Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 19

‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Lintho Tsohle li Tla Phela’

‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Lintho Tsohle li Tla Phela’

EZEKIELE 47:9

NTLHA-KHOLO: Tsela eo pono ea noka e phallang ho tsoa tempeleng e ileng ea phethahala ka eona mehleng ea khale, mehleng ena le kamoo e tla phethahala kateng nakong e tlang

1, 2. Ho Ezekiele 47:1-12, Ezekiele o ile a bona’ng, a ba a ithuta’ng? (Sheba setšoantšo se qalang.)

 EZEKIELE o boetse o bona ntho e makatsang ponong ea hae ea tempele. O bona noka e phalla ho tsoa tempeleng. Ak’u mo bone feela a le ka har’a noka eo e nang le metsi a hloekileng, a e latela. (Bala Ezekiele 47:1-12.) E tloha monyako oa tempele ’me e kopana le mohaho oa tempele pel’a keiti e ka bochabela. Lengeloi le tsamaea le Ezekiele le mo tlosa tempeleng, le metha sebaka ha ba ntse ba tsamaea. Lengeloi le re Ezekiele a tšele noka ka makhetlo a mangata. Ha a le ka metsing oa hlokomela hore noka e ntse e teba ’me haufinyane ho tla hlokahala hore a sese e le hore a khone ho tšela.

2 Ezekiele o hlokomela hore noka e phallela Leoatleng le Shoeleng ’me e hloekisa metsi a lona a letsoai, ao liphoofolo li neng li sa khone ho phela ka har’a oona. Hohle moo noka e kopanang le metsi a leoatle lena ho ba le litlhapi tse ngata. Lebopong la noka, o bona lifate tse ngata tsa mefuta e fapaneng li hola. Khoeli le khoeli li hlahisa litholoana tse nang le phepo e ntle ebile li hlahisa makhasi a folisang. Ha Ezekiele a bona lintho tsena tsohle, li ile tsa etsa hore a be le tšepo le khotso. Empa karolo ee ea boprofeta ba pono ea tempele e ne e le bohlokoa hakae ho eena le ho Bajuda ba neng ba le botlamuoeng le eena? E bohlokoa hakae ho rona mehleng ee?

Noka eo Ezekiele a e Boneng e ne e le Bohlokoa Hakae ho Bajuda ba Botlamuoeng?

3. Ke hobane’ng ha Bajuda ba mehleng ea khale ba ne ba sa nke hore noka e ponong ea Ezekiele ke ea sebele?

3 Bajuda ba mehleng ea khale ba ne ba sa nke hore noka e ponong ea Ezekiele ke noka e neng e le teng ka nako eo. Ho e-na le hoo, ho ka etsahala hore e ile ea ba hopotsa mantsoe a builoeng ke moprofeta Joele lilemo tse fetang 200 tse fetileng. (Bala Joele 3:18.) Ha Bajuda ba botlamuoeng ba bala mantsoe a Joele, ba ne ba sa lebella hore lithaba tsa moo ba lulang teng li ‘rothe veine e monate’ le maralla a “phalle lebese.” Ba ne ba boetse ba sa lebella hore ho be le seliba “ntlong ea Jehova.” Ho ka etsahala hore Bajuda ba bang le bona ba ne ba utloisisa hore noka e hlahang ponong eo Ezekiele a e boneng e ne e le ea tšoantšetso. a Ke molaetsa ofe oo Jehova a neng a fana ka oona ka pono ee? Mangolo a hlalosa ka ho hlaka hore na likarolo tse ling tse setšoantšong sena li bolela’ng. Hona joale re tl’o bua ka lintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona boprofeteng bona.

4. (a) E ka ’na eaba noka e ponong ea Ezekiele e ile ea etsa hore Bajuda ba lebelle litlhohonolofatso life tse tsoang ho Jehova? (b) Tsela eo Bibele e sebelisitseng mantsoe “noka” le “metsi” e re kholisa joang hore Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae? (Sheba lebokose le reng “Linoka Tse Tlisang Litlhohonolofatso Tse Tsoang ho Jehova.”)

