KHAOLO EA 13
“Ba Ngangisana”
Khang ea lebollo e isoa ho sehlopha se busang
E Thehiloe ho Liketso 15:1-12
1-3. (a) Ho hlaha lintho life tse ka ’nang tsa etsa hore phutheho ea Bakreste e arohane? (b) Re ka rua molemo joang ka ho ithuta tlaleho ee e bukeng ea Liketso?
PAULUSE le Barnabase ba sa tsoa khutla ba thabile motseng oa Siria o bitsoang Antioke ba tsoa leetong la bona la pele e le baromuoa. Ba thabetse hore ebe Jehova o “buletse batho ba lichaba monyako e le hore le bona ba ka lumela.” (Lik. 14:26, 27) Ha e le hantle, litaba tse monate li boleloa Antioke eohle ’me ho ba le “batho ba bangata” ba Balichaba ba kenang ka phuthehong.—Lik. 11:20-26.
2 Kapele litaba tse thabisang tse mabapi le keketseho ena li fihla Judea. Empa, ho e-na le hore batho kaofela ba li thabele, hoa totobala hore ho hlokahala hore ho nkoe bohato ka khang ea lebollo. Balumeli ba Bajuda le bao e seng Bajuda ba lokela ho sebelisana joang, hona balumeli bao e seng Bajuda ba lokela ho ikutloa joang ka Molao oa Moshe? Khang ena e etsa hore ba ngangisane hoo e ka qetellang e entse hore phutheho ea Bakreste e arohane. E tla sebetsoa joang?
3 Re tla ithuta lintho tse ngata tsa bohlokoa ha re ntse re hlahloba tlaleho ena e bukeng ea Liketso. Sena se tla re thusa ho sebelisa bohlale haeba ho ka hlaha lintho tse ka bakang karohano mehleng ena.
“Haeba le sa . . . Bolle” (Liketso 15:1)
4. Balumeli ba bang ba ne ba buella maikutlo afe a fosahetseng, hona see se hlahisa potso efe?
4 Morutuoa Luka o itse: “Barutuoa ba bang ba tsoang Judea ba ne ba ruta barutuoa ba Antioke ba re: ‘Haeba le sa latele Molao oa Moshe ka hore le bolle, le ke ke la pholoha.’” (Lik. 15:1) Ha hoa boleloa hore na ‘barutuoa bana ba bang’ e ne e le Bafarisi kapa che pele e e-ba Bakreste. Ho sa tsotellehe seo, ho bonahala eka ba ne ba susumelitsoe ke monahano oa lequloana leo la Bajuda ba khomaretseng molao. Hape, e ka ’na eaba ba ile ba bua leshano ba re ba romiloe ke baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema. (Lik. 15:23, 24) Empa ke hobane’ng ha balumeli ba Bajuda ba ne ba ntse ba buella lebollo lilemo tse ka bang 13, ka mor’a hore moapostola Petrose a amohele Balichaba ba sa bollang ka phuthehong ea Bakreste ka tataiso ea Molimo? a—Lik. 10:24-29, 44-48.
5, 6. (a) E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba batla ho khomarela lebollo? (b) Na selekane sa lebollo e ne e le karolo ea selekane sa Abrahama? Hlalosa. (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
5 Mohlomong ho ne ho e-na le mabaka a mangata. Tabeng ea pele, lebollo le ne le qaliloe ke Jehova, ’me e ne e le letšoao la hore motho o na le kamano e khethehileng le eena. Lebollo le qalile pele ho selekane sa Molao empa ka mor’a moo ea e-ba karolo ea sona, ’me le qalile ka Abrahama le ba ntlo ea hae. b (Lev. 12:2, 3) Ho ea ka Molao oa Moshe, esita le balichaba ba ne ba lokela ho bolla pele ba ka lumelloa ho etsa lintho tse itseng, tse kang ho ja lijo tsa Paseka. (Ex. 12:43, 44, 48, 49) Ha e le hantle, Bajuda ba ne ba nka hore monna ea sa bollang ha aa hloeka ebile oa eiseha.—Esa. 52:1.
6 Ka lebaka leo, ho ne ho hlokahala hore balumeli ba Bajuda ba be le tumelo le boikokobetso hore ba amohele thuto e ncha. Selekane sa Molao se ne se nketsoe sebaka ke se secha, kahoo motho e ne e ke ke ea hlola e e-ba karolo ea sechaba sa Molimo hobane feela a tsoetsoe e le Mojuda. ’Me ho ne ho hlokahala sebete hore Bakreste ba Bajuda ba neng ba lula libakeng tsa Bajuda—joaloka balumeli ba neng ba lula Judea—ba ipitse ka Kreste ba be ba amohele Balichaba ba sa bollang e le balumeli-’moho le bona.—Jer. 31:31-33; Luka 22:20.
