Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 6

Setefane—“Molimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”

Setefane—“Molimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”

Seo re ithutang sona ho Setefane ha a ne a paka ka sebete ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda

E Thehiloe ho Liketso 6:8–8:3

1-3. (a) Setefane o boemong bofe bo tšosang, hona o etsa’ng? (b) Re tla tšohla lipotso life?

 SETEFANE o ka lekhotleng. O pota-potiloe ke banna ba 71 ka holong e khahlehang, mohlomong e pel’a tempele e Jerusalema. Letsatsing lena Lekhotla le Phahameng la Bajuda le kopane ho tla ahlola Setefane. Baahloli ke banna ba tummeng, ba hlaheletseng sechabeng, boholo ba bona ha ba tsotelle morutuoa enoa oa Jesu. Ha e le hantle, monna ea bitsitseng lekhotla lena ke Kaifase, Moprista ea Phahameng, ea neng a okametse nyeoe ha Lekhotla le Phahameng la Bajuda le ahlolela Jesu Kreste lefu likhoeli tse seng kae pejana. Na Setefane o tšohile?

2 Tsela eo Setefane a shebahalang ka eona nakong ena ea ikhetha. Ha baahloli ba mo talima ba bona sefahleho sa hae “eka sa lengeloi.” (Lik. 6:15) Mangeloi a phatlalatsa melaetsa e tsoang ho Jehova Molimo, ka lebaka leo hoa utloahala hore ebe ha a na tšabo ’me a tletse khotso. Le Setefane o joalo—esita le baahloli bao ba tletseng lehloeo ba ka bona seo. Ke hobane’ng ha a khobile matšoafo?

3 Kajeno Bakreste ba ka ithuta ho hongata karabong ea potso eo. Ho hlokahala hore re tsebe se entseng hore Setefane a be boemong boo bo sa jeseng litheohelang. O ne a ile a emela tumelo ea hae joang pele? Hona re ka mo etsisa ka litsela life?

“Ba Baka Moferefere Har’a Sechaba” (Liketso 6:8-15)

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Setefane e ne e le motho oa bohlokoa phuthehong? (b) Ho boleloa’ng ha ho thoe Setefane ke monna eo ‘Molimo a neng a mo rata hape a mo file matla’?

4 Re se re ithutile hore Setefane e ne e le morutuoa oa bohlokoa phuthehong ea Bakreste e neng e sa tsoa thehoa. Khaolong e fetileng ea buka ena, re bone hore e ne e le e mong oa banna ba supileng ba ikokobelitseng ba neng ba ikemiselitse ho thusa baapostola ha ba koptjoa hore ba thuse. Boikokobetso ba hae bo tsoteha le ho feta ha re nahana ka limpho tseo monna enoa a neng a hlohonolofalitsoe ka tsona. Liketso 6:8 e re o ile a fuoa matla a ho etsa “mehlolo e meholo,” e neng e etsoa ke baapostola ba bang. Hape re bolelloa hore ‘Molimo o ne a mo rata hape a mo file matla.’ Seo se ne se bolela’ng?

5 Lentsoe la Segerike le bolelang hore ‘Molimo o ne a mo rata’ le ka boela la bolela hore Setefane o ne a “tletse mosa.” Ka sebele Setefane o ne a ratoa ke batho kaha o ne a le mosa a bile a le bonolo. O ne a bua ka tsela e susumetsang batho ba bangata ba neng ba mo mametse, hoo ba neng ba kholiseha hore o tiile le hore seo a se rutang se tla ba tsoela molemo. O ne a tletse matla hobane moea oa Jehova o ne o sebetsa ho eena, hobane ka boikokobetso o ile a o lumella hore o mo tataise. Ho e-na le hore a iphahamise ka lebaka la limpho tseo a neng a e-na le tsona le bokhoni ba hae, o ile a lebisa thoriso eohle ho Jehova ’me a bontša hore o tsotella batho bao a neng a bua le bona. Hase feela a neng a sa jese bahanyetsi ba hae litheohelang!

