Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 22

“Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”

“Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”

Pauluse o ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo ’me o ea Jerusalema

E Thehiloe ho Liketso 21:1-17

1-4. Ke hobane’ng ha Pauluse a e-ea Jerusalema, hona o tla etsahalloa ke eng moo?

 KE LILLO feela ha Pauluse le Luka ba tloha Miletase. Ruri ha ho bonolo hore ba arohane le baholo ba Efese bao ba ba ratang haholo. Baromuoa bana ba babeli ba eme ka har’a sekepe. Thoto ea bona e se e loketse tsela ’me ba pakile lintho tseo ba tla li hloka leetong. Hape ba nkile chelete e bokeletsoeng bakeng sa Bakreste ba hlokang ba Judea ’me ba labalabela hore e fihle moo e eang teng.

2 Ho foka moea o mosesaane o isang liseile koana le koana ’me sekepe se tloha boemakepeng bo tletseng lerata. Banna bana ba babeli le bo-mphato’a bona ba supileng, ba sheba bara ba bo bona ba saretsoeng ba emeng lebopong. (Lik. 20:4, 14, 15) Bara ba bo rona ba ka sekepeng ba ba tsokela matsoho ho fihlela ba se ba sa bonahale.

3 Pauluse o sebelitse haufi-ufi le baholo ba Efese ka lilemo tse ka bang tharo. Empa joale moea o halalelang o mo tataisetsa ho ea Jerusalema. O na le leselinyana la hore na o tla etsahalloa ke eng. Nakoana pele ho moo, o ile a re ho baholo bao: “Hona joale moea o ntataisetsa Jerusalema le hoja ke sa tsebe hore na ke tla hlaheloa ke’ng ha ke le moo. Ntho eo ke e tsebang ke hore motseng o mong le o mong moea o halalelang o lula o mpolella hore teronko le mahloriso li nkemetse.” (Lik. 20:22, 23) Ho sa tsotellehe kotsi eo a neng a tla tobana le eona, Pauluse o ne a utloa a tataisoa ke moea o halalelang ’me o ne a ikemiselitse ho latela tataiso eo ea hore a ee Jerusalema. O ananela bophelo ba hae empa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho eena ke ho phetha thato ea Molimo.

4 Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Ha re inehela ho Jehova re etsa kano ea hore ho phetha thato ea hae e tla ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. Re ka rua molemo ka ho hlahloba mohlala oa moapostola Pauluse oa kamoo a ileng a tšepahala ka teng.

Ba Feta “Sehlekehleke sa Saeprase” (Liketso 21:1-3)

5. Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba tsamaea ka tsela efe ha ba e-ea Tire?

5 Sekepe seo Pauluse le bo-mphato ba hae ba neng ba se palame se ile sa ‘potlaka.’ Ka mantsoe a mang, se ne se tsamaea hantle se sa tsukutlehe ho fihlela ba fihla Kose letsatsing lona leo. (Lik. 21:1) Ho bonahala eka sekepe se ile sa emisa moo bosiu pele se fetela Rhode le Patara. Ha bara ba bo rona ba le Patara lebopong le ka boroa la Asia Minor, ba ile ba palama sekepe se seholo sa thepa se ileng sa ba isa ka ho toba Tire, Foenisia. Ha ba le tseleng, ba ile ba feta “sehlekehleke sa Saeprase se le ka letsohong le letšehali [la boemakepe].” (Lik. 21:3) Ke hobane’ng ha Luka mongoli oa Liketso a ile a bolela ntlha ee?

6. (a) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Pauluse o ile a khothala ha a bona Saeprase? (b) U ikutloa joang ha u hopola kamoo Jehova a u hlohonolofalitseng kateng a ba a u thusa?

