Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 1

“Ke Jehova Molimo oa Hao eo u Lokelang ho mo Rapela”

“Ke Jehova Molimo oa Hao eo u Lokelang ho mo Rapela”

MATHEU 4:10

NTLHA-KHOLO: Lebaka la hore borapeli ba ’nete bo tsosolosoe

1, 2. Ho tlile joang hore Jesu a be lefeelleng la Judea ka hoetla selemong sa 29? Ho ile ha etsahala’ng ka eena ha a le moo? (Sheba setšoantšo se qalang.)

 KE HOETLA selemong sa 29. Jesu o lefeelleng la Judea ka leboea ho Leoatle le Shoeleng. O isitsoe moo ke moea o halalelang ka mor’a hore a kolobetsoe le hore a tlotsoe ka moea o halalelang. Jesu o qetile matsatsi a 40 a le mong sebakeng seo se nang le mafika le likhohlo, a itima lijo, a rapela a bile a thuisa. E ka ’na eaba nakong eo, Jehova o ne a buisana le eena a mo lokisetsa lintho tse tl’o etsahala.

2 Nakong eo Jesu a seng a shoele ke tlala, Satane o tla ho eena. Ntho e tl’o etsahala ka mor’a mona e hlahisa taba ea bohlokoa e amang uena le batho bohle ba ratang borapeli ba ’nete.

“Haeba u Mora oa Molimo . . .”

3, 4. (a) Ha Satane a leka Jesu ka makhetlo a mabeli a qalang, o ile a re’ng? Ha a cho joalo o ne a batla ho kenya Jesu maikutlo afe? (b) Satane o sebelisa maqheka a tšoanang le ao joang mehleng ee?

3 Bala Matheu 4:1-7. Ha Satane a leka Jesu ka makhetlo a mabeli a qalang, ka bohlale o ile a bua mantsoe ana: “Haeba u mora oa Molimo.” Na ke hobane a ne a belaela hore Jesu ke Mora oa Molimo? Ho hang. Satane o ne a tseba hantle hore Jesu ke Mora oa Molimo oa matsibolo hobane le eena e ne e kile ea e-ba mora oa Molimo. (Bakol. 1:15) Hape o ne a tseba hantle mantsoe ao Jehova a ileng a a bua a le leholimong ha Jesu a ne a kolobetsoa, a reng: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.” (Mat. 3:17) Mohlomong Satane o ne a batla ho kenya Jesu maikutlo a hore Ntate oa hae ha a tšepahale le hore ha a mo tsotelle. Ha a ne a leka Jesu ka lekhetlo la pele ka hore a re a fetole majoe bohobe, ha e le hantle Satane o ne a re: ‘Haeba u Mora oa Molimo, ke hobane’ng ha a sa u fepe lefeelleng lee le se nang letho?’ Ha a ne a mo leka ka lekhetlo la bobeli ka hore a re a itihele fatše a le holim’a tora ea tempele, ho ne ho tšoana le ha eka o re ho Jesu: ‘Kaha u Mora oa Molimo, na u fela u mo tšepa hore o tla u sireletsa?’

4 Le mehleng ena Satane o sebelisa maqheka a tšoanang. (2 Bakor. 2:11) O lalla barapeli ba ’nete ha ba nyahame kapa ba se na matla ebe oa ba hlasela, hangata a bile a ikhakantse. (2 Bakor. 11:14) O leka ho re qhekella ka ho re kenya maikutlo a hore ha ho mohla Jehova a tla re rata kapa ho re amohela. Hape Satane o batla hore re lumele hore Jehova ha a tšepahale le hore a ke ke a phethahatsa litšepiso tsa hae tse ka Bibeleng. Ao ke mashano a matala! (Joh. 8:44) Ke’ng e tla re thusa hore re se ke ra a kholoa?

5. Jesu o ile a araba Satane joang litekong tse peli tsa pele?

5 Hlokomela hore na Jesu o ile a araba Satane joang litekong tse peli tsa pele. Jesu o ne a sa belaele hore Ntate oa hae oa mo rata ebile o ne a mo tšepa ka ho feletseng. O ile a hanyetsa Satane a sa hlathe koana le koana a sebelisa Lentsoe la Ntate oa hae. Ke ntho e utloahalang hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a qotsa mangolo a nang le lebitso la Jehova. (Deut. 6:16; 8:3) Taba ea hore ebe Jesu o ile a sebelisa lebitso la Ntate oa hae e ne e bontša hore oa mo tšepa hobane lebitso leo le bolela hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae. a

6, 7. Re ka hlola maqheka a Satane joang?

