KHAOLO EA 11
“Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
Seo Pauluse a ileng a se etsa ha a kopana le batho ba tletseng bora, ba sa amoheleng molaetsa oa hae
E Thehiloe ho Liketso 13:1-52
1, 2. Ke eng e ikhethang ka leeto leo Barnabase le Saule ba itokisetsang lona, ’me mosebetsi oa bona o tla thusa joang hore Liketso 1:8 e phethahale?
KE THABO feela letsatsing lena phuthehong ea Antioke. Moea o halalelang o khethile Barnabase le Saule har’a baprofeta ba bangata le matichere hore ba ise litaba tse monate libakeng tse hole. a (Lik. 13:1, 2) Ke ’nete hore ho ’nile ha sebelisoa banna ba tšoanelehang. Leha ho le joalo, nakong e fetileng baromuoa ba ne ba e-ea libakeng tseo Bokreste bo seng bo ntse bo amohetsoe. (Lik. 8:14; 11:22) Lekhetlong lena, Barnabase le Saule—hammoho le Johanne Mareka, eo e neng e tla ba mohlanka—ba tla romeloa linaheng tseo ho tsona batho ba bangata ba e-s’o utloe litaba tse monate.
2 Lilemo tse ka bang 14 pele ho mona, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ho khethoa ha Barnabase le Saule hore e be baromuoa ho tla thusa hore boprofeta bona ba Jesu bo phethahale! b
‘Nkhetheleng . . . ba ka Etsang Mosebetsi’ (Liketso 13:1-12)
3. Ke hobane’ng ha maeto a malelele a ne a le boima lekholong la pele la lilemo?
3 Kajeno, likoloi le lifofane li thusa batho ho ea libakeng tse hole ka hora e le ’ngoe kapa tse peli feela. Ho ne ho se joalo lekholong la pele la lilemo C.E. Nakong eo, haholo-holo batho ba ne ba tsamaea ka maoto, hangata ba tsamaea litseleng tse mpe. Leeto la letsatsi lohle, mohlomong la lik’hilomithara tse 30 feela, le ne le le boima! c Kahoo, ha ho pelaelo hore le hoja Barnabase le Saule ba ne ba labalabela ho qala mosebetsi oa bona, ka sebele ba ne ba hlokomela hore ho tla hlokahala ba ikitlaetse ba be ba itele haholo.—Mat. 16:24.
4. (a) Ke eng se ileng sa susumetsa hore Barnabase le Saule ba khethoe, hona balumeli-’moho ba ile ba itšoara joang ha ba khethoa? (b) Re ka tšehetsa ba fuoang mesebetsi e itseng joang ka har’a phutheho?
4 Empa ke hobane’ng ha ka ho khetheha moea o halalelang o ile oa laela hore Barnabase le Saule ba khethoe ho “etsa mosebetsi”? (Lik. 13:2) Bibele ha e bolele lebaka la seo. Seo re se tsebang ke hore moea o halalelang o ile oa laela hore banna bana ba khethoe. Ha ho se bontšang hore baprofeta ba Antioke le mesuoe ea teng ba ile ba hanyetsa qeto ena. Ho e-na le hoo, ba ile ba tšehetsa khetho ena ka ho felletseng. Ak’u inahanele kamoo e tlamehang ebe Barnabase le Saule ba ile ba ikutloa kateng ha barab’abo bona ba Bakreste, ba sa ba honohele, ho e-na le hoo, ba “itima lijo le ho rapela, ba beha Saule le Barnabase matsoho eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee.” (Lik. 13:3) Le rona re lokela ho tšehetsa ba fuoang mesebetsi e itseng ka phuthehong ea Bakreste, ho akarelletsa banna ba khethetsoeng hore e be balebeli ba phutheho. Ho e-na le ho ba shoela mona, re lokela ho ‘ba nahanela le ho ba rata haholo ka lebaka la mosebetsi oa bona.’—1 Bathes. 5:13.
5. Hlalosa hore na ho paka sehlekehlekeng sa Saeprase ho ne ho akarelletsa eng.
5 Ka mor’a hore Barnabase le Saule ba ee Seleusia ka maoto, e leng boema-kepe bo haufi le Antioke, ba ile ba palama sekepe se lebang sehlekehlekeng sa Saeprase bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 200. d Kaha Barnabase o ne a tsoaletsoe Saeprase, mohlomong o ne a thahasella ho tlisetsa batho ba habo litaba tse monate. Ha banna bana ba fihla Salamise, e leng motse o lebopong le ka bochabela ho sehlekehleke sena, e ile eaba ha ba sa senya nako. Hang-hang “ba phatlalatsa lentsoe la Molimo ka matlung a Bajuda a thapelo.” e (Lik. 13:5) Barnabase le Saule ba ile ba hahlaula Saeprase eohle, mohlomong ba paka metseng ea bohlokoa eo ba neng ba feta ho eona. Ho itšetlehile ka tsela eo ba neng ba tsamaea ka eona, ho ka etsahala hore baromuoa bana ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 160!
