KHAOLO EA 26
“Ha ho Motho ea Tla Shoa”
Sekepe seo Pauluse a se palameng sea soahlamana ’me o bontša tumelo e matla le hore o rata batho
E Thehiloe ho Liketso 27:1–28:10
1, 2. Pauluse o ne a tl’o tsamaea leeto le joang, hona e ka ’na eaba o ne a tšoenyehile ka lintho life?
PAULUSE o ntse a nahanisisa mantsoe a Festase, etsoe a tla ama bokamoso ba hae haholo. ’Musisi Festase o ne a itse ho Pauluse: “U tla ea ho Sesare.” Pauluse o qetile lilemo tse peli chankaneng empa bonyane leeto le lelelele la ho ea Roma le ne le tla mo khatholla. (Lik. 25:12) Leha ho le joalo, ha se maeto ’ohle ao Pauluse a bileng le ’ona leoatleng a ileng a ba monate. Mohlomong leeto lena la ho ea hlaha ka pel’a Sesare le etsa hore a ipotse lipotso tse ngata ka bokamoso ba hae.
2 Pauluse o bile le “likotsi tsa leoatleng” ka makhetlo a mangata kaha o ile a robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mararo, a ba a hlola bosiu le motšehare har’a leoatle. (2 Bakor. 11:25, 26) Ho feta moo, leeto lena le ne le tla fapana hole le maeto ao a ileng a ba ho ’ona e le moromuoa ea seng litlamong. Lekhetlong lena Pauluse o ne a tla tsamaea leeto le lelelele e le motšoaruoa hobane o ne a tla tsamaea lik’hilomithara tse fetang 3 000 ho tloha Sesarea ho ea Roma. Na o ne a tla khona ho tsamaea leeto lee a sa hlaheloa ke kotsi? Le haeba a sa hlaheloa ke kotsi, na o ne a tla ahloloa ka leeme ha a fihla Roma? U hopole hore o ne a tla ahloloa ke ’muso o neng o le matla ka ho fetisisa lefatšeng la Satane mehleng eo.
3. Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa’ng, hona re tla tšohla eng khaolong ee?
3 Ka mor’a sohle seo u se balileng ka Pauluse, na u nahana hore o ile a nyahama a ba a felloa ke tšepo ka lebaka la se neng se ka ’na sa mo hlahela? Le hanyenyane! O ne a tseba hore o tla tobana le mathata empa a sa tsebe hore na e tla ba a mofuta ofe. Ke hobane’ng ha a ne a ka senya thabo eo a nang le eona ka ho tšoenyeha ka lintho tseo a neng a ke ke a li laola? (Mat. 6:27, 34) Pauluse o ne a tseba hore thato ea Jehova ke hore a sebelise monyetla o mong le o mong ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo esita le ho babusi. (Lik. 9:15) Pauluse o ne a ikemiselitse ho phetha mosebetsi oa hae le har’a mathata. Na le rona ha rea ikemisetsa ho etsa se tšoanang? Kahoo, khaolong ena re tl’o bua ka leeto lena la Pauluse le eang Roma ’me re bone hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae.
Liketso 27:1-7a)
“Ho ne ho E-na le Moea o Matla” (4. Pauluse o qalile leeto la hae a palame sekepe sa mofuta ofe, ’me o ne a e-na le bo-mang?
4 Pauluse le batšoaruoa ba bang ba ne ba hlokometsoe ke ofisiri ea Moroma e bitsoang Juliase, ea ileng a khetha hore ba palame sekepe sa bo-rakhoebo se neng se le Sesarea. Sekepe seo se ne se tsoa Adramithiame, boema-kepeng bo lebopong le ka bophirimela ea Asia Minor, motseng oa Mitylene o sehlekehlekeng sa Lesbos. Sekepe sena se ne se tla leba leboea ebe se leba bophirimela, se emisa bakeng sa ho theola thepa le ho e palamisa. Likepe tse joalo li ne li sa etsetsoa ho palamisa baeti, haholo-holo batšoaruoa. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “ Leeto la Sekepe le Litsela Tsa Khoebo.”) Ka lehlohonolo Pauluse e ne e se eena feela Mokreste har’a linokoane tseo. Bonyane o ne a e-na le barab’abo ba babeli, e leng Aristakase le Luka. Ho hlakile hore ke Luka ea ngotseng tlaleho ena e buang ka leeto le eang Roma. Ha re tsebe hore na bo-mphato bana ba Pauluse ba tšepahalang ba ile ba itefella litšenyehelo tsa leeto lena kapa ba ne ba palame mahala hobane ba ne ba thusa Pauluse.—Lik. 27:1, 2.
