Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 28

Ho Isa “Karolong e Hole-hole ea Lefatše”

Ho Isa “Karolong e Hole-hole ea Lefatše”

Lipaki Tsa Jehova li ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli o qaliloeng ke balateli ba Jesu Kreste lilemo tse 2000 tse fetileng

1. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba tšoana ka litsela life le Lipaki Tsa Jehova kajeno?

 BA ILE ba paka ka cheseho. Lipelo tsa bona li ile tsa ba susumeletsa hore ba amohele thuso le tataiso ea moea o halalelang. Mahloriso ha aa ka a ba koala melomo ’me Molimo o ile a ba hlohonolofatsa haholo. Sena sohle se ile sa etsahalla Bakreste ba pele ’me se etsahalla le Lipaki Tsa Jehova kajeno.

2, 3. Ke’ng e ikhethang haholo ka buka ea Liketso?

2 Ha ho pelaelo hore Liketsahalo tse thahasellisang le tse matlafatsang tumelo tse bukeng ea Bibele ea Liketso Tsa Baapostola li u khothalitse. Ke lengolo le ikhethang har’a mangolo a mang a Bibele hobane ke lona feela le buang ka seo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba se etsa ka mora hore Jesu a khutlele leholimong.

3 Buka ea Liketso e bua ka batho ba 95 ba tsoang linaheng tse 32, metseng e 54 le lihlekehlekeng tse 9. Ke buka e hlollang e buang ka batho ba tloaelehileng, litho tsa bolumeli tse ikhohomosang, bo-ralipolotiki ba makoko le bahlorisi ba sehloho. Ka holim’a tsohle e bua ka bara le barali beno ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le mathata a tloaelehileng ebile e le baboleli ba chesehang ba litaba tse monate.

4. Ke hobaneng ha re ikutloa re atamelane ka tsela e khethehileng le batho ba tšoanang le moapostola Pauluse, Tabitha le lipaki tse ling tse tšepahalang tsa mehleng ea khale?

4 Bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang ba neng ba akareletsa moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba chesehang, ngaka e ratoang Luka, Barnabase ea fanang, Setefane ea sebete, Tabitha ea pelo e ntle, Lydia ea ratang baeti hammoho le lipaki tse ling tse tšepahalang ba phetse lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng. Leha ho le joalo, re ikutloa re atamelane le bona ka tsela e khethehileng. Hobaneng? Hobane re etsa mosebetsi o tšoanang le oa bona oa ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ruri ke tlotla e kholo ho kenya letsoho mosebetsing ona.

“. . . le karolong e hole-hole ea lefatše.”—Liketso 1:8

5. Balateli ba pele ba Jesu ba ile ba qala ho bolela litaba tse monate hokae?

5 Nahana ka mosebetsi oo Jesu a o fileng balateli ba hae. O ile a re: “Ha le fumana moea o halalelang, le tla ba le matla ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Pele, moea o halalelang o ile oa matlafatsa barutuoa hore e be lipaki “Jerusalema.” (Lik. 1:1–8:3) Ka mor’a moo, ka tataiso ea moea oo o halalelang ba ile ba paka “Judea le Samaria.” (Lik. 8:4–13:3) Eaba ba qala ho bolela litaba tse monate le “karolong e hole-hole ea lefatše.”Lik. 13:4–28:31.

6, 7. Ke lintho life tseo re nang le tsona tse re thusang ho etsa mosebetsi oa boboleli tseo Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba neng ba se na tsona?

6 Bara le barali beno ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba se na Bibele esita le ha e se e le kopi feela ea Bibele kapa lingoloa tse fapa-fapaneng tseo ba ka li sebelisang ha ba etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate. Kosepele ea Matheu e bile teng hoo e ka bang ka 41 C.E. Pauluse o ile a ngola mangolo a mang a hae pele buka ea Liketso e qetoa hoo e ka bang ka 61 C.E. Pele Bakreste ba Bajuda e e-ba balateli ba Jesu, ba ne ba utloile ha Mangolo a Seheberu a baloa ka sinagogeng. (2 Bakor. 3:14-16) Empa le bona ba ne ba lokela hore e be baithuti ba khothetseng hobane mohlomong ba ne ba lokela ho qotsa litemana ka hlooho.

7 Kajeno, bongata ba rona re na le Bibele le lingoloa tse ngata tse thehiloeng Bibeleng. Re etsa batho hore e be barutuoa ka hore re phatlalatse litaba tse monate ka lipuo tse ngata linaheng tse fetang 240.

Re Matlafatsoa ke Moea o Halalelang

8, 9. (a) Moea o halalelang o ile oa thusa barutuoa ba Jesu hore ba etse’ng? (b) Moea oa Molimo o thusa mohlanka ea tšepahalang hore a etse’ng?