6-8. (a) Bahanyetsi ba Setefane ba ile ba mo qosa ka lintho life tse peli, hona hobane’ng? (b) Ke hobane’ng ha mohlala oa Setefane o ka ba molemo ho Bakreste kajeno?

6 Banna ba fapa-fapaneng ba ile ba phehisana le Setefane, empa “ba ne ba sa khone ho ikemela hobane Setefane a le bohlale a bile a thusoa ke moea o halalelang ho bua.” a Kaha ba ne ba ferekane, ba ile “ba hlohlelletsa batho ka lekunutu” hore ba qose molateli enoa oa Kreste ea se nang molato. Ba boela “ba baka moferefere har’a sechaba,” baholo le bangoli ’me ba nka Setefane ka likhoka ba mo isa ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda. (Lik. 6:9-12) Bahanyetsi bana ba ile ba mo qosa ka lintho tse peli. Ba re o nyefola Molimo le Moshe. Joang?

7 Ba ne ba qosa Setefane ka bohata ba re o nyefotse Molimo ka ho bua lintho tse khahlanong le “tempele”—e leng tempele e Jerusalema. (Lik. 6:13) Ba ile ba re o nyefotse Moshe kaha o buile Molao oa Moshe hampe, a fetola litloaelo tse fetisitsoeng ka Moshe. E ne e le qoso e tebileng haholo, hobane Bajuda ba nakong eo ba ne ba nka tempele e le ea bohlokoa hammoho le lintlha tsohle tse amanang le Molao oa Moshe le lineano tse ngata tseo ba neng ba li kenyellelitse Molaong oo. Kahoo, qoso eo e ne e bontša hore Setefane ke motho ea kotsi, ea tšoaneloang ke lefu!

8 Ka masoabi litho tsa bolumeli li tloaetse ho sebelisa maqheka a joalo e le hore li ka bakela bahlanka ba Molimo mathata. Ho fihlela kajeno, ka linako tse ling batho ba bolumeli ba hlohlelletsa babusi hore ba hlorise Lipaki Tsa Jehova. Re lokela ho etsa joang ha re etselletsoa? Re ka ithuta lintho tse ngata ho Setefane.

Ho Paka ka Sebete ka “Molimo ea Hlomphehang” (Liketso 7:1-53)

9, 10. Basomi ba itse’ng ka seo Setefane a se buileng ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda, ’me ho hlokahala hore re hopole eng?

9 Joalokaha ho boletsoe qalong, sefahleho sa Setefane se ne se elile, se tšoana le sa lengeloi, ha a mametse lintho tseo a qosoang ka tsona. Joale Kaifase a re ho eena: “Na litaba tsee ke ’nete?” (Lik. 7:1) Ha fihla nako ea hore Setefane a ikarabelle. ’Me a fela a ikarabella!

10 Basomi ba bang ba ’nile ba nyatsa seo Setefane a ileng a se bua, ba bolela hore le hoja a ile lolololo, ha a arabe seo a qosoang ka sona. ’Nete ea sala, Setefane o re behetse mohlala o motle oa kamoo re ka ‘ikarabellang’ kateng ha re bolela litaba tse monate. (1 Pet. 3:15) Hopola hore Setefane o ne a qosoa ka hore o nyefola Molimo ka ho bua tempele hampe, a bile a qosoa ka hore o nyefola Moshe ka ho bua Molao hampe. Ha Setefane a araba o ile a akaretsa linako tse tharo historing ea Baiseraele, ’me a hatisa lintlha tse itseng ka hloko. A re hlahlobeng nako ka ’ngoe ho tsena tse tharo.

11, 12. (a) Setefane o ile a sebelisa mohlala oa Abrahama hamolemo joang? (b) Ke hobane’ng ha Setefane a ile a bua ka Josefa?

