Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 22

“Rapela Molimo”

“Rapela Molimo”

TŠENOLO 22:9

NTLHA-KHOLO: Khaolong ena re tl’o bua ka lintlha-kholo tsa buka ea Ezekiele le hore na li ka re thusa joang hona joale le nakong e tlang

1, 2. (a) Kaofela ha rona re lokela ho etsa qeto efe? (b) Lengeloi le tšepahalang le ile la re’ng ha Johanne a ne a batla ho le rapela?

 KAOFELA ha rona re lokela ho araba potso ena ea bohlokoa e reng: Ke tla rapela mang? Batho ba bang ba ka ’na ba re potso ena e bonolo hobane ke Molimo feela eo re lokelang ho mo rapela. Empa ha rea lokela ho bua ka molomo feela, re lokela ho bontša ka liketso hore re sebeletsa Jehova Molimo kapa Satane Diabolose.

2 Satane o batla hore re mo rapele. Taba ena e ile ea bonahala ha a ne a leka Jesu. Khaolong ea 1 ea buka ena re ithutile hore Satane o ile a tšepisa Jesu moputso o moholo, a re o tla mo fa mebuso eohle e lefatšeng. Ha e le hantle Diabolose o ne a batla’ng? O ne a batla hore Jesu a mo ‘rapele.’ (Mat. 4:9) Ho fapana le Satane, lengeloi le ileng la isa molaetsa ho moapostola Johanne lona le ile la hana ho rapeloa. (Bala Tšenolo 22:8, 9.) Ha Johanne a ne a batla ho rapela lengeloi leo, ka boikokobetso le ile la re: “U se ke oa etsa joalo.” Ho e-na le hore lengeloi leo le re, ‘Rapela ’na,’ le ile la re, “Rapela Molimo.”

3. (a) Morero oa buka ee ke ofe? (b) Hona joale re tl’o buisana ka eng?

3 Morero oa buka ena ke ho re thusa hore re ikemisetse ho etsa ntho eo lengeloi leo le ileng la re re e etse, e leng ho rapela Jehova Molimo feela. (Deut. 10:20; Mat. 4:10) A re hlahlobeng ka bokhutšoanyane hore na re ithutile’ng ka borapeli ba ’nete boprofeteng ba Ezekiele le liponong tsa hae. Ka mor’a moo, Bibele e tla re thusa hore re bone hore ho tla ba joang nakong e tlang ha motho e mong le e mong a tla be a lekoa ka lekhetlo la ho qetela. Batho ba tla hlola teko eo, ba tla ba le monyetla oa ho bona ha borapeli ba ’nete ba Jehova bo tsosolosoa ka ho feletseng.

Lintho Tse Tharo Tseo re Ithutang Tsona Bukeng ea Ezekiele

4. Ke lintho life tse tharo tseo re ithutang tsona bukeng ea Ezekiele?

4 Buka ea Ezekiele e re ruta hore ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang ho bolela (1) ho rapela eena feela, (2) ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang re le hammoho le (3) ho rata batho ba bang. Hlokomela kamoo boprofeta le lipono tseo ho buuoeng ka tsona bukeng ena li hlakisang lintho tsena tse tharo kateng.

Ntho ea pele: Rapela Jehova feela

5-9. Re ithutile hore ho rapela Jehova feela ho bolela’ng?

5 Khaolo ea 3: a Pono e bontšang moo Jehova a pota-potiloeng ke mookoli a lutse holim’a mangeloi, e re hopotsa ntlha ea bohlokoa ea hore Ea Matla ’Ohle ke eena feela ea tšoaneloang ke ho rapeloa.—Ezek. 1:4, 15-28.

6 Khaolo ea 5: E tlameha ebe ho ne ho tšosa ho bona ha tempele ea Jehova e silafatsoa. Pono eo e bontša hore Jehova o bona lintho tsohle. Oa bona ha batho ba hae ba sa mo tšepahalle ’me ba etsa lintho tse kang ho rapela litšoantšo, le haeba ba li etsetsa sephiring. Lintho tse joalo li mo utloisa bohloko ebile batho ba li etsang o ba fa kotlo.—Ezek. 8:1-18.

