KHAOLO EA 7
Ho Bolela “Litaba Tse Monate Tse Buang ka Jesu”
Filipi o beha mohlala o motle e le moevangeli
E Thehiloe ho Liketso 8:4-40
1, 2. Boiteko ba ho koala batho ba Molimo molomo bo ile ba ba le phello efe e sa lebelloang lekholong la pele la lilemo?
HO TSOHILE mahloriso a sehloho, ’me Saule o qala ho “hlasela phutheho”—ka puo ea pele sena se bolela tšoaro e sehloho. (Lik. 8:3) Barutuoa baa baleha, ’me ba bang ba ka ’na ba bona eka morero oa Saule oa ho felisa Bokreste o tla atleha. Leha ho le joalo, ho hasana ha Bakreste ho ba le liphello tse sa lebelloang. Ke life?
2 Ba hasaneng ba qala ho “bolela litaba tse monate tsa lentsoe la Molimo” linaheng tseo ba balehetseng ho tsona. (Lik. 8:4) Nahana feela! Mahloriso ha aa hloleha feela ho koala batho ba Molimo molomo empa ha e le hantle a thusitse ho phatlalatsa molaetsa! Ka ho hasanya barutuoa, ba sa ikemisetsa bahlorisi ba entse hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o namele libakeng tse hole. Joalokaha re tla bona, ho etsahetse se tšoanang mehleng ena.
“Ba Neng ba Hasane” (Liketso 8:4-8)
3. (a) Filipi ke mang? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ne ba e-s’o utloe litaba tse monate Samaria, empa Jesu o ne a profetile hore ho tla etsahala’ng sebakeng seo?
3 Filipi ke e mong oa “ba neng ba hasane.” a (Lik. 8:4; sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Filipi ‘Moevangeli.’”) O ile a ea Samaria, e leng motse oo ho oona batho ba bangata ba neng ba e-s’o utloe litaba tse monate, hobane Jesu o ne a kile a re ho baapostola: “Le se ke la ea . . . motseng ofe kapa ofe oa Basamaria empa le ’ne le ee linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” (Mat. 10:5, 6) Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore ka mor’a nako bopaki bo phethahetseng bo ne bo tla fihla Samaria, hobane pele a nyolohela leholimong, o ile a re: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.”—Lik. 1:8.
4. Basamaria ba etsa’ng ha Filipi a ba bolella litaba tse monate, hona e ka ’na eaba ba susumelitsoe ke’ng hore ba etse joalo?
4 Filipi o ile a hlokomela kamoo Samaria e “soeufetseng kateng bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Molaetsa oa hae o ile oa khatholla batho ba lulang moo, ’me e le ka lebaka le utloahalang. Bajuda ba ne ba sa sebelisane ’moho le Basamaria, ’me ba bangata ba bile ba ba nena. Ka lehlakoreng le leng, Basamaria ba ile ba hlokomela hore molaetsa oa litaba tse monate ha o khethe, ’me o fapane haholo le monahano oa Bafarisi ba leeme. Ka ho pakela Basamaria ka cheseho le ka ho hloka leeme, Filipi o ile a bontša hore ha aa tšoaetsoa ke khethollo ea ba neng ba ba khella fatše. Kahoo, ha ho makatse hore ebe “batho bohle” ba Basamaria ba ile ba mamela Filipi.—Lik. 8:6.
5-7. Bolela mehlala ea kamoo ho hasana ha Bakreste ho thusitseng hore litaba tse monate li phatlalatsoe.
5 Joaloka lekholong la pele la lilemo, le kajeno mahloriso ha aa koala batho ba Molimo molomo. Khafetsa, ha Bakreste ba qobelloa ho fallela sebakeng se seng—ebang ba tsoa teronkong kapa naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe—seo se ba thusitse ho bolella batho ba sebakeng seo se secha molaetsa oa ’Muso. Ka mohlala, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fana ka bopaki bo matla likampong tsa mahloriso tsa Manazi. Mojuda e mong ea ileng a kopana le Lipaki likampong tseo tsa mahloriso, o re: “Sebete sa batšoaruoa bao e neng e le Lipaki Tsa Jehova se ile sa nkholisa hore tumelo ea bona e thehiloe Mangolong—’me le ’na ka ba Paki.”
6 Maemong a mang, esita le bahlorisi ba ile ba amohela molaetsa ’me ba nka khato. Ka mohlala, ha Paki e bitsoang Franz Desch a isoa kampong ea mahloriso ea Gusen, Austria, o ile a khona ho khannela lesole la SS thuto ea Bibele. Nahana feela hore na ba ile ba thaba hakaakang ka mor’a lilengoana ha ba teana kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ’me bobeli ba bona e le baboleli ba litaba tse monate!