4 Noka e fanang ka litlhohonolofatso. Hangata ka Bibeleng ha ho buuoa ka linoka le metsi, e ea be e le ha ho buuoa ka tsela eo Jehova a hlohonolofatsang batho ba hae ka eona. Ezekiele o ile a bona noka e kang ena e phalla ho tsoa tempeleng. Kahoo, e ka ’na eaba pono ena e ile ea etsa hore batho ba Molimo ba lebelle hore Jehova o tla tsoela pele a ba hlohonolofatsa hafeela ba ntse ba mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. Ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso life? Ba ne ba tla boela ba fumane melao e tsoang ho baprista. Kaha ho ne ho etsoa mahlabelo tempeleng, ba ne ba ka boela ba kholiseha hore ba tla tšoareloa libe. (Ezek. 44:15, 23; 45:17) Ka tsela eo, ba ne ba tla hloeka hape joalokaha eka ba hlatsuoa ka metsi a hloekileng a tsoang tempeleng.

5. Noka eo Ezekiele a ileng a e bona ponong e ile ea kholisa Bajuda joang hore Jehova o tla ba hlohonolofatsa kaofela?

5 Na batho bohle ba ne ba tla lula ba fumana litlhohonolofatso? Pono ea Ezekiele e ne e khothatsa hobane e ne e bontša hore ka mohlolo metsi a noka a ne a tla ’ne a eketsehe ’me a be mangata. (Ezek. 47:3-5) Ho sa tsotellehe hore na Bajuda ba ne ba ka ba bangata hakae, litlhohonolofatso tsa Jehova le tsona li ne li tla ba ngata, li ba lekane. Noka eo e ne e bontša hore litlhohonolofatso tsa Jehova li tla ba ngata.

6. (a) Pono ea Ezekiele e re kholisa hore ho tla ba joang nakong e tlang? (b) Pono ea Ezekiele e ile ea fana ka temoso efe? (Sheba naletsana.)

6 Metsi a fanang ka bophelo. Ponong ea Ezekiele noka e ile ea phallela Leoatleng le Shoeleng ’me la boela la e-ba le liphoofolo. Hlokomela hore metsi ao a ile a etsa hore ho phele litlhapi tse ngata tse fapaneng ka leoatleng leo. Bongata ba litlhapi tseo bo ne bo ka bapisoa le tse fumanehang Leoatleng le Leholo kapa Leoatleng la Mediterranean. Ho ne ho boetse ho e-na le likhoebo tse atlehang tsa ho cheha litlhapi lebopong la Leoatle le Shoeleng le neng le le lipakeng tsa metse e ’meli e neng e arohane. Lengeloi le ile la re: “Hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla phela.” Na taba ee e bolela hore metsi a tsoang ntlong ea Jehova a ne a fihla likarolong tsohle tsa Leoatle le Shoeleng? Che. Lengeloi le ile la re metsi a fanang ka bophelo a ne a ke ke a fihla libakeng tse tletseng seretse. Libaka tseo li ne “li tla lula li e-na le letsoai.” b (Ezek. 47:8-11) Pono ena ea Ezekiele ea re kholisa hore borapeli ba ’nete bo tla etsa hore batho ba phele hamonate ba be ba atlehe. Empa ho ne ho boetse ho e-na le temoso: E ne e se batho bohle ba neng ba tla amohela litlhohonolofatso tsa Jehova ebile e ne e se batho bohle ba neng ba tla folisoa.

7. Lifate tse ponong tse neng li le pel’a noka li ile tsa etsa hore Bajuda ba botlamuoeng ba kholisehe ka eng?

7 Lifate tse nang le litholoana le tse folisang. Lifate tse lebopong la noka li etsa hore sebaka seo ho buuoang ka sona ponong se be setle. Li re thusa ho utloisisa boprofeta bona. Ho ka etsahala hore Ezekiele le banna ba habo ba ne ba rata ho nahana ka litholoana tse monate tseo lifate tsena li neng li tl’o li hlahisa khoeli le khoeli. Taba ena le eona e ile ea ba kholisa hore Jehova o tla ba thusa hore ba mo sebeletse. Ba ile ba boela ba kholiseha hore makhasi a lifate tseo a tla ‘folisa.’ (Ezek. 47:12) Jehova o ne a tseba hore Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba ne ba lokela ho thusoa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. Khaolong ea 9 ea buka ena re ile ra ithuta ka boprofeta bo bontšang hore na Molimo o ile a ba thusa joang hore ba mo sebeletse.

