Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 21

“Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”

“Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”

Cheseho ea Pauluse tšebeletsong le keletso ea hae ho baholo

E Thehiloe ho Liketso 20:1-38

1-3. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala bosiung boo Eutikase a shoeleng ka bona. (b) Pauluse o etsang ’me see se bontšang ka eena?

 PAULUSE o ka kamoreng e ka holimo e tletseng batho Troase. O bua le bara ba bo rona ka nako e telele, kaha ke bosiu ba ho qetela a e-na le bona. Joale ke har’a mpa ea bosiu. Ho na le mabone a mangata a tukang ka kamoreng ena ’me a etsa hore ho chese haholo ho be ho tlale mosi. Mohlankana ea bitsoang Eutikase o lutse fensetereng. Ha Pauluse a ntse a bua, Eutikase oa robala ’me o oa a le fensetereng e mokatong oa boraro.

2 Kaha Luka ke ngaka ho ka etsahala hore ke e mong oa ba ileng ba potlakela ka ntle e le hore a mo hlahlobe. ‘Ha a fihla ka ntle o ile a fumana Eutikase a se a shoele.’ (Lik. 20:9) Empa ho etsahala mohlolo. Pauluse o paqama holim’a mohlankana enoa ’me o re ho bongata: “Khaotsang ho lla hobane oa phela.” Pauluse o ne a tsositse Eutikase bafung.—Lik. 20:10.

3 Ketsahalo eo e bontša matla a moea o halalelang oa Molimo. E ne e se molato oa Pauluse hore ebe Eutikase o shoele. Leha ho le joalo, o ne a sa batle hore lefu la hae le senye ketsahalo ena ea bohlokoa kapa le khopise motho leha e le ofe. Ha Pauluse a tsosa Eutikase bafung o ile a tšelisa phutheho le ho e matlafatsa hore e tsoele pele ka tšebeletso. Ho hlakile hore Pauluse o ne a utloa a na le boikarabelo bo itseng bakeng sa bophelo ba batho ba bang. Sena se re hopotsa mantsoe a hae a re’ng: “Ha ke molato oa mali a mang kapa mang.” (Lik. 20:26) A re boneng hore na mohlala oa Pauluse o ka re thusa joang tabeng ena.

O Ile a “ea Macedonia” (Liketso 20:1, 2)

4. Pauluse o fetile har’a mathata afe?

4 Joalokaha ho bontšitsoe khaolong e fetileng, Pauluse o fetile har’a mathata. Ho ile ha tsoha morusu ha a ne a bolela litaba tse monate Efese. Batho ba neng ba etsa lintho tsa silevera ba neng ba iphelisa ka borapeli ba Artemise, ba ile ba kenya letsoho morusung. Liketso 20:1 e re: “Ka mor’a hore morusu o kokobele, Pauluse a bitsa barutuoa a ba khothatsa. A ba salisa hantle eaba o ea Macedonia.”

5, 6. (a) E ka ’na eaba Pauluse o qetile nako e kae Macedonia ’me o ile a etsetsa bara ba bo rona ba moo eng? (b) Pauluse o ile a lula a e-na le boikutlo bofe ka balumeli-moho le eena?

5 Ha Pauluse a ea Macedonia, o ile a emisa boema-kepeng ba Troase ’me a lula moo ka nako e itseng. O ne a e-na le tšepo ea hore Tite ea neng a rometsoe Korinthe o tla mo fumana moo. (2 Bakor. 2:12, 13) Leha ho le joalo, ha ho totobala hore Tite ha a tle o ile a ea Macedonia, mohlomong a qeta nako e ka etsang selemo “a ntse a khothatsa barutuoa.” a (Lik. 20:2) Qetellong Tite o ile a fumana Pauluse Macedonia, a tlisa litaba tse monate tsa kamoo Bakorinthe ba ikutloang kateng ka lengolo la Pauluse la pele. (2 Bakor. 7:5-7) Sena se ile sa etsa hore Pauluse a ba ngolle lengolo le leng, e leng la 2 Bakorinthe.

