Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 5

“Molimo ke Eena ’Musi oa Rona, re Tla Mamela Eena”

“Molimo ke Eena ’Musi oa Rona, re Tla Mamela Eena”

Baapostola ba behela Bakreste bohle ba ’nete mohlala

E Thehiloe ho Liketso 5:12–6:7

1-3. (a) Ke hobane’ng ha baapostola ba tlisitsoe ka pel’a lekhotla, ’me ha e le hantle taba-taba ke efe? (b) Ke hobane’ng ha re thahasella haholo khato eo baapostola ba ileng ba e nka?

 BAAHLOLI ba Lekhotla le Phahameng la Bajuda ba tuka ke bohale! Baapostola ba Jesu ba tlisitsoe ka pel’a lekhotla lena le phahameng. Molato? Josefa Kaifase, e leng moprista ea phahameng le mookameli oa lekhotla, o bua le bona a tiisitse lentsoe o re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ’na la ruta batho ka lebitso lena.” Mookameli enoa ea halefileng ha a batle le ho bitsa lebitso la Jesu. Kaifase o tsoela pele o re: “Empa lona le tlatsitse Jerusalema thuto ea lona ’me le batla ho re jarisa molato oa lefu la motho enoa.” (Lik. 5:28) Taba ea hae e hlakile: Khaotsang ho bolela—ho seng joalo le tla bona ha pela li falla!

2 Baapostola ba tla etsa joang? Jesu ke eena ea ba fileng mosebetsi oa ho bolela, ’me o filoe matla ke Molimo. (Mat. 28:18-20) Na baapostola ba tla tšaba batho ’me ba khaotse ho bolela? Kapa ba tla ba sebete ho ema ba tiile le ho tsoela pele ba bolela? Taba-taba ke hore na ba tla mamela Molimo kapa batho. Hang-hang, moapostola Petrose o buella baapostola ba bang kaofela. O bua ka sebete a sa hlathe koana le koana.

3 Kaha re Bakreste ba ’nete, re thahasella haholo seo baapostola ba ileng ba se etsa ha lekhotla le ba sokela. Le rona re filoe mosebetsi oa ho bolela. Ha re etsa mosebetsi ona oo re o filoeng ke Molimo, le rona re ka ’na ra hanyetsoa. (Mat. 10:22) Bahanyetsi ba ka ’na ba leka ho re khina mosebetsing oa rona kapa ba o thibela. Re tla etsa joang? Re ka rua molemo ka ho hlahloba khato eo baapostola ba ileng ba e nka le maemo a ileng a etsa hore ba qetelle ba qositsoe ka pel’a lekhotla. a

“Lengeloi la Jehova la Bula Menyako” (Liketso 5:12-21a)

4, 5. Ke hobane’ng ha Kaifase le Basaduse ba ile “ba tlala mona”?

4 Hopola hore ka lekhetlo la pele ha Petrose le Johanne ba laeloa hore ba khaotse ho etsa mosebetsi oa ho bolela, ba ile ba re: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:20) Ka mor’a ho isoa lekhotleng, Petrose le Johanne, hammoho le baapostola ba bang, ba ile ba tsoela pele ba bolela tempeleng. Baapostola ba ile ba etsa lipontšo tse kholo, tse kang ho phekola ba kulang le ho leleka bademona. Ba ile ba li etsa “Phasejeng ea Solomone,” e karolong e ka bochabela ea tempele, moo Bajuda ba bangata ba neng ba bokana teng. Batho ba ne ba fola ha seriti sa Petrose se oela holim’a bona! Ba bangata ba ileng ba folisoa ba ile ba amohela lentsoe la Molimo la ’nete. Ka lebaka leo, “palo ea banna le basali ba lumelang ho Morena ea eketseha haholo.”—Lik. 5:12-15.