7 Ho etsahetse ntho e tšoanang ha mahloriso a etsa hore Bakreste ba balehele linaheng tse ling. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1970, Lipaki tsa Malawi li ile tsa fana ka bopaki bo matla Mozambique ha li balehetse teng. Esita leha ho tsoha khanyetso hamorao Mozambique, mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele. Francisco Coana o re: “Ke ’nete hore ba bang ba rona ba ile ba tšoaroa ka makhetlo a ’maloa ka lebaka la mosebetsi oa rona oa boboleli. Leha ho le joalo, ha ba bangata ba amohela molaetsa oa ’Muso, re ile ra kholiseha hore re thusoa ke Molimo, feela joalokaha a ile a thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.”
8. Maemo a lipolotiki le a moruo a bile le phello efe mosebetsing oa boboleli?
8 Ke ’nete hore mahloriso hase ’ona feela a entseng hore Bokreste bo namele linaheng tse ling. Lilemong tse mashome tsa morao tjena, liphetoho tsa lipolotiki le tsa moruo li butse menyetla ea hore molaetsa oa ’Muso o fihle ho batho ba lipuo le lichaba tse ngata. Ba bang ba tsoang linaheng tse tsekolotsoeng ke lintoa le tse futsanehileng ba balehetse libakeng tse batlang li tsitsitse ’me ba qala ho ithuta Bibele linaheng tseo ba balehetseng ho tsona. Ho fihla ha baphaphathehi ba bangata ho entse hore ho be le masimo a batho ba buang lipuo tsa linaha tse ling. Na u ikitlaelletsa ho pakela batho ba tšimong ea heno ba tsoang ‘lichabeng tsohle, malokong ’ohle, merabeng eohle le lipuong tsohle’?—Tšen. 7:9.
“Le ’na Mpheng Matla Ana” (Liketso 8:9-25)
9. Simone e ne e le mang, hona e ka ’na eaba ke eng e ileng ea etsa hore a thahaselle Filipi?
9 Filipi o ile a etsa lipontšo tse ngata Samaria. Ka mohlala, o ile a phekola batho ba holofetseng a ba a leleka meea e khopo. (Lik. 8:6-8) Monna e mong o ile a khahloa haholo ke mehlolo eo Filipi a neng a e etsa. Monna eo ke Simone, ea neng a e-na le tsebo ea boselamose ’me a nkeloa holimo hoo batho ba neng ba re ka eena: “Monna enoa o na le matla a maholo a Molimo.” Simone o ile a bona matla a ’nete a Molimo, a pakoang ke mehlolo e etsoang ke Filipi, ’me ea e-ba molumeli. (Lik. 8:9-13) Leha ho le joalo, ho na le teko e ileng ea senola hore na Simone o ne a susumetsoa ke eng. Ke efe?
10. (a) Petrose le Johanne ba ile ba etsa’ng Samaria? (b) Simone o ile a etsa’ng ha a bona barutuoa ba bacha ba amohela moea o halalelang ha Petrose le Johanne ba beha matsoho holim’a bona?
10 Ha baapostola ba lemoha hore ho na le keketseho Samaria, ba ile ba romela Petrose le Johanne moo. (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Petrose o Sebelisa ‘ Linotlolo Tsa ’Muso.’”) Ha baapostola bao ba babeli ba fihla, ba ile ba beha matsoho holim’a barutuoa ba bacha, eaba e mong le e mong oa bona o fumana moea o halalelang. b Ha Simone a bona sena, o ile a hlolloa. A re ho baapostola: “Le ’na mpheng matla ana e le hore motho e mong le e mong eo ke mo behang matsoho a ka fumana moea o halalelang.” Simone o bile a ba tšepisa chelete, a nahana hore a ka reka matla ana a tsoang ho Molimo!—Lik. 8:14-19.
11. Petrose o re’ng ha a khalemela Simone, hona Simone o re’ng?
11 Petrose o ile a khalemela Simone ka matla. Moapostola Petrose o ile a re ho eena: “E se eka u ka timetsoa ’moho le silevera ea hao hobane u ne u nahana hore u ka reka mpho ea Molimo ea mahala. Ha ho na moo u kenang tabeng ena hobane Molimo oa bona hore ha u tšepahale.” Eaba Petrose o eletsa Simone hore a bake ’me a rapelle hore a tšoareloe. Petrose a re: “U rapele ka matla e le hore mohlomong Jehova a ka u tšoarela.” Ho hlakile hore Simone e ne e se motho ea khopo; o ne a batla ho etsa se nepahetseng, o ile a mpa a re khiri! feela. Kahoo o ile a ipiletsa ho baapostola, a re: “Ke kopa lona le nthapelle ho Jehova e le hore lintho tseo le li buileng li se ke tsa nketsahalla.”—Lik. 8:20-24.