7. Ke linnete life tseo “barutuoa ba bang” ba neng ba sa li utloisise?
7 Bonneteng, melao ea Molimo e ne e sa fetoha. Bopaki ba sena ke hore selekane se secha se ne se akarelletsa lintlha tsa bohlokoa tse neng li hlaha Molaong oa Moshe. (Mat. 22:36-40) Ka mohlala, hamorao Pauluse o ile a re ka lebollo: “Mojuda oa ’nete ke eo e leng eena ka pelong, o bololitsoe pelong ka moea o halalelang eseng ka Molao.” (Bar. 2:29; Deut. 10:16) ‘Barutuoa bao ba bang’ ba tsoang Judea ba ne ba sa utloisise linnete tsena empa ba tsitlella hore ha ho mohla Molimo a kileng a felisa molao oa lebollo. Na ba ne ba tla utloisisa ha ba hlalosetsoa mabaka?
“Ba Ngangisana” (Liketso 15:2)
8. Ke hobane’ng ha khang ea lebollo e ile ea isoa ho sehlopha se busang Jerusalema?
8 Luka o ile a tsoela pele a re: “Pauluse le Barnabase ba ngangisana le bona [“barutuoa ba bang ba tsoang Judea”] empa hamorao ha etsoa qeto ea hore Pauluse, Barnabase le barutuoa ba bang ba ise taba ena ho baapostola le baholo Jerusalema.” c (Lik. 15:2) “Ho ngangisana” ho ne ho bontša hore lihlopha ka bobeli li tsitlelletse maikutlong a tsona, ’me phutheho ea Antioke e ne e sa khone ho rarolla bothata bona. Molemong oa khotso le bonngoe, ka bohlale phutheho ea lokisetsa hore potso eo e isoe ho “baapostola le baholo Jerusalema,” bao e neng e le litho tsa sehlopha se busang. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa baholo ba Antioke?
9, 10. Barab’abo rona ba Antioke hammoho le Pauluse le Barnabase ba re behetse mohlala ofe o motle kajeno?
9 Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re ithutang eona ke hore ho hlokahala re tšepe mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Nahana ka sena: Barab’abo rona ba Antioke ba ne ba tseba hore sehlopha se busang se entsoe ka Bakreste ba Bajuda feela. Empa, ba ile ba tšepa hore sehlopha seo se tla rarolla taba ea lebollo tumellanong le Mangolo. Hobane’ng? Phutheho e ne e kholisehile hore Jehova o ne a tla tsamaisa litaba ka moea oa hae o halalelang le ka Hlooho ea phutheho ea Bakreste, e leng Jesu Kreste. (Mat. 28:18, 20; Baef. 1:22, 23) Ha ho hlaha litaba tse tebileng kajeno, a re etsiseng mohlala o motle oa balumeli ba Antioke ka ho tšepa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo hammoho le Sehlopha se Busang sa Bakreste ba tlotsitsoeng.
10 Sena se boetse se re hopotsa hore ke habohlokoa hore re ikokobetse ’me re se ke ra fela pelo. Pauluse le Barnabase ba ne ba khethiloe ke moea ka ho toba hore ba ee lichabeng, empa ha ba le Antioke ha baa ka ba sebelisa matla ao ba a fuoeng hore ba rarolle khang eo ea lebollo hang-hang. (Lik. 13:2, 3) Ho feta moo, hamorao Pauluse o ile a re: “Ke ile ka khutlela teng [Jerusalema] hobane Morena o ne a ntšenoletse” ho bontšang hore litaba li ne li tsamaisoa ke Molimo. (Bagal. 2:2) Ka ho tšoanang, kajeno baholo ba loanela ho ba le boikokobetso, ho se fele pelo ha ho hlaha lintho tse ka ’nang tsa baka karohano. Ho e-na le ho ngangella maikutlong a bona, ba itšetleha ka Jehova ka ho bala Mangolo le litaelo le tataiso ea mohlanka ea tšepahalang.—Bafil. 2:2, 3.
11, 12. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho letela Jehova?