5 Kaifase le lequloana la Basaduse, leo e neng e le setho sa lona, “ba tlala mona” eaba ba kenya baapostola teronkong. (Lik. 5:17, 18) Ke hobane’ng ha Basaduse ba ne ba halefile? Baapostola ba ne ba ruta hore Jesu o tsositsoe bafung, leha ho le joalo, Basaduse ba ne ba sa lumele tsohong ea bafu. Baapostola ba ne ba bolela hore motho a ka bolokoa feela ka ho lumela ho Jesu, empa Basaduse ba ne ba tšaba hore ba tla hlaseloa ke Baroma haeba batho ba nka hore Jesu ke Moeta-pele oa bona. (Joh. 11:48) Hase feela Basaduse ba neng ba ikemiselitse ho koala baapostola molomo!

6. Kajeno ke bo-mang ba ka sehloohong ba hlohlelletsang hore bahlanka ba Jehova ba hlorisoe, ’me ke hobane’ng ha see se sa re makatse?

6 Le kajeno, batho ba bolumeli ke bona ba ka sehloohong ba hlohlelletsang hore bahlanka ba Jehova ba hlorisoe. Hangata ba leka ho sebelisa tšusumetso eo ba nang le eona mebusong le mecheng ea litaba ho etsa hore re khaotse mosebetsi oa rona oa ho bolela litaba tse monate. Na see se lokela ho re makatsa? Che. Molaetsa oa rona o pepesa bolumeli ba bohata. Ha batho ba lipelo li ntle ba amohela linnete tsa Bibele, ba lokolloa litumelong le mekhoeng e sa lumellaneng le Mangolo. (Joh. 8:32) Kahoo, ha ho makatse hore ebe hangata molaetsa oa rona o susumelletsa baeta-pele ba bolumeli hore ba tlale lehloeo.

7, 8. Ha ho pelaelo hore taelo ea lengeloi e ile ea etsa hore baapostola ba ikutloe joang, ’me re lokela ho ipotsa potso efe?

7 Ha baapostola ba lutse teronkong ba emetse hore nyeoe ea bona e kene, ho ka etsahala hore ba ne ba ipotsa hore na ebe lira tsa bona li tla ba bolaea ka lebaka la tumelo ea bona. (Mat. 24:9) Empa bosiu ho ile ha etsahala mohlolo—“lengeloi la Jehova la bula menyako ea teronko.” b (Lik. 5:19) Eaba lengeloi leo le ba fa taelo e hlakileng, le re: “E-eang ka tempeleng, le ’ne le bolelle sechaba molaetsa oa bophelo.” (Lik. 5:20) Mohlomong taelo ena e ile ea kholisa baapostola hore ba ne ba etsa se nepahetseng. Hape, mohlomong mantsoe a lengeloi leo a ile a ba matlafatsa hore ba lule ba tiile ho sa tsotellehe se etsahalang. Ka tumelo e tiileng le ka sebete, baapostola “ba ea tempeleng esale hoseng ho ea ruta.”—Lik. 5:21.

8 E mong le e mong oa rona o lokela ho ipotsa, ‘Na ke ne ke tla ba le tumelo le sebete se hlokahalang hore ke tsoele pele ho bolela litaba tse monate maemong a joalo?’ Ho tseba hore mangeloi aa re tšehetsa le ho re tataisa mosebetsing ona oa bohlokoa oa ho ‘fana ka bopaki bo hlakileng ka ’Muso oa Molimo’ hoa re matlafatsa.—Lik. 28:23; Tšen. 14:6, 7.

“Molimo ke Eena ’Musi oa Rona, re Tla Mamela Eena Eseng Batho” (Liketso 5:21b-33)

“Ba ba tlisa ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda.”—Liketso 5:27

9-11. Baapostola ba ile ba re’ng ha lekhotla le ba laela hore ba khaotse ho bolela, ’me see se ile sa behela Bakreste ba ’nete mohlala ofe?