11 Mehla ea bapatriareka. (Lik. 7:1-16) Setefane o ile a qala ka ho bua ka Abrahama, eo Bajuda ba neng ba mo hlompha ka lebaka la tumelo ea hae. O ile a qala ka taba ena eo ba neng ba lumellana ka eona, ’me a hatisa hore Jehova “Molimo ea hlomphehang,” o ile a iponahatsa ho Abrahama ka lekhetlo la pele ha a le Mesopotamia. (Lik. 7:2) Ha e le hantle, monna eo e ne e le mojaki Naheng e Tšepisitsoeng. Abrahama o ne a se na tempele ebile a se na Molao oa Moshe. Ho hang ha ho motho ea neng a ka tsitlella hore kamehla ho tšepahala ho Molimo ho lokela ho itšetleha ka tempele le melao.

12 Batho bana ba neng ba mametse Setefane ba ne ba boetse ba hlompha Josefa setloholo sa Abrahama haholo empa Setefane o ile a ba hopotsa hore barab’abo Josefa, e leng lihlooho tsa meloko ea Iseraele, ba ile ba hlorisa monna eo ea lokileng ’me ba mo rekisa bokhobeng. Leha ho le joalo, Molimo o ile a mo sebelisa hore a pholose sechaba sa Iseraele tlaleng. Ho ka etsahala hore ebe Setefane o ile a bona ka ho hlaka lintlha tseo Josefa a neng a tšoana le Jesu Kreste ka tsona, empa ha aa ka a bua ka tsona e le hore ba ka mo mamela ka nako e telele kamoo ho ka khonehang.

13. Setefane o ile a araba liqoso tseo a neng a qosoa ka tsona joang ka ho bua ka Moshe, hona see se ile sa thusa ho hatisa molaetsa ofe?

13 Mehla ea Moshe. (Lik. 7:17-43) Setefane o ile a bua ka Moshe haholo—’me ho ne ho loketse, kaha litho tse ngata tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda e ne e le Basaduse, ba neng ba amohela libuka tse ngotsoeng ke Moshe feela ka Bibeleng. Hape hopola qoso ea hore Setefane o ne a nyefotse Moshe. Mantsoe a Setefane a ile a arabela qoso eo ka ho toba, hobane o ile a bontša hore o hlompha Moshe le Molao haholo. (Lik. 7:38) O ile a re Moshe le eena ha aa ka a amoheloa ke batho bao a neng a leka ho ba pholosa. Sena se ile sa etsahala ha a le lilemo li 40. Lilemong tse fetang 40 hamorao ba ile ba hanyetsa boeta-pele ba hae. b Kahoo, butle-butle Setefane o ile a hatisa molaetsa ona oa bohlokoa. Khafetsa batho ba Molimo ba ile ba hana ho amohela bao Jehova a neng a ba khethile hore ba ba etelle pele.

14. Setefane o ile a sebelisa mohlala oa Moshe ho tšehetsa lintlha life?

14 Setefane o ile a hopotsa batho ba neng ba mo mametse hore Moshe o boletse esale pele hore ho ne ho tla hlaha moprofeta ea kang Moshe Iseraele. E ne e tla ba mang, ’me o ne a tla amoheloa joang? Setefane o ile a araba lipotso tsena ha a lihela likhala. O ile a bolela ntlha e ’ngoe ea bohlokoa. Ea hore Moshe o ne a tseba hore sebaka sefe kapa sefe se ka etsoa hore se halalele, joaloka sebaka seo sehlahla se neng se tuka ho sona, moo Jehova a ileng a bua le eena. Ka hona, na Jehova a ka rapeloa mohahong o itseng feela, o kang oa tempele e Jerusalema? A re boneng.

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha tabernakele e ne e le ea bohlokoa tabeng eo Setefane a neng a bua ka eona? (b) Setefane o ile a re’ng ka tempele ea Solomone?