11 Maemong a mang, ho ka ’na ha hlokahala hore re letele Jehova hore a hlakise taba e itseng. Hopola hore ho ile ha hlokahala hore barab’abo rona ba mehleng ea Pauluse ba lete ho fihlela ka 49 C.E. lilemo tse ka bang 13 ho tloha ha Korneliase a tlotsoa ka 36 C.E.—pele Jehova a lokisa taba ea hore na Balichaba ba lokela ho bolla kapa che. Ke hobane’ng ha ho ile ha feta nako e telele hakaalo? Mohlomong Molimo o ne a batla hore ho fete nako e lekaneng e le hore Bajuda ba tšepahalang ba ka amohela phetoho eo e kholo. Ha e le hantle, ho felisoa ha selekane sa lebollo se entsoeng le moholo-holo oa bona Abrahama lilemong tse 1 900 tse fetileng e ne e le taba e kholo!—Joh. 16:12.
12 Ke tlotla e kaakang ho rutoa le ho boptjoa ke Ntate oa rona ea leholimong ea sa feleng pelo le ea mosa! Ka linako tsohle liphello e ba tse ntle le tse re tsoelang molemo. (Esa. 48:17, 18; 64:8) Kahoo le ka mohla re se ke ra tsitlella maikutlong a rona kapa ra tletleba ha ho etsoa liphetoho mokhatlong o hlophisitsoeng kapa ho fetoloa tsela eo mangolo a itseng a hlalosoang ka eona. (Moek. 7:8) Haeba u hlokomela hore u na le tšekamelo e joalo, u lokela ho rapella tataiso ’me u thuise ka melao-motheo e loketseng e fumanoang ho Liketso khaolo ea 15. d
13. Re ka etsisa Jehova joang ka ho se fele pelo tšebeletsong ea rona?
13 Ho ka ’na ha hlokahala hore re se fele pelo ha re ithuta Bibele le batho bao ho leng thata hore ba lahle lithuto tsa bohata kapa meetlo e khahlanong le Mangolo eo ba e nkang e le ea bohlokoa. Maemong a joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore re eme nako e lekaneng hore moea oa Molimo o susumetse pelo ea seithuti. (1 Bakor. 3:6, 7) Hape, ho hlokahala hore re rapelle taba ena. Mohlomong ka nako e loketseng Molimo o tla re thusa ho tseba hore na re nke khato efe e bohlale.—1 Joh. 5:14.
Ba Ile ‘ba Pheta’ Liphihlelo Tse Khothatsang (Liketso 15:3-5)
14, 15. Phutheho ea Antioke e ile ea hlompha Pauluse, Barnabase le bo-mphato ba bona joang, hona ba ile ba ruisa balumeli-’moho le bona molemo joang ha ba le moo?
14 Ha Luka a tsoela pele o re: “Barutuoa ba ba felehetsa eaba ba ba khutlela tseleng. Pauluse, Barnabase le batho ba nang le bona ba tsoela pele ka leeto ’me ba feta Foenisia le Samaria. Ba ne ba phetela barutuoa kamoo batho ba lichaba tse ling ba sokolohang kateng. Ha barutuoa ba utloa litaba tsena ba thaba haholo.” (Lik. 15:3) Hore ebe phutheho e ile ea felehetsa Pauluse, Barnabase le bo-mphato ba bona sebaka se itseng ho ne ho bontša hore e ba rata ka lerato la Bokreste, ea ba hlompha, ebile e ba lakaletsa hore Molimo a ba hlohonolofatse. Ka sebele, ke mohlala o mong o motle oo barab’abo rona ba Antioke ba re behetseng oona! Na u hlompha bara le barali beno ba Bakreste, “haholo-holo ba [baholo] sebetsang ka thata ho bua ka lentsoe la Molimo le ho ruta”?—1 Tim. 5:17.
15 Ha ba ntse ba tsamaea ba ile ba ruisa Bakreste ba Foenisia le Samaria molemo ka ho “ba phetela” liphihlelo tsa mosebetsi o etsoang har’a Balichaba. Mohlomong ho ne ho boetse ho e-na le balumeli ba Bajuda ba neng ba balehetse libakeng tseo ka mor’a hore Setefane a bolaeloe tumelo. Ka ho tšoanang le kajeno, barab’abo rona baa khothala, haholo-holo ba hlahetsoeng ke liteko, ha ba utloa litlaleho tsa kamoo Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi oa ho etsa barutuoa kateng. Na u rua molemo o feletseng litlalehong tse joalo ka ho ba teng libokeng tsa Bakreste, likopanong tse kholo le tse nyenyane hammoho le ka ho bala liphihlelo le lipale tsa bophelo tse hatisoang ka har’a lingoliloeng tsa rona kapa tse hlahang ho jw.org?