8 Ha Jesu a laela barutuoa ba hae hore e be lipaki, o ile a re ho bona: “Ha le fumana moea o halalelang, le tla ba le matla.” Moea o halalelang oa Molimo kapa matla a hae a sebetsang, o ne o tla thusa balateli ba Jesu hore e be lipaki lefatšeng lohle. Petrose le Pauluse ba ile ba folisa batho ba kulang, ba leleka bademona ’me ba tsosa le bafu ka thuso ea moea o halalelang. Leha ho le joalo, moea ona o halalelang o ile oa fa baapostola le barutuoa ba bang matla a ho etsa mosebetsi oa bohlokoa le ho feta, e leng oa ho ruta batho ’nete e tla ba thusa hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 17:3.

9 Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba Jesu ba ile ba bua “lipuo tse fapaneng ho ea ka moo moea o neng o ba tataisa kateng.” Kahoo, ba ile ba khona ho paka ka “mesebetsi e meholo ea Molimo.” (Lik. 2:1-4, 11) Ke ’nete hore kajeno ha re bue lipuo tse fapaneng ka mohlolo. Leha ho le joalo, moea oa Molimo o thusa mohlanka ea tšepahalang ho hatisa lingoloa tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse ngata. Ka mohlala, khoeli le khoeli ho hatisoa limakasine tse limilione tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ’me websaeteng ea rona ea jw.org ho fumaneha lingoloa le livideo tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang 1000. Sena sohle se re nolofalletsa hore re phatlalatse “mesebetsi e meholo ea Molimo” bathong ba lichaba, merabe le maleme oohle.—Tšen. 7:9.

10. Ho tloha ka 1989, ke’ng se nileng sa etsoa mabapi le ho fetolela Bibele?

10 Ho tloha ka 1989 mohlanka ea tšepahalang o ile a etsa bonnete ba hore ho hatisoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka lipuo tse ngata. Bibele ena e se e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 200, ho se ho hatisitsoe tse fetang limilione tse 240 ’me ho sa ntse ho tla hatisoa tse ling tse eketsehileng. Ke Molimo feela ea entseng hore mosebetsi ona o atlehe a sebelisa moea oa hae o halalelang.

11. Ho finyeletsoe’ng mosebetsing oa phetolelo oa Lipaki Tsa Jehova?

11 Mosebetsi oa phetolelo o etsoa ke baithaopi ba likete ba Lipaki Tsa Jehova ba tsoang linaheng tse fetang 150. Sena ha se makatse hobane ona ke ’ona feela mokhatlo o tataisoang ke moea o halalelang lefatšeng ka bophara, hore o fane ka “bopaki bo hlakileng” ka Jehova Molimo, Morena oa hae eo e leng Mesia le ka ’Muso o hlonngoeng leholimong!—Lik. 28:23.

12. Pauluse le Bakreste ba bang ba ile ba khona joang ho etsa mosebetsi oa ho paka?

12 Ha Pauluse a pakela Bajuda le Balichaba Antioke ea Pisidia, “bohle bao lipelo tsa bona li neng li ba susumetsa hore ba amohele lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng [e ile] ea e-ba balumeli.” (Lik. 13:48) Ha Luka a phethela buka ena ea Liketso, o re Pauluse o ile a ‘bolela ka ’Muso oa Molimo . . . ka sebete a sa sitisoe ke letho.’ (Lik. 28:31) Pauluse o ne a paka a le hokae? O ne a le Roma e leng motse-moholo oa ’muso o neng o le matla oa lefatše! E-bang balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bolela litaba tse monate ka ho buisana le batho kapa ka litsela tse ling, ba ne ba thusoa le ho tataisoa ke moea o halalelang.

Ho Tiisetsa Hara Mahloriso

13. Ke hobaneng ha re lokela ho rapela ha re hlorisoa?

13 Ha barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba hlorisoa, ba ile ba kopa Jehova ka matla hore a ba fe sebete. Phello e ile eaba efe? Ba ile ba tlala moea o halalelang ’me ba fuoa matla a ho bolela lentsoe la Molimo ka sebete. (Lik. 4:18-31) Le rona re rapella bohlale le matla a ho tsoela pele re paka ho sa tsotellehe mahloriso. (Jak. 1:2-8) Kaha Molimo oa re hlohonolofatsa ’me moea oa hae oa re thusa, re tsoela pele ho bolela litaba tse monate. Ha ho letho le ka sitisang mosebetsi oa ho paka, ebang ke khanyetso e matla kapa mahloriso a sehloho. Ha re hlorisoa, ruri re lokela ho rapella moea o halalelang, bohlale le sebete sa hore re bolele litaba tse monate.—Luka 11:13.