6, 7. (a) Sergiase Pauluse e ne e le mang, ’me ke hobane’ng ha Bare-Jesu a ile a leka ho mo thibela ho mamela litaba tse monate? (b) Saule o ile a etsa’ng ho thibela khanyetso ea Bare-Jesu?
6 Saeprase ea lekholong la pele la lilemo e ne e tletse borapeli ba bohata. Sena se ile sa totobala le ho feta ha Barnabase le Saule ba fihla motseng oa Pafose o lebopong le ka bophirimela sehlekehlekeng sena. Ha ba fihla moo, ba ile ba kopana le “monna oa Mojuda ea bitsoang Bare-Jesu. Monna eo e ne e le moloi ebile e le moprofeta oa bohata. O ne a sebeletsa ’musi oa setereke ea bohlale ea bitsoang Sergiase Pauluse.” f Lekholong la pele la lilemo, Baroma ba bangata ba hlalefileng—esita le monna “ea bohlale” joaloka Sergiase Pauluse—hangata ba ne ba ea ho moloi kapa senohe sa linaleli ho ea batla thuso pele ba etsa liqeto tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, Sergiase Pauluse o ile a khahloa ke molaetsa oa ’Muso ’me “a labalabela ho utloa lentsoe la Molimo.” Bare-Jesu, ea neng a boetse a rehiloe Elimase, e bolelang “Moloi” ka lebaka la mosebetsi oo a neng a o etsa, ha aa ka a thabela sena.—Lik. 13:6-8.
7 Bare-Jesu o ne a hanyetsa molaetsa oa ’Muso. Ha e le hantle, tsela feela eo a neng a ka boloka boemo ba hae bo phahameng ba ho ba moeletsi oa Sergiase Pauluse e ne e le ‘ho mo khelosa tumelong.’ (Lik. 13:8) Empa Saule ha aa ka a shebella feela a sa etse letho ha leselamose la lekhotla le batla ho thibela Sergiase Pauluse ho mamela. Ebe Saule o ile a etsa joang? Bibele e re: “Saule, eo hape a bitsoang Pauluse, a tlala moea o halalelang eaba o tonela Bare-Jesu mahlo o re: ‘Uena ngoan’a Diabolose, u motho ea khopo ebile u molotsana ea feteletseng. U sera sa lintho tsohle tse lokileng. Hantle-ntle u tla khaotsa neng ho sotha litsela tsa Jehova tse lokileng? Joale bona he! Jehova o tl’o u otla u foufale ’me u ke ke oa bona khanya ea letsatsi ka nakoana.’ Hang-hang a bona ka mahlong ho e-ba moholi o teteaneng ho ba ho fifala eaba o pota-pota a ntse a batla motho ea ka mo tšoarang ka letsoho ho mo tataisa.” g Phello ea mohlolo oo e bile e fe? “’Musi oa setereke a bona lintho tsena tse etsahetseng eaba e e-ba molateli oa Jesu kaha o ne a hloletsoe ke lintho tseo a ithutileng tsona ka Jehova.”—Lik. 13:9-12.
8. Ke joang re ka bang sebete joaloka Pauluse kajeno?
8 Pauluse o ne a sa tšabe Bare-Jesu. Le rona ha rea lokela ho tšoha ha bahanyetsi ba leka ho senya tumelo ea batho ba thahasellang molaetsa oa ’Muso. Ho hlakile hore lipolelo tsa rona li lokela hore ‘e be tse mosa kamehla, tse nokiloeng ka letsoai.’ (Bakol. 4:6) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšaba khanyetso hoo re ka qobang ho bolella batho ba thahasellang litaba tse monate. Hape ha rea lokela ho ba leqe ho pepesa liphoso tsa bolumeli ba bohata, boo joaloka Bare-Jesu bo tsoelang pele “ho sotha litsela tsa Jehova tse lokileng.” (Lik. 13:10) Joaloka Pauluse, e se eka ka sebete re ka phatlalatsa ’nete ’me re ipiletse ho ba lipelo li ntle. ’Me le hoja ho ke ke ha totobala hore Molimo o re tšehelitse joalokaha ho ile ha totobala ho Pauluse, re ka kholiseha hore Jehova o tla sebelisa moea oa hae o halalelang ho hulela ba tšoanelehang ’neteng.—Joh. 6:44.
