Kakaretso ea Lithuto Tse Ntlafalitsoeng
Ha lilemo li ntse li e-ea, Molula-Qhooa o ile oa ntlafatsa tsela eo re utloisisang lintho tse ling tsa boprofeta ba Ezekiele ka eona. Buka ena ea Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete e na le lithuto tse ling tse ntlafalitsoeng. Leka ho bona hore na u ka khona ho araba lipotso tse latelang.
Lifahleho tse ’nè tsa mangeloi li emela’ng?
Tlhaloso ea khale: Pele ho ne ho thoe lifahleho tse ’nè tsa likerubime li emela makhabane a Jehova a mane.
Tlhaloso e ncha: Sefahleho ka seng sa mangeloi ana se emela a mang a makhabane a Jehova a mane empa lifahleho tsa ’ona kaofela li emela makhabane ’ohle a Jehova. Hape lifahleho tsena tse ’nè li etsa hore re hlokomele boholo ba matla a Jehova le khanya ea hae.
Mabaka: Ka Lentsoeng la Molimo nomoro ’nè hangata e sebelisoa ha ho buuoa ka ntho e felletseng. Kahoo, ha lifahleho tsena tse ’nè li kopane li tšoantšetsa makhabane ’ohle a Jehova e leng botho ba hae bo hlollang. Mangeloi ao a mane a ne a e-na le lifahleho tse fapaneng. Se seng e le sa tau, poho, ntsu le sa motho, e leng libopuoa tse hlomphehang le tse nang le matla. Libopuoa tsena tse matla tse ’nè tse tšoantšetsoang ke lifahleho tse ’nè tsa likerubime li ka tlas’a terone ea Jehova. Taba ena e bontša hore Jehova ke ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa.
Monna ea tšoereng lenaka la enke la mongoli o emela mang?
Tlhaloso ea khale: Pele ho ne ho thoe monna ea tšoereng lenaka la enke o emela batlotsuoa. Ha ho etsoa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele, batlotsuoa ke ha ba tšoaea batho liphatleng bao e tla ba karolo ea “bongata bo boholo.”—Tšen. 7:9.
Tlhaloso e ncha: Monna ea tšoereng lenaka la enke la mongoli o emela Jesu Kreste. O tla tšoaea batho ba bongata bo boholo ha a ba ahlola e le linku nakong ea “mahlomola a maholo.”—Mat. 24:21.
Mabaka: Jehova o khethile Mora oa hae hore e be eena ea ahlolang. (Joh. 5:22, 23) Matheu 25:31-33 e bontša hore Jesu ke eena ea tla ahlola batho hore na ke “linku” kapa “lipoli.”
Na matekatse ao e neng e le bana ba motho e leng Ohola le Oholiba ba tšoantšetsa kereke ea K’hatholike le ea Maprostanta?
Tlhaloso ea khale: Pele ho ne ho thoe Ohola (Samaria, motse-moholo oa Iseraele) ke morali e moholo ’me o emela kereke ea K’hatholike. Oholiba (Jerusalema, motse-moholo oa Juda) ke morali e monyenyane ’me o emela kereke ea Maprostanta.
Tlhaloso e ncha: Matekatse ana ha a tšoantšetse kereke leha e le efe ea Bolumeli ba Bohata. Empa tlaleho ea bona e re ruta hore na Jehova o ikutloa joang ha batho ba hae ba neng ba mo tšepahalla ba se ba rapela melimo e meng. O ikutloa joalo le ka malumeli ’ohle a bohata.
Mabaka: Mangolo ha a bontše hore Ohola le Oholiba ba tšoantšetsa likereke tsa Bolumeli ba Bohata. Iseraele le Juda e kile ea e-ba basali ba tšoantšetso ba tšepahalang ba Jehova empa le ka mohla Bolumeli ba Bohata ha bo e-s’o ka bo e-ba le kamano e joalo le Jehova. Taba ea hore batho ba sa tšepahalleng Molimo ba bapisoa le matekatse khaolong ea 16 le ea 23 bukeng ea Ezekiele, e ne e fana ka tšepo ea hore ba ka fetoha. Empa ha ho na tšepo e joalo ka Bolumeli ba Bohata e leng Babilona e Moholo.
Na Bolumeli ba Bohata bo tšoantšetsa Jerusalema?
Tlhaloso ea khale: Pele ho ne ho thoe batho ba sa tšepahaleng ba Jerusalema ba tšoantšetsa likereke tsa Bolumeli ba Bohata. Ke ka lebaka leo ho neng ho thoe boprofeta bo buang ka ho felisoa ha Jerusalema bo tšoantšetsa ho felisoa ha Bolumeli ba Bohata.
Tlhaloso e ncha: Lintho tseo batho ba sa tšepahaleng ba lulang Jerusalema ba neng ba li etsa, tse kang ho rapela litšoantšo le ho etsa tlolo ea molao li re hopotsa Bolumeli ba Bohata. Empa hona joale ha re sa re Bolumeli ba Bohata bo tšoantšetsa Jerusalema.
Mabaka: Ha ho na Mangolo a bontšang hore Bolumeli ba Bohata bo tšoantšetsa Jerusalema. Ho fapana le batho ba Jerusalema ea boholo-holo, batho ba Bolumeli ba Bohata ha ho na mohla ba kileng ba rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Jehova o ile a tšoarela batho ba Jerusalema ka nakoana empa ha ho na tšepo ea hore o tla etsa joalo ka Bolumeli ba Bohata.