6 Re ka hlola maqheka a Satane ka hore re tšepe Lentsoe la Jehova le ka hore re lule re nahana ka hore na lebitso leo le bolela’ng. Mangolo a re bolella hore Jehova o rata barapeli ba hae, ho akareletsa le ba nyahameng. Haeba re ikholisa hore Mangolo ao a bua le rona, re tla hlokomela hore Satane o leshano ha a re ha ho mohla Jehova a tla re rata le ho re amohela. (Pes. 34:18; 1 Pet. 5:8) Ha re lula re hopola hore Jehova o lula a etsa lintho tse lumellanang le hore na lebitso la hae le bolela’ng, re tla mo tšepa kahohle-hohle hobane re kholisehile hore o phethahatsa litšepiso tsa hae.—Liprov. 3:5, 6.

7 Ha e le hantle, morero o ka sehloohong oa Satane ke ofe? Hantle-ntle ke eng eo a e batlang ho rona? Teko ea boraro eo Satane a ileng a leka Jesu ka eona e araba lipotso tsena.

‘Khumama u Nthapele’

8. Ha Satane a leka Jesu ka lekhetlo la boraro, o ile a bontša joang hore na hantle-ntle o batla’ng?

8 Bala Matheu 4:8-11. Ha Satane a leka Jesu ka lekhetlo la boraro, o ile a tlohela ho pota-pota, a hlakisa hore na hantle-ntle o batla’ng. Ho ka etsahala hore ebe Satane o ile a bontša Jesu pono ea “mebuso eohle ea lefatše le maruo a eona” empa a se ke a mo bontša bobolu ba eona. Ka mor’a moo, a re ho Jesu: “Ke tla u fa lintho tsena kaofela ha u ka khumama oa nthapela. b Ntho eo Satane a neng a hlile a e batla ke ho rapeloa. Satane o ne a batla hore Jesu a lahle Ntate oa hae ebe o nka eena e le molimo oa hae. Ho ka bonahala eka Satane o ne a nolofalletsa Jesu bophelo. O ne a fana ka maikutlo a hore Jesu a ka busa lefatše a ba a inkela maruo a lona ho sa hlokahale hore a utloe bohloko pele. Ho ne ho ke ke ha hlokahala hore a roesoe korone ea meutloa, a shapuoe le ho khokhotheloa palong. Teko ena e ne e se ’mantloane. Jesu ha aa ka a hana hore Satane o laola mebuso ea lefatše. (Joh. 12:31; 1 Joh. 5:19) Ho hlakile hore Satane o ne a ikemiselitse ho tela eng kapa eng hore a khelose Jesu e le hore a khaotse ho rapela Ntate oa hae.

9. (a) Hantle-ntle Satane o batla hore barapeli ba ’nete ba etse’ng, hona o etsa’ng ho re cheha? (b) Borapeli ba rona bo akareletsa’ng? (Sheba lebokose le reng “Borapeli ke Eng?”)

9 Le mehleng ena, ha ho na letho leo Satane a le batlang haese hore re rapele eena, ebang rea hlokomela kapa ha re hlokomele. Satane ke “molimo oa lefatše lena.” Ka lebaka leo, batho bohle ba malumeling a bohata ao e leng karolo ea Babilona e Moholo ba rapela eena. (2 Bakor. 4:4) Empa kaha ha a khotsofalla batho ba libilione ba mo rapelang ba le malumeling a bohata, o khelosa barapeli ba ’nete hore ba etse lintho tse khahlanong le thato ea Molimo. O leka ho re cheha ka ho etsa hore re batle ho rua le ho ba matla lefatšeng lena, ho e-na le hore re phele ka tsela e khahlisang Molimo e ka ’nang ea etsa hore re utloe bohloko ‘hobane re etsa lintho tse lokileng.’ (1 Pet. 3:14) Haeba re ne re ka mo lumella hore a re pitle ebe re ba karolo ea lefatše la hae eaba re tlohela borapeli ba ’nete, ho ne ho tla tšoana le ha eka re khumamela Satane, rea mo rapela ebile re mo etsa molimo oa rona. Re ka hlola teko eo joang?