Liketso 13:13-43)
‘Mantsoe a Khothatsang’ (9. Pauluse le Barnabase ba behetse ba etellang phutheho pele kajeno mohlala ofe?
9 Ho hlakile hore ho ile ha e-ba le phetoho ha banna bao ba tloha Pafose ’me ba kena sekepeng ba leba Perga, e lebopong la Asia Minor, e leng leeto la lik’hilomithara tse ka bang 250 ka sekepe. Ha Liketso 13:13 e bua ka bona e re ke “Pauluse le batho ba nang le eena.” Mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore Pauluse e ne e se e le eena ea eteletseng sehlopha sena pele. Leha ho le joalo, ha ho na bopaki ba hore Barnabase o ile a honohela Pauluse. Ho e-na le hoo, banna bana ba babeli ba ile ba tsoela pele ba sebetsa hammoho ho phetha thato ea Molimo. Pauluse le Barnabase ba behetse ba etellang phutheho pele kajeno mohlala o motle. Ho e-na le ho loanela maemo, Bakreste ba hopola mantsoe a Jesu a reng: “Kaofela le bana ba motho.” O ile a eketsa ka ho re: “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa empa mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Mat. 23:8, 12.
10. Hlalosa leeto la ho tloha Perga ho ea Antioke e Pisidia.
10 Ha ba fihla Perga, Johanne Mareka o ile a siea Pauluse le Barnabase eaba o khutlela Jerusalema. Ha ho hlalosoe lebaka le entseng hore a tsamaee ka tšohanyetso. Pauluse le Barnabase ba ile ba tsoela pele, eaba ho tloha Perga ba leba Antioke e Pisidia, e leng motse o profinseng ea Galatia. Leeto lena le ne le le boima hobane Antioke e Pisidia e ka holimo ho bophahamo ba leoatle ka limithara tse ka bang 1 100. Litsela tsa teng tse mpe tse lithabeng li ne li boetse li tsebahala ka hore li tletse linokoane. Ho ileng ha mpefatsa litaba le ho feta ke hore mohlomong Pauluse o ile a qala ho kula ha ba le mona. h
11, 12. Ha Pauluse a bua ka tlung ea thapelo ea Antioke e Pisidia, o ile a etsa joang hore bamameli ba hae ba thahaselle seo a tla ba bolella sona?
11 Ha Pauluse le Barnabase ba le Antioke e Pisidia, ba ile ba kena ka tlung ea thapelo ka Sabatha. Bibele e re: “Ka mor’a hore batho ba balloe Molao le libuka tsa Baprofeta, balaoli ba okamelang ntlo ea thapelo ba re ho Pauluse le Barnabase: ‘Bana beso, haeba ho e-na le mantsoe ao le ka khothatsang batho bana ka ’ona, a bueng.’” (Lik. 13:15) Pauluse o ile a ema ’me a bua.
12 Pauluse o ile a qala ka ho re ho bamameli ba hae: “Baiseraele le lona bohle ba hlomphang Molimo, mamelang.” (Lik. 13:16) Pauluse o ne a mametsoe ke Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng. O ile a etsa joang hore batho baa ba thahaselle ho mo mamela, kaha ba ne ba sa tsebe karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo? Tabeng ea pele, Pauluse o ile a bua hakhutšoanyane ka pale ea sechaba sa Bajuda. O ile a hlalosa kamoo Jehova a ileng a “ba etsa sechaba se matla ha e ntse e le bajaki naheng ea Egepeta” le kamoo ka mor’a hore ba lokolloe, Molimo a ileng “a ba mamella ka lilemo tse ka bang 40 ha ba le lefeelleng.” Pauluse o ile a boela a pheta kamoo Baiseraele ba ileng ba rua Naha e Tšepisitsoeng le kamoo Jehova a ileng ‘a fa baholo-holo ba bona naha eo e le lefa.’ (Lik. 13:17-19) Ho ’nile ha boleloa hore mohlomong Pauluse o ile a bua ka mokhoa o sa tobang ka litemana tse ling Mangolong tse ileng tsa balloa holimo nakoana pele ho moo tšebeletsong ea Sabatha. Haeba ho joalo, ona ke mohlala o mong o bontšang hore Pauluse o ne a khona ho ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.”—1 Bakor. 9:22.
