Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA BOHLANO

‘Ke Tla Lula Har’a Sechaba’—Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete

‘Ke Tla Lula Har’a Sechaba’—Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete

EZEKIELE 43:7

NTLHA-KHOLO: Karolo ena e tl’o bua ka likarolo tsa pono ea tempele le hore na li re ruta’ng ka borapeli ba ’nete

Jehova o ile a etsa hore moprofeta Ezekiele le moapostola Johanne ba bone lipono tse nang le lintho tse tšoanang. Lintho tse hlahang liponong tseo li re ruta lintho tsa bohlokoa tse re thusang hore re rapele Jehova ka tsela eo a e amohelang hona joale ebile li re thusa hore re bone hore na bophelo bo tla ba joang Paradeiseng ha ’Muso oa Molimo o se o busa.

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 19

‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Lintho Tsohle li Tla Phela’

Ke hobane’ng ha re ka re boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka e phallang ho tsoa tempeleng bo ile ba phethahala, boa phethahala ebile bo tl’o phethahala nakong e tlang?

KHAOLO EA 20

“Arola Naha e le Lefa”

Ponong Molimo o laela Ezekiele le Bajuda ba botlamuoeng hore ho aroleloe maloko a Iseraele Naha e Tšepisitsoeng.

KHAOLO EA 21

“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”

Re ithuta’ng ponong eo Ezekiele a e boneng e buang ka motse le hore lebitso la oona le bolela’ng?

KHAOLO EA 22

“Rapela Molimo”

Morero oa buka ena ke ho re thusa hore re ikemisetse ho rapela Jehova Molimo feela.