15 Tabernakele le tempele. (Lik. 7:44-50) Setefane o ile a hopotsa lekhotla hore pele ho e-ba le tempele Jerusalema, Molimo o ile a laela Moshe hore a hahe tabernakele—e leng tente ea borapeli e neng e ka tlosoa sebakeng se seng ea isoa ho se seng. Ha ho motho ea neng a ka re tabernakele e ne e se ea bohlokoa joaloka tempele, kaha le Moshe o ile a rapela ho eona.

16 Hamorao, ha Solomone a ne a haha tempele e Jerusalema, o ile a bululeloa hore a bolele ntlha ea bohlokoa thapelong ea hae. Setefane o itse, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha a lule ka matlung a entsoeng ka matsoho.” (Lik. 7:48; 2 Likron. 6:18) Jehova a ka ’na a sebelisa tempele ho ntšetsa merero ea hae pele empa a ke ke a lula ho eona. Joale, ke hobane’ng ha barapeli ba hae ba ka nahana hore borapeli bo hloekileng bo lokela ho etsetsoa mohahong o entsoeng ka matsoho a batho? Setefane o ile a lihela likhala ka mantsoe a matla ha a qotsa buka ea Esaia a re: “Jehova o re: ‘Leholimo ke terone ea ka ’me lefatše ke setuloana sa maoto a ka. Le tla nkahela ntlo ea mofuta ofe kapa ke phomole hokae? Letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle.’”—Lik. 7:49, 50; Esa. 66:1, 2.

17. Ke joang mantsoe a Setefane a ileng (a) a senola maikutlo a batho ba neng ba mo mametse ’me (b) a arabela liqoso tseo a neng a qosoa ka tsona?

17 Ha u ntse u hlahloba seo Setefane a ileng a se bolella Lekhotla le Phahameng la Bajuda ho fihlela boemong bona, na ha u lumele hore o ile a hlakisa hore ba mo qosang ba ne ba e-na le maikutlo a fosahetseng? O ile a bontša hore morero oa Jehova o tsoela pele ebile ha ho letho le ka o emang pele, ha oa ema nģa e le ’ngoe ebile ha oa itšoarella ka neano. Ba neng ba nka mohaho o Jerusalema hammoho le litloaelo le lineano tse thehiloeng Molaong oa Moshe e le tsa bohlokoa, ba ne ba sa utloisise morero oa Molao le tempele! Ka tsela e sa tobang Setefane o ile a botsa potso ea bohlokoa e reng: Na ha ho molemo ho hlompha Molao le tempele ka ho mamela Jehova? Ka sebele lipolelo tsa Setefane li ile tsa tšehetsa liketso tsa hae, hobane o ile a mamela Jehova ka hohle kamoo a neng a ka khona.

18. Re lokela ho leka ho etsisa Setefane ka litsela life?

18 Seo Setefane a se buileng se re ruta eng? O ne a tseba Mangolo hantle. Ka ho tšoanang, ho hlokahala re khothalle ho ithuta Lentsoe la Molimo e le hore re rute le ho hlalosa “lentsoe la ’nete hantle.” (2 Tim. 2:15) Hape mohlala oa Setefane o re ruta ho ba mosa le ho ba masene. Batho ba neng ba mo mametse ba ne ba le hlaha haholo! Empa ka hohle kamoo ho ka khonehang, o ile a bua ka lintho tseo ba lumellanang ka tsona le tseo ba neng ba li nka e le tsa bohlokoa. Hape o ile a bua le bona ka tlhompho, a re banna ba baholo ke “bo-ntate.” (Lik. 7:2) Le rona ho hlokahala re bolele linnete tsa Lentsoe la Molimo ka “bonolo le ka tlhompho.”—1 Pet. 3:15.

