Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 2

“Le Tla ba Lipaki Tsa Ka”

“Le Tla ba Lipaki Tsa Ka”

Kamoo Jesu a ileng a hlomella baapostola ba hae hore ba etelle pele mosebetsing oa boboleli

E Thehiloe ho Liketso 1:1-26

1-3. Ho etsahala eng ha Jesu a arohana le baapostola ba hae, hona ho hlaha lipotso life?

 E NE e se eka ba ke ke ba hlola ba arohana. Libeke tse fetileng e bile tse monate haholo ho baapostola! Ho tsoha ha Jesu bafung ho ba tsositse molota haholo. Jesu o ’nile a hlaha ho balateli ba hae ka matsatsi a 40, a ntse a ba ruta le ho ba khothatsa. Leha ho le joalo, kajeno ba mo bona la ho qetela.

2 Baapostola ba na le Jesu Thabeng ea Mehloaare, ’me ba mo mametse ka hloko. Ha a qeta ho bua le bona—e le moo ba ntseng ba lebeletse hore a tsoele pele—o phahamisa matsoho ’me oa ba hlohonolofatsa. Eaba o qala ho nyoloha! Balateli ba hae ba mo shebile ha a ntse a nyolohela leholimong. Qetellong, leru lea mo koahela ’me ha ba sa mo bona. O se a nyametse empa ba ntse ba shebile leholimong.—Luka 24:50; Lik. 1:9, 10.

3 Bophelo ba baapostola ba Jesu bo fetoha haholo ka mor’a ketsahalo ena. Ba tla etsa joang ha e le moo Mong’a bona, Jesu Kreste a se a nyolohetse leholimong? Ha ho pelaelo hore Mong’a bona o ba hlomeletse hore ba ntšetse pele mosebetsi oo a seng a o qalile. O ile a ba hlomella joang bakeng sa mosebetsi oo oa bohlokoa, hona ba ile ba etsa joang? See se ama Bakreste joang kajeno? Re fumana likarabo tse khothatsang khaolong ea pele ea Liketso.

“Litsela Tse Ngata Tse Pakang Hore oa Phela” (Liketso 1:1-5)

4. Luka o qala tlaleho ea hae ea Liketso joang?

4 Luka o qala tlaleho ea hae ka ho bua le Theofilase, e leng monna eo nakoana pele ho mona a ileng a mo ngolla Kosepele. a Ho bontša ka ho hlaka hore tlaleho ena e ntšetsa pele Kosepele ea hae, ka bokhutšoanyane Luka o qala ka ho bolela liketsahalo tse tlalehiloeng qetellong ea eona, a sebelisa mantsoe a sa tšoaneng a bile a akarelletsa lintlha tse ling.

5, 6. (a) Ke eng e tla thusa balateli ba Jesu hore ba lule ba e-na le tumelo e matla? (b) Ke joang tumelo ea Bakreste kajeno e thehiloeng ‘litseleng tse ngata tse pakang hore oa phela’?

5 Ke eng e tla etsa hore tumelo ea balateli ba Jesu e lule e le matla? Liketso 1:3 e re: “[Jesu] o ile a hlaha ho bona ka litsela tse ngata tse pakang hore oa phela.” Ka Bibeleng, ha ho mongoli e mong ea buang ka “litsela tse ngata tse pakang hore oa phela” haese Luka “ngaka e ratoang.” (Bakol. 4:14) Polelo ena e ne e sebelisoa ka har’a lingoliloeng tsa bongaka, ’me e bolela bopaki bo totobetseng, bo kholisang le ba ’nete. Jesu o ile a fana ka bopaki bo joalo. O ile a hlaha ho balateli ba hae ka makhetlo a mangata, ka linako tse ling e le ho a le mong kapa ba babeli, ka tse ling e le ho baapostola kaofela ’me ka lekhetlo le leng a hlaha ho balumeli ba fetang 500. (1 Bakor. 15:3-6) Na ho na le bopaki bo fetang boo?

6 Le kajeno tumelo ea Bakreste ba ’nete e thehiloe ‘litseleng tse ngata tse pakang hore oa phela.’ Na ho na le bopaki ba hore Jesu o ile a phela lefatšeng, a shoela libe tsa rona a ba a tsosoa bafung? Ka sebele bo teng! Litlaleho tsa ’nete ka Lentsoeng la Molimo tsa lipaki tse boneng ka mahlo li re fa bopaki bohle bo kholisang boo re bo hlokang. Ho ithuta litlaleho tsena le ho rapella thuso ea hore re sebelise seo re ithutang sona ho ka matlafatsa tumelo ea rona haholo. Hopola hore bopaki bona bo ka etsa hore motho a be le tumelo ea sebele ho e-na le ho lumela ntle ho bopaki bo lekaneng. Ho hlokahala hore motho a be le tumelo ea ’nete e le hore a fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.