Boprofeta bo buang ka pono ea thota ea masapo a omeletseng bo ile ba phethahala joang?
Tlhaloso ea khale: Pele ho ne ho thoe ka 1918 batlotsuoa ba neng ba hlorisoa ba ileng ba isoa botlamuoeng Babilona e Moholo, ba ile ba shoa ka tsela ea tšoantšetso hobane ho ne ho le thata hore ba sebeletse Jehova. Nako eo ea botlamuoa e nkile nako e khutšoanyane ’me ea fela ka 1919 ha Jehova a ne a ba etsa baboleli ba ’Muso.
Tlhaloso e ncha: Botlamuoa boo ba tšoantšetso bo nkile nako e telele hobane bo qalile khale le pele ho 1918. Bo qalile lilemong tsa bo-100, ba fella ka selemo sa 1919 ’me nako ena e tšoana le nako eo Jesu a ileng a bua ka eona papisong ea koro le mofoka.
Mabaka: Baiseraele ba ile ba ba botlamuoeng nako e telele, ho tloha ka selemo sa 740 ho fihlela qetellong ea selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu. Boprofeta ba Ezekiele bo hlalosa masapo ao e le a “omeletseng” kapa a “omeletseng haholo” e leng se bontšang hore e ne e se e le nako e telele haholo beng ba masapo ana ba hlokahetse. Masapo ao a ne a tla boela a phele empa ntho eo e ne e tla etsahala butle-butle.
Ho kopanngoa ha lithupa tse peli ho bolela’ng?
Tlhaloso ea khale: Pele ho ne ho thoe ka mor’a hore ho be le liqabang ka nako e khutšoanyane nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše, batlotsuoa ba tšepahalang ba ile ba boela ba sebeletsa Molimo hammoho ka 1919.
Tlhaloso e ncha: Boprofeta bona bo bontša hore Jehova o tla etsa hore barapeli ba hae ba mo sebeletse hammoho. Ka mor’a 1919, ha nako e ntse e e-ea batlotsuoa ba ile ba kopana le batho ba bangata ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Lihlopha tsena tse peli li sebeletsa Jehova hammoho.
Mabaka: Boprofeta bona ha bo bue ka thupa e le ’ngoe e ileng ea rojoa hore e be likoto tse peli ebe hamorao lia kopanngoa hore e be thupa e le ’ngoe. Kahoo, boprofeta bona ha bo bue ka sehlopha se le seng se ileng sa arohana eaba hamorao sea kopanngoa. Ho e-na le hoo, ho buuoa ka lihlopha tse peli tse fapaneng tse ileng tsa kopanngoa hore e be ntho e le ’ngoe.
Gogo oa Magogo ke mang?
Tlhaloso ea khale: Pele ho ne ho thoe Gogo oa Magogo ke lebitso le ileng la fuoa Satane ka mor’a hore a lelekoe leholimong.
Tlhaloso e ncha: Gogo oa Magogo ke lichaba tse ikopantseng tse tla hlasela barapeli ba ’nete nakong ea mahlomola a maholo.
Mabaka: Tsela eo Gogo a hlalosoang ka eona ha ho thoe o tla fuoa linonyana tse jang nama le hore o tla ba le sebaka sa lepato mona lefatšeng, e bontša hore Gogo ha se lengeloi. Boprofeta bo buang ka hore Gogo ke lichaba tse tl’o hlasela batho ba Molimo, bo tšoana le bo hlahang bukeng ea Daniele le ea Tšenolo bo buang ka ho hlaseloa ha batho ba Molimo.—Dan. 11:40, 44, 45; Tšen. 17:14; 19:19.
Na Ezekiele o bone tempele e kholo ea tšoantšetso eo moapostola Pauluse a ileng a e hlalosa hamorao?
Tlhaloso ea khale: Pele ho ne ho thoe tempele eo Ezekiele a e boneng e tšoana le tempele ea tšoantšetso eo moapostola Pauluse a ileng a e hlalosa.
Tlhaloso e ncha: Ezekiele ha aa bona tempele ea tšoantšetso e bileng teng ka selemo sa 29 mehleng ea Jesu empa o bone feela pono ea hore na borapeli ba ’nete bo hlalositsoeng Molaong oa Moshe bo ne bo tla tsosolosoa joang ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng. Ha Pauluse a hlalosa tempele ea tšoantšetso o bua haholo ka mosebetsi oo Jesu a ileng a o etsa e le Moprista ea Phahameng, ho tloha ka selemo sa 29 ho ea ho sa 33. Pono ea Ezekiele ea tempele, ha e bue ka moprista ea phahameng empa e bua ka borapeli ba ’nete bo ileng ba tsosolosoa ho tloha ka selemo sa 1919. Kahoo, ponong ena ea Ezekiele ha re batlane le hore na ntho e itseng e emela’ng kapa e tšoantšetsa’ng. Ho e-na le hoo, re batla ho sheba lintho tseo re ka ithutang tsona tseleng eo Jehova a batlang ho rapeloa ka eona.
Mabaka: Tempele eo Ezekiele a e boneng ponong e fapane le tempele ea tšoantšetso. Ka mohlala, tempeleng eo Ezekiele a e boneng ho etsoa mahlabelo a mangata a liphoofolo empa tempeleng ea tšoantšetso, ho fanoe ka sehlabelo se le seng “hanngoe ebile e le la ho qetela.” (Baheb. 9:11, 12) Lilemo tse ngata pele Kreste a tla lefatšeng, e ne e e-s’o be nako ea hore Jehova a hlalose tempele ea hae ea tšoantšetso.