6 Mohlomong Pauluse o ile a supa sehlekehleke sena ’me a bolella metsoalle ea hae lintho tse ileng tsa mo hlahela ha a le moo. Lilemo tse ka bang robong pele ho moo ha Pauluse a le leetong la hae la pele e le moromuoa, eena, hammoho le Barnabase le Johanne Mareka ba ile ba kopana le moloi ea bitsoang Elimase, ea ileng a ba hanyetsa ha ba bolela litaba tse monate. (Lik. 13:4-12) Ha Pauluse a bona sehlekehleke seo ’me a hopola se ileng sa etsahala moo, mohlomong sena se ile sa mo khothatsa sa ba sa mo matlafatsa bakeng sa lintho tse neng li tla mo etsahalla. Le rona re ka rua molemo ha re nahanisisa kamoo Molimo a re hlohonolofalitseng kateng a ba a re thusa hore re mamelle liteko. Ho etsa joalo ho ka re thusa hore re ikutloe joaloka Davida ha a re: “Mathata a ea lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ’ona kaofela.”—Pes. 34:19.

“Ra Batla Barutuoa ra ba ra ba Fumana” (Liketso 21:4-9)

7. Ha Pauluse le bo-mphato ba hae ba fihla Tire, ba ile ba etsa’ng?

7 Pauluse o ne a utloisisa kamoo e leng habohlokoa kateng ho ba har’a metsoalle ea Bakreste ’me a labalabela ho ba le balumeli-’moho le eena. Luka o re ha ba fihla Tire, ba ile ba “batla barutuoa [ba] ba [ba] ba fumana.” (Lik. 21:4) Kaha ba ne ba tseba hore ho na le Bakreste-’moho le bona Tire, ba ile ba ba batla ’me mohlomong ba lula le bona. Tlhohonolofatso e ’ngoe e kholo ea ho sebeletsa Jehova ke hore ho sa tsotellehe hore na re hokae, re tla kopana le balumeli-’moho le rona ba tlang ho re amohela ka liatla tse peli. Batho ba ratang Molimo ’me e le barapeli ba ’nete, ba na le metsoalle lefatšeng ka bophara.

8. U ka hlalosa Liketso 21:4 joang?

8 Ha Luka a bua ka matsatsi a supileng ao ba a qetileng Tire, o bolela ntho e ka ’nang ea bonahala e makatsa. O re: “Ka lebaka la ntho eo moea o halalelang o neng o e senotse, [bara ba bo rona ba Tire] ba phehella Pauluse hore a se ke a ea Jerusalema.” (Lik. 21:4) Na Jehova o ne a se a batla hore Pauluse a ee sebakeng se seng? Na o ne a se a re Pauluse a se ke a ea Jerusalema? Ha ho joalo. Moea o ne o bontšitse hore Pauluse o tla tšoaroa hampe Jerusalema, empa o sa re a qobe ho ea teng. Kamoo ho bonahalang kateng, moea o halalelang o ile oa thusa bara ba bo rona ba Tire hore ba lemohe ka mokhoa o nepahetseng hore Pauluse o tla kena khathatsong Jerusalema. Ka hona, kaha ba ne ba amehile ka Pauluse ba ile ba mo phehella hore a se ke a ea. Hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha ba ne ba batla ho sireletsa Pauluse kotsing e larileng ka pele. Leha ho le joalo, kaha Pauluse o ne a ikemiselitse ho phetha thato ea Jehova o ile a fetela Jerusalema.—Lik. 21:12.

9, 10. (a) Ha Pauluse a utloa lintho tseo bara ba bo rona ba Tire ba amehileng ka tsona, e ka ’na eaba o ile a hopola boemo bofe bo tšoanang le boo? (b) Kajeno ho tloaelehile boikutlo bofe lefatšeng, hona bo fapane joang le mantsoe a Jesu?

9 Ha Pauluse a utloa lintho tseo bara ba bo rona ba amehileng ka tsona, mohlomong o ile a hopola kamoo barutuoa ba Jesu ba ileng ba etsa se tšoanang ha a ba bolella hore o tla ea Jerusalema, a utloisoe bohloko linthong tse ngata ’me a bolaoe. Petrose o ile a susumetsoa ke maikutlo ’me a re ho Jesu: “Ikhauhele, Morena. Ho hang u ke ke oa etsahalloa ke ntho e tjena.” Jesu o ile a re ho eena: “Tloha Satane! U tšitiso ho ’na hobane u nahana menahano ea batho eseng ea Molimo.” (Mat. 16:21-23) Jesu o ne a ikemiselitse ho itela e leng ntho eo Molimo a neng a batla hore a e etse. Pauluse o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang. Joaloka moapostola Petrose e tlameha ebe bara ba bo rona ba Tire ba ne ba sa bue hampe, ba ne ba mpa ba sa utloisise thato ea Molimo.