7. Jesu o behetse balateli ba hae mohlala ofe oa ho ruta le ho bolela litaba tse monate?

7 Jesu o ne a boetse “a bua ka ’Muso oa Molimo.” Ka mohlala, o ile a hlalosa boprofeta bo neng bo bontša hore Mesia o tla utloa bohloko a be a shoe. (Luka 24:13-32, 46, 47) Ha Jesu a hlakisa mosebetsi oa hae e le Mesia, o ile a bua ka ’Muso oa Molimo, hobane e ne e le Morena ea Khethiloeng. Jesu o ne a bua haholo ka ’Muso boboleling ba hae, ’me le balateli ba hae kajeno ba etsa se tšoanang.—Mat. 24:14; Luka 4:43.

“Le Karolong e Hole-hole ea Lefatše” (Liketso 1:6-12)

8, 9. (a) Baapostola ba Jesu ba ne ba e-na le likhopolo life tse peli tse fosahetseng? (b) Jesu o ile a lokisa monahano oa baapostola ba hae joang, ’me Bakreste ba ithuta eng ho see kajeno?

8 Ha baapostola ba le Thabeng ea Mehloaare, e ne e le lekhetlo la ho qetela ba e-na le Jesu lefatšeng. Ba ile ba mo botsa ka thahasello, ba re: “Morena, na u tl’o khutlisetsa ’muso ho Iseraele hona joale?” (Lik. 1:6) Ka potso ena e le ’ngoe, baapostola ba ile ba itšenola hore ba na le likhopolo tse peli tse fosahetseng. Ea pele, ba ne ba nahana hore ’Muso oa Molimo o tla khutlisetsoa sechabeng sa Iseraele ea nama. Ea bobeli, ba ne ba lebeletse hore ’Muso oo o tšepisitsoeng o qale ho busa hang-hang, “hona joale.” Jesu o ile a ba thusa joang hore ba fetole tsela eo ba neng ba nahana ka eona?

9 Ho ka etsahala hore Jesu o ne a tseba hore khopolo ea pele e ne e tla tloha e lokisoa. Ha e le hantle, balateli ba hae ba ne ba le haufi le ho bona ha sechaba se secha sa Iseraele ea moea se tsoaloa, matsatsi a leshome feela ka mor’a moo! Haufinyane Molimo o ne a se a ke ke a hlola a sebelisana le sechaba sa Baiseraele ba nama. Tabeng ea khopolo ea bobeli, Jesu o ile a ba hopotsa ka mosa, a re: “Ha se taba ea lona ho tseba linako tse taolong ea Ntate.” (Lik. 1:7) Jehova o etsa lintho ka nako eo a e behileng. Pele Jesu a shoa, o ile a bolela hore ka nako eo, esita le Mora o ne a sa tsebe “letsatsi leo kapa hora” eo bofelo bo tla tla ka eona empa e ne e tsejoa ke “Ntate feela.” (Mat. 24:36) Le kajeno, haeba Bakreste ba ameha ka ho feteletseng ka hore na lefatše le tla fela neng, ha e le hantle ba itšoenya ka ntho e sa ba tlamang.

10. Re lokela ho ikitlaelletsa ho ba le boikutlo bofe bo tšoanang le ba baapostola, hona hobane’ng?

10 Leha ho le joalo, ha rea lokela ho eisa baapostola ba Jesu, kaha e ne e le banna ba nang le tumelo e matla. Ka boikokobetso ba ile ba amohela khalemelo. Ho feta moo, le hoja potso ea bona e ne e bakoa ke monahano o fosahetseng, e ne e boetse e bontša hore ba na le boikutlo bo botle. Jesu o ne a atisa ho khothatsa balateli ba hae, a re: “Le lule le falimehile.” (Mat. 24:42; 25:13; 26:41) Ba ne ba falimehile moeeng, ’me ba labalabela ho bona liketsahalo tse bontšang hore Jehova o se a tla nka khato. Bona ke boikutlo boo ho hlokahalang hore re be le bona kajeno. Ha e le hantle, ‘mehla ea bofelo’ e seng e le sehlohlolong e etsa hore ho be bohlokoa le ho feta hore re etse joalo.—2 Tim. 3:1-5.