6 Hlokomela hore Luka o sebelisa mantsoe “khothalitse” le “khothatse” ha a bua ka lebaka la hore Pauluse a etele bara ba bo rona ba Efese le Macedonia. Mantsoe ao a hlalosa hantle hakaakang tsela eo Pauluse a neng a ikutloa ka eona ka balumeli-moho le eena. Pauluse o ne a fapane le Bafarisi ba neng ba khella batho ba bang fatše, kaha eena o ne a thabela ho sebeletsa Molimo a ena le Bakreste-’moho le eena. (Joh. 7:47-49; 1 Bakor. 3:9) Pauluse o ne a lula a ikokobelitse leha a ne a lokela ho ba khalemela.—2 Bakor. 2:4.

7. Kajeno bara ba bo rona ba etellang pele ba ka latela mohlala oa Pauluse joang?

7 Kajeno baholo ba phutheho le bapotolohi ba leka ka matla ho latela mohlala oa Pauluse. Leha ba khalemela ba hlokang ho thusoa, sepheo sa bona ke ho ba matlafatsa. Bara ba bo rona ba etellang pele ka phuthehong, ba bontša kutloelo-bohloko ha ba khalemela Bakreste-’moho le bona ebile ha ba ba ahlole. Mopotolohi e mong eo e leng khale a li bona o ile a re: “Bara le barali ba bo rona ba bangata ba batla ho etsa se nepahetseng, empa hangata ba imetsoe ke mathata hape ba tšoenyehile ’me ba ikutloa ba nyahame.” Bara ba bo rona ba etellang pele ka phuthehong ba ka ba matlafatsa.—Baheb. 12:12, 13.

“Ba Rerile ho mo Bolaea” (Liketso 20:3, 4)

8, 9. (a) Morero oa Pauluse oa ho ea Siria ka sekepe o ile oa sitisoa keng? (b) E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba hloile Pauluse?

8 Ha Pauluse a tloha Macedonia, o ile a ea Korinthe. b Ka mor’a ho ba moo ka likhoeli tse tharo, o ne a labalabela ho fetela Senkrea, moo a neng a rerile ho palama sekepe se eang Siria. Ha a tloha moo, o ne a tla ea Jerusalema ’me a fe balumeli-’moho le eena ba futsanehileng menehelo. c (Lik. 24:17; Bar. 15:25, 26) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a tlameha ho ea sebakeng se seng hobane Liketso 20:3 e re: “A tseba hore Bajuda ba rerile ho mo bolaea eaba o etsa qeto ea ho khutla le Macedonia.”

9 Ha ho makatse hore ebe Bajuda ba ne ba hloile Pauluse, etsoe ba ne ba nahana hore ke mokoenehi. Pejana, tšebeletso ea hae e ile ea beha litholoana ha Krispase e leng motho ea neng a hlaheletse ntlong ea thapelo ea Korinthe a sokoloha. (Lik. 18:7, 8; 1 Bakor. 1:14) Ka lekhetlo le leng, Bajuda ba Korinthe ba ile ba qosa Pauluse ka pel’a motsamaisi oa profinse ea Akaia ea bitsoang Galio. Leha ho le joalo, Galio o ile a qhala liqoso tseo ka hore ha li na motheo, e leng qeto e ileng ea halefisa lira tsa Pauluse. (Lik. 18:12-17) E ka ’na eaba Bajuda ba Korinthe ba ne ba tsebile kapa ba nahanne hore Pauluse o se a tla ea Senkrea, ka lebaka leo ba rera ho mo lalla moo. Pauluse o ne a tla etsa’ng?

10. Na Pauluse e ne e le lekoala ha a sa pote Senkrea? Hlalosa.

10 E le hore Pauluse a se ke a ipeha kotsing ’me a sireletse chelete eo a neng a e nehelelitsoe o ile a etsa qeto ea ho se pote Senkrea ’me a khutlela Macedonia. Ke ’nete hore ho tsamaea ka har’a naha ho ne ho tla ba kotsi. Masholu a ne a atisa ho lalla batho litseleng tsa boholo-holo. Esita le matlo a baeti a ne a sa sireletseha. Ho ntse ho le joalo, Pauluse o ile a khetha ho tobana le likotsi tsa ho tsamaea ka har’a naha ho e-na le likotsi tse neng li tla mo hlahela ha a le Senkrea. Ka lehlohonolo o ne a sa tsamaee a le mong. Leetong lena la hae e le moromuoa, Pauluse o ne a tsamaea le Aristakase, Gaiase, Sekundase, Sopatere, Timothea, Trofimase le Tikikase.—Lik. 20:3, 4.

11. Kajeno Bakreste ba etsa sohle seo ba ka se khonang joang hore ba se ke ba ipeha kotsing, hona Jesu o behile mohlala ofe tabeng ee?