14, 15. (a) “Mahloriso a qalileng ka mor’a lefu la Setefane” a ile a fella ka eng? (b) Ho tlile joang hore batho ba bangata ba ithute ’nete Siberia mehleng ee?

14 Setefane o ile a fana ka bopaki ka sebete pele lira tsa hae li mo bolaea. (Lik. 6:5; 7:54-60) Ka lebaka la ‘mahloriso a maholo’ a ileng a ba teng ka nako eo, barutuoa bohle ntle le baapostola ba ile ba hasana ho pholletsa le Judea le Samaria. Feela seo ha sea ka sa emisa mosebetsi oa ho paka. Filipi o ile a ea Samaria ho ea “bolella batho ka Kreste” ’me mosebetsi oa hae o ile oa beha litholoana tse ntle. (Lik. 8:1-8, 14, 15, 25) Ho feta moo, ho thoe: “Barutuoa ba neng ba hasane ka lebaka la mahloriso a qalileng ka mor’a lefu la Setefane ba ile ba hasana ho ea fihla Foenisia, Saeprase le Antioke empa ba ne ba bua le Bajuda feela ka lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, har’a bona ho ne ho e-na le bana ba bo rona ba Saeprase le Saerene ba ileng ba tla Antioke ’me ba bua le batho ba buang Segerike, ba ba bolella litaba tse monate ka Morena Jesu.” (Lik. 11:19, 20) Ka nako eo, mahloriso a ile a etsa hore molaetsa oa ’Muso o phatlalatsoe.

15 Ho ile ha etsahala se tšoanang Soviet Union. Lilemong tsa bo 1950, Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa isoa Siberia. Kaha li ne li hasane metseng e fapa-fapaneng, litaba tse monate li ile tsa tsoela pele ho boleloa sebakeng seo se seholo. Ho hang Lipaki tse ngata joalo li ne li ke ke tsa khona ho ba le chelete ea ho palama hore li e il’o bolela litaba tse monate sebakeng se bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 10 000. Leha ho le joalo, ’muso ke ’ona o ileng oa li isa sebakeng seo se hole. Mora e mong oa bo rona o ile a re: “Ho ileng ha etsahala ke hore ba boholong ka bobona ba ile ba nolofaletsa batho ba likete ba Siberia ba lipelo li ntle hore ba tsebe ’nete.”

Jehova o ba Hlohonolofatsa Haholo

16, 17. Buka ea Liketso e bontša joang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa ho paka?

16 Ruri Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Pauluse le ba bang ba ile ba lema ’me ba nosetsa, “empa Molimo a ’na a holisa.” (1 Bakor. 3:5, 6) Buka ea Liketso e bontša hore kholo e joalo e ile ea e-ba teng hobane Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa ho paka. Ka mohlala, “lentsoe la Molimo [le ile] la ’na la tsebahala ’me barutuoa ba [ile ba] eketseha haholo Jerusalema.” (Lik. 6:7) Ha mosebetsi oa ho paka o ntse o eketseha “barutuoa bohle ba Judea, Galilea le Samaria ba [ile ba] e-ba le khotso ’me ba matlafala. Ha ba ntse ba tsamaea litseleng tsa Jehova ebile ba khothatsoa ka moea o halalelang, ba ’na ba eketseha.”—Lik. 9:31.

17 Bajuda le batho ba buang Segerike ba ile ba utloa ’nete ho lipaki tse sebete tsa Antioke ea Siria. Bibele e re: “Jehova o ne a ba tšehelitse ’me batho ba bangata ba ile ba lumela ho Morena.” (Lik. 11:21) Mabapi le tsoelo-pele e eketsehileng e ileng ea e-ba teng motseng oo, Bibele e re: “Lentsoe la Jehova la ’na la tsebahala ’me batho ba bangata ea e-ba balumeli.” (Lik. 12:24) Hape, ka lebaka la mosebetsi oa Pauluse le ba bang oa ho pakela Balichaba ka ho phethahetseng, “Lentsoe la Jehova la ’na la hola le ho hlola ka lebaka la matla a hae.”—Lik. 19:20.

18, 19. (a) Re tseba joang hore “letsoho la Jehova” le na le rona? (b) Fana ka mohlala o bontšang hore Jehova o tšehetsa batho ba hae.

18 Ha ho pelaelo hore “letsoho la Jehova” le na le rona kajeno. Ke ka lebaka leo batho ba bangata e bang balumeli ’me ba bontša boinehelo ba bona ho Molimo ka ho kolobetsoa. Ho feta moo, ke ka thuso le tlhohonolofatso ea Molimo feela re khonang ho mamella khanyetso e matla le mahloriso a matla ’me re phethe tšebeletso ea rona ka katleho joalokaha Pauluse le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ile ba etsa. (Lik. 14:19-21) Jehova Molimo o tla re thusa ka linako tsohle hobane “matsoho a hae” a re tšehetsa kamehla litekong tsohle tsa rona. (Deut. 33:27) Hape, a re hopoleng hore le ka mohla Jehova a ke ke a lahla batho ba hae kherehloa ka lebaka la lebitso la hae le leholo.—1 Sam. 12:22; Pes. 94:14.