19. Setefane o ile a iteta sebete joang ho bolella Lekhotla le Phahameng la Bajuda molaetsa oa Jehova oa kahlolo?

19 Leha ho le joalo, ha re tsilatsile ho bolela linnete tsa Lentsoe la Molimo hobane re tšaba ho khopisa batho; ebile ha re bebofatse molaetsa oa Jehova oa kahlolo. Setefane ke mohlala o motle. Ha ho pelaelo hore o ne a bona hore le ka mor’a bopaki bohle boo a faneng ka bona ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda, ho ne ho se moo ho reng teke! ho baahloli bao ba pelo li thata. Ka hona, kaha o ne a susumetsoa ke moea o halalelang, o ile a lihela likhala ka hore ka sebete a ba bontše hore ba tšoana le baholo-holo ba bona ba sa kang ba amohela Josefa, Moshe le baprofeta bohle. (Lik. 7:51-53) Ha e le hantle, baahloli bana ba Lekhotla le Phahameng la Bajuda ba ne ba bolaile Mesia, eo Moshe le baprofeta bohle ba neng ba boletse esale pele hore o ne a tla tla. Ka sebele ba ne ba tlotse Molao oa Moshe ka hohle-hohle!

“Morena Jesu, ke Kopa u Amohele Bophelo ba Ka” (Liketso 7:54–8:3)

“Ha ba utloa a cho joalo, ba tuka ke bohale ’me ba batla ho mo ntša kotsi.”—Liketso 7:54

20, 21. Lekhotla le Phahameng la Bajuda le ile la etsa’ng ha le utloa mantsoe a Setefane, hona Jehova o ile a mo matlafatsa joang?

20 ’Nete e ke keng ea latoloa eo Setefane a ileng a e bolella baahloli bao e ile ea ba halefisa haholo. Ba ile ba tsoa taolong ’me ba batla ho mo ntša kotsi. E tlamehile ebe monna eo ea tšepahalang o ile a bona hore ba ke ke ba mo hauhela joalokaha ba sa ka ba hauhela Mong’a hae, Jesu.

21 Ho ne ho hlokahala hore Setefane a be sebete e le hore a talimane le se larileng ka pele ’me ha ho pelaelo hore pono eo Jehova a ileng a mo bontša eona e ile ea mo khothatsa haholo. Setefane o ile a bona khanya ea Molimo ’me a bona Jesu a eme letsohong le letona la Jehova. Ha Setefane a ntse a hlalosa pono ena, baahloli ba hae ba ile ba ithiba litsebe ka matsoho. Hobane’ng? Pejana, Jesu o ne a boleletse lekhotla lona leo hore ke Mesia le hore o ne a tla tloha a lula ka letsohong le letona la Ntat’ae. (Mar. 14:62) Pono ea Setefane e ile ea tiisa hore Jesu o ne a bua ’nete. Ha e le hantle Lekhotla le Phahameng la Bajuda leo le ne le ekile Mesia la ba la mo bolaea! Ka tumellano ba khorohela Setefane hore ba mo tlepetse ka majoe ho fihlela a e-shoa. c

22, 23. Lefu la Setefane le tšoana le la Mong’a hae ka litsela life, ’me kajeno Bakreste ba ka ba sebete joaloka Setefane joang?

22 Setefane o shoele ka tsela e batlang e tšoana le eo Mong’a hae a shoeleng ka eona, a tletse khotso, a tšepile Jehova a bile a tšoaretse babolai ba hae. O ile a re, “Morena Jesu, ke kopa u amohele bophelo ba ka,” mohlomong e le hobane a ne a bona Mor’a motho le Jehova ponong. Ha ho pelaelo hore Setefane o ne a tseba mantsoe a Jesu a khothatsang a reng: “Ke ’na tsoho le bophelo.” (Joh. 11:25) Qetellong Setefane o ile a rapela Molimo ka ho toba ka lentsoe le phahameng a re: “Jehova, u se ke oa ba balla sebe sena.” Ka mor’a hore a bue mantsoe ana, o ile a shoa.—Lik. 7:59, 60.