E le hore re latele Jesu, re tlameha ho ba le moea oa boitelo

10 Batho ba bangata kajeno ba rata ho iqenehela kapa ho ja monakalali oa keboleloa. Ka kakaretso batho ba batla bolumeli bo lumellanang le maikutlo a bona le bo sa ba batleng lintho tse ngata. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba be le boikutlo bo fapaneng le boo ka ho feletseng. O ile a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso ’me a ’ne a ntatele.” (Mat. 16:24) Ho khetha ho latela Jesu ke khato e bohlale le e nepahetseng empa ha ho bonolo.

11. Barutuoa ba Tire ba ile ba bontša joang hore ba rata Pauluse ebile baa mo tšehetsa?

11 Ho e-s’o ee kae, Pauluse, Luka le ba bang ba ile ba lokela ho kena tseleng. Se ileng sa etsahala ha ba tsamaea se ama maikutlo. Se bontša kamoo bara ba bo rona ba Tire ba neng ba rata Pauluse kateng ba bile ba mo tšehetsa tšebeletsong ea hae. Banna, basali le bana ba ile ba felehetsa Pauluse le bo-mphato ba hae ho ea fihla lebopong. Kaofela ha bona ba ile ba khumama, ba rapela ’me ba arohana. Ka mor’a moo, Pauluse, Luka le bo-mphato ba bona ba ile ba palama sekepe se seng ’me ba fetela Ptolemaise, moo ba ileng ba kopana le bara ba bo rona ’me ba hlola letsatsi le bona.—Lik. 21:5-7.

12, 13. (a) Ke eng e bontšang hore Filipi o ne a sebelelitse ka botšepehi? (b) Filipi o behetse bo-ntate ba Bakreste mohlala o motle joang kajeno?

12 Ka mor’a moo, Luka o re Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba kena leetong le eang Sesarea. Ha ba fihla moo, ba ile ba “lula ha moevangeli Filipi.” a (Lik. 21:8) E tlameha ebe ba ile ba thaba ha ba bona Filipi. Lilemong tse ka bang 20 pele ho moo Jerusalema, baapostola ba ne ba ile ba mo khetha hore a hlokomele kabo ea lijo phuthehong ea Bakreste e neng e sa tsoa thehoa. Filipi o ne a qetile nako e telele a bolela litaba tse molemo ka cheseho. Hopola hore ha barutuoa ba hasana ka lebaka la mahloriso, Filipi o ile a ea Samaria ’me a qala ho bolela litaba tse molemo. Hamorao, o ile a bolella letona la Ethiopia litaba tse monate a ba a le kolobetsa. (Lik. 6:2-6; 8:4-13, 26-38) Ruri ke mohlala o motle oa ho sebeletsa ka botšepehi.

13 Filipi o ne a ntse a chesehela tšebeletso. O ne a se a lula Sesarea, ’me a ntse a chesehela mosebetsi oa boboleli, e leng se bontšoang ke Luka ha a re ke “moevangeli.” Hape re bolelloa hore o ne a se a e-na le barali ba bane ba profetang, e leng se bontšang hore ba ile ba latela mohlala oa ntat’a bona. b (Lik. 21:9) Kahoo, e tlameha ebe Filipi o ile a etsa sohle se matleng a hae ho thusa ba lelapa la hae hore ba rate Jehova. Kajeno bo-ntate ba Bakreste ba lokela ho latela mohlala oa hae, ba etelle pele tšebeletsong ’me ba thuse bana ba bona hore ba rate mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate.

14. E tlameha ebe ho ne ho etsahala’ng ha Pauluse a etetse balumeli-’moho le eena, hona ho etsahala se tšoanang joang kajeno?

14 Hohle moo Pauluse a neng a fihla teng o ne a batla balumeli-’moho le eena ’me a qeta nako le bona. Ha ho pelaelo hore bara ba bo rona ba ne ba labalabela ho amohela moromuoa enoa hammoho le bo-mphato’a hae. Ruri maeto a joalo a ne a etsa hore ‘ba khothatsane.’ (Bar. 1:11, 12) Ho etsahala se tšoanang le kajeno. U ka rua molemo o moholo ka ho amohela mopotolohi le mosali oa hae lapeng la hao ho sa tsotellehe hore na ke la boemo bo tlaase hakae.—Bar. 12:13.