8. Re tseba joang hore pono ea Ezekiele e ne e tla phethahala kaofela?

8 Bajuda ba tsoang botlamuoeng ha baa ka ba bona ha boprofeta boo ho buuoang ka bona Khaolong ea 9 bo phethahala kaofela. Ke bona ba ileng ba etsa hore boprofeta boo bo se ke ba phethahala kaofela. Ha baa ka ba fumana litlhohonolofatso tsa Jehova kaofela hobane ba ne ba mo fetohela, ba sa mo mamele ba bile ba sa mo rapele ka tsela eo a e amohelang. Lintho tseo Bajuda ba sa tšepahaleng ba neng ba li etsa, li ne li utloisa batho ba tšepahalang bohloko. Leha ho le joalo, barapeli ba tšepahalang ba Jehova ba ne ba tseba hore kamehla litšepiso tsa hae li lula li phethahala. (Bala Joshua 23:14.) Kahoo, pono ea Ezekiele e ne e tla phethahala kaofela. Empa neng?

Noka eo e Ntse e Phalla le Kajeno!

9. Boprofeta ba Ezekiele ba tempele bo tla phethahala le ho feta neng?

9 Khaolong ea 14 ea buka ena re ithutile hore boprofeta ba Ezekiele ba pono ea tempele bo tla phethahala le ho feta “matsatsing a ho qetela,” e leng nakong eo ka eona batho ba bangata ba tla beng ba hlompha borapeli ba ’nete le ho rapela Molimo ka tsela e nepahetseng. (Esa. 2:2) Karolo ee ea boprofeta ba Ezekiele e phethahala joang kajeno?

10, 11. (a) Ke litlhohonolofatso life tseo re li fumanang mehleng ee tse tšoantšoang le noka e phallang? (b) Litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova li ile tsa eketseha joang hore li lekane batho bohle mehleng ee ea bofelo?

10 Noka e tlisang litlhohonolofatso. Metsi a phallang ho tsoa ntlong ea Jehova a re hopotsa litlhohonolofatso life kajeno? A re hopotsa lintho tse ngata tseo Jehova a re fang tsona tse matlafatsang tumelo ea rona. Ntho ea bohlokoa eo a re hopotsang eona ke matla a sehlabelo sa Kreste, se re thusang hore re tšoareloe libe. ’Nete e tsoang ka Lentsoeng la Molimo e tšoantšoa le metsi a hloekisang le a fanang ka bophelo. (Baef. 5:25-27) Rona mehleng ee re fumana litlhohonolofatso tseo joang?

11 Ka selemo sa 1919, ho ne ho e-na le bahlanka ba Jehova ba likete tse ’maloa ’me ba ne ba thabile haholo ha ba hlalosetsoa ’nete e tsoang Bibeleng. Ha lilemo li ntse li e-ea, ba ile ba eketseha haholo. Kajeno batho ba Molimo ba feta limilione tse robeli. Na batho baa kaofela ba fumana lintho tse ba rutang ’nete e ka Bibeleng? Ho joalo! Re na le lintho tse ngata tse re thusang ho utloisisa ’nete e ka Bibeleng. Lilemong tse 100 tse fetileng, batho ba Molimo ba fumane Libibele, libuka, limakasine, libukana le lipampitšana tse libilione. Joaloka noka e phallang eo Ezekiele a e boneng ponong, ’nete ea Lentsoe la Molimo le eona e fihla ka bongata ho batho bohle ba batlang ho ithuta ka Molimo. Haesale lingoloa tse thehiloeng Bibeleng li hatisoa ho tloha khale. Mehleng ena re na le websaete ea jw.org e nang le lintho tse ngata tse thusang batho hore ba ithute ka Molimo tse fetoletsoeng ka lipuo tse fetang 1 000. ’Nete e tsoang Lentsoeng la Molimo e tšoantšoang le metsi e thusitse batho ba lipelo li ntle joang?

12. (a) ’Nete e ka Bibeleng e thusitse batho ba lipelo li ntle joang? (b) Pono ea Ezekiele e re hlokomelisa eng kajeno? (Sheba naletsana.)