5. Pauluse o ile a etela bo-mang Sidone ’me re ka ithuta eng ho see?
5 Ka mor’a ho ba leoatleng letsatsi le le leng ’me ba tsamaile lik’hilomithara tse ka bang 110 ba lebile leboea, sekepe se ile sa emisa Sidone, e lebopong la leoatle la Syria. Ho bonahala eka Juliase ha aa ka a tšoara Pauluse joaloka senokoane se tloaelehileng, mohlomong ka lebaka la hore e ne e le moahi oa Roma ea neng a e-s’o fumanoe a le molato. (Lik. 22:27, 28; 26:31, 32) Juliase o ile a lumella Pauluse hore a theohe sekepeng a e’o bona Bakreste-’moho le eena. E tlameha ebe bara le barali bao ba bo rona ba ile ba thaba hakaakang ha ba fuoa monyetla oa ho hlokomela moapostola Pauluse ka mor’a hore a kene teronkong ka nako e telele! Nahana ka litsela tseo ka tsona u ka bontšang kamohelo ea baeti joaloka Bakreste bao. Ho etsa seo ho ka u matlafatsa haholo.—Lik. 27:3.
6-8. Sekepe seo Pauluse a neng a se palame se ile sa feta libakeng life ha se tloha Sidone se leba Kinidase, hona Pauluse o ile a sebelisa menyetla efe ho bolela litaba tse monate?
6 Ha sekepe se tloha Sidone se ile sa nyoloha le lebopo sa feta Silisia, haufi le motse oa habo Pauluse oa Tarsase. Luka ha a bolele libaka tse ling tseo se ileng sa emisa ho tsona, le hoja a bontša hore ba ne ba le kotsing ha a re “ho ne ho e-na le moea o matla.” (Lik. 27:4, 5) Leha ho le joalo, re ka inahanela kamoo Pauluse a ileng a sebelisa monyetla o mong le o mong kateng hore a khone ho bolela litaba tse monate. Ha ho pelaelo hore o ile a pakela batšoaruoa le batho ba bang ba neng ba palame sekepe seo, ho akareletsa basesisi ba sekepe, masole, esita le batho ba neng ba le boema-kepeng boo se neng se emisa ho bona. Joaloka Pauluse, na le rona re ka sebelisa monyetla o mong le o mong o hlahang ho bolela litaba tse monate?
7 Hamorao sekepe se ile sa fihla Mira, e leng boema-kepe bo lebopong le ka boroa la Asia Minor. Ha ba le moo, Pauluse le ba bang ba ile ba lokela ho palama sekepeng se seng se neng tla ba isa Roma, moo ba neng ba hlile ba leba teng. (Lik. 27:6) Mehleng eo, Roma e ne e fumana lijo Egepeta ’me likepe tsa Egepeta li ne li emisa boema-kepeng ba Mira. Juliase o ile a fumana sekepe se joalo eaba o palamisa masole le batšoaruoa bao ka ho sona. E tlameha ebe sekepe sena se ne se le seholo ho feta sa pele. Se ne se palamisitse batho ba 276 ba akarelletsang basesisi ba sekepe, masole, batšoaruoa, mohlomong le batho ba bang ba neng ba ea Roma hape se ne se palamisitse le koro. Ho hlakile hore ha Pauluse a kena sekepeng sena, o ile a fumana tšimo e kholo ’me ntle ho pelaelo a sebelisa monyetla oo hamolemo.