16. Ke eng se bontšang hore lebollo le ne le fetohile khang e kholo?
16 Ka mor’a hore moifo o tsoang Antioke o tsamaee lik’hilomithara tse ka bang 550 ho ea ka boroa, o ile oa qetella o fihlile moo o eang teng. Luka o re: “Ha ba fihla Jerusalema ba amoheloa ka mosa ke phutheho, baapostola le baholo. Ba ba phetela lintho tse ngata tseo Molimo a ileng a ba thusa ho li etsa.” (Lik. 15:4) Leha ho le joalo, “ba bang ba lequloana la Bafarisi bao e neng e se e le barutuoa ba ema eaba ba re: ‘Ba lokela ho bolla ’me ba mamele Molao oa Moshe.’” (Lik. 15:5) Ho hlakile hore taba ea hore Bakreste bao e seng Bajuda ba bolle e ne e fetohile khang e kholo, ’me e ne e lokela ho rarolloa.
“Baapostola le Baholo ba Kopana” (Liketso 15:6-12)
17. Ke bo-mang bao e neng e le litho tsa sehlopha se busang Jerusalema, hona e ka ’na eaba ke hobane’ng ha ba ne ba akarelletsa le “baholo”?
17 Liproverbia 13:10 e re: “Ba bohlale ke ba batlang keletso.” Tumellanong le molao-motheo oo o utloahalang, “baapostola le baholo ba kopana e le ho seka-seka taba ena [ea lebollo].” (Lik. 15:6) “Baapostola le baholo” e ne e le baemeli ba phutheho eohle ea Bakreste, ho tšoana le Sehlopha se Busang kajeno. Ke hobane’ng ha “baholo” ba ne ba sebetsa hammoho le baapostola? Hopola hore moapostola Jakobo o ne a bolailoe, ’me moapostola Petrose o ne a kentsoe teronkong ka nako e itseng. Na baapostola ba bang ba ne ba tla hlaheloa ke ntho e tšoanang? Hafeela banna ba bang ba tlotsitsoeng ba tšoanelehang ba ntse ba le teng, ho ne ho tla lula ho e-na le barab’abo rona ba lekaneng ba ka etellang pele.
18, 19. Petrose o ile a bua mantsoe afe a matla, hona e tlameha ebe bamameli ba hae ba ile ba fihlela qeto efe?
18 Luka o ile a tsoela pele a re: “Ba buisana ka taba ena empa ba ne ba sa lumellane. Kahoo, Petrose a ema eaba o re . . . : ‘Bana beso, lea tseba hore e se e le nako Molimo a nkhethile har’a lona hore ke bolelle batho ba lichaba litaba tse monate tsa ’Muso oa hae e le hore ba lumele. Molimo o tseba lipelo ’me o pakile hore oa ba amohela ka ho ba fa moea o halalelang joalokaha le rona a re file oona. Ha aa ka a khetholla pakeng tsa rona le bona empa o ile a ba hloekisa lipelo ka lebaka la tumelo ea bona.’” (Lik. 15:7-9) Ho ea ka buka e ’ngoe, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba sa lumellane” temaneng ea 7 le boetse le bolela “ho batlisisa; ho botsisisa.” Kamoo ho bonahalang kateng, barab’abo rona ba ne ba e-na le maikutlo a fapaneng, ’me ba ile ba a ntša ka bolokolohi.
19 Mantsoe a Petrose a matla a ile a hopotsa bohle hore o ne a le teng ha Balichaba ba pele ba sa bollang e leng Korneliase le ba ntlo ea hae ba tlotsoa ka moea o halalelang ka 36 C.E. Kahoo ha Jehova a se a sa tsotelle hore na motho ke Mojuda kapa che, batho ke bo-mang hore ba etse ho fapaneng? Ho feta moo, pelo ea molumeli ha e hloekisoe ke ho boloka Molao oa Moshe, empa e hloekisoa ke ho lumela ho Kreste.—Bagal. 2:16.