9 Kaifase le baahloli ba bang ba lekhotla ba ne ba se ba itokiselitse ho sebetsana le baapostola. Kaha lekhotla le ne le sa tsebe se etsahetseng teronkong, le ile la romela balaoli hore ba e’o lata batšoaruoa. Nahana kamoo balaoli bao ba ileng ba makala kateng ha ba fumana batšoaruoa ba le sieo, le hoja teronko e ne e “koetsoe ka thata le balebeli ba eme menyako.” (Lik. 5:23) Ka potlako motsamaisi oa tempele o ile a tseba hore baapostola ba khutletse tempeleng, ba paka ka Jesu Kreste—e leng oona mosebetsi oo ba neng ba kentsoe teronkong ka lebaka la oona! Ka potlako motsamaisi le balaoli ba ile ba ea tempeleng ho ea lata batšoaruoa bao le ho ba isa ka pel’a lekhotla.

10 Joalokaha ho boletsoe qalong ea khaolo ena, baeta-pele ba bolumeli ba halefileng ba ile ba bolella baapostola ba sa hlathe koana le koana hore ba khaotse ho bolela. Baapostola ba ile ba re’ng? Petrose o ile a ba buella, ’me ka sebete a re: “Molimo ke eena ’musi oa rona, re tla mamela eena eseng batho.” (Lik. 5:29) Kahoo, baapostola ba ile ba behela Bakreste bohle ba ’nete mohlala. Ha rea lokela ho mamela babusi haeba ba re thibela ho etsa seo Molimo a se hlokang kapa ba batla hore re etse seo Molimo a se thibelang. Kahoo, mehleng ea rona haeba “balaoli ba phahameng” ba thibela mosebetsi oa rona oa ho paka, re ke ke ra khaotsa ho etsa mosebetsi oo re o filoeng ke Molimo oa ho bolela litaba tse monate. (Bar. 13:1) Ho e-na le hoo, re tla batla litsela tse bohlale tsa ho tsoela pele re paka ka ’Muso oa Molimo.

11 Ha ho makatse hore ebe karabo e sebete ea baapostola e ile ea halefisa baahloli hoo ba ileng ba e-ba mabifi. Ba ne ba ikemiselitse ‘ho bolaea’ baapostola. (Lik. 5:33) Ho ne ho se pelaelo hore lipaki tseo tse sebete le tse chesehang li ne li tla bolaeloa tumelo ea tsona. Leha ho le joalo, li ne li tla lopolloa ka tsela e sa tloaelehang!

“Le ke ke la Khona ho ba Hlola” (Liketso 5:34-42)

12, 13. (a) Gamaliele o ile a fa basebetsi-’moho le eena keletso efe, ’me ba ile ba etsa’ng? (b) Jehova a ka ’na a lopolla batho ba hae joang kajeno, ’me re ka kholiseha ka eng haeba a lumella hore re ‘utloe bohloko hobane re etsa lintho tse lokileng’?

12 Gamaliele, “mosuoe oa Molao ea hlomphuoang ke batho bohle,” o ile a bua. c E tlameha ebe moahloli enoa o ne a hlomphuoa haholo ke basebetsi-’moho le eena hobane ke eena ea ileng a etella pele, a ba a “laela hore [baapostola] ba isoe ka ntle ka nakoana.” (Lik. 5:34) Gamaliele o ile a bolela mehlala e fetileng ea lihlopha tse ileng tsa cheseha empa tsa nyamela ka potlako ha baeta-pele ba tsona ba shoa, ’me a ipiletsa ho lekhotla mabapi le baapostola bao Moeta-pele oa bona Jesu a neng a sa tsoa shoa, hore le se ke la ba fella pelo le ba mamelle. Gamaliele o ile a ba behela mabaka a matla, a re: “Le se ke la kena-kenana le banna bana, le ba tlohele. Haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke oa batho, o ke ke oa atleha empa haeba ke oa Molimo, le ke ke la khona ho ba hlola. Ho seng joalo le ka iphumana le loantša Molimo.” (Lik. 5:38, 39) Baahloli ba ile ba mamela keletso ea hae. Leha ho le joalo, ba ile ba shapa baapostola ’me ba ba laela hore “ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu.”—Lik. 5:40.