10. Jesu o ile a re’ng ha Satane a mo leka ka lekhetlo la boraro, hona hobane’ng?

10 Hlokomela hore na Jesu o ile a re’ng ha Satane a mo leka ka lekhetlo la boraro. O ile a bontša hore o tšepahalla Jehova ka hore hang-hang a re: “Tloha Satane!” O ile a boela a etsa ntho e tšoanang le eo a ileng a e etsa litekong tse peli tse fetileng, a qotsa lengolo la Deuteronoma le nang le lebitso la Molimo a re: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.’” (Mat. 4:10; Deut. 6:13) Mantsoe ana ao Jesu a a buileng a bontša hore ha aa ka a khalla bophelo bo se nang mathata le botumo empa botumo boo e le ba nakoana. Jesu o ne a utloisisa hore ke Ntate oa hae feela ea lokelang ho rapeloa le hore haeba a ne a ka rapela Satane esita le hanngoe feela, ho ne ho tla tšoana le ha a etsa Satane molimo oa hae. Jesu o ile a ema a tiile, a hana ho etsa Satane molimo oa hae. Kaha Jesu o ile a hana ho mo mamela, Diabolose o ile “a mo tlohela.” c

“TLOHA SATANE!” (Sheba serapa sa 10)

11. Re ka etsa’ng ho hanyetsa Satane le ho qoba ho oela melekong ea hae?

11 Re ka khona ho hanyetsa Satane le ho qoba ho oela melekong ea lefatše la hae le senyehileng hobane re tšoana le Jesu ka hore re khona ho iketsetsa liqeto. Jehova o re file monyetla o ikhethang e leng bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto. Ha ho motho le ea mong ea ka re qobellang ho tlohela borapeli ba ’nete ho akareletsa le modemona ea matla ea kang Satane. Ha re tšepahalla Jehova ’me re ‘hanyetsa [Satane] ka hore re be le tumelo e matla,’ ho tšoana le ha le rona re re: “Tloha Satane!” (1 Pet. 5:9) U hopole hore ka mor’a hore Jesu a hanyetse Satane ka matla, Satane o ile a mo tlohela. Le rona Bibele ea re tšepisa e re: “Le hanyetse Diabolose ’me o tla le baleha.”—Jak. 4:7.

Re ka hlola liteko tsa lefatše la Satane (Sheba serapa sa 11 le 19)

Motho ea Hloileng Borapeli ba ’Nete

12. Satane o ile a bontša joang hore o hloile borapeli ba ’nete ha a le serapeng sa Edene?

12 Teko ea boraro eo Satane a ileng a leka Jesu ka eona e ile ea bontša hore ke eena oa pele oa ho hloea borapeli ba ’nete. Lilemo tse likete le pele a leka Jesu, ha a le serapeng sa Edene o ile a bontša ka lekhetlo la pele hore o hloile borapeli ba Jehova. O ile a thetsa Eva eaba Eva o susumeletsa Adama ho tlola molao oa Jehova. Ka ho etsa joalo, o ne a ba busa le ho ba laola. (Bala Genese 3:1-5; 2 Bakor. 11:3; Tšen. 12:9) Ho bua ’nete feela, Satane e ile ea e-ba molimo oa bona ’me bona ea e-ba barapeli ba hae, le hoja e ka ’na eaba ba ne ba sa tsebe hore na ke mang ea ba khelosang. Hape taba ea hore Satane o qalile borabele Edene e ne e bontša hore o khahlanong le puso ea Jehova le hore o nka Jehova a se na tokelo ea ho busa. E boetse e bontša hore o hlasela borapeli ba ’nete. Joang?

13. Borapeli ba ’nete bo kenella joang tabeng ea puso?

13 Taba ea puso e ama borapeli ba ’nete. Jehova Morena oa ’nete ea ‘bopileng lintho tsohle’ ke eena feela eo re tšoanelang ho mo rapela. (Tšen. 4:11) Ha Jehova a qeta ho bopa Adama le Eva ba phethahetse, o ile a ba beha serapeng sa Edene. Morero oa Hae e ne e le hore lefatše le tlale batho ba phethahetseng ba mo sebeletsang ka ho rata ebile ba mo rapela ka lipelo tsohle. (Gen. 1:28) Satane o ile a loantša puso ea Jehova hobane a ne a khaletse borapeli bo lokelang ho lebisoa ho Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle feela.—Jak. 1:14, 15.