7 Khaolo ea 7: Taba ea hore Jehova o ile a ahlola lichaba tse neng li “soma” Baiseraele e bontša hore o tla ahlola batho ba tšoarang bahlanka ba hae hampe. (Ezek. 25:6) Tsela eo Baiseraele ba ileng ba sebelisana le lichaba tse ling ka eona e re ruta hore ho tšepahalla Jehova e lokela ho ba ntho ea bohlokoa bophelong ba rona. Ha re batle ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova hobane feela re batla ho khahlisa ba malapa a rona ba sa mo sebeletseng. Hape ha re batle ho tšepa maruo kapa ho tšehetsa mebuso ea lefatše lena ho e-na le hore re tšehetse ’Muso oa Jehova feela.

8 Khaolo ea 13 le 14: Pono ea tempele e thabeng e phahameng e re ruta hore re lokela ho phela ka melao ea Jehova hobane ke eena feela Molimo ea matla.—Ezek. 40:1–48:35.

9 Khaolo ea 15: Boprofeta bo hlalosang Iseraele le Juda e le matekatse bo re hopotsa hore ke ntho e nyonyehang ho Jehova hore batho ba rapele melimo e meng.—Ezek., likhao. 16, 23.

Ntho ea bobeli: Re rapele Jehova re le ’moho

10-14. Taba ea ho sebeletsa Jehova re le ’moho e ile ea hatisoa joang?

10 Khaolo ea 8: Boprofeta bo buang ka tšepiso ea Jehova ea hore o tla fa batho ba hae “molisa a le mong” hore a ba hlokomele e bontša hore re lokela ho sebetsa hammoho le ka khotso re tataisoa ke Jesu.—Ezek. 34:23, 24; 37:24-28.

11 Khaolo ea 9: Ho na le lintho tseo batho ba batlang ho thabisa Jehova mehleng ena ba ka ithutang tsona boprofeteng ba Ezekiele bo buang ka hore batho ba Molimo ba ne ba tla lokolloa botlamuoeng Babilona ’me ba khutlele naheng ea habo bona. Barapeli ba ’nete ba Jehova ha baa lokela ho etsa ntho leha e le efe e amanang le borapeli ba bohata. Le hoja re ne re le malumeling a fapaneng, maemo a rona a lichelete a fapane ebile re tsoa merabeng e fapaneng, re lokela ho lula re sebeletsa Jehova re le ’moho e leng ntho e tla bontša hore re batho ba Molimo.—Ezek. 11:17, 18; 12:24; Joh. 17:20-23.

12 Khaolo ea 10: Pono e bontšang ha masapo a omeletseng a boela a phela e hatisa taba ea hore re lokela ho sebeletsa Jehova hammoho. Rea thaba hore ebe re ba bang ba barapeli ba ’nete ba Jehova ba sebetsang hammoho joaloka lebotho.—Ezek. 37:1-14.

13 Khaolo ea 12: Taba ea ho sebeletsa Jehova hammoho e ile ea boela ea hatisoa ke boprofeta bo buang ka hore lithupa tse peli e tla ba thupa e le ’ngoe. Tumelo ea rona ea matlafala ha re bona hore batlotsuoa le linku tse ling ba phethahatsa boprofeta bona. Le hoja hona joale bolumeli le lipolotiki li etsa hore batho ba hloeane, rona re lula re sebelisana ka khotso hobane rea ratana ebile rea tšepahala.—Ezek. 37:15-23.

14 Khaolo ea 16: Pono ea monna ea tšoereng lenaka la enke le ea banna ba tšoereng libetsa tsa ntoa e re lemosa hore batho bao “mahlomola a maholo” a tla fihla e le barapeli ba ’nete, ke bona feela ba tla tšoauoa hore ba pholohe.—Mat. 24:21; Ezek. 9:1-11.

Ntho ea boraro: Rata batho ba bang

15-18. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata batho ba bang ’me re ka etsa seo joang?

15 Khaolo ea 4: Pono ea mangeloi a mane e re ruta ka makhabane a Jehova, haholo-holo ka lerato. Ha re rata batho ebile re bua le bona hantle, re bontša hore Jehova ke Molimo oa rona.—Ezek. 1:5-14; 1 Joh. 4:8.

16 Khaolo ea 6 le 11: Kaha Jehova o rata batho, o ile a beha balebeli ba joaloka Ezekiele. Molimo ke lerato kahoo ha a batle hore motho leha e le ofe a felisoe ha a felisa puso ea Satane. (2 Pet. 3:9) Re ka bontša hore re rata Molimo ka hore re phethe boikarabelo ba rona ba ho tšehetsa mosebetsi o etsoang ke molebeli oa mehleng ena.—Ezek. 33:1-9.