13. Re ka etsa joang hore batho ba thahaselle ho ithuta ka Jehova?
13 Le rona re lokela ho leka ho etsa hore batho bao re ba pakelang ba thahaselle molaetsa oa rona. Ka mohlala, ho tseba bolumeli ba motho ho ka re thusa hore re khethe ho bua ka litaba tseo a tla li thahasella. Hape, re ka qotsa litemana tsa Bibele tseo motho eo a li tsebang. Ho ka ba molemo haeba motho eo a ipalla Bibeleng ea hae. Batla litsela tsa ho etsa hore batho ba thahaselle ho ithuta ka Jehova.
14. (a) Pauluse o ile a re’ng ha a bolela litaba tse monate mabapi le Jesu, ’me o ile a fana ka temoso efe? (b) Letšoele le mo mametseng le ile la etsa’ng?
14 Ka mor’a moo Pauluse o ile a bua kamoo lelokong la marena a Iseraele ho ileng ha hlaha “Jesu e le mopholosi,” ea neng a eteletsoe pele ke Johanne Mokolobetsi. Eaba Pauluse o hlalosa kamoo Jesu a ileng a bolaoa a ba a tsosoa bafung. (Lik. 13:20-37) Pauluse o ile a re: “Bana beso, rea le tsebisa hore ka eena le ka tšoareloa libe . . . Hape ka eena, Molimo a ka fumana bohle ba nang le tumelo ba se molato.” Ka mor’a moo a lemosa bamameli ba hae, a re: “Itlhokomeleng hore ntho ena e boletsoeng libukeng tsa Baprofeta e se ke ea le etsahalla, ‘lona ba ratang ho nyefola, le tla bona mesebetsi eo ke e etsang mehleng ea lona le be le makale empa le tla timela. Le ke ke la kholoa hore ke ntse ke etsa mesebetsi ena leha motho e mong a ka le phetela eona ka ho hlaka.’” Seo batho bao ba ileng ba se etsa ha ba qeta ho utloa mantsoe a Pauluse sea hlolla. Bibele e re: “Batho ba ba kopa hore ba tle ba bue ka litaba tsena ka Sabatha e latelang.” Ho feta moo, ha seboka sa ntlo ea thapelo se qhalana, “batho ba bangata ba Bajuda ba tsamaea le Pauluse le Barnabase ba e-na le basokolohi ba sebeletsang Molimo.”—Lik. 13:38-43.
“Re Tla Phatlalatsa Litaba Tsena ho Batho ba Lichaba” (Liketso 13:44-52)
15. Ho ile ha etsahala joang ka Sabatha e hlahlamang ha Pauluse a qeta ho bua?
15 Ka Sabatha e hlahlamang, “hoo e batlang e le motse oohle” o ile oa bokana ho tla mamela Pauluse. Sena ha sea ka sa thabisa Bajuda ba bang, ba ileng “ba tlala mona eaba ba hanyetsa lintho tseo Pauluse a ntseng a li bua ’me ba mo nyefola.” Eena le Barnabase ba ile ba bua le bona ka sebete, ba re: “Ke lona ba pele ba ho bolelloa lentsoe la Molimo ’me ho ne ho lokela ho ba joalo. Kaha le le qhelela thoko, le bontša hantle hore ha le tšoaneloe ke bophelo bo sa feleng. Kahoo, re tla phatlalatsa litaba tsena ho batho ba lichaba tse ling, Jehova o re laetse tjena: ‘Ke le khethile hore le be leseli la lichaba e le hore le ka ba poloko ho ea fihla likhutlong tsa lefatše.’”—Lik. 13:44-47; Esa. 49:6.
16. Bajuda ba ile ba etsa’ng ha ba utloa mantsoe a baromuoa a ba hlabang, ’me Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa’ng ha ba hanyetsoa?
16 Balichaba ba neng ba mametse ba ile ba thaba, ’me “bohle bao lipelo tsa bona li neng li ba susumetsa hore ba amohele lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng ea e-ba balumeli.” (Lik. 13:48) Lentsoe la Jehova le ile la phatlalatsoa naheng eohle ka potlako. Bajuda bona ha baa ka ba thaba. Ha e le hantle, baromuoa bana ba ile ba ba bolella hore le hoja e le bona ba boleletsoeng lentsoe la Molimo pele, ba ile ba khetha ho lahla Mesia kahoo ba ne ba letetsoe ke kotlo. Bajuda ba ile ba hlohlelletsa basali ba nang le botumo bo botle le banna ba ka sehloohong ba motse, ba “tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso eaba ba ba ntšetsa ka ntle ho meeli ea bona.” Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa’ng? Ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona eaba ba ea Ikoniamo.” Na ketso ee e ile ea etsa hore Bokreste bo fele Antioke e Pisidia? Le hanyenyane! Barutuoa ba ileng ba sala moo ba ile “ba ’na ba tlala moea o halalelang le lipelo tsa bona tsa tlala thabo.”—Lik. 13:50-52.