14. Hlalosa hore na Satane o ile a atleha ha a ne a leka ho hlasela borapeli ba ’nete.

14 Na Satane o ile a atleha ha a ne a leka ho hlasela borapeli ba ’nete? O khonne ho etsa hore Adama le Eva ba furalle Molimo. Ho tloha ka nako eo, esale Satane a hlasela borapeli ba ’nete, a leka kahohle-hohle ho etsa hore batho ba bangata ba furalle Jehova Molimo. Haesale Satane a leka barapeli ba Jehova le pele ho mehla ea Bakreste. Ka mor’a hore baapostola ba shoe, Satane ka bokhopo bohle o ile a etsa hore ho be le bakoenehi ba ileng ba senya phutheho ea Bokreste eaba qetellong ho bonahala eka ho felile ka borapeli ba ’nete. (Mat. 13:24-30, 36-43; Lik. 20:29, 30) Ka mor’a selemo sa 100, Bakreste ba ’nete ba ile ba qeta nako e telele e le makhoba a Babilona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Leha ho le joalo, Satane ha aa atleha ho thibela Molimo ho tlatsa lefatše lohle ka borapeli ba ’nete ebile ha ho na letho le ka sitisang Molimo hore a phethahatse morero oo oa hae. (Esa. 46:10; 55:8-11) Jehova o etsa lintho tse lumellanang le seo lebitso la hae le se bolelang hobane lebitso la hae lea ameha tabeng ena. Ha ho le ka mohla Jehova a hlolehang ho phethahatsa merero ea hae.

Motho ea Emelang Borapeli ba ’Nete

15. Jehova o ile a ahlola marabele a Edene joang le ho etsa bonnete ba hore morero oa hae oa atleha?

15 Jehova o ile a nkela marabele a Edene khato hang-hang e le hore a etse bonnete ba hore morero oa hae oa phethahala. (Bala Genese 3:14-19.) Nakong eo Adama le Eva ba ntseng ba le serapeng sa Edene, Jehova o ile a ahlola marabele ao a mararo a qala ka hore na ke mang ea entseng sebe pele. O ile a qala ka Satane, a ea ho Eva eaba o qetella ka Adama. Ha Jehova a ne a bua le Satane enoa eo Adama le Eva ba neng ba sa mo bone le ho mo bona, o ile a profeta hore ho tla ba le “ngoana” ea tla felisa mathata ’ohle a borabele boo Satane a bo qalileng. “Ngoana” eo o ne a tla phetha karolo ea bohlokoa ea ho etsa hore morero oa Jehova ka borapeli ba ’nete o phethahale.

16. Jehova o ile a etsa’ng hore morero oa hae o phethahale le ka mor’a borabele ba Edene?

16 Haesale Jehova a sebetsa ka thata hore morero oa hae o phethahale le ka mor’a hore ho be le borabele Edene. Ho na le lintho tseo a ileng a li etsa e le hore batho ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang joalokaha re tla bona khaolong e latelang. (Baheb. 11:4–12:1) O ile a boela a susumetsa bangoli ba Bibele ba kang Esaia, Jeremia le Ezekiele hore ba ngole boprofeta bo thabisang bo bontšang hore na borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa joang. Ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete ke eona ntlha-kholo ea molaetsa oa Bibele. Boprofeta boo bo ne bo tla phethahatsoa ke “ngoana,” e leng Jesu Kreste. (Bagal. 3:16) Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore o emela borapeli ba ’nete ha a ne a araba Satane ha a mo leka ka lekhetlo la boraro. Jesu ke eena eo Jehova a mo khethileng ho phethahatsa boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. (Tšen. 19:10) O ne a tla lopolla batho ba Molimo hore e se ke ea hlola e e-ba makhoba a borapeli ba bohata ebe o khutlisetsa borapeli ba ’nete malulong.

U Tla Etsa’ng?