11 Kajeno Bakreste ba etsisa Pauluse ka ho etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba se ke ba ipeha kotsing ha ba le tšebeletsong. Libakeng tse ling ba tsamaea ka lihlopha kapa bonyane ka bobeli ho e-na le ho tsamaea ka bomong. Na Bakreste ba qoba mahloriso? Bakreste baa tseba hore ba ke ke ba a qoba. (Joh. 15:20; 2 Tim. 3:12) Ho ntse ho le joalo, ha ba ipehe kotsing ka boomo. Nahana ka mohlala oa Jesu. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile “a ipata eaba o tsoa ka tempeleng” ha bahanyetsi ba hae Jerusalema ba nka majoe hore ba mo betse ka ’ona. (Joh. 8:59) Hamorao, ha Bajuda ba rera ho mo bolaea, “Jesu ha a ka a hlola a tsamaea moo Bajuda ba mo bonang. [O ile a] tloha moo ho ea sebakeng se haufi le lefeella.” (Joh. 11:54) Jesu o ne a etsa sohle seo a ka se khonang hore a itšireletse ha ho etsa joalo ho se khahlanong le thato ea Molimo. Kajeno Bakreste ba etsa se tšoanang.—Mat. 10:16.

“Ba [ne ba] Tšelisehile Haholo” (Liketso 20:5-12)

12, 13. (a) Phutheho e ile ea ikutloa joang ha Eutikase a tsosoa bafung? (b) Kajeno ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona ba tšelisoa ke tšepo efe e thehiloeng Bibeleng?

12 Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba tsamaea hammoho ho pholletsa le Macedonia ’me ho bonahala eka ha morao ba ile ba arohana. Ho ka etsahala hore ba ile ba boela ba kopana Troase. d Bibele e re: “Pele matsatsi a mahlano a fela, ra fihla ho bona Troase.” e (Lik. 20:6) Ke mona moo mohlankana ea bitsoang Eutikase a ileng a tsosoa bafung, joalokaha ho bontšitsoe qalong ea khaolo ena. O so ka inahanela feela hore na bara ba bo rona ba ile ba ikutloa joang ha ba bona mphato oa bona Eutikase a tsoha bafung. Bibele e re “ba [ne ba] tšelisehile haholo.”—Lik. 20:12.

13 Ha e le hantle, mehlolo ea mofuta ona ha e etsahale kajeno. Leha ho le joalo, tšepo eo Bibele e fanang ka eona ea hore bafu ba tla tsoha e etsa hore ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona ba ‘tšelisehe haholo.’ (Joh. 5:28, 29) Hlokomela hore kaha Eutikase o ne a sa phethahala o ile a qetella a shoele hape. (Bar. 6:23) Empa ba tla tsosoa bafung lefatšeng le lecha la Molimo ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Ho feta moo, ba tsosetsoang ho ea busa le Jesu leholimong le bona ba ke ke ba hlola ba shoa. (1 Bakor. 15:51-53) Kajeno Bakreste ebang ke batlotsuoa kapa ba “linku tse ling,” ba na le lebaka le utloahalang la ho ‘tšeliseha haholo.’—Joh. 10:16.

“Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo” (Liketso 20:13-24)

14. Pauluse o ile a reng ho baholo ba Efese ha a kopana le bona Miletase?

14 Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba tloha Troase ba ea Asose, eaba ba fetela Mitilene, Kiose, Samose le Miletase. Pauluse o ne a ikemiselitse ho ea fihla Jerusalema pele ho Mokete oa Pentekonta. Hore ebe o ne a potlaketse ho ea fihla Jerusalema pele ho Pentekonta ho etsa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha lekhetlong lena a ile a khetha ho palama sekepe se sa poteng Efese ha a khutla. Leha ho le joalo, kaha Pauluse o ne a batla ho buisana le baholo ba Efese, o ile a kopa hore ba kopane le eena Miletase. (Lik. 20:13-17) Ha ba fihla, Pauluse o ile a re ho bona: “Le tseba hantle bophelo boo ke bo phetseng ha ke e-na le lona ho tloha letsatsing la pele ke fihlile profinseng ea Asia. Ke ne ke sebeletsa Morena joaloka lekhoba ka boikokobetso bohle le meokho, ka ba le litsietsi tse ngata hobane ka makhetlo Bajuda ba ile ba rera ho mpolaea. Hape ha kea ka ka le patela letho le molemong oa lona kapa ka khaotsa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. Ke ile ka fana ka bopaki bo hlakileng ho Bajuda le Bagerike, ka ba bontša hore ba lokela ho baka, ba sebeletse Molimo ’me ba lumele ho Morena oa rona Jesu.”—Lik. 20:18-21.