12 Metsi a fanang ka bophelo. Lengeloi le ile la re ho Ezekiele: “Hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla phela.” Nahana kamoo ’nete ea Bibele e ileng ea fihla ho batho bohle bao hona joale e seng e le karolo ea naha ea batho ba Molimo. ’Nete ea Bibele e thusitse batho ba bangata ba lipelo li ntle hore ba lumele ho Jehova. Pono ea Ezekiele e boetse e fana ka temoso: Ha se batho bohle ba tla lula ba amohela ’nete e ka Bibeleng. Joaloka libaka tse tletseng metsi le seretse tse Leoatleng le Shoeleng tseo Ezekiele a li boneng ponong, ho na le batho ba ke keng ba amohela kapa ba tla hana ho mamela ’nete e ka Bibeleng le ho sebelisa seo ba ithutileng sona. c Le ka mohla re se ke ra tšoana le batho bao.—Bala Deuteronoma 10:16-18.

13. Kajeno re ithuta’ng lifateng tse hlahileng ponong?

13 Lifate tse nang le litholoana le tse folisang. Na kajeno ho na le lintho tse khothatsang tseo re ka ithutang tsona ka lifate tse lebopong la noka tse hlahileng ponong ea Ezekiele? Ho joalo. Hopola hore lifate tseo li ne li hlahisa litholoana tse monate khoeli le khoeli ’me makhasi a tsona a ne a folisa. (Ezek. 47:12) Kahoo, lifate tsena lia re hopotsa hore re sebeletsa Molimo ea re folisang le ea re fepang ka lintho tse matlafatsang tumelo ea rona. Kajeno batho ba bangata ha ba utloisise lithuto tsa Bibele. Empa rona Jehova o re fa lintho tse ngata tse re thusang ho utloisisa Bibele. Ka mor’a ho bala sehlooho se itseng se hlahang makasineng ea rona, ho bina pina e koalang kopanong e kholo kapa e nyenyane, ho shebella video kapa lenaneo la broadcasting, na ha u ke u ikutloe u ananela lintho tseo Jehova a re fang tsona? Kannete Jehova o re hlokometse. (Esa. 65:13, 14) Na lintho tseo Jehova a re fang tsona li matlafatsa tumelo ea rona? Likeletso tseo re li fumanang ka Lentsoeng la Molimo li re thusa hore re se ke ra etsa boitšoaro bo bobe, ra ba meharo kapa ra felloa ke tumelo. Jehova o hlophisitse hore Bakreste ba entseng libe tse tebileng ba thusoe. (Bala Jakobo 5:14.) Kannete Jehova oa re hlokomela joalokaha lifate tse hlahileng ponong ea Ezekiele li bontša.

14, 15. (a) Re ithuta’ng libakeng tse seretse tseo Ezekiele a ileng a li bona ponong? (b) Boprofeta ba Ezekiele ba noka bo re tsoela molemo joang kajeno?

14 Ho boetse ho na le ntho eo re ka ithutang eona libakeng tse sa hloekang tse lulang li tletse seretse. Le ka mohla ha re batle ho etsa lintho tse tla etsa hore Jehova a se ke a re hlohonolofatsa. E ka ba ntho e bohloko ho hana litlhohonolofatso tsa Jehova joalokaha batho ba bangata ba etsa kajeno. (Mat. 13:15) Ho e-na le hoo, rona rea thaba ha Jehova a re hlohonolofatsa. Ha re ithuta Lentsoe la Molimo, re bolella batho ba bang lintho tseo re ithutileng tsona, re eletsoa, re khothatsoa ebile re thusoa ke baholo ba koetlisitsoeng ke mohlanka ea tšepahalang, lintho tsena kaofela li ka etsa hore re nahane ka noka e hlahang ponong ea Ezekiele. Noka ena e fana ka bophelo hohle moo e phallelang teng.

15 Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka bo tla phethahala joang nakong e tlang? Joalokaha re tla ithuta, noka ena e tla ba kholo haholo e leng se bolelang hore nakong e tlang Paradeiseng re tla fumana litlhohonolofatso tse ngata.

Boprofeta Boo bo Tla Phethahala Joang Paradeiseng?

16, 17. (a) Noka ee e tla atoloha joang Paradeiseng? (b) Ke litlhohonolofatso life tseo re tla li fumana Paradeiseng tse joaloka noka?