11, 12. (a) Jesu o ile a fa balateli ba hae mosebetsi ofe? (b) Ke hobane’ng ha ho utloahala hore ebe Jesu o ile a bua ka moea o halalelang ha a bua ka mosebetsi oa boboleli?

11 Jesu o ile a hopotsa baapostola ba hae hore na ba lokela ho ameha ka eng haholo-holo. O ile a re: “Ha le fumana moea o halalelang, le tla ba le matla ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Litaba tsa hore Jesu o tsositsoe bafung li ne li tla boleloa Jerusalema pele, e leng moo a ileng a bolaeloa teng. Ho tloha moo, li ne li tla boleloa Judea eohle le Samaria le libakeng tse hole.

12 Hoa utloahala hore Jesu o qalile ho bua ka mosebetsi oa boboleli ka mor’a hore a boele a ba tšepise hore o tla ba romela moea o halalelang. Lena ke le leng la makhetlo a fetang 40 ao poleloana e reng “moea o halalelang” e hlahang bukeng ea Liketso. Khafetsa, buka ena e thahasellisang ea Bibele e bontša hore re ke ke ra etsa thato ea Jehova ntle ho thuso ea moea o halalelang. Ke habohlokoa hakaakang hore re rapelle moea oo kamehla! (Luka 11:13) Hona joale re o hloka ho feta leha e le neng pele.

13. Mosebetsi oa boboleli oo batho ba Molimo ba o filoeng kajeno o namme hakae, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ikakhela ka setotsoana ho oona?

13 Libaka tseo mehleng eo li neng li nkoa e le ‘karolo e hole-hole ea lefatše,’ ha li sa nkoa joalo kajeno. Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, Lipaki Tsa Jehova li amohetse mosebetsi ona oa ho paka ka pelo eohle, li tseba hore Molimo o batla hore batho ba mefuta eohle ba utloe litaba tse monate tsa ’Muso. (1 Tim. 2:3, 4) Na u ikakhela ka setotsoana mosebetsing oo o pholosang batho? Ha ho moo u ka fumanang mosebetsi o khotsofatsang le o thabisang ho feta ona! Jehova o tla u fa matla ao u a hlokang hore u o etse. Buka ea Liketso e tla u hlahlella mabapi le mekhoa e nepahetseng eo u ka e sebelisang le boikutlo boo u lokelang ho ba le bona e le hore u atlehe mosebetsing ona.

14, 15. (a) Mangeloi a ile a re Kreste o tla khutla joang, ’me a ne a bolela’ng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Ke joang ho khutla ha Kreste ho ileng ha e-ba “ka mokhoa o tšoanang” le ho tsamaea ha hae?

14 Joalokaha ho boletsoe qalong ea khaolo ena, Jesu o ile a nyolohela leholimong eaba ha a sa bonahala. Leha ho le joalo, baapostola ba 11 ba ile ba ’na ba ema moo ba shebile leholimong. Qetellong, ho ile ha hlaha mangeloi a mabeli ’me a ba khalemela ka bonolo, a re: “Banna ba Galilea, ke hobane’ng ha le eme le shebile leholimong? Jesu ea tlohileng ho lona a isoa leholimong o tla tla ka mokhoa o tšoanang le oo le boneng a ea leholimong ka oona.” (Lik. 1:11) Na mangeloi a ne a bolela hore Jesu o tla khutla ka oona ’mele oo, joalokaha malumeli a mang a ruta seo? Che, a ne a sa bolele seo. Re tseba joang?

15 Mangeloi ha aa ka a re Jesu o tla khutla ka sebopeho se tšoanang, empa a itse o tla khutla “ka mokhoa o tšoanang.” b O ile a tsamaea ka mokhoa ofe? Ha mangeloi a bua, o ne a se a sa bonahale. Ke banna bao ba seng bakae feela, e leng baapostola, ba ileng ba lemoha hore Jesu ha a sa le eo lefatšeng ’me o tseleng o ea ho Ntate oa hae leholimong. Kreste o ne a tla khutla ka mokhoa o tšoanang le oo. Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Kajeno ba nang le kutloisiso ea moea ke bona feela ba lemohang hore Jesu o se a le teng ’me o qalile ho busa. (Luka 17:20) Ho hlokahala hore re lemohe bopaki ba hore o teng ’me re bolelle ba bang e le hore le bona ba ka bona hore nako e se e lekane motinyane.