20. Batho ba neng ba tšehetsa lebollo ba ne ba “leka Molimo” ka tsela efe?
20 A itšetlehile ka bopaki bo ke keng ba latoloa ba lentsoe la Molimo, hammoho le moea o halalelang, Petrose o ile a phetha ka ho re: “Joale ke hobane’ng ha le leka Molimo ka ho jarisa barutuoa joko eo rona le baholo-holo ba rona re sitiloeng ho e jara? Hona joale re na le tumelo e tšoanang le ea bona ea hore re tla pholoha ka mosa oa Morena Jesu.” (Lik. 15:10, 11) Ha e le hantle, batho ba buellang lebollo ba ne ba “leka Molimo,” kapa ho ea ka phetolelo e ’ngoe, ba ‘leka mamello ea hae.’ Ba ne ba leka ho tlama Balichaba hore ba boloke molao oo Bajuda ka bobona ba neng ba sitoa ho o boloka ka ho feletseng, ka lebaka leo oa ba ahlolela lefu. (Bagal. 3:10) Ho e-na le hoo, Bajuda ba neng ba mametse Petrose ba ne ba lokela ho leboha hore ebe Molimo o ba bontšitse mosa ka Jesu.
21. Barnabase le Pauluse ba ile ba thusa joang hore ho etsoe qeto tabeng ea lebollo?
21 Kamoo ho bonahalang kateng, mantsoe a Petrose a ile a ama lipelo tsa bao a neng a bua le bona, hobane “batho bohle . . . [ba ile ba] thola.” Ka mor’a moo, Barnabase le Pauluse ba ile ba “ba phetela ka mehlolo e mengata eo Molimo a ileng a ba sebelisa hore ba e etse har’a batho ba lichaba.” (Lik. 15:12) Joale, qetellong, baapostola le baholo ba ile ba khona ho sekaseka bopaki bohle le ho etsa qeto eo ho hlakileng hore e lumellana le thato ea Molimo tabeng eo ea lebollo.
22-24. (a) Sehlopha se Busang sa kajeno se latela mohlala oa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo joang? (b) Baholo bohle ba ka bontša joang hore ba hlompha taolo ea puso ea Molimo?
22 Le kajeno, ha litho tsa Sehlopha se Busang li kopana, li iphaphatha le tataiso ea Lentsoe la Molimo ’me li rapella moea o halalelang. (Pes. 119:105; Mat. 7:7-11) Ka lebaka leo, setho se seng le se seng sa Sehlopha se Busang se fumana lethathamo la litaba tseo ho tla buisanoa ka tsona esale pele e le hore se ka nahana ka tsona le ho rapela. (Liprov. 15:28) Ha bara bana babo rona ba tlotsitsoeng ba le sebokeng, ba ntša maikutlo a bona ka bolokolohi le ka tlhompho. Ho sebelisoa Bibele khafetsa lipuisanong tsena.
23 Baholo ba phutheho ba lokela ho latela mohlala oo. ’Me haeba taba e tebileng e tšohliloeng sebokeng sa baholo e sa rarollehe, sehlopha sa baholo se ka e fetisetsa ofising ea lekala ea sebakeng seo kapa ho baemeli ba eona ba khethiloeng, joaloka balebeli ba potoloho. Ka mor’a moo, lekala le ka ’na la ngolla Sehlopha se Busang haeba ho hlokahala.
24 Ka sebele, Jehova o hlohonolofatsa ba ikokobelletsang tsela ea puso ea Molimo eo lintho li etsoang ka eona ka phuthehong le ba bontšang boikokobetso, botšepehi le mamello. Joalokaha re tla bona khaolong e latelang, meputso eo Molimo a re fang eona ha re etsa joalo ke khotso ea ’nete, katleho ea moea le bonngoe har’a Bakreste.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Lithuto Tsa Batšehetsi ba Bolumeli ba Sejuda.”
b Selekane sa lebollo e ne e se karolo ea selekane sa Abrahama, se ntseng se sebetsa ho fihlela kajeno. Selekane sa Abrahama se qalile ho sebetsa ka 1943 B.C.E. ha Abrahama (eo e neng e le Abrame ka nako eo) a tšela noka ea Eufrate a e-ea Kanana. Ka nako eo o ne a le lilemo li 75. Selekane sa lebollo se ile sa etsoa hamorao, ka 1919 B.C.E., ha Abrahama a le lilemo li 99.—Gen. 12:1-8; 17:1, 9-14; Bagal. 3:17.
c Ho bonahala eka Tite, Mokreste oa Mogerike eo hamorao e ileng ea e-ba motsoalle le lenqosa le tšepahalang la Pauluse, o ne a le moifong ona. (Bagal. 2:1; Tite 1:4) E ne e le mohlala o motle oa Molichaba ea sa bollang ea tlotsitsoeng ka moea o halalelang.—Bagal. 2:3.
d Sheba lebokose la sehlooho se reng: “ Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang se Thehiloe Bibeleng.”