16 Na u ee u ipone u se u phela Paradeiseng le metsoalle le ba lelapa le thabile? Ho ithuta ka boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka ho tla u thusa hore u ipone u se u le Paradeiseng. Joang? Hona joale a re bueng hape ka likarolo tse tharo tsa boprofeta bona tse bontšang hore Jehova o lerato.

17 Noka e tlisang litlhohonolofatso. Noka ena ea tšoantšetso e tla atoloha haholo Paradeiseng hobane e ke ke ea matlafatsa tumelo ea rona feela empa e tla re tsoela molemo le bophelong. Nakong ea Puso ea Jesu ea Lilemo tse Sekete, ’Muso oa Molimo o tla thusa batho ba tšepahalang hore ba fumane litlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la hore Jesu o ile a re shoela. Hanyane hanyane batho ba tla phethahala. Ho kula ho tla fela ’me ho ke ke ha hlola ho e-ba le lingaka, baoki le lipetlele! Batho ba limilione ba tla beng ba pholohile Armagedone e leng “bongata bo boholo” bo tla beng bo tsoa ‘mahlomoleng a maholo’ bo tla fumana litlhohonolofatso tse ngata tse ka tšoantšoang le metsi a bophelo. (Tšen. 7:9, 14) Empa litlhohonolofatso tseo li tla be li le nyenyane ha li bapisoa le tseo re tla li fumana nakong e tlang. Joalokaha noka e hlahileng ponong ea Ezekiele e ile ea e-ba kholo, ka ho tšoanang litlhohonolofatso tseo re tla li fumana li tla ba ngata ’me li thuse batho bohle.

Paradeiseng, noka e tlisang litlhohonolofatso e tla etsa hore batho bohle ba be bacha ’me ba phele hantle ’meleng (Sheba serapa sa 17)

18. Ho tla etsahala’ng ha “noka ea metsi a bophelo” e tlala nakong ea Lilemo Tse Sekete?

18 Metsi a fanang ka bophelo. Nakong ea Lilemo Tse Sekete “noka ea metsi a bophelo” e tla tlala haholo. (Tšen. 22:1) Batho ba bangata ba tla tsosoa ’me ba fuoe monyetla oa ho phela Paradeiseng ka ho sa feleng. Litlhohonolofatso tseo Jehova a tla li fa batho ha ’Muso oa hae o se o busa li akareletsa hore a tsose bafu e leng batho bao esale ba hlokahala khale. (Esa. 26:19) Empa na batho ba tla be ba tsositsoe ba tla phela ka ho sa feleng?

19. (a) Re tseba joang hore re tla ithuta lintho tse ncha Paradeiseng? (b) Ho boleloa’ng ha ho thoe nakong e tlang batho ba bang ba tla lula ba “e-na le letsoai”?

19 Motho e mong le e mong o tla tlameha ho ikhethela. Ka nako eo, ho tla buloa meqolo e mecha. Kahoo, re tla fuoa litaelo le lithuto tse ncha tse tsoang ho Jehova tse tla ba joaloka metsi a khathollang. Ho nahana ka taba ena hoa thabisa. Leha ho le joalo, batho ba bang ba tla hana ho mamela litaelo tsa Jehova. Batho ba bang ba tla batla ho itaola nakong ea Lilemo Tse Sekete empa Molimo a ke ke a ba lumella hore ba senye Paradeise. (Esa. 65:20) Taba ena e re hopotsa libaka tse hlahileng ponong ea Ezekiele tse neng li tletse liretse ebile ‘li lula li e-na le letsoai.’ Batho ba sa batleng ho mamela litaelo tsa Jehova tse joaloka metsi a bophelo ke maoatla! Ka mor’a Lilemo Tse Sekete, batho ba fetohetseng Jehova ba tla ba ka lehlakoreng la Satane. Batho bohle ba sa mameleng melao ea Jehova ba tla felisoa ka ho sa feleng.—Tšen. 20:7-12.