17-19. Re ka etsisa mohlala o motle oa Pauluse le Barnabase ka litsela life, ’me ke hobane’ng ha ho etsa joalo ho tla re thabisa?
17 Seo banna bana ba tšepahalang ba ileng ba se etsa ha ba hanyetsoa se re ruta taba ea bohlokoa. Re ke ke ra khaotsa ho bolela litaba tse monate, esita leha batho ba hlaheletseng lefatšeng lena ba ka leka ho re thibela ho phatlalatsa molaetsa oa rona. Hape, hlokomela hore ha batho ba Antioke ba sa batle ho amohela molaetsa oa Pauluse le Barnabase, ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona”—e leng ketso e neng e sa bontše hore ba halefile; e ne e mpa e bontša hore ha ba na molato ka se tla hlahela batho bao. Baromuoa bana ba ile ba hlokomela hore ba ke ke ba qobella batho hore ba amohele molaetsa oa bona. Empa seo ba neng ba ka se etsa ke ho tsoela pele ba bolela litaba tse monate. Ba ile ba fela ba etsa joalo ha ba fetela Ikoniamo!
18 Ho ile ha etsahala’ng ka barutuoa ba Antioke? Ha ho pelaelo hore ba ne ba le sebakeng se tletseng bora. Empa thabo ea bona e ne e sa itšetleha ka hore batho ba amohele litaba tse monate. Jesu o itse: “Ho thaba ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.” (Luka 11:28) Ke sona seo barutuoa ba Antioke e Pisidia ba neng ba ikemiselitse ho se etsa.
19 Joaloka Pauluse le Barnabase, e se eka kamehla re ka hopola hore boikarabelo ba rona ke ho bolela litaba tse monate. Batho ke bona ba tla iketsetsa qeto ea ho amohela molaetsa oa rona kapa ho o hana. Haeba ho bonahala batho bao re ba bolellang litaba tse monate ba sa li amohele, re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho barutuoa ba lekholong la pele la lilemo. Haeba re ananela ’nete ’me re lumella moea o halalelang hore o re tataise, le rona re ka thaba leha re hanyetsoa.—Bagal. 5:18, 22.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Barnabase—‘Mora oa Matšeliso.’”
b Ka nako ena, ho se ho ntse ho e-na le liphutheho ho ea fihla Antioke ea Siria—lik’hilomithara tse ka bang 550 ka leboea ho Jerusalema.
c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Ho Tsamaea ka Maoto.”
d Lekholong la pele la lilemo, sekepe se ne se ka tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 150 ka letsatsi haeba moea o lumela. Ha maemo a le mabe, leeto le joalo le ne le ka nka nako e teletsana.
e Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Matlung a Bajuda a Thapelo.”
f Saeprase e ne e busoa ke Ntlo ea Senate ea Roma. Sehlekehleke sena se ne se busoa ke molaoli ea ka sehloohong eo e neng e le motsamaisi oa profinse.
g Ho tloha mona Saule o se a bitsoa Pauluse. Ba bang ba re o ile a ipitsa ka lebitso lena la Seroma ho tlotla Sergiase Pauluse. Leha ho le joalo, taba ea hore ha aa ka a lahla lebitso la Pauluse esita leha a se a tlohile Saeprase e bontša hore ho na le lebaka le fapaneng le leo. Pauluse ‘moapostola ea ronngoeng ho lichaba,’ o ile a etsa qeto ea hore ho tloha ka nako eo a sebelise lebitso la hae la Seroma. Hape mohlomong o ile a sebelisa lebitso la Pauluse hobane ha lebitso la hae la Seheberu la Saule le bitsoa ka Segerike, le ne le tšoana le lentsoe la Segerike le nang le moelelo o mobe.—Bar. 11:13.
h Lengolo leo Pauluse a le ngoletseng Bagalata le ngotsoe lilemo tse ’maloa ka mor’a mona. Lengolong leo, Pauluse o itse: “Ho kula ho ile ha mpha monyetla oa hore ke qale ho le bolella litaba tse monate.”—Bagal. 4:13.