8 Ka mor’a moo ba ile ba emisa Kinidase, karolong e ka boroa-bophirimela Asia Minor. Haeba moea o ne o foka hantle, sekepe se ne se ka fihla Kinidase ka letsatsi. Leha ho le joalo, Luka o re ba ile ‘ba qeta matsatsi a mangata ba ntse ba tsamaea butle ka sekepe ’me ba ile ba fihla Kinidase ka thata.’ (Lik. 27:7a) Ho ne ho le thata ho khanna sekepe hobane moea o ne o se o foka hampe. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “ Meea ea Mediterranean e neng e Sitisa Likepe ho Tsamaea Hantle.”) Ak’u nahane feela hore na batho ba neng ba palame sekepe seo ba ne ba ikutloa joang ha se ntse se otloa ke meea e matla se bile se akhotsoa ke metsi.
“Sefefo se ne se Tsukutla Sekepe ka Matla” (Liketso 27:7b-26)
9, 10. Ke mathata afe a ileng a hlaha haufi le Kreta?
9 Motsamaisi oa sekepe o ne a rerile hore ho tloha Kinidase ba lebe bophirimela, empa Luka ea boneng tsena ka mahlo o re “moea o ne o le matla hoo re neng re sitsoa ho ea pele.” (Lik. 27:7b) Ha sekepe se tloha lebopong ’me se se se sa tsamaisoe ke moea o hlahang lebopong, ho ile ha fihla moea o matla o hlahang ka leboea-bophirimela ’me oa se sutumeletsa boroa, mohlomong ka lebelo le leholo. Joalokaha pejana sekepe se ile sa emisa sehlekehlekeng sa Saeprase ha ho e-ba le meea e se sitisang ho tsamaea, le lekhetlong lena se ile sa emisa sehlekehlekeng sa Kreta. Ka mor’a hore sekepe se fete Salmone karolong e ka bochabela ea Kreta, boemo bo ile ba batla bo ntlafala. Ka lebaka lefe? Sekepe se ile sa tsamaella karolong e ka boroa ea sehlekehleke seo moo moea o neng o se matla hakaalo. Nahana kamoo batho ba ka sekepeng ba ileng ba imoloha kateng. Empa basesisi ba sekepe ba ne ba tšoenyehile ka hore mariha a ntse a atamela ’me ho ne ho tla ba kotsi ho khanna sekepe ka nako eo. Leo e ne e le lebaka le utloahalang la hore ba tšoenyehe .
10 Luka o bua a sa hlathe koana le koana, o re: “Ra tsamaea pel’a lebopo [la Kreta] moo ka thata ra ba fihla sebakeng se bitsoang Kou e Ntle.” Le hoja ba ne ba sireletsehile meeeng e matla hobane ba se ba le haufi le boema-kepe, ho ne ho ntse ho le thata ho laola sekepe. Leha ho le joalo, qetellong ba ile ba khona ho se emisa boema-kepeng bo bonyenyane bo sebakeng se haufi le lebopo le ka leboea. Ba ile ba qeta nako e kae moo? Luka o re ho ne ho fetile “matsatsi a mangata,” empa metsotso e ne e jele babeli. Ho ne ho le kotsi le ho feta ho tsamaea leoatleng ka September kapa October.—Lik. 27:8, 9.
11. Pauluse o ile a eletsa bao a tsamaeang le bona sekepeng hore ba etse’ng, empa ho ile ha etsoa qeto efe?
11 Mohlomong bapalami ba bang ba ile ba kopa keletso ho Pauluse hobane o ne a e-na le phihlelo ea ho tsamaea leoatleng la Mediterranean. O ile a khothaletsa hore ba se ke ba tsamaisa sekepe, ho seng joalo ba tla “senyeheloa” ’me mohlomong ba bang ba ka be ba shoele hona moo. Leha ho le joalo, motsamaisi oa sekepe le mong’a sona ba ne ba batla ho tsoela pele, mohlomong ba nahana hore ba lokela ho fihla ka nako e le hore ba fumane sebaka se sireletsehileng. Ba ile ba kholisa Juliase hore ba tsoele pele, ’me ba bangata ba ne ba nahana hore ba lokela ho leka ho fihla Finixe, e leng boema-kepe bo neng bo le haufi le lebopo. Ho ka etsahala hore ebe e ne e le boema-kepe bo boholoanyane ebile bo ne bo sireletsehile hore ba ka qeta mariha ho bona. Kahoo ha ho e-ba le moea o fokang hasesaane o hlahang ka boroa ba ile ba ea le khongoana holimo eaba ba tsamaisa sekepe.—Lik. 27:10-13.