17. Ke hobane’ng ha re rata boprofeta bo ka Bibeleng bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete?

17 Ho hlahloba boprofeta bo ka Bibeleng bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete hoa thabisa ebile ho re matlafatsa tumelo. Re rata boprofeta boo haholo hobane re labalabela nako eo ka eona bohle ba leholimong le lefatšeng ba tla be ba rapela Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle feela. Ntle ho moo, boprofeta bona bo re fa tšepo hobane bo na le tse ling tsa litšepiso tse thabisang tse ka Lentsoeng la Molimo. Na ho na le motho ea ka reng ha a tatela ho bona ha litšepiso tsa Jehova li phethahala, tse kang ho tsosoa ha batho bao re ba ratang, ho bona ha lefatše e se e le paradeise ebile re phela ka ho sa feleng re sa kule?—Esa. 33:24; 35:5, 6; Tšen. 20:12, 13; 21:3, 4.

18. Re tl’o hlahloba eng bukeng ee?

18 Bukeng ena re tl’o hlahloba boprofeta bo monate bo hlahang bukeng ea Ezekiele. Boholo ba boprofeta boo bo bua ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. Re tl’o bua ka hore na boprofeta ba Ezekiele bo amana joang le boprofeta bo bong bo ka Bibeleng, hore na Kreste o tla sebelisoa joang ho bo phethahatsa le hore na bo re ama joang.—Sheba lebokose le reng “Kakaretso ea Ezekiele.”

19. U ikemiselitse ho etsa’ng, hona hobane’ng?

19 Ha Jesu a le lefeelleng la Judea ka selemo sa 29, Satane o ile a hloleha ho etsa hore a tlohele borapeli ba ’nete. Empa na rona o tla re tlohela? Satane o ikemiselitse le ho feta ho re suthisetsa hole le borapeli ba ’nete. (Tšen. 12:12, 17) E se eka buka ena e ka etsa hore re ikemisetse ho hanyetsa Diabolose Moleki ea khopo. Hape e se eka re ka bontša ka mantsoe le ka liketso hore re lumellana ka botlalo le mantsoe a reng: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela.” Ha re etsa joalo, re tla ba le monyetla oa ho bona ha morero oa Jehova o moholo o phethahala. Re tla bona ha bohle leholimong le lefatšeng ba rapela Jehova hammoho ka tsela e nepahetseng ebile e le ka lipelo tsohle, e leng eona ntho e mo tšoanelang.

a Batho ba bang ba lumela hore lebitso Jehova le bolela “O Etsa Hore ho Be.” Tlhaloso eo e tšoanela Jehova hobane ke ’Mopi ebile o phethahatsa merero eohle ea hae.

b Ha buka e ’ngoe e hlalosang litaba tsa Bibele e bua ka mantsoe a Satane, e re: “Boemong bona ntho e amehang ke hore na motho o khetha ho etsa thato ea Molimo kapa ea Satane. Khetho eo a tla e etsa ea bontša hore na o batla ho rapela Molimo kapa Satane. Taba ena e ne e ntse e ameha le tekong ea pele e hlahang ka Bibeleng e ileng ea hlola Adama le Eva. Ho hlakile hore Satane o iketsa molimo ebile o batla ho nkela Molimo oa ’nete sebaka.”

c Kosepeleng ea Luka, liteko tse tharo tsa Satane ha lia ngoloa ka tatellano empa bukeng ea Matheu teng ho bonahala li ngotsoe ka tatellano. Ho entsoe joalo ka mabaka ana a mararo: (1) Bukeng ea Matheu moo ho buuoang ka teko ea bobeli, ho qaliloe ka lentsoe la Segerike le bolelang “eaba” e leng ntho e bontšang hore teko ena e ne e tla ka mor’a ea pele. (2) Makhetlong a mabeli a pele ha Satane a leka Jesu, o ile a tla ho eena a ikhakantse a qala ka mantsoe a reng, “Haeba u mora oa Molimo.” Kahoo, hoa utloahala hore liteko tsena tse peli li ne li ka hlahlangoa ke ena ea boraro moo Satane a seng a mo toba ka ho mo leka hore a tlole molao oa Molimo. (Ex. 20:2, 3) (3) Ka mor’a hore Satane a leke Jesu ka lekhetlo la boraro, Jesu o ile a re: “Tloha Satane!” Ke ntho e utloahalang hore Jesu o ne a ka bua mantsoe ao hobane e ne e se e le lekhetlo la ho qetela Satane a mo leka.—Mat. 4:5, 10, 11.