19 Ka mohlala, kaha Mor’abo rona Harald Abt o ile a tsoela pele a paka, Manazi a ile a mo isa kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka May 1942, sepolesa sa sekhukhu sa Gestapo se ile sa ea ha hae ho mosali oa hae Elsa, sa nka moralinyana oa bona ’me sa tšoara Elsa sa mo isa likampong tse fapa-fapaneng. Morali oa bo rona Abt o ile a re: “Lilemong tseo ke li qetileng likampong tsa mahloriso tsa Jeremane, ke ile ka ithuta thuto e ikhethang ea hore moea oa Jehova o ka u matlafatsa haholo ha u le tlas’a teko e matla. Pele ke tšoaroa, ke ne ke ile ka bala lengolo la morali e mong oa bo rona le neng le bolela hore tlas’a teko e matla moea oa Jehova o u thusa hore u khobe matšoafo. Ke ne ke nahana hore e tlameha ebe o feteletsa litaba empa ha ke se ke hlaheloa ke liteko, ke ile ka hlokomela hore seo a neng a se bua ke ’nete. Ke sona se hlileng se etsahalang. Ke ntho e thata ho e utloisisa haeba e e-s’o ka e u etsahalla empa ha ke ne ke tšoeroe ke ile ka bona hore ka ’nete moea oa Molimo o ka u thusa hore u khobe matšoafo.”

Tsoela Pele u Fana ka Bopaki bo Hlakileng

20. Pauluse o ile a etsa’ng ha a ntse a le litlamong, hona see se ka khothatsa bara le barali ba bang ba bo rona joang?

20 Ha buka ea Liketso e lihela likhala e re Pauluse o ile a ‘bolela ka ’Muso oa Molimo’ ka cheseho. (Lik. 28:31) Kaha o ne a le litlamong, o ne a se na bolokolohi ba ho paka ka ntlo le ntlo Roma. Ho sa tsotellehe seo, o ile a tsoela pele a pakela bohle ba mo etelang. Kajeno, bara le barali ba bang ba bo rona ba ratehang ba hloleha ho tsoa ka tlung, mohlomong ha ba khone le ho theoha betheng kapa ba lula mahaeng a batho ba hlokang tlhokomelo ka lebaka la botsofali, ho kula kapa ho fokolloa ke bophelo. Leha ho le joalo, ba sa ntse ba rata Molimo haholo ’me ba sa ntse ba e-na le takatso e matla ea ho paka. Rea ba rapella ’me re ka ba ra kopa hore Ntate oa rona ea leholimong a ba thuse ho fumana batho ba batlang ho ithuta ka eena le ka merero ea hae e babatsehang.

21. Ke hobaneng ha re lokela ho hopola hore metsotso e se e jele babeli ha re etsa mosebetsi oa ho paka?

21 Bongata ba rona re khona ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo le likarolong tse ling tsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Kahoo e se eka e mong le e mong oa rona a ka etsa sohle seo a ka se khonang ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, ka hore a fane ka bopaki ho isa“karolong e hole-hole ea lefatše.” Re tlameha ho hopola hore metsotso e jele babeli ha re etsa mosebetsi ona, etsoe pontšo ea ho ba teng ha Kreste e bonahala ka ho hlaka. (Mat. 24:3-14) Nako e se e lekane motinyane. Hona joale re lokela hore re “lule [re] phathahane ka mosebetsi oa Morena.”—1 Bakor. 15:58.

22. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova?

22 Ha re ntse re letetse hore “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le [fihle],” e se eka re ka ikemisetsa ho tsoela pele re paka ka sebete le ka botšepehi. (Joele 2:31) Re sa ntse re tla fumana batho ba bangata ba joaloka Baberea ba ileng ba “amohela lentsoe la Molimo ka lipelo tsohle.” (Lik. 17:10, 11) Ka hona, e se eka re ka paka ho fihlela re utloa mantsoe a re’ng: “U entse hantle, uena lekhoba le molemo le le tšepahalang.” (Mat. 25:23) Haeba re phetha karolo ea rona ka cheseho mosebetsing oa ho etsa barutuoa kajeno ’me re lula re tšepahala ho Jehova, ruri re tla thaba ka ho sa feleng hobane re bile le tlotla e kholo ea ho fana ka “bopaki bo hlakileng” ka ’Muso oa Molimo!