23 Kahoo Setefane e ile ea e-ba eena moshoela-tumelo oa pele ea boletsoeng tlalehong ea balateli ba Kreste. (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ E ne e le ‘Moshoela-tumelo’ ka Kutloisiso Efe?”) Leha ho le joalo, ka masoabi e ne e ke ke ea e-ba oa ho qetela. Ho fihlela mehleng ea rona, ho bile le bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ileng ba bolaoa ke batho ba chesehelang bolumeli le lipolotiki ka ho feteletseng le bahanyetsi ba bang ba mabifi. Ho ntse ho le joalo, re na le mabaka a ho ba sebete joaloka Setefane. Hona joale Jesu ke Morena, o sebelisa matla a hae a maholo ao Ntate oa hae a mo fileng ’ona. Ha ho letho le tla mo thibela ho tsosa balateli ba hae ba tšepahalang bafung.—Joh. 5:28, 29.

24. Saule o ile a kenya letsoho joang polaong ea Setefane, ’me lefu la monna eo ea tšepahalang le bile le liphello life tse molemo hamorao?

24 Mohlankana ea bitsoang Saule o ne a shebeletse ha sena sohle se etsahala. O ile a lumellana le polao ea Setefane a ba a kata liaparo tsa ba neng ba mo tlepetsa ka majoe. Kapele ka mor’a moo, e ile ea e-ba eena ea li hulang pele mahlorisong a sehloho. Empa lefu la Setefane le ne le tla ba le phello e molemo hamorao. Mohlala oa hae o ne o tla matlafatsa Bakreste ba bang hore ba lule ba tšepahala le hore e be bahloli joaloka eena. Ho feta moo, Saule—eo hamorao a neng a atisa ho bitsoa Pauluse—o ne a tla ikoahlaea haholo ka hore ebe o ile a kenya letsoho lefung la Setefane. (Lik. 22:20) O ne a thusitse ho bolaea Setefane, empa hamorao a re: “Ke ne ke nyefola Molimo, ke hlorisa batho ba hae ebile ke ikhohomosa.” (1 Tim. 1:13) Ho hlakile hore ho hang Pauluse ha aa ka a lebala Setefane le mantsoe a matla ao a ileng a a bua letsatsing leo. Ha e le hantle, lintho tse ling tseo Pauluse a ileng a li bua le ho li ngola li ne li akarelletsa lintlha tsa Setefane. (Lik. 7:48; 17:24; Baheb. 9:24) Ha nako e ntse e feta, Pauluse o ile a ithuta ka ho feletseng ho latela mohlala oa tumelo le sebete o behiloeng ke Setefane, monna eo ‘Molimo a neng a mo rata hape a mo file matla’. Potso ke hore, Na re tla etsa joalo?

a Ba bang ba bahanyetsi bana e ne e le litho tsa “Ntlo ea Thapelo ea Batho ba Lokolotsoeng.” E ka ’na eaba ba ne ba hapiloe ke Baroma ’me hamorao ba lokolloa, kapa mohlomong e kile ea e-ba makhoba ’me ba sokolohetse Bojudeng. Ba bang ba ne ba tsoa Silisia, e leng moo Saule oa Tarsase a neng a tsoa teng. Tlaleho ena ha e bontše hore Saule e ne e le e mong oa Basilisia ba neng ba sa khone ho ikemela khahlanong le Setefane.

b Setefane o boletse lintlha tseo re sa li fumaneng libakeng tse ling ka Bibeleng, tse kang tse mabapi le thuto ea Moshe Egepeta, lilemo tsa hae ha a baleha Egepeta ka lekhetlo la pele, le hore na o lutse nako e kae Midiane.

c Ho bonahala eka tlas’a molao oa Roma Lekhotla le Phahameng la Bajuda le ne le se na matla a ho laela hore motho a bolaoe. (Joh. 18:31) Leha ho le joalo, ho bonahala hore Setefane o bolailoe ke mokhopi o halefileng, eseng hobane a ahlotsoe ka molao.