17 Khaolo ea 17 le 18: Jehova oa tseba hore batho ba bangata ba ke ke ba amohela mohau oa hae ebile ba tla leka ho felisa barapeli ba hae ba tšepahalang. Kaha Jehova o rata batho ba hae, o tla ba sireletsa ha “Gogo oa naha ea Magogo” a hlasela batho ba mo tšepahallang. Lerato le etsa hore re batle ho lemosa batho ba bangata kamoo re ka khonang kateng hore Jehova o tl’o felisa batho ba hatellang batho ba hae.—Ezek. 38:1–39:20; 2 Bathes. 1:6, 7.

18 Khaolo ea 19, 20 le 21: Tsela eo Jehova a ratang batho ka eona e bonahala ka ho hlaka ponong ea noka e nang le metsi a fanang ka bophelo le ponong ea ho arola naha. Lipono tsena li bontša hore Jehova o re rata haholo ka hore a fane ka bophelo ba Mora oa hae e le hore re ka tšoareloa libe ’me re thabele bophelo re le karolo ea lelapa la Molimo, re se re phethahetse. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang ka eona hore re rata batho ke ka ho ba bolella ka bokamoso boo Jehova a bo lokiselitseng batho bohle ba lumelang ho Mora oa hae.—Ezek. 45:1-7; 47:1–48:35; Tšen. 21:1-4; 22:17.

Ntho e Tla Etsahala ka Mor’a Puso ea Lilemo Tse Sekete

19. Jesu o tla etsa’ng nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? (Sheba lebokose le reng “Teko ea ho Qetela.”)

19 Nakong ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla tsosa batho ba bangata ’me a folise bohloko bo bakiloeng ke sera sa rona “e leng lefu.” (1 Bakor. 15:26; Mar. 5:38-42; Lik. 24:15) Haesale batho ba hlaheloa ke mathata ebile ba etsahalloa ke lintho tse bohloko haholo. Empa Jesu o tla felisa bohloko boo ha a tsosa bafu a bile a ba fa monyetla oa ho phela hamonate lefatšeng. Ka lebaka la sehlabelo sa lefu la hae, Jesu o tla lokisa lintho tse bohloko tse bakiloeng ke ho kula, ntoa, maloetse le tlala. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore o tla felisa ntho e re bakelang mathata ’ohle a rona, e leng sebe seo re se futsitseng ho Adama. (Bar. 5:18, 19) Jesu o tla ‘senya mesebetsi ea Diabolose’ kaofela. (1 Joh. 3:8) Ho tla etsahala’ng ka mor’a moo?

Batho ba tsositsoeng ba tla phela hamonate

20. Jesu le ba 144 000 ba tla bontša joang hore ba ikokobelitse? Hlalosa. (Sheba setšoantšo se qalang.)

20 Bala 1 Bakorinthe 15:24-28. Ha batho bohle ba se ba phethahetse, lefatše e se e le Paradeise joalokaha Jehova a ne a rerile, Jesu le ba 144 000 ba tl’o busa le eena ba tla bontša hore ba ikokobelitse ’me ba khutlisetse ’Muso ho Jehova. Ka mor’a ho busa ka lilemo tse sekete, ka ho rata le ka khotso ba tla khutlisetsa bolaoli ho Jehova. Lintho tsohle tse tla etsoa ke ’Muso oa Molimo li ke ke tsa fela.

Teko ea ho Qetela

21, 22. (a) Bophelo bo tla be bo le joang qetellong ea lilemo tse sekete? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a tla lokolla Satane le bademona?

21 Jehova o tla etsa ntho e makatsang, e bontšang hore o tšepa bahlanka ba hae ba lefatšeng. O tla laela hore Satane le bademona ba lokolloe sekoting se tebileng seo ba neng ba koalletsoe ho sona ka lilemo tse 1 000. (Bala Tšenolo 20:1-3.) Ha ba lokolloa ba tla fumana lintho li fetohile lefatšeng. Pele ho Armagedone Satane o ile a khelosa batho ba bangata ’me lehloeo le khethollo li ile tsa etsa hore batho ba se ke ba phelisana ka khotso. (Tšen. 12:9) Ka mor’a lilemo tse 1 000, batho bohle ba tla be ba rapela Jehova hammoho joaloka lelapa le ratanang. Lefatše e tla ba Paradeise ’me ho tla ba le khotso.