13 Le kajeno, Jehova a ka ’na a sebelisa banna ba hlaheletseng joaloka Gamaliele hore ba buelle batho ba Hae. (Liprov. 21:1) Jehova a ka sebelisa moea oa hae ho susumetsa babusi ba matla, baahloli kapa ba etsang melao hore ba etse seo a se batlang. (Neh. 2:4-8) Empa haeba a ka lumella hore re ‘utloe bohloko hobane re etsa lintho tse lokileng,’ re ka kholiseha ka lintho tse peli. (1 Pet. 3:14) Ea pele, Molimo a ka re fa matla a ho mamella. (1 Bakor. 10:13) Ea bobeli, bahanyetsi ‘ba ke ke ba khona ho hlola’ mosebetsi oa Molimo.—Esa. 54:17.

14, 15. (a) Baapostola ba ile ba etsa joang ha ba qeta ho shapuoa, hona e le ka lebaka lefe? (b) Bolela phihlelo e bontšang hore batho ba Jehova ba mamella ka thabo.

14 Na baapostola ba ile ba nyahama kapa ba khoehlisa kahobane ba shapuoe? Le letho! Ba ile “ba tloha khotla ba thabile.” (Lik. 5:41) ‘Ba thabetse’ng’? Ka sebele ba ne ba sa thabisoa ke bohloko ba ho shapuoa. Ba ne ba thabile hobane ba tseba hore ba hloriselitsoe ho tšepahala ho Jehova le ho tsamaea mehatong ea Jesu ea ba behetseng mohlala.—Mat. 5:11, 12.

15 Joaloka barab’abo rona ba lekholong la pele la lilemo, re mamella ka thabo ha re utloisoa bohloko ka lebaka la litaba tse monate. (1 Pet. 4:12-14) Che, ha re thabele ho sokeloa, ho hlorisoa kapa ho kenngoa teronkong. Empa re khotsofatsoa ke hore ebe re tšepahetse. Ka mohlala, nahana ka Henryk Dornik, ea ileng a mamella ho tšoaroa ka sehloho ka lilemo tse ngata ke mebuso e hatellang. O sa hopola hore ka August 1944, ba boholong ba ile ba etsa qeto ea ho mo romela kampong ea mahloriso hammoho le mor’abo. Bahanyetsi bao ba ile ba re: “Ba hlooho li thata. Ba khahloa ke ho shoela tumelo.” Mor’abo rona Dornik o re: “Le hoja ke ne ke sa khahloe ke ho shoela tumelo, ke ne ke thabela hore ka lebaka la botšepehi ba ka ho Jehova, ke utloa bohloko ka sebete le ka seriti.”—Jak. 1:2-4.

Re bolela litaba tse monate “ka ntlo le ntlo” joaloka baapostola

16. Baapostola ba ile ba bontša joang hore ba ikemiselitse ho paka ka ho phethahetseng, hona re ka latela mokhoa oo joang?

16 Baapostola ba ile ba qalella hang-hang mosebetsing oa bona oa ho paka. Ka sebete ba ile ba tsoela pele “ba ea tempeleng le ka ntlo le ntlo letsatsi le leng le le leng” ka mosebetsi oa “ho bolella batho litaba tse monate ka Kreste.” d (Lik. 5:42) Baboleli bana ba sebete ba ne ba ikemiselitse ho paka ka ho phethahetseng. Hlokomela hore ba ile ba isa molaetsa malapeng a batho joalokaha Jesu Kreste a ba laetse. (Mat. 10:7, 11-14) Ha ho pelaelo hore sena ke sona se ileng sa etsa hore ba tlatse Jerusalema ka thuto ea bona. Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li tsejoa ka ho latela mokhoa oo oa baapostola oa ho ruta. Ha re kena ntlong e ’ngoe le e ’ngoe tšimong ea rona, re bontša hore le rona re batla ho fana ka bopaki bo hlakileng, re fe e mong le e mong monyetla oa ho utloa litaba tse monate. Na Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa rona oa ntlo le ntlo? Ka sebele ho joalo! Batho ba limilione ba amohetse molaetsa oa ’Muso nakong ena ea bofelo, ’me ba bangata ba utloile litaba tse monate ka lekhetlo la pele ha Paki e ba etela.