Re Kopa U re Bontše . . . eo U mo Khethileng” (Liketso 1:13-26)

16-18. (a) Re ithuta eng ho Liketso 1:13, 14, mabapi le liboka tsa Bakreste tsa borapeli? (b) Re ithuta eng mohlaleng oa Maria, ’mè oa Jesu? (c) Ke hobane’ng ha liboka tsa Bakreste e le tsa bohlokoa kajeno?

16 Hoa utloahala hore baapostola ba ile “ba khutlela Jerusalema ba thabile haholo.” (Luka 24:52) Leha ho le joalo, ba ne ba tla amohela tataiso le litaelo tsa Kreste joang? Liketso khaolo ea 1, temana ea 13 le 14, e re ba ne ba bokane ka “kamoreng e ka holimo,” ’me re ithuta lintlha tse thahasellisang ka liboka tse joalo. Ka nako eo, matlo a Palestina a ne a e-na le kamore e ka holimo, eo ho nyoloheloang ho eona ka litepisi tse ka ntle. Na ho ka etsahala hore ‘kamore eo e ka holimo’ e ne e le ea ntlo ea ’mè oa Mareka e boletsoeng ho Liketso 12:12? Ho sa tsotellehe hore ke efe, ho ka etsahala hore kamore ena e ne e le sebaka se itekanetseng seo balateli ba Kreste ba neng ba kopanela ho sona. Empa ke bo-mang ba neng ba le teng sebokeng seo, ’me ba ne ba etsa’ng?

17 Hlokomela hore e ne e se baapostola kapa banna feela ba neng ba le teng sebokeng sena. “Basali ba bang” ba akhang Maria, ’mè oa Jesu ba ne ba le teng. Lena ke lekhetlo la ho qetela ho buuoa ka eena ka ho toba ka Bibeleng. Ho loketse ho nahana hore o ne a le boemong boo, a sa batle ho hlahella, empa ka boikokobetso a ile sebokeng ho ea rapela le bara le barali babo ba moea. E tlameha ebe o ile a tšelisoa ke ho ba ’moho le bara ba bang ba hae ba bane, bao e neng e se balumeli ha Jesu a sa phela. (Mat. 13:55; Joh. 7:5) Ba ile ba fetoha ka mor’a lefu la ngoan’abo bona.—1 Bakor. 15:7.

18 Hape, hlokomela lebaka leo barutuoa bana ba neng ba bokane ka lona: “Kaofela ha bona ba ne ba rapela kamehla ba momahane.” (Lik. 1:14) Ho bokana hammoho haesale e le habohlokoa borapeling ba Bakreste. Re bokana bakeng sa ho khothatsana, ho lauoa le ho eletsoa, ’me ka holim’a tsohle, bakeng sa ho rapela Ntate oa rona ea leholimong, Jehova. Lithapelo tseo re li etsang ka nako eo hammoho le lipina tsa thoriso li mo thabisa haholo ’me ke tsa bohlokoa ho rona. E se eka le ka mohla re ke ke ra tlohela ho ba teng lipokanong tsena tse halalelang le tse hahang!—Baheb. 10:24, 25.

19-21. (a) Re ithuta eng tseleng eo Petrose a ileng a ikakhela ka setotsoana ka eona mesebetsing ea phutheho? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Judase a nkeloe sebaka ke e mong, ’me re ka ithuta eng tseleng eo taba ee e ileng ea sebetsoa ka eona?

19 Ka nako eo, ho ile ha hlaha taba ea bohlokoa eo balateli bao ba Kreste ba ileng ba lokela ho sebetsana le eona, ’me moapostola Petrose a etella pele ha e sebetsoa. (Temana ea 15-26) Na ha ho khothatse ho hlokomela kamoo Petrose a ileng a hatela pele kateng libekeng tse seng kae ho tloha ha a latola Morena oa hae ka makhetlo a mararo? (Mar. 14:72) Bohle re sekametse sebeng, ’me ho hlokahala re hopotsoe hore Jehova ‘o molemo ebile o ikemiselitse ho tšoarela’ ba bakang e le kannete.—Pes. 86:5.

