Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 20

“Arola Naha e le Lefa”

“Arola Naha e le Lefa”

EZEKIELE 45:1

NTLHA-KHOLO: Khaolo ena e tla bontša hore na ho arola naha ho bolela’ng

1, 2. (a) Jehova o ile a fa Ezekiele litaelo life? (b) Re tl’o bua ka lipotso life?

 EZEKIELE o qeta ho bona pono e mo hopotsang mehleng ea Moshe le Joshua e leng lilemo tse ka bang 900 tse fetileng. Ka nako eo, Jehova o ile a hlalosetsa Moshe meeli ea Naha e Tšepisitsoeng ’me hamorao a bolella Joshua hore na naha eo e lokela ho aroleloa maloko a Iseraele joang. (Num. 34:1-15; Josh. 13:7; 22:4, 9) Hona joale, ka selemo sa 593 pele ho mehla ea Jesu, Jehova o laela Ezekiele le Bajuda ba botlamuoeng hore ba arolele maloko a Iseraele Naha e Tšepisitsoeng hape.—Ezek. 45:1; 47:14; 48:29.

2 Pono eo Ezekiele a ileng a e bona e ne e le bohlokoa hakae ho eena le ho Bajuda ba botlamuoeng? Ke hobane’ng ha pono ee e khothatsa batho ba Molimo kajeno? Na pono ee e tla phethahala kaofela nakong e tlang?

Pono e Etsang Hore re Kholisehe ka Litšepiso Tse ’Nè

3, 4. (a) Pono ea ho qetela ea Ezekiele e ile ea bua ka litšepiso life tse ’nè? (b) Khaolong ee re tl’o bua ka tšepiso efe?

3 Pono ea ho qetela ea Ezekiele e hlaha likhaolong tse robong tsa buka ea hae. (Ezek. 40:1–48:35) Pono eo e ile ea bua ka litšepiso tse ’nè tse neng li tla khothatsa sechaba sa Iseraele. Litšepiso tseo ke life? Ea pele ke hore batho ba ne ba tla boela ba sebeletse Molimo ka tsela eo a e amohelang tempeleng ea hae. Ea bobeli ke hore sechaba se ne se tla boela se tataisoe ke baprista le balisa ba tšepahalang. Ea boraro ke hore batho bohle ba neng ba tla khutlela Iseraele ba ne ba tla fuoa naha e le lefa la bona. Ea bone ke hore Jehova o ne a tla ba le bona, a lule le bona hape.

4 Khaolo ea 13 le ea 14 bukeng ena li ile tsa bua ka hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa le hore batho ba Molimo ba ne ba tla etelloa pele ke balisa ba tšepahalang. Khaolong ena re tl’o bua ka tšepiso ea boraro, e leng ea hore ba ne ba tla fumana naha e le lefa. Khaolong e latelang, re tla bua ka tšepiso ea hore Jehova o tla ba le bona.—Ezek. 47:13-21; 48:1-7, 23-29.

“Naha Ena . . . e Fuoa Lona e le Lefa”

5, 6. (a) Ke sebaka sefe se neng se tl’o aroloa ponong ea Ezekiele? (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Ke hobane’ng ha pono ea ho arola naha e le ea bohlokoa?

5 Bala Ezekiele 47:14. Ponong, Jehova o ile a bontša Ezekiele karolo ea naha eo haufinyane e neng e tla tšoana le “serapa sa Edene.” (Ezek. 36:35) Jehova o ile a re: “Sena ke sebaka seo le tla se fa maloko a 12 a Iseraele e le lefa la naha.” (Ezek. 47:13) “Sebaka” se neng se tl’o aroloa e ne e le naha ea Iseraele eo Bajuda ba botlamuoeng ba neng ba tl’o khutlela ho eona. Ho Ezekiele 47:15-21, Jehova o hlalosa meeli ea naha eo kaofela ka ho hlakileng.

6 Ke hobane’ng ha pono ea ho arola naha e le ea bohlokoa? Tlhaloso e hlakileng ea meeli e ile ea etsa hore Ezekiele le Bajuda ba botlamuoeng ba kholisehe hore ba tla khutlela naheng ea habo bona. Tsela eo Jehova a ileng a hlalosa lintho ka eona e ile ea ba khothatsa haholo. Na kannete batho ba Molimo ba ile ba fumana naha eo ba neng ba e abetsoe e le lefa? E, ba ile ba e fumana.

7. (a) Ke ntho efe e ileng ea etsahala ka selemo sa 537 ’me e re hopotsa’ng? (b) Re tl’o araba potso efe?

7 Ka selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu, e leng lilemo tse 56 ka mor’a hore Ezekiele a bone pono ena, batlamuoa ba bangata ba Bajuda ba ile ba qala ho khutlela naheng ea Iseraele ’me ba lula teng. Liketsahalo tsa khale tse kang tsena li re hopotsa ntho e tšoanang e ntseng e etsahalla batho ba Molimo mehleng ena. Ka tsela e itseng le bona ba ile ba aroleloa naha. Joang? Jehova o ile a lumella bahlanka ba hae hore ba be le naha ea bona ’me ba lule ho eona. Kahoo, rea hlokomela hore ho ithuta ka Naha e Tšepisitsoeng e ileng ea tsosolosoa, ho ka re ruta lintho tse ngata ka naha e tsosolositsoeng ea batho ba Molimo mehleng ena. Pele re bua ka lintho tseo re ka ithutang tsona, a re qaleng ka ho araba potso e reng, “Re tseba joang hore le kajeno naha ea batho ba Molimo e ntse e le teng?”