‘Ke Itokiselitse ho Shoa’ (Liketso 21:10-14)

15, 16. Agabase o ile a tlisa molaetsa ofe, hona ba o utloileng ba ile ba ameha joang?

15 Ha Pauluse a ntse a lula ha Filipi, ho ile ha fihla moeti e mong ea hlomphehang e leng Agabase. Ba neng ba bokane ha Filipi ba ne ba tseba hore Agabase ke moprofeta hobane o ne a ile a profeta hore ho tla ba le tlala e kholo nakong ea puso ea Claudiase. (Lik. 11:27, 28) Mohlomong ba ne ba ipotsa: ‘Agabase o tl’o etsa’ng? O tlisitse molaetsa ofe?’ Ha ba ntse ba talimile ka hloko, o ile a nka sepache sa Pauluse se lulang thekeng seo motho a neng a ka tšela chelete le lintho tse ling ho sona. Sepache sena ne se entsoe ka lesela le lelelele le kang lebanta. Agabase o ile a itlama maoto le matsoho ka sona. Eaba oa bua. Molaetsa oa hae o ne o le bohloko: “Moea o halalelang o re, ‘Mong’a lebanta lena o tla fasoa tjena ke Bajuda Jerusalema ’me ba tla mo nehella batho ba lichaba.’”—Lik. 21:11.

16 Boprofeta bona bo ne bo tiisa hore Pauluse o tla ea Jerusalema. Bo ne bo boetse bo bontša hore “ba tla mo nehella batho ba lichaba.” ka lebaka la ho bolella Bajuda ba moo litaba tse monate. Batho ba neng ba le teng moo ba ile ba ameha maikutlo ha ba utloa boprofeta boo. Luka o re: “Ha re utloa litaba tsena, rona le batho ba neng ba le teng moo ra kopa Pauluse hore a se ke a ea Jerusalema. Joale Pauluse a re: ‘Ke hobane’ng ha le lla le bile le leka ho ’nyahamisa? Le tsebe hore ke itokiselitse ho koalloa le ho shoella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.’”—Lik. 21:12, 13.

17, 18. Pauluse o ile a bontša joang hore o ne a ikemiselitse ho tsamaea, hona bara ba bo rona ba ile ba ikutloa joang?

17 Nahana ka boemo bona, Luka le bara ba bang ba bo rona ba kopa Pauluse ka tieo hore a se ke a tsamaea. Ba bang ba a lla. A susumelitsoe ke kamoo ba amehileng ka eena kateng, ka mosa Pauluse o ba bolella hore ba ‘leka ho mo nyahamisa,’ kapa ba “utloisa pelo [ea hae] bohloko,” ho ea kamoo Libibele tse ling li fetolelang polelo ena ea Segerike kateng. Leha ho le joalo, o ile a ema a tiile ’me joalokaha ho ile ha etsahala ha a kopana le bara ba bo rona ba Tire, ha a lumelle hore ho lla le ho utloa bohloko ha bona ho mo ferekanye. Ho e-na le hoo, o ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho tsamaea. Ruri o ile a ba sebete ’me a bontša hore o ikemiselitse ho tsamaea joalokaha Jesu a ile a etsa pele ho moo, Pauluse o ne a ikemiselitse ho ea Jerusalema. (Baheb. 12:2) Ha se hore Pauluse o ne a batla ho shoela tumelo, empa haeba ho ne ho ka hlokahala o ne a tla thabela ho shoa ka lebaka la ho ba molateli oa Kreste Jesu.

18 Bara bao ba bo rona ba ile ba ikutloa joang? Ba ile ba bontša tlhompho. Bibele e re: “Ha re bona hore ha re khone ho fetola maikutlo a hae, ra tlohela ho mo phehella eaba re re: ‘Ho ke ho etsahale thato ea Jehova.’” (Lik. 21:14) Ba neng ba leka ho kholisa Pauluse hore a se ke a ea Jerusalema ha baa ka ba mo qobella hore a etse seo ba se batlang. Ho e-na le hoo, ka lebaka la ho hlokomela thato ea Jehova le ho e amohela, ba ile ba mo mamela eaba baa mo tlohela le hoja ho ne ho le thata. Pauluse o ne a khethile bophelo bo neng bo tla qetella ka hore a bolaoe. Ho ne ho tla ba bonolo hore Pauluse a tsamaee haeba batho ba mo ratang ba ne ba sa leke ho mo nyahamisa.