20 Petrose o ile a lemoha hore sebaka sa Judase, e leng moapostola ea neng a ekile Jesu, se lokela ho nkoa ke e mong. Empa e ne e tla ba mang? Moapostola eo e mocha e lokela ho ba ea ileng a latela Jesu tšebeletsong eohle ea hae a ba a bona le tsoho ea hae. (Lik. 1:21, 22) Sena se ne se lumellana le tšepiso eo Jesu a ileng a e etsa ha a re: “Lona ba ntatetseng le tla lula literoneng tse 12, le ahlole meloko e 12 ea Iseraele.” (Mat. 19:28) Ho bonahala hore Jehova o ne a rerile hore baapostola ba 12 ba ileng ba latela Jesu ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng e be “majoe a motheo a 12” ao e tla ba karolo ea Jerusalema e Ncha. (Tšen. 21:2, 14) Kahoo, Molimo o ile a etsa hore Petrose a lemohe hore boprofeta bo reng, “Mosebetsi oa hae oa ho ba molebeli o ke o nkoe ke motho e mong” bo phethahala ho Judase.—Pes. 109:8.

21 Ba ile ba mo khetha joang? Ka ho lahla lotho, e leng mokhoa o neng o tloaelehile mehleng ea ho ngoloa ha Bibele. (Liprov. 16:33) Leha ho le joalo, lena ke lekhetlo la ho qetela leo ka lona Bibele e bontšang lotho e sebelisoa ka tsela ena. Ho hlakile hore mokhoa ona o ile oa fela hamorao ha barutuoa ba tlotsoa ka moea o halalelang. Empa hlokomela hore na lotho e ne e sebelisoa ka lebaka lefe. Baapostola ba ile ba rapela, ba re: “Jehova, u tseba lipelo tsa batho bohle. Re kopa u re bontše hore na ho banna bana ba babeli ke ofe eo u mo khethileng.” (Lik. 1:23, 24) Ba ne ba batla hore motho eo a khethoe ke Jehova. Ho ile ha khethoa Mathiase, eo mohlomong e neng e le e mong oa barutuoa ba 70 bao Jesu a ileng a ba roma hore ba e’o bolela litaba tse monate. Kahoo, Mathiase e ile ea e-ba e mong oa “ba 12.” cLik. 6:2.

22, 23. Ke hobane’ng ha re lokela ho ipeha tlaase le ho ikokobelletsa ba eteletseng pele ka phuthehong kajeno?

22 Taba ena e re hopotsa bohlokoa ba hore ho be le tlhophiso ka har’a batho ba Molimo. Le kajeno, ho khethoa banna ba ikarabellang hore e be balebeli ka phuthehong. Baholo ba hlahloba ka hloko hore na balebeli ba joalo baa tšoaneleha ho latela Mangolo, ebe ba rapella tataiso ea moea o halalelang. Kahoo, phutheho e nka hore banna ba joalo ba khethiloe ke moea o halalelang. Re lula re ipehile tlaase ’me re ikokobelelitse bona ha ba re etella pele, ’me sena se etsa hore re sebelisane ’moho ka phuthehong.—Baheb. 13:17.

Re lula re ipehile tlaase ’me re ikokobelelitse balebeli ba khethiloeng ha ba re etella pele

23 Kaha barutuoa bao ba ne ba matlafalitsoe ke tsoho ea Jesu le liphetoho tse ileng tsa etsoa ka phuthehong, ba ne ba hlomeletsoe bakeng sa se larileng ka pele. Khaolo e latelang e tla tšohla ketsahalo eo ea bohlokoa.

a Kosepeleng ea hae, Luka o re monna enoa ke “mohlomphehi Theofilase,” e leng se etsang hore ba bang ba nahane hore mohlomong Theofilase e ne e le motho ea hlaheletseng eo e neng e e-s’o be molumeli. (Luka 1:3) Leha ho le joalo, mona ho Liketso, Luka o re feela ho eena, “Theofilase.” Litsebi tse ling li nahana hore Theofilase e ile ea e-ba molumeli ka mor’a ho bala Kosepele ea Luka kahoo, li re Luka ha a sa mo bitsa ka tlotla ea hae empa o se a mo ngolla e le mor’abo oa moea.

b Mona Bibele e sebelisa lentsoe la Segerike troʹpos, le bolelang “mokhoa,” eseng mor·pheʹ, le bolelang “sebopeho.”

c Hamorao Pauluse o ile a khethoa hore e be “moapostola ea ronngoeng [ho lichaba]” empa ha ho mohla a kileng a balelloa ho ba 12. (Bar. 11:13; 1 Bakor. 15:4-8) O ne a sa latela Jesu ha a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, kahoo o ne a sa tšoanelehe ho fuoa tlotla eo e khethehileng.