Banna ba Tšoanelehang ho Hlokomela ‘Mosebetsi oa Bohlokoa’ (Liketso 6:1-6)

17-19. Ho ile ha hlaha bothata bofe bo bakang karohano, hona baapostola ba ile ba laela hore bo rarolloe joang?

17 Ho ne ho e-na le kotsi e hlahang ka hare e khukhunelang phutheho ena e sa tsoa thehoa. E ne e le kotsi efe? Bongata ba barutuoa ba kolobetsoang e ne e le baeti ba tlileng Jerusalema ba neng ba batla ho ithuta ho eketsehileng pele ba khutlela hae. Barutuoa ba lulang Jerusalema ba ile ba ithaopela ho ntša menehelo bakeng sa ho ba fumanela lijo le lintho tse ling. (Lik. 2:44-46; 4:34-37) Ka nako ena, ho ile ha hlaha boemo bo ileng ba baka tsitsipano. Bahlolohali ba buang Segerike “ba ne ba tlolisoa mahlo letsatsi le leng le le leng ha ho fanoa” ka lijo. (Lik. 6:1) Leha ho le joalo, bahlolohali ba buang Seheberu ba ne ba sa hlokomolohuoe. Kahoo, ho bonahala bothata e ne e le khethollo, ’me ho bonolo hore khethollo e bake karohano e kholo.

18 Baapostola, bao e neng e le sehlopha se busang sa phutheho eo e ntseng e hola, ba ile ba hlokomela hore ha ho hlokahale hore ba ‘emise ho ruta lentsoe la Molimo e le hore ba abe lijo.’ (Lik. 6:2) E le ho rarolla bothata boo, ba ile ba laela barutuoa hore ba batle banna ba supileng “ba bohlale le ba tletseng moea o halalelang” bao baapostola ba neng ba ka ba khetha hore ba okamele “mosebetsi ona oa bohlokoa.” (Lik. 6:3) Ho ne ho hlokahala banna ba tšoanelehang hobane mohlomong mosebetsi oo e ne e se feela oa ho aba lijo empa le ho tšoara lichelete, ho reka thepa le ho boloka litlaleho ka hloko. Banna bohle ba khethiloeng ba ne ba e-na le mabitso a Segerike, e leng seo mohlomong se ileng sa etsa hore ba amohelehe ho bahlolohali bao ba utloileng bohloko. Baapostola ba ile ba nahana ka banna bao ba bueletsoeng, ’me ba rapella taba eo, eaba ka mor’a moo ba khetha ba supileng hore ba hlokomele “mosebetsi ona oa bohlokoa.” e

19 Na ho hlokomela kabo ea lijo ho ne ho bolela hore banna bao ba supileng ba khethiloeng ba ne ba se ba sa lebelloa ho bolela litaba tse monate? Che! E mong oa bona ke Setefane, ea ileng a bontša ka ho hlaka hore ke paki e sebete le e matla. (Lik. 6:8-10) Filipi le eena e ne e le e mong oa bona, ’me o bitsoa “moevangeli.” (Lik. 21:8) Kahoo, ho hlakile hore banna bao ba supileng ha baa ka ba khaotsa ho ba baboleli ba ’Muso ba mafolofolo.