12. “Bosimone” ke eng, hona leraba lee le tšoasitse Bokreste-’motoana joang?
12 Tsela eo Petrose a ileng a khalemela Simone ka eona ke temoso ho Bakreste kajeno. Ha e le hantle, lentsoe la Senyesemane “simony” (bosimone) le qapiloe ka lebaka la ketsahalo ena. Bosimone bo bolela ho reka kapa ho rekisa maemo, haholo-holo a bolumeli. Ho na le mehlala e mengata ea mokhoa ona bolumeling ba bokoenehi ba Bokreste-’motoana. Ha e le hantle, khatiso ea borobong ea The Encyclopædia Britannica (1878) e re: “Ha seithuti se hlahloba tlaleho ea ho khethoa ha Bapapa se fihlela qeto ea hore ha ho likhetho tse kileng tsa etsoa ho se na bosimone, ’me maemong a mangata bosimone bo etsoang likhethong e bile bo bobe ka ho fetisisa, bo soabisang ka ho fetisisa le bo totobetseng ka ho fetisisa.”
13. Bakreste ba tlameha ho qoba bosimone ka litsela life?
13 Bakreste ba tlameha ho qoba sebe sa bosimone. Ka mohlala, ha baa lokela ho leka ho fumana menyetla ka ho fana ka limpho tse ngata kapa thoriso e feteletseng ho bao ho bonahalang eka ba ka khona ho fana ka boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Ka lehlakoreng le leng, bao ho nkoang hore ba boemong ba ho fa ba bang menyetla ba lokela ho qoba ho ba leeme ’me ba se ke ba e fa batho ba ruileng feela. Maemo ana ka bobeli ke bosimone. Ka sebele, bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho itšoara joaloka ‘ba banyenyane,’ ba emele moea oa Jehova hore o ba fe boikarabelo bo khethehileng. (Luka 9:48) Batho ba lekang ho ‘ipatlela thoriso’ ha ba amohelehe mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Liprov. 25:27.
“Na u Utloisisa Ntho eo u e Balang?” (Liketso 8:26-40)
14, 15. (a) Letona la Ethiopia e ne e le mang, hona Filipi o le fumane joang? (b) Monna oa Moethiopia o ile a etsa’ng ha a utloa molaetsa oa Filipi, hona ke hobane’ng ha ho kolobetsoa ha hae e ne e se ha lepotlapotla? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
14 Lengeloi la Jehova la laela Filipi hore a tsamaee ka tsela e tlohang Jerusalema e eang Gaza. Haeba Filipi o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho ea moo, o ile a fumana karabo kapele hoba a kopane le letona la Ethiopia le neng le “bala buka ea moprofeta Esaia ka lentsoe le phahameng.” (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Leqhalaha la Ethiopia e ne e le Mang?”) Moea o halalelang oa Jehova o ile oa susumelletsa Filipi hore a ee kariking ea monna eo. Ha a ntse a matha haufi le eona, o ile a botsa Moethiopia eo, a re: “Na u utloisisa ntho eo u e balang?” Moethiopia a araba ka ho re: “Nka utloisisa joang ho se na motho ea ntlhalosetsang?”—Lik. 8:26-31.
15 Moethiopia o ile a re Filipi a palame kariki. Nahana feela hore na ba ile ba bua ka eng! E ne e bile sephiri ka nako e telele hore na “nku,” kapa “mohlanka,” eo ho buuoang ka eena boprofeteng ba Esaia ke mang. (Esa. 53:1-12) Empa ha ba ntse ba tsamaea, Filipi o ile a hlalosetsa letona la Ethiopia hore boprofeta bona bo phethahetse ho Jesu Kreste. Joaloka batho ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta ea 33 C.E., Moethiopia eo—ea neng a se a sokolohetse Bojudeng—o ne a tseba hantle hore na o lokela ho etsa’ng. O ile a re ho Filipi: “Metsi ke ana. Nka thibeloa ke’ng hore ke kolobetsoe?” Filipi o ile a kolobetsa Moethiopia eo ntle ho tšenyo ea nako! c (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Ho Kolobetsoa ‘Metsing.’”) Ka mor’a moo, moea oa Jehova o ile oa isa Filipi kabelong e ncha Ashdode, moo a ileng a tsoela pele ho bolela litaba tse monate.—Lik. 8:32-40.
16, 17. Mangeloi a phetha karolo efe mosebetsing oa boboleli kajeno?