8. (a) Sechaba sa Jehova sa Iseraele se ile sa nkeloa sebaka ke sechaba sefe? (b) Naha ea batho ba Molimo ke’ng? (c) Naha eo e bile teng neng ’me ke bo-mang ba lulang ho eona?

8 Ponong e ’ngoe ea Ezekiele, Jehova o ile a hlalosa hore boprofeta bo buang ka hore Iseraele e tla tsosolosoa bo ne bo tla phethahala ka ho feletseng ka mor’a hore ‘mohlanka oa hae Davida’ e leng Jesu Kreste a qale ho busa e le Morena. (Ezek. 37:24) Nako eo e ile ea fihla ka 1914. Ka selemo seo, ho ne ho se ho fetile nako e telele Baiseraele e se e se sechaba sa Molimo, ba nketsoe sebaka ke Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bala Matheu 21:43; 1 Petrose 2:9.) Jehova o ile a boela a etsa hore naha ea Iseraele e nkeloe sebaka ke naha ea batho ba mo sebeletsang ka tsela eo a e amohelang. (Esa. 66:8) Khaolong ea 17 ea buka ena, re ithutile hore naha ena ke tsela eo batho ba rapelang Jehova hantle ka eona. Haesale batlotsuoa ba sebeletsa Molimo ka tsela eo a e amohelang ho tloha ka selemo sa 1919. (Sheba lebokose la 9B le reng, “Hobane’ng re re 1919?”) Ha nako e ntse e e-ea, batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng e leng “linku tse ling,” le bona ba ile ba qala ho sebeletsa Molimo ka tsela eo a e amohelang. (Joh. 10:16) Le hoja naha ea batho ba Molimo e ntse e atoloha kajeno, litlhohonolofatso tsa eona re tla li thabela ka ho feletseng ka mor’a ntoa ea Armagedone.

Ho Arola Naha ka ho Lekana le ka Makhethe

9. Jehova o ile a re naha e aroloe joang?

9 Bala Ezekiele 48:1, 28. Ka mor’a hore Jehova a bue ka meeli e ka ntle ea naha, o ile a hlalosa hantle hore na e lokela ho aroloa joang. O ile a laela hore naha e aroloe ho ea ka maloko a 12 ka ho lekana le ka makhethe ho tloha ka leboea ho ea ka boroa. Ho ile ha qaloa ka leloko la Dane, le neng le le moeling qetellong ea lehlakore le ka leboea ’me ha qetelloa ka leloko la Gade le neng le le moeling qetellong ea lehlakore le ka boroa. Leloko ka leng le ne le e-na le moeli o tlohang karolong e ka ntle ea naha lehlakoreng le ka bochabela la Leoatle le Leholo kapa Leoatle la Mediterranean ka bophirimela.—Ezek. 47:20.

10. Pono ee ea ho arola naha e ile ea etsa hore Bajuda ba botlamuoeng ba kholisehe ka eng?

10 Pono ee ea ho arola naha e ile ea etsa hore Bajuda ba botlamuoeng ba kholisehe ka eng? Tsela e hlakileng eo Ezekiele a ileng a hlalosa ka eona hore na naha e lokela ho aroloa joang, e tlameha ebe e ile ea kholisa Bajuda ba botlamuoeng hore naha e ne e tla aroloa ka tsela e hlophisehileng. Taba ea hore naha e ne e tla aroloa ka ho lekana malokong ’ohle a 12, e ne e hatisa taba ea hore Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba ne ba tla fumana naha e le lefa la bona. Batho bohle ba khutlileng ba ne ba tla ba le sebaka se ba lekaneng.

11. Re ka ithuta’ng ponong ea boprofeta bo buang ka ho arola naha? (Sheba lebokose le reng “Naha ea Aroloa.”)

11 Kajeno re ka ithuta lintho life ponong ee ea Ezekiele? Naheng e Tšepisitsoeng e ileng ea tsosolosoa, ho ne ho e-na le sebaka bakeng sa baprista, Balevi, likhosana le maloko ’ohle a 12. (Ezek. 45:4, 5, 7, 8) Ka tsela e tšoanang, kajeno ha se batlotsuoa le batho ba etellang pele ba “bongata bo boholo” feela ba tla fumana sebaka naheng ea batho ba Molimo empa le batho ba bang bohle ba bongata bo boholo ba tla fumana sebaka. a (Tšen. 7:9) Ho sa tsotellehe hore na u etsa mosebetsi ofe ka mokhatlong oa Molimo, u ka kholiseha hore Molimo oa u bona ebile o ananela mosebetsi oa hao haholo. Taba ena e re khothatsa haholo.

