa kahlolo e ne e le setupu se phahameng se entsoeng ka lejoe la ’mabole o nang le ’mala o moputsoa le o mosoeu le tletseng mekhabiso e betliloeng, ’me e ka ’na eaba se ne se hahiloe ho ella khubung ea ’maraka oa Korinthe. Batho ba bangata ba ne ba ka fella lebaleng le ka pel’a sona. Lintho tsa khale tse epolotsoeng li bontša hore setulo seo sa kahlolo se ne se se hole hakaalo le ntlo ea thapelo le ntlo ea Justase. Ha Pauluse a atamela ho sona, e ka ’na eaba o ile a hopola kamoo Setefane, eo ka linako tse ling ho thoeng ke eena moshoela-tumelo oa pele oa Mokreste, a ileng a tlepetsoa ka majoe kateng. Pauluse, ea neng a tsejoa e le Saule ka nako eo, o ne a ile a “lumellana le hore Setefane a bolaoe.” (Lik. 8:1) Na le eena o ne a tla etsahalloa ke ntho e tšoanang? Ha ho joalo, hobane o ne a fuoe tšepiso e reng: “Ha ho motho ea tla . . . u ntša kotsi.”—Lik. 18:10.
14, 15. (a) Bajuda ba ile ba re’ng ha ba qosa Pauluse, hona ke hobane’ng ha Galio a ile a qhala nyeoe eo? (b) Ke’ng se ileng sa etsahalla Sosthene, hona e ka ’na eaba o ile a etsa’ng?
14 Ho ile ha etsahala’ng ha Pauluse a fihla setulong sa kahlolo? Ka nako eo maseterata e ne e le motsamaisi oa profinse ea Akaia, ea bitsoang Galio e leng moholoane oa rafilosofi oa Moroma ea bitsoang Seneca. Bajuda ba ile ba qosa Pauluse ’me ba re: “Monna enoa o susumeletsa batho hore ba rapele Molimo ka tsela e hananang le molao.” (Lik. 18:13) Bajuda ba ne ba fana ka maikutlo a hore Pauluse o tlola molao ha a sokolla batho. Leha ho le joalo, Galio o ile a hlokomela hore Pauluse ha aa etsa “phoso” ’me ha a na molato oa ho ‘tlola molao.’ (Lik. 18:14) Galio o ne a sa ikemisetsa ho itšunya-tšunya litsekisanong tsa Bajuda. Le pele Pauluse a ahlamisa molomo ho ikemela, Galio o ile a qhala nyeoe eo! Baqosi ba hae ba ne ba loloma ke bohale. Ba ile ba ntšetsa bohloko ho Sosthene, eo mohlomong a neng a nkile sebaka sa Krispase sa ho ba molaoli ea okamelang oa ntlo ea thapelo. Ba ile ba tšoara Sosthene “eaba ba mo otlela hona moo ka pel’a setulo sa kahlolo.”—Lik. 18:17.
15 Ke hobane’ng ha Galio a sa ka a thibela bongata ho otla Sosthene? Mohlomong o ne a nahana hore Sosthene ke eena moeta-pele oa mokhopi o neng o loantša Pauluse ’me o kotula seo a se jetseng. Ho sa tsotellehe hore na ho joalo kapa che, ho bonahala eka sena se bile le phello e molemo. Lengolong la pele leo Pauluse a ileng a le ngolla phutheho ea Korinthe ka mor’a lilemo tse ’maloa, o ile a bua ka mor’abo rona ea bitsoang Sosthene. (1 Bakor. 1:1, 2) Na e ne e le eena Sosthene ea ileng a otloa Korinthe? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba ho otloa hoo ho ile ha mo thusa hore e be Mokreste.
16. Mantsoe a Morena a reng, “u ’ne u bue u sa khaotse kaha ke na le uena,” a re ama joang tšebeletsong ea rona?
16 Hopola hore ka mor’a hore Bajuda ba se ke ba amohela litaba tse monate tseo Pauluse a ba bolellang tsona, Morena Jesu o ile a kholisa Pauluse, a re: “U se ke oa tšaba, u ’ne u bue u sa khaotse kaha ke na le uena.” (Lik. 18:9, 10) Re lokela ho hopola mantsoe ao, haholo-holo ha batho ba sa amohele molaetsa oa rona. Le ka mohla u se ke ua lebala hore Jehova o tseba se ka pelong ’me o hulela batho ba lipelo li ntle ho eena. (1 Sam. 16:7; Joh. 6:44) Eo ke khothatso e matla hakaakang ea hore re tsoele pele re tšoarehile tšebeletsong! Selemo le selemo ho kolobetsoa batho ba makholo a likete, ba makholo ka letsatsi. Jesu o fana ka tiiso ena ho bohle ba mamelang taelo ea hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,” o re: “Ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela lefatše le fela.”—Mat. 28:19, 20.