15. Melemo e meng ea ho paka ka ntlo le ntlo ke efe?

15 Kajeno re ka sebelisa mekhoa e mengata ho bolella batho litaba tse monate. Joaloka Pauluse, re leka ho ea moo re ka fumanang batho teng, ebang ke moo libese li emang, literateng tse phetheselang kapa limmarakeng. Empa ho bolela ka ntlo le ntlo e sa ntse e le oona mokhoa o ka sehloohong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Hobane’ng? Lebaka la pele ke hore ho bolela ka ntlo le ntlo ho etsa hore bohle ba be le monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso khafetsa, e leng se bontšang hore Molimo ha a leeme. Hape ho etsa hore batho ba thahasellang litaba tse monate ba thusoe ho latela seo ba se hlokang. Ho phaella moo, tšebeletso ea ntlo le ntlo e thusa ba e etsang hore ba khone ho mamella ’me e matlafatsa tumelo ea bona. Ka sebele, ho chesehela ho paka “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo” ke letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete.

16, 17. Pauluse o ile a bontša joang hore o sebete, hona kajeno Bakreste ba latela mohlala oa hae joang?

16 Pauluse o ile a hlalosetsa baholo ba Efese hore ha a tsebe hore na o tla hlaheloa ke likotsi life ha a khutlela Jerusalema. O ile a re ho bona: “Empa ha ke nke bophelo ba ka bo le bohlokoa, ke mpa feela ke batla ho qeta peiso ea ka le mosebetsi oo ke o filoeng ke Morena Jesu oa ho bolella batho litaba tse monate tsa mosa oa Molimo ka tsela e phethahetseng.” (Lik. 20:24) Pauluse o ile a bontša sebete ka hore a se ke a lumella eng kapa eng ebang ke ho kula kapa khanyetso e matla hore e mo thibele ho phetha mosebetsi oa hae.

17 Kajeno Bakreste le bona ba mamella mathata a sa tšoaneng. Ba bang ba thibetsoe ke mebuso ’me baa hlorisoa. Ba bang ba imetsoe ka lebaka la ho kula ’meleng le ho ba le khatello ea maikutlo. Bacha ba Bakreste bona ba tlas’a khatello ea lithaka sekolong. Ho sa tsotellehe hore Lipaki Tsa Jehova li boemong bofe, li tiile joaloka Pauluse. Li ikemiselitse “ho bolella batho litaba tse monate.”

“Le Itebele le be le Lebele Mohlape Oohle” (Liketso 20:25-38)

18. Pauluse o ile a etsang e le hore a se ke a ba le molato oa mali, hona baholo ba Efese ba ne ba ka mo etsisa joang?

18 Ka mor’a moo, Pauluse o ile a sebelisa mohlala oa hae ha a eletsa baholo ba Efese a sa hlathe koana le koana. O ile a qala ka ho ba tsebisa hore ho ka etsahala hore ebe ba mo bona lekhetlo la ho qetela. Eaba o re: “Ha ke molato oa mali a mang kapa mang, hobane ha kea ka ka le patela merero eohle ea Molimo.” Baholo ba Efese ba ne ba ka etsisa Pauluse joang e le hore ba hloke molato oa mali? O ile a re ho bona: “Le itebele le be le lebele mohlape oohle oo moea o halalelang o le khethetseng hore le o lebele le be le lise phutheho ea Molimo eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.” (Lik. 20:26-28) Pauluse o ile a ba lemosa hore “liphiri tse sehloho” li ne li tla kena ho mohlape ’me li ne li ‘tla sotha ’nete ho khelosa barutuoa hore ba li sale morao.’ Baholo ba lokela ho etsa’ng? Pauluse o ile a ba lemosa a re: “Lulang le falimehile ’me le hopole hore ka lilemo tse tharo, bosiu le motšehare, ha ke a ka ka khaotsa ho le eletsa kaofela. Ke ne ke bile ke lla ha ke ntse ke bua le lona.”—Lik. 20:29-31.