12. Ha sekepe se qeta ho tloha Kreta se ile sa ba kotsing efe ’me basesisi ba ile ba leka ho e qoba joang?
12 Ka mor’a moo boemo bo ile ba mpefala. Ho ile ha e-ba le “sefefo se matla” se tsoang ka leboea-bochabela. Ka nakoana ba ile ba batla setšabelo ‘sehlekehlekeng se senyenyane se bitsoang Kauda’ se bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 65 ho tloha Koung e Ntle. Leha ho le joalo, sekepe se ne se le kotsing ea hore sefefo se se sutumeletse ka boroa ho fihlela se robehela lebopong la Afrika. E le hore ba qobe seo, kapele basesisi ba sekepe ba ile ba nyolla seketsoana se neng se huloa ke sekepe empa ho ne ho se bonolo ho se hula hobane mohlomong seketsoana seo se ne se tletse metsi. Ka mor’a moo ba ile ba leka ho tšehetsa sekepe se seholo ka ho se tlamella liropo kapa liketane ka tlase ho tiisa mapolanka a sona. Ba ile ba theola liseile ’me ba sebetsa ka thata hore sekepe se tsamaee sefefong seo. Nahana kamoo sena e tlamehang ebe se ne se tšosa kateng. Ho sa tsotellehe boiteko bona bohle, sekepe se ile sa tsoela pele ho ‘tsukutloa ke sefefo se matla.’ Ka letsatsi la boraro, ba ile ba lahla liseile le thepa e ka thoko ea sekepe mohlomong e le hore se se ke sa teba.—Lik. 27:14-19.
13. E tlameha ebe ho ne ho le joang ka har’a sekepe seo Pauluse a neng a se palame nakong ea sefefo?
13 E tlameha ebe bohle ba ne ba tšohile. Empa Pauluse le bo-mphato’a hae ba ne ba le sebete. Morena o ne a ile a kholisa Pauluse hore o tla fana ka bopaki Roma ’me hamorao lengeloi le ile la tiisa taba eo. (Lik. 19:21; 23:11) Leha ho le joalo, sefefo se ile sa nka libeke tse peli se ntse se le matla bosiu le motšehare. Ka lebaka la pula e sa khaotseng le leru le letšo le neng le sirile letsatsi le linaleli, motsamaisi oa sekepe o ne a sitoa ho bona hore na ba hokae kapa hore ba lebile hokae. Ho ne ho se na le monyetla oa ho ja feela. Ke mang ea neng a ka nahana ka ho ja boemong bo joalo ba serame, pula, ho feroha libete le letsoalo?
14, 15. (a) Ha Pauluse a bua le batho bao a tsamaeang le bona ka sekepeng, ke hobane’ng ha a ile a ba hopotsa temoso ea hae? (b) Re ka ithuta’ng molaetseng o fanang ka tšepo oo Pauluse a ileng a o bolela?
14 Pauluse o ile a ema. A ba hopotsa keletso ea hae empa ha aa ka a re: ‘Ke le joetsitse.’ Ho e-na hoo, lintho tse etsahetseng li ne li tiisa hore ho ka be ho bile molemo hoja ba mo mamela. Eaba o re: “Le se ke la tšoha hobane ha ho motho ea tla shoa, ke sekepe feela se tla soahlamana.” (Lik. 27:21, 22) Mantsoe ao a ile a ba tšelisa haholo. E tlameha ebe Pauluse o ne a thabile haholo hore ebe Jehova o mo file molaetsa o joalo o khothatsang. Ke habohlokoa hore re lule re hopola hore Jehova o tsotella motho e mong le e mong ebile o mo nka e le oa bohlokoa. Moapostola Petrose o ile a re: “Jehova . . . ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.” (2 Pet. 3:9) Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re leke ho bolella batho ba bangata kamoo re ka khonang molaetsa oa Jehova o fanang ka tšepo bophelo ba batho boo a Jehova a bo nkang e le ba bohlokoa, bo kotsing.