Ho sa tsotellehe hore na re na le boikarabelo bofe ka mokhatlong oa Jehova, o ananela boiteko ba rona (Sheba serapa sa 11)

Lintho Tse Peli Tse Fapaneng Tsa Boprofeta ba Ezekiele li Bohlokoa Hakae ho Rona?

12, 13. Jehova o ile a re maloko a aroleloe naha joang?

12 Litaelo tse ling tseo Jehova a ileng a li fa Ezekiele e tlameha ebe li ile tsa mo makatsa hobane li ne li fapane le tseo a ileng a li fa Moshe. Li ne li fapane ka litsela tsena tse peli: E ’ngoe e ne e bua ka naha, e ’ngoe e bua ka baahi ba eona.

13 A re bueng ka ea pele e leng naha. Moshe o ne a laetsoe hore a fe maloko a maholo naha e kholo ho feta maloko a manyenyane. (Num. 26:52-54) Leha ho le joalo, ponong ea Ezekiele Jehova o ile a laela hore maloko ’ohle a aroleloe naha “ka ho lekana.” (Ezek. 47:14) Kahoo, moeli o tlohang ka leboea ho ea ka boroa oa lefa la leloko ka leng, o ne o lokela ho lekana malokong ’ohle a 12. Baiseraele bohle, ho sa tsotellehe hore na ba tsoa lelokong lefe, ba ne ba tla fumana ka ho lekana lijalo tse hlahisoang ke Naha e Tšepisitsoeng e neng e na le metsi.

14. Jehova o ile a fa Ezekiele litaelo life tse fapaneng le tseo a ileng a li fa Moshe?

14 A re bueng ka ea bobeli e leng baahi. Molao oa Moshe o ne o sireletsa balichaba ebile o ba lumella hore ba sebeletse Jehova empa ba ne ba sa aroleloe naha. (Lev. 19:33, 34) Empa ntho eo Jehova a e bolellang Ezekiele hona joale e fapane haholo le litaelo tseo a ileng a li fa Moshe. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Le fe molichaba lefa naheng ea leloko leo a lulang ho lona.” Ka taelo ena Jehova o ile a etsa hore ho se ke ha e-ba le phapang pakeng tsa “Baiseraele” le balichaba ba neng ba lula le bona. (Ezek. 47:22, 23) Naheng eo Ezekiele a ileng a e bona, batho ba lulang teng ba ne ba rapela Jehova hammoho, ho se na ea betere ho feta e mong.—Lev. 25:23.

15. Litaelo tsa Jehova tse buang ka naha le baahi ba eona li bontša hore ke Molimo ea joang?

15 E tlameha ebe litaelo tsena tse peli tseo Ezekiele a ileng a li fumana mabapi le naha le baahi ba eona li ile tsa khothatsa Bajuda ba botlamuoeng haholo. Ba ne ba kholisehile hore Jehova o tla ba arolela naha ka ho lekana ho sa tsotellehe hore na ke Baiseraele kapa ke balichaba ba mo rapelang. (Esdr. 8:20; Neh. 3:26; 7:6, 25; Esa. 56:3, 8) Litaelo tsena li ile tsa ba kholisa hore Jehova o rata bahlanka ba hae kaofela ka ho lekana ebile ke ba bohlokoa ho eena. (Bala Hagai 2:7.) Le rona taba ena e re khothatsa haholo, ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho ea phela leholimong kapa lefatšeng.

16, 17. (a) Ho ithuta ka lintlha tse buang ka naha le baahi ba eona ho re thusa joang? (b) Re tl’o bua ka’ng khaolong e latelang?

16 Ho ithuta ka lintlha tse buang ka naha le baahi ba eona ho re thusa joang? Ho re hopotsa hore re lokela ho rapela Jehova hammoho ho se na motho ea nkang hore o bohlokoa ho feta ba bang. Jehova ha a na khethollo. Re lokela ho ipotsa: ’Na le ’na ha ke na khethollo joaloka Jehova? Na ke hlompha barapeli-’moho le ’na ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe kapa ho sa tsotellehe maemo a bona?’ (Bar. 12:10) Rea thaba hore ebe Jehova Ntate oa rona ea leholimong o etsa hore kaofela ha rona re fumane lintho tse re thusang hore re matlafatse tumelo ea rona le hore re thabele litlhohonolofatso tseo a re fang tsona ha re ntse re mo sebeletsa.—Bagal. 3:26-29; Tšen. 7:9.

Na joaloka Jehova ha re na khethollo ebile re hlompha batho ba bang? (Sheba serapa sa 15 le 16)

17 Hona joale a re bueng ka tšepiso ea bone ea Jehova ea hore o tla ba le Bajuda ba botlamuoeng. Re tl’o ithuta’ng tšepisong eo? Re tla fumana karabo khaolong e latelang.

a E le hore u fumane lintlha tse ling ka sebaka se khethehileng le mosebetsi oo Jehova a o fileng baprista le likhosana naheng ea batho ba hae, sheba Khaolo ea 14 ea buka ena.