19. Se ileng sa etsahalla Pauluse se re ruta thuto efe ea bohlokoa?

19 Re ithuta thuto ea bohlokoa ho se ileng sa etsahalla Pauluse: Le ka mohla ha rea lokela ho nyahamisa ba bang ha ba tela lintho tse itseng e le hore ba ka khona ho sebeletsa Molimo haholoanyane. Sena se ka sebetsa le maemong a mangata eseng a amang lefu le bophelo feela. Ka mohlala, le hoja ho bile thata ho batsoali ba bangata ba Bakreste ha bana ba bona ba tloha lapeng ba il’o sebeletsa Jehova libakeng tse hole, batsoali bao ba ikemiselitse hore ba se ke ba nyahamisa bana ba bona. Phyllis, ea lulang Engelane, o hopola kamoo a ileng a ikutloa kateng ha morali oa hae ea mong e il’o ba moromuoa Afrika. Phyllis o re: “Ho ne ho le bohloko. Ke ne ke utloisoa bohloko ke hore o tla be a le hole. Ke ne ke sulafaletsoe empa ka nako e tšoanang ke le motlotlo. Ke ile ka rapella taba ena hangata. Ke ile ka ipolella hore ho tsoa ho eena ’me le ka mohla nke ke ka leka ho mo fetola. Etsoe ke ne ke hlile ke mo rutile hore a etelletse lintho tse amanang le ’Muso pele. E se e le lilemo tse 30 a sebeletsa linaheng tse ling ’me ke leboha Jehova kamehla hore ebe o sa ntse a tšepahala.” Kannete ke ntho e ntle ha re khothatsa balumeli-’moho le rona ba itetseng.

Ke ntho e ntle ho khothatsa balumeli-’moho le rona ba itetseng

“Bana ba bo Rona ba re Amohela ba Thabile” (Liketso 21:15-17)

20, 21. Ke eng e bontšang hore Pauluse o ne a batla ho ba le bara ba bo, hona ke hobane’ng ha a ne a batla ho ba le bona?

20 Ho ile ha etsoa litokisetso ’me Pauluse a tsoela pele ka leeto la hae a e-na le bara ba bo rona ba ileng ba bontša hore ba mo tšehetsa ka lipelo tsohle. Hohle moo Pauluse le bo-mphato ba hae ba neng ba fetang teng ha ba e-ea Jerusalema, ba ne ba batla ho ba le bara le barali ba bo bona ba Bakreste. Ha ba le Tire, ba ile ba fumana barutuoa ’me ba lula le bona matsatsi a supileng. Ha ba le Ptolemaise, ba ile ba lumelisa bara le barali ba bo bona ’me ba ba le bona letsatsi le le leng. Ha ba le Sesarea, ba ile ba lula lapeng la Filipi matsatsinyana. Ka mor’a moo barutuoa ba bang ba tsoang Sesarea ba ile ba felehetsa Pauluse le bo-mphato ba hae ho ea Jerusalema, moo ba ileng ba amoheloa ke Mnasone eo e neng e le khale e le morutuoa. Qetellong, Luka o re ha ba fihla Jerusalema “bana ba bo rona ba [ile ba ba] amohela ba thabile.”—Lik. 21:17.

21 Ho hlakile hore Pauluse o ne a batla ho ba le balumeli-’moho le eena. O ile a khothatsoa ke bara le barali ba bo joalokaha le rona ba re khothatsa kajeno. Ha ho pelaelo hore khothatso eo e ile ea matlafatsa Pauluse hore a tobane le bahanyetsi ba halefileng ba neng ba tla leka ho mo bolaea.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng “ Sesarea Motse-moholo oa Profinse ea Roma ea Judea.”

b Sheba lebokose la sehlooho se reng “ Na Basali ba ne ba ka Ruta ka Phuthehong Mehleng ea Baapostola?