15 Mohlomong Pauluse o ne a pakela batho ba bangata ka sekepeng seo ka “tšepiso eo Molimo a e entseng.” (Lik. 26:6; Bakol. 1:5) Kaha sekepe se ne se ka ’na sa soahlamana, Pauluse o ile a ba fa lebaka la hore ba tsohe molota. O ile a re: “Lengeloi la Molimo oa ka le ile la fihla ho ’na bosiung bona la re, ‘Pauluse, u se ke oa tšaba. U tla fihla ka pel’a Sesare. Molimo o tla u pholosa le batho bohle bao u tsamaeang le bona ka sekepe.’” Eaba Pauluse o re ho bona: “Kahoo bo-ntate le se ke la tšoha hobane ke lumela hore Molimo o tla etsa feela joalokaha ke boleletsoe. Leha ho le joalo, sekepe sa rona se tla soahlamana lebopong la sehlekehleke se seng.”—Lik. 27:23-26.
“Batho Bohle ba Fihla Lebopong ba Sireletsehile” (Liketso 27:27-44)
16, 17. (a) Pauluse o ile a rapela neng ’me phello e ile ea e-ba efe? (b) Ke joang temoso ea Pauluse e ileng ea phethahala?
16 Ka mor’a libeke tse peli tse tšosang tseo ka tsona sekepe se ileng sa tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 870, basesisi ba ne ba nahana hore ba se ba le haufi le ho fihla hobane ba utloa metsi a ntse a khahlellana lebopong. Kahoo ba ile ba lahlela liankora hore sekepe se se ke sa hoholeha ’me ba se tobisa naheng e omileng ka tšepo ea hore ba ka fihla lebopong. Ka oona motsotso oo, ba ile ba leka ho tsoa ka sekepeng empa masole a ba thibela. Pauluse o ile a re ho molaoli oa lebotho la sesole le ho masole ao: “Haeba banna bana ba tsoa ka sekepeng le ke ke la pholoha.” Kaha joale sekepe se ne se batla se tsitsitse, Pauluse o ile a khothaletsa bohle hore ba je, a ba tiisetsa hore ba tla pholoha. Ka mor’a moo Pauluse “a leboha Molimo ka pel’a bona kaofela.” (Lik. 27:31, 35) Ha Pauluse a etsa thapelo ena ea teboho, o ile a beha mohlala o motle bakeng sa Luka, Aristakase le bakeng sa Bakreste kajeno. Na lithapelo tsa hao tsa phatlalatsa li khothatsa le ho tšelisa ba bang?
17 Ka mor’a thapelo ea Pauluse, “kaofela ba [ile ba] khothala eaba baa ja.” (Lik. 27:36) Ba ile ba fokotsa boima bo bong ba sekepe ka ho lahlela koro ka leoatleng e le hore se ka phaphamala ha se habile lebopong. Ha e e-ba motšehare, basesisi ba ile ba khaola liankora, ba fasolla liropo tsa masokoana tse ka morao sekepeng, eaba ba nyollela seile e ka pele moeeng e le hore ba ka khannela sekepe lebopong. Eaba karolo e ka pele ea sekepe ea qaoa, mohlomong e qaoa ke lehlabathe kapa seretse ’me karolo e ka morao ea robeha likoto ha e khahleloa ke maqhubu. Masole a mang a ne a batla ho bolaea batšoaruoa e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla baleha, empa Juliase o ile a a thibela. O ile a ba khothaletsa kaofela hore ba sesetse lebopong. Seo Pauluse a se boletseng se ile sa etsahala, bohle ba 276 ba ile ba pholoha. E, “batho bohle ba fihla lebopong ba sireletsehile.” Empa ba ne ba le hokae?—Lik. 27:44.
Liketso 28:1-10)
“Ba Ile ba E-ba Mosa Haholo” (18-20. Batho ba Malta ba ile ba bontša “mosa o moholo” joang ’me Molimo o ile a etsa mohlolo ofe ka Pauluse?
18 Ba ile ba iphumana ba le sehlekehlekeng sa Malta, se ka boroa ho Sicily. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “ Malta e ne e le Hokae?” leqepheng la 209) Batho ba buang puo e ’ngoe sehlekehlekeng seo ba ile ba “e-ba mosa haholo.” (Lik. 28:2) Ba ile ba besa mollo bakeng sa batho ba neng ba le metsi ba re tee! ebile ba qhaqhasela. Mollo oo o ile oa ba futhumatsa kaha ho ne ho bata ’me pula e na. Hape ho ile ha etsahala mohlolo.