20. Ke’ng e tla etsahala nakong ea Lilemo Tse Sekete e re hopotsang lifate tseo Ezekiele a ileng a li bona?

20 Lifate tse nang le litholoana le tse folisang. Jehova o batla hore kaofela ha rona re fumane bophelo bo sa feleng. E le hore a re thuse hore re fumane monyetla oo, o tla etsa bonnete ba hore o boetse o etsa ntho eo Ezekiele a ileng a e bona ponong ea lifate. Leha ho le joalo, Paradeiseng Jehova o tla re hlokomela ’meleng a be a re fe lintho tse matlafatsang tumelo ea rona. Jesu Kreste le batlotsuoa ba 144 000 ba tla busa e le marena leholimong ka Lilemo Tse Sekete. Kaha batlotsuoa ba 144 000 ke baprista, ba tla sebetsa le Jesu ho thusa batho ba tšepahalang hore ba phethahale ka lebaka la sehlabelo sa Kreste. (Tšen. 20:6). Taba ena e re hopotsa lifate tseo Ezekiele a ileng a li bona tse neng li le lebopong la noka. Lifate tseo li ne li e-na le litholoana tse nang le phepo e ntle le makhasi a folisang. Pono ea Ezekiele e tšoana le boprofeta bo bong bo ileng ba ngoloa ke moapostola Johanne. (Bala Tšenolo 22:1, 2.) Makhasi a lifate tseo Johanne a ileng a li bona “a phekola lichaba.” Batho ba limilione ba tšepahalang ba tla thabela lintho tseo ba tla li etsetsoa ke baprista ba 144 000.

21. Ho nahana ka noka eo Ezekiele a ileng a e bona ho etsa hore u ikutloe joang ’me sehloohong se latelang re tl’o bua ka eng? (Sheba lebokose le reng “Nokana e ba Noka e Kholo”)

21 Ha u ntse u nahana ka noka eo Ezekiele a ileng a e bona ponong na ntho eo ha e etse hore u be le tšepo le khotso? Kannete re emetsoe ke linako tse monate! E se e le lilemo tse likete joale Jehova a ntse a re fa boprofeta bo re thusang hore re ipone re se re le Paradeiseng. Ka mamello Jehova o ntse a re mema hore re be teng Paradeiseng e le hore re tle re bone ha boprofeta bona bo phethahala kaofela. Na u tla be u le teng? Mohlomong uena ha oa kholiseha hore u tla ba teng Paradeiseng. Hona joale re tl’o bua ka karolo e qetellang ea boprofeta ba Ezekiele bo re thusang hore re kholisehe ka taba eo.

a Ho ekelletsa moo, Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba neng ba hopola hantle hore na sebaka seo ba neng ba lula ho sona se ne se le joang ba ne ba tseba hore noka ena ke ea tšoantšetso hobane e ne e phalla ho tsoa tempeleng e neng e le thabeng e holimo haholo. Empa ba ne ba tseba hore ho ne ho se na thaba e joalo sebakeng seo ho buuoang ka sona. Taba e ’ngoe ke hore pono ena e bontša eka noka e ne e tloha tempeleng ’me e ea Leoatleng le Shoeleng ka ho toba empa ho latela hore na sebaka seo ba neng ba lula ho sona se ne se le joang, ntho ena e ne e ke ke ea khoneha.

b Batho ba bang ba nka hore ntho ena ke ntho e ntle hobane ho tloha khale haesale batho ba nka letsoai Leoatleng le Shoeleng ’me ba le rekisa. Hlokomela hore tlaleho ena e re libaka tseo tse tletseng seretse “li ke ke tsa hloekisoa.” Li ne li tla lula li se na bophelo, li sa hloeka hobane metsi a fanang ka bophelo a tsoang ntlong ea Jehova a ne a sa fihle ho tsona. Kahoo, hoa hlaka hore taba ea hore libaka tsena li tletse letsoai ha se ntho e ntle.—Pes. 107:33, 34; Jer. 17:6.

c Taba ena re ka e tšoantša le papiso ea Jesu ea letlooa le leholo. Letlooa leo le tšoasa litlhapi tse ngata empa ha se kaofela ha tsona li leng “ntle.” Tse mpe lia lahloa. Jesu o ile a re hlokomelisa hore ho na le batho ba bangata ba tla sebeletsa Jehova empa ha nako e ntse e e-ea ba tla tlohela ho mo sebeletsa.—Mat. 13:47-50; 2 Tim. 2:20, 21.