19. Ho ile ha hlaha bokoenehi bofe qetellong ea lekholo la pele la lilemo ’me bo ile ba hlahisa eng hamorao?

19 “Liphiri tse sehloho” li ile tsa hlahella ho elella qetellong ea lekholo la pele la lilemo. Hoo e ka bang ka 98 C.E., moapostola Johanne o ile a re: “Le hona joale ho se ho e-na le bahanyetsi ba Kreste ba bangata . . . Ba ile ba ikarola ho rona hobane e se karolo ea rona. Hoja e ne e le karolo ea rona, ba ka be ba lutse le rona.” (1 Joh. 2:18, 19) Lekholong la boraro la lilemo bokoenehi bo ne bo hlahisitse sehlopha sa baruti ba bolumeli ba bohata ’me lekholong la bone la lilemo Moemphera Constantine o ile a amohela ka molao mofuta ona oa “Bokreste” o senyehileng. Ka sebele baeta-pele ba bolumeli ba ile ba ‘bua lintho tse sothehileng’ ka ho amohela meetlo ea bohetene le ho etsa hore e bonahale e le ea “Bokreste.” Liphello tsa bokoenehi boo li ntse li totobala lithutong le meetlong ea bolumeli ba bohata.

20, 21. Pauluse o ile a bontša joang hore o na le moea oa boitelo, hona kajeno baholo ba Bakreste ba ka mo etsisa joang?

20 Bophelo ba Pauluse bo ne bo fapane hole le ba batho ba neng ba tla qhekella mohlape hamorao. O ne a itšoarela ka matsoho e le hore a se ke a imetsa phutheho. O ne a sa rera ho ithuisa ka lintho tseo a neng a li etsetsa balumeli-’moho le eena. Pauluse o ile a phehella baholo ba Efese hore ba be le moea oa boitelo. O ile a re ho bona: “Le thuse batho ba hlokang thuso. Hape le hopole mantsoe a Morena Jesu ha a re: ‘Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.’”—Lik. 20:35.

21 Kajeno baholo ba Bakreste ba etsisa Pauluse ka ho ba le moea oa ho itela. Ba fuoeng boikarabelo ba ho ‘lisa phutheho ea Molimo’ ba etsa mosebetsi oa bona ntle ho boithati ’me ha ba tšoane le baruti ba bolumeli ba bohata ba ithuisang ka mohlape oa bona. Boikhohomoso le ho batla maemo a phahameng ha li amohelehe ka phuthehong ea Bakreste, hobane qetellong ba ‘ipatlelang thoriso’ ba ke ke ba atleha. (Liprov. 25:27) Ho iketelletsa pele ho ka fella ka ho se hlomphehe.—Liprov. 11:2.

“Kaofela ha bona ba lla haholo.”—Liketso 20:37

22. Keng se ileng sa etsa hore baholo ba Efese ba rate Pauluse?

22 Bara ba bo rona ba ne ba rata Pauluse hobane le eena o ne a ba rata. Ha e le hantle, ha a lokela ho tsamaea “kaofela ha bona ba [ile ba] lla haholo eaba ba haka Pauluse le ho mo suna.” (Lik. 20:37, 38) Bakreste ba ananela le ho rata batho ba tšoanang le Pauluse ba itellang mohlape. Ha u se u hlahlobile mohlala o motle oa Pauluse, na ha se ’nete hore o ne a sa ithorise ebile a sa feteletse litaba ha a re: “Ha ke molato oa mali a mang kapa mang”?—Lik. 20:26.

a Sheba lebokose la sehlooho se re’ng “ Mangolo ao Pauluse a a Ngotseng ha a le Macedonia.”

b Mohlomong Pauluse o ile a ngola lengolo le eang ho Baroma ha a etetse Korinthe lekhetlong lena.

c Sheba lebokose la sehlooho se re’ng “ Pauluse o Isa Monehelo Jerusalema.”

d Taba ea hore ebe Luka o ile a ikenyelletsa ho Liketso 20:5, 6, e bontša hore mohlomong o ile a boela a tsamaea le Pauluse ha a le Filipi ka mor’a hore Pauluse a mo siee moo ka nako e itseng.—Lik. 16:10-17, 40.

e Ba ile ba nka matsatsi a mahlano ho tloha Filipi ho ea Troase. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le meea e matla hobane nakong e fetileng ba ile ba nka matsatsi a mabeli feela leetong lena.—Lik. 16:11.