22 Ke hobane’ng ha Jehova a tla lokolla Satane le bademona ba hae? Ke hobane batho ba bangata ba tla beng ba phela qetellong ea lilemo tse 1 000, e tla be e le barapeli ba Jehova ba tšepahalang, bao tumelo ea bona e e-s’o kang e lekoa. Ba bangata ba bona ba tla be ba ile ba hlokahala ba e-s’o tsebe Jehova ’me Jehova a ba tsosetsa Paradeiseng. Jehova o tla be a ba file bophelo le lintho tsohle tseo ba li hlokang. Ba tla be ba sa tsebe hore na ho joang ho phela le batho ba ba susumetsang ho etsa lintho tse mpe. Ba tla be ba phela le batho ba ratang Jehova le ba mo sebeletsang. Satane a ka qosa batho bana ba tsositsoeng joalokaha a ile a qosa Jobo, a re ba sebeletsa Molimo hobane feela a ba sireletsa a bile a ba hlohonolofatsa. (Jobo 1:9, 10) Pele Jehova a ngola mabitso a rona ka pene bukeng ea bophelo, o tla re fa monyetla oa hore re bontše hore rea mo tšepahalla joaloka Ntate le Morena oa rona.—Tšen. 20:12, 15.

23. Ke qeto efe eo motho e mong le e mong a tla lokela ho e etsa?

23 Satane o tla fuoa nako e khutšoanyane ea hore a leke ho khelosa batho hore ba tlohele ho sebeletsa Molimo. O tla etsa seo joang? Motho e mong le e mong o tla lokela ho etsa qeto joaloka Adama le Eva, ea hore na o tla phela ka melao ea Jehova, a tšehetse bobusi ba hae le ho mo rapela kapa o tla fetohela Molimo a tšehetse Satane.

24. Ke hobane’ng ha batho ba fetohelang Molimo ba bitsoa Gogo le Magogo?

24 Bala Tšenolo 20:7-10. Batho ba tla fetohela Molimo qetellong ea lilemo tse sekete ba tla bitsoa Gogo le Magogo. Ba tla etsa lintho tse tšoanang le tseo Ezekiele a ileng a profeta hore batho ba tla hlasela batho ba Molimo ba tla li etsa nakong ea mahlomola a maholo. Sehlopha seo sa batho e leng “Gogo oa naha ea Magogo,” e tla ba lichaba tse sa batleng ho busoa ke Jehova. (Ezek. 38:2) Ka tsela e tšoanang, batho ba tla fetohela Molimo qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ba hlalosoa e le “lichaba.” Taba ea hore ho sebelisitsoe lentsoe “lichaba” ea makatsa. Hobane’ng? Hobane ka nako eo mebuso eohle e tla be e felisitsoe ’me batho ba tla be ba busoa ke ’muso o le mong feela, e leng ’Muso oa Molimo. Kaofela re tla be re le sechaba se le seng. Taba ea hore batho ba tla fetohela Molimo ba tla bitsoa Gogo le Magogo le “lichaba,” e bontša hore Satane o tla khona ho arola batho ba bang ba Molimo. Ha ho na motho ea tla qobelloa hore a sebeletse Satane. Kaofela ha rona re tla be re phethahetse ’me re tla ikhethela hore na re batla ho sebeletsa mang.

Batho ba tla khelosoa ke Satane ba bitsoa Gogo le Magogo (Sheba serapa sa 24)

25, 26. Ke batho ba bakae ba tla khelosoa ke Satane ’me ho tla etsahala’ng ka bona?

25 Ke batho ba bakae ba tla khelosoa ke Satane? Palo ea bona e tla ba joaloka “lehlabathe la leoatle.” Polelo eo ha e bolele hore ho tla khelosoa batho ba bangata. Re tseba seo joang? Nahana ka tšepiso e ileng ea fuoa Abrahama. Jehova o ile a re bana ba Abrahama ba tla ba joaloka “lehlabathe le lebopong la leoatle.” (Gen. 22:17, 18) Leha ho le joalo, palo ea bana ba hae e ile ea e-ba 144 001 feela. (Bagal. 3:16, 29) Leha ho ka bonahala eka palo ena e kholo, e nyenyane haholo ha e bapisoa le palo ea batho bohle lefatšeng. Ka tsela e tšoanang, batho ba tla khelosoa ke Satane ba ka ’na ba ba bangata empa eseng haholo. Leha ho le joalo, bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ke ke ba tšosoa ke bona.