16 Kajeno Bakreste ba na le tlotla ea ho etsa mosebetsi o kang o neng o etsoa ke Filipi. Hangata, ba ba le monyetla oa ho bolela molaetsa oa ’Muso ho batho bao ba kopanang le bona ba sa rera, mohlomong ha ba le leetong. Maemong a mangata, hoa hlaka hore hase ka tsietsi ba kopaneng le motho ea thahasellang litaba tse monate. Ha ho makatse, etsoe Bibele e bontša ka ho hlaka hore re tataisoa ke mangeloi mosebetsing oa boboleli e le hore molaetsa o ka fihla ho “merabe eohle, lichaba tsohle, maloko ’ohle le lipuo tsohle.” (Tšen. 14:6) Jesu o hlile a profeta hore mangeloi a tla re tataisa mosebetsing oa boboleli. Papisong ea hae ea koro le mofoka, Jesu o ile a re nakong ea kotulo—e leng nako eo bofelo ba lefatše bo leng haufi—“bakotuli ke mangeloi.” O ile a phaella ka ho re libopuoa tsena tsa moea li ne li tla “bokella lintho tsohle tse lihelang batho sebeng le batho ba tloaetseng ho etsa tlolo ea molao, a ba tlose ’Musong oa hae.” (Mat. 13:37-41) Ka nako e tšoanang, mangeloi a ne a tla bokella bao e tla ba majalefa a ’Muso leholimong—’me hamorao a bokelle “bongata bo boholo” ba “linku tse ling”—bao Jehova a batlang ho ba hulela ka mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng.—Tšen. 7:9; Joh. 6:44, 65; 10:16.
17 Bopaki ba hore sena sea etsahala ke hore batho ba bang bao re buisanang le bona tšebeletsong ea rona ba re ba ne ba ntse ba rapella thuso ea Molimo. Nahana ka phihlelo e ’ngoe ea bahoeletsi ba ’Muso ba babeli ba neng ba tsamaea le ngoana. Lipaki tsena tse peli li ne li itokisetsa ho chaisa empa ngoana eo o ne a hlile a chesehela ho ea ntlong e latelang. Ha e le hantle, o ile a tsamaea a le mong, a fihla a kokota monyako! Ha mofumahatsana ea itseng a bula monyako, Lipaki tseo tse peli tsa atamela ’me tsa bua le eena. Li ile tsa makala ha mosali eo a li bolella hore o ne a sa tsoa rapella hore a eteloe ke motho ea ka mo thusang ho utloisisa Bibele. Li ile tsa lokisetsa hore a khanneloe thuto ea Bibele!
18. Ke hobane’ng ha le ka mohla re sa lokela ho nka tlotla ea rona hasesaane?
18 Kaha u karolo ea phutheho ea Bakreste, u na le tlotla ea ho sebetsa hammoho le mangeloi ha mosebetsi oa boboleli o etsoang mehleng ea rona o ntse o hola ho feta leha e le neng pele. Le ka mohla u se ke ua nka tlotla eo hasesaane. U tla thaba haholo ha u phehella ho phatlalatsa “litaba tse monate tse buang ka Jesu.”—Lik. 8:35.
a Mona ha ho buuoe ka moapostola Filipi. Ho e-na le hoo, joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 5 ea buka ena, ke Filipi ea neng a le har’a “banna ba supileng ba nang le botumo bo botle” ba neng ba khethiloe hore ba hlokomele mosebetsi oa ho aba lijo tsa letsatsi le letsatsi har’a bahlolohali ba Bakreste ba buang Segerike le Seheberu Jerusalema.—Lik. 6:1-6.
b Kamoo ho bonahalang kateng, ka nako eo ho ne ho tloaelehile hore barutuoa ba bacha ba tlotsoe ka moea o halalelang kapa ba o fumane ha ba kolobetsoa. Sena se ne se ba fa tšepo ea hore ba tla busa le Jesu e le marena le baprista leholimong. (2 Bakor. 1:21, 22; Tšen. 5:9, 10; 20:6) Leha ho le joalo, boemong bona, barutuoa bana ba bacha ha baa ka ba tlotsoa ha ba kolobetsoa. Bakreste bao ba sa tsoa kolobetsoa ba ile ba amohela moea o halalelang le matla a ho etsa mehlolo ka mor’a hore Petrose le Johanne ba behe matsoho holim’a bona.
c Monna eo ha aa ka a nka khato ena ka lepotlapotla. Kaha Moethiopia eo o ne a sokolohetse Bojudeng, o ne a se a ntse a tseba Mangolo, ho akarelletsa le boprofeta bo buang ka Mesia. Kaha joale o ne a se a tseba hore na Jesu o phetha karolo efe morerong oa Molimo, o ne a ka kolobetsoa ntle ho tšenyo ea nako.