20. Ke joang batho ba Molimo kajeno ba latelang mohlala oa baapostola?

20 Batho ba Jehova kajeno ba latela mohlala oa baapostola. Banna ba buelloang hore ba be le boikarabelo ka phuthehong ba lokela ho bontša bohlale ba bomolimo ’me ba bontše hore moea o halalelang o sebetsa ho bona. Ka tataiso ea Sehlopha se Busang, banna ba finyellang seo Mangolo a se hlokang ba khethoa hore e be baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ka liphuthehong. f (1 Tim. 3:1-9, 12, 13) Ho ka boleloa hore banna ba joalo ba tšoanelehang ba khethiloe ke moea o halalelang. Banna bana ba sebetsang ka thata ba hlokomela ‘mosebetsi ona o mongata oa bohlokoa.’ Ka mohlala, baholo ba ka lokisetsa hore ba tšepahalang ba seng ba holile ba thusoe ka lintho tseo ba li hlokang e le kannete. (Jak. 1:27) Baholo ba bang ba haha Liholo Tsa ’Muso, ba lokisetsa likopano kapa ba sebetsa le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele. Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi e mengata e sa amaneng ka ho toba le bolisa kapa ho ruta. Banna bana bohle ba khethiloeng ba lokela ho tiisa hore mesebetsi ea bona ea phutheho le e meng ea puso ea Molimo ha e nke sebaka sa ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso.—1 Bakor. 9:16.

“Lentsoe la Molimo la ’na la Tsebahala” (Liketso 6:7)

21, 22. Ke eng e bontšang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa phutheho eo e sa tsoa thehoa?

21 Jehova o ile a thusa phutheho eo e sa tsoa thehoa hore e mamelle mahloriso a hlahang ka ntle le bothata bo hlahang ka hare bo neng bo ka ’na ba e arola. Ho ne ho totobetse hore Jehova oa e hlohonolofatsa, hobane re bolelloa sena: “Lentsoe la Molimo la ’na la tsebahala ’me barutuoa ba eketseha haholo Jerusalema. Baprista ba bangata le bona ea e-ba balumeli.” (Lik. 6:7) Ena ke e ’ngoe feela ea litlaleho tsa khatelo-pele tseo re li fumanang bukeng ea Liketso. (Lik. 9:31; 12:24; 16:5; 19:20; 28:31) Kajeno, na ha re khothale ha re utloa litlaleho tsa khatelo-pele e etsoang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso likarolong tse ling tsa lefatše?

22 Lekholong la pele la lilemo C.E., baeta-pele ba bolumeli ba halefileng ba ne ba sa ikemisetsa ho khaotsa mahloriso a bona. Nako ea mahloriso a matla e ne e atamela. Ka mor’a nakoana, Setefane o ile a hlorisoa ka mabifi, joalokaha re tla bona khaolong e latelang.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng “ Sanhedrine—Lekhotla le Phahameng la Bajuda.”

b Lena ke lekhetlo la pele ho a ka bang 20 ao ka ho toba ho buuoang ka mangeloi bukeng ea Liketso. Pejana ho Liketso 1:10, ho buuoa ka tsela e sa tobang ka mangeloi e le ‘banna ba apereng liaparo tse tšoeu.’

c Sheba lebokose la sehlooho se reng “ Gamaliele—Rabi ea Hlomphuoang.”

d Sheba lebokose la sehlooho se reng “ Ho Bolela Litaba Tse Monate ‘ka Ntlo le Ntlo.’

e Ho ka etsahala hore banna bana ba ne ba tšoaneleha ho ba baholo, etsoe ho hlokomela “mosebetsi ona oa bohlokoa” e ne e le taba e tebileng. Leha ho le joalo, Mangolo ha a bolele ka ho toba hore na banna ba qalile ho khethoa neng hore e be baholo kapa balebeli ka phuthehong ea Bakreste.

f Mehleng ea Bakreste ba pele, banna ba bang ba nang le boiphihlelo ba ne ba fuoe boikarabelo ba hore ba khethe baholo. (Lik 14:23; 1Ti 5:22; Tit 1:5) Mehleng ena, Sehlopha se Busang ke sona se nang le boikarabelo ba ho khetha balebeli ba potoloho, ebe balebeli ba potoloho bona ba khetha baholo le bahlanka ba sebeletsang.