26 Batho ba tla khelosoa ke Satane ba tla felisoa kapele. Ba tla felisoa le Satane le bademona ba hae ’me ba ke ke ba hlola ba e-ba teng hape. Ntho feela eo re tla e hopola ka bona ke liqeto tse mpe tseo ba ileng ba li etsa le litla-morao tsa tsona.—Tšen. 20:10.

27-29. Batho ba tla lula ba tšepahala ba tla fumana litlhohonolofatso life?

27 Mabitso a batho ba tla lula ba tšepahala a ke ke a hlakoloa “bukeng ea bophelo.” (Tšen. 20:15) Ka nako eo, lelapa la Jehova e leng bara le barali ba hae bohle ba tšepahalang, ba tla mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang.

28 Nahana hore na bophelo bo tl’o ba joang nakong e tlang. U tla thabela mosebetsi oo u o etsang ebile u tla be u e-na le metsoalle e u khothatsang. Uena le batho bao u ba ratang le ke ke la hlola le utloa bohloko. U ke ke oa hloka sehlabelo sa Jesu e le hore u be le kamano e ntle le Jehova hobane u tla be u se na sebe. Motho e mong le e mong e tla be e le motsoalle oa Molimo. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore batho bohle leholimong le lefatšeng ba tla rapela Jehova ka tsela e nepahetseng. Ka tsela eo, borapeli ba ’nete bo tla be bo tsosolositsoe.

Ha u se u phethahetse u ke ke oa hloka sehlabelo sa Jesu e le hore u be le kamano e ntle le Jehova hobane u tla be u se na sebe (Sheba serapa sa 28)

29 Na u tla be u le teng mohla ho etsahalang lintho tsee? U ka ba teng hafeela u lula u etsa lintho tsena tse tharo tseo re ithutileng tsona bukeng ea Ezekiele, e leng ho rapela Jehova feela, ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang re le hammoho le ho rata batho ba bang. Ho na le ntlha ea bohlokoa eo re ithutang eona boprofeteng ba Ezekiele. Ke ntlha efe?

Nahana feela hore ho tl’o ba monate joang ha batho bohle leholimong le lefatšeng ba sebeletsa Molimo ka tsela eo a e amohelang (Sheba serapa sa 27 ho ea ho 29)

“Tseba Hore ke ’na Jehova”

30, 31. Mantsoe a reng “ba tla tseba hore ke ’na Jehova” a tla bolela’ng ho (a) lira tsa Molimo? (b) batho ba Molimo?

30 Bukeng ea Ezekiele mantsoe a reng “ba tla tseba hore ke ’na Jehova” a phetoa hangata. (Ezek. 6:10; 39:28) Ho lira tsa Molimo, mantsoe ana a tla bolela ntoa le lefu. Ba tla tseba hore Jehova o teng ebile ba tla ithuta hore lebitso la hae le bolela “O Etsa Hore ho Be.” “Jehova oa mabotho” e tla ba “mohale ea matla” ’me o tla ba loantša. (1 Sam. 17:45; Ex. 15:3) Ba tla hlokomela nako e se e ile hore ha ho na ntho e ka thibelang Jehova ho etsa ntho eo a batlang ho e etsa.

31 Ho batho ba Molimo mantsoe a reng, “ba tla tseba hore ke ’na Jehova,” a tla bolela hore ba tla ba le khotso ’me ba phele hamonate. Jehova o tla etsa hore re be bara le barali ba hae ba nang le makhabane ’ohle a hae, e leng ntho eo esale a e batla. (Gen. 1:26) Jehova e se e ntse e le Ntate oa rona ea re ratang le Molisa ea re sireletsang. Haufinyane e tla ba Morena oa rona. Pele letsatsi leo le fihla, a re mameleng molaetsa oa Ezekiele. Letsatsi le letsatsi, a re bontšeng ka mantsoe le ka liketso hore rea tseba hore na Jehova ke mang le hore o lebeletse hore re phele joang. Ha re etsa joalo, re ke ke ra tšoha nakong ea mahlomola a maholo empa re tla ema tsoee! hobane re tla be re tseba hore re haufi le ho lokolloa. (Luka 21:28) Ha re ntse re emetse hore nako eo e fihle, a re thuseng batho bohle ho tseba le ho rata Molimo a le mong feela ea lokelang ho rapeloa le Ea nang le lebitso le phahameng, e leng Jehova.—Ezek. 28:26.

a Likhaolo tseo ho buuoang ka tsona mona ke tsa buka ena.