Liketso 18:18-22)
“Haeba Jehova a Rata” (17, 18. E ka ’na eaba Pauluse o ne a thuisa ka eng ha a le ka sekepeng se eang Efese?
17 Re ke ke ra tiisa hore na tsela eo Galio a neng a ikutloa ka eona ka baqosi ba Pauluse e ile ea etsa hore phutheho ea Bakreste ea Korinthe e sa tsoa thehoa e be le khotso kapa che. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lula “matsatsi a mangatanyana” pele a re bara ba bo rona ba Korinthe ba sale hantle. Nakong ea selemo ka 52 C.E., o ile a lokisetsa ho ea Siria ka sekepe a tloha Senkrea, e bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 11 ka bochabela ho Korinthe. Leha ho le joalo, pele Pauluse a tloha Senkrea, “a kuta moriri oa hae kaha o ne a etselitse Molimo kano.” c (Lik. 18:18) Ka mor’a moo, o ile a tsamaea le Akuila le Prisilla eaba o tšela Leoatle la Aegean ’me o ea Efese, Asia Minor.
18 Ha Pauluse a tloha Senkrea ka sekepe, mohlomong o ne a ntse a thuisa ka se etsahetseng ha a le Korinthe. Ho bile le lintho tse ngata tse mo thabisitseng ’me o ne a ikutloa a khotsofetse. Ho bile le liphello tse molemo likhoeling tse 18 tseo a li qetileng moo a bolela litaba tse monate. Ho ne ho thehiloe phutheho ea pele Korinthe, ’me e kopanela ntlong ea Justase. Ba bang bao e ileng ea e-ba balumeli ke Justase, Krispase le ba ntlo ea hae, le ba bang ba bangata. Pauluse o ne a rata balumeli bao ba bacha haholo, hobane ke eena ea neng a ba thusitse hore e be Bakreste. Hamorao o ile a ba ngolla ’me a re ke lengolo le mo buellang le ngotsoeng pelong ea hae. Le rona re ba le kamano e haufi le batho bao re bileng le monyetla oa ho ba thusa hore e be barapeli ba ’nete. Ruri hoa khotsofatsa ho bona “mangolo [a joalo] a re buellang”!—2 Bakor. 3:1-3.
19, 20. Pauluse o ile a etsa’ng ha a fihla Efese, hona mohlala oa hae o re ruta’ng mabapi le ho hahamalla lintho tseo a batlang ho li etsetsa Jehova?
19 Ha Pauluse a fihla Efese, o ile a oela khabong hang-hang. O ile a “ea ntlong ea thapelo. A thusa Bajuda ho utloisisa Mangolo.” (Lik. 18:19) Lekhetlong leo Pauluse o ile a lula nako e khutšoanyane Efese. Le hoja a ile a koptjoa hore a lule nako e teletsana, ‘empa o ile a hana.’ Ha a salisa Baefese hantle, o ile a re: “Ke tla le etela hape haeba Jehova a rata.” (Lik. 18:20, 21) Ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a hlokomela hore ho na le mosebetsi o mongata oa ho bolela litaba tse monate o sa ntseng o lokela ho etsoa Efese. O ne a batla ho khutla, empa a tlohela lintho matsohong a Jehova. Na hase mohlala o motle oo re lokelang ho lula re o hopola? Ha re hahamalla lintho tseo re batlang ho li etsetsa Jehova, ho hlokahala hore re nke khato. Leha ho le joalo, ka linako tsohle re tlameha ho itšetleha ka tataiso ea Jehova ’me re ikitlaelletse ho etsa lintho tse lumellanang le thato ea hae.—Jak. 4:15.
20 Pauluse o ile a siea Akuila le Prisilla Efese, ’me a tsamaea ka sekepe a ntan’o theohela Sesarea. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a nyolohela Jerusalema ’me a lumelisa phutheho ea moo. (Sheba study note ho Lik. 18:22 Bibeleng ea Senyesemane) Ka mor’a moo a khutlela hae Antioke ea Siria. Leeto la hae la bobeli e le moromuoa le ile la fela hamonate. O tla tobana le eng leetong la hae la ho qetela e le moromuoa?
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Korinthe—E Lipakeng Tsa Maoatle a Mabeli.”
b Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Mangolo a Halalelang a Ileng a Khothatsa.”
c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Boitlamo ba Pauluse.”