19 Pauluse o ne a batla ho thusa batho. Kahoo, o ile a bokella lithupa a li beha mollong. Ha a etsa joalo, noha ea hlaha eaba ea mo loma ’me e ithatela letsohong la hae. Batho ba Malta ba ne ba nahana hore o otloa ke melimo. a
20 Batho ba moo ba ileng ba bona hore Pauluse o lonngoe ke noha ba ne ba lebeletse hore “a ruruhe.” Buka e ’ngoe e re lentsoe la mathomo le sebelisitsoeng mona ke “lentsoe la bongaka.” Ha ho makatse hore ebe “Luka ngaka e ratoang” o ile a sebelisa lentsoe leo. (Lik. 28:6; Bakol. 4:14) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a tlosa noha eo e chefo ho eena ’me ha ea ka ea mo ntša kotsi.
21. (a) Luka o ile a hlalosa litaba life ka nepo tlalehong ea hae? (b) Pauluse o ile a etsa mehlolo efe ’me e ile ea susumeletsa baahi ba Malta ho etsa’ng?
21 Sebakeng seo ho ne ho lula monna oa morui ea nang le masimo ea bitsoang Pabliase. Mohlomong e ne e le ofisiri e ka sehloohong ea Moroma Malta. Luka o re e ne e le “morena oa sehlekehleke seo” ’me o sebelisa tlotla e fumanoeng mengolong e ’meli ea Semalta. O ile a amohela Pauluse le bo-mphato’a hae ka mofuthu ka matsatsi a mararo. Leha ho le joalo, ntate oa Pabliase o ne a kula. Le tabeng ena Luka o ile a hlalosa boloetse boo ka nepo. O ile a re monna eo “o ne a robetse a tšoeroe ke feberu le letšollo,” ’me a hlalosa boloetse ba hae hantle. Pauluse o ile a rapella monna eo a ba a beha matsoho holim’a hae, eaba oa fola. Batho ba ile ba thabela mohlolo ona hoo ba ileng ba tlisa batho ba kulang hore ba folisoe ’me ba fa Pauluse le bo-mphato ba hae limpho.—Lik. 28:7-10.
22. (a) Moprofesa e mong o ile a re’ng ha a babatsa kamoo Luka a ngotseng litaba tsa leeto la bona la ho ea Roma? (b) Re tla tšohla eng khaolong e latelang?
22 Karolo ea leeto la Pauluse eo re e tšohlileng ho fihlela joale e nepahetse e bile ke ’nete. Moprofesa e mong o ile a re: “Litaba tsa Luka . . . lia ikhetha ka ho ba tse ling tsa litaba tse hlakileng ka ho fetisisa tse ngotsoeng Bibeleng eohle. Ha a bua ka likepe o bua ka tsela e nepahetseng ’me o hlalosa maemo a karolong e ka bochabela ea Mediterranean ka tsela e nepahetseng hoo” e tlamehang ebe litaba tseo o li nkile bukeng eo a neng a ngolla lintlha tsa letsatsi le letsatsi ho eona. Mohlomong Luka o ne a ngola lintlha tseo ha a ntse a tsamaea le moapostola Pauluse. Haeba ho joalo, karolong e latelang ea leeto la bona ho ile ha etsahala lintho tse ngata tseo a neng a ka li ngola. Ho ne ho tla etsahala joang ka Pauluse ha ba qetella ba fihlile Roma? A re bone.
a Hore ebe batho bao ba ne ba tseba ka linoha tsena ho bontša hore linoha tsa marabe li ne li le teng sehlekehlekeng seo mehleng eo. Kajeno ha ho sa na linoha tsa marabe Malta. Mohlomong sena se bakiloe ke boemo ba sehlekehleke sena ha lilemo li ntse li feta kapa mohlomong ha baahi ba ntse ba eketseha ba ile ba li bolaea kapa tse ling tsa baleha sehlekehlekeng sena.