Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Barapeli ba Jehova ba Ratehang:

Batho ba neng ba tlile Kopanong ea Setereke ea “Lebitso la Molimo” ka selemo sa 1971, ba ile ba thaba haholo ha ho lokolloa lingoloa tse ’maloa tse ncha. Ho ne ho se na motho ea neng a nahana hore libuka tse joalo li ka ba teng. Ha mor’abo rona e mong a bua ka e ’ngoe ea libuka tsena tse qetang ho lokolloa, o ile a re: “Ha re e-s’o ka re fumana buka e hlalosang lintho tse tl’o etsahala ka tsela e hlakileng joalo!” O ne a bua ka buka efe? O ne a bua ka buka eo ka Senyesemane e bitsoang “The Nations Shall Know That I Am Jehovah”—How? Ke hobane’ng ha batho ba ne ba thabetse buka ee? Ke hobane e ne e bua ka lithuto tse ntlafalitsoeng tsa boprofeta ba buka ea Ezekiele, e leng boprofeta bo tla ama batho bohle nakong e tlang.

Ho tloha ha buka eo e lokolloa, Lipaki Tsa Jehova li eketsehile haholo ho tloha ho limilione tse 1,5 ho ea ho limilione tse fetang tse robeli. (Esa. 60:22) Bahlanka bao ba Jehova ba bua lipuo tse fapaneng tse fetang 1 000. (Zak. 8:23) Ba bangata ba bona ha ba e-s’o ka ba fumana monyetla oa ho ithuta buka e hlalosang boprofeta ba Ezekiele ka tsela e hlakileng.

Ho ekelletsa moo, ho tloha ka selemo seo sa 1971 haesale tsela eo re utloisisang lithuto tsa Bibele ka eona e ntse e ntlafatsoa haholo joalokaha eka khanya e ntse e eketseha le ho feta. (Liprov. 4:18) Ka 1985 re ile ra qala ho utloisisa hore batho ba “linku tse ling” le bona ke metsoalle ea Molimo ’me ba nkoa ba lokile. (Joh. 10:16; Bar. 5:18; Jak. 2:23) Ka 1995 re ile ra qala ho utloisisa hore kahlolo ea ho qetela ea “linku” le “lipoli” e tla etsahala nakong ea “mahlomola a maholo.” (Mat. 24:21; 25:31, 32) Liphetoho tsena kaofela li re thusitse ho utloisisa buka ea Ezekiele.

“Mor’a motho, shebisisa, mamelisisa u be u ele hloko ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u bontšang eona hobane u tlisitsoe mona ka lona lebaka leo.”—EZEKIELE 40:4

Lilemong tsa morao tjena khanya e ile ea ’na ea eketseha. Nahana ka lintho tseo re ithutileng tsona lipapisong tsa Jesu. Hona joale re se re utloisisa lipapiso tseo ka tsela e hlakileng. Tse ngata tsa tsona li bua ka lintho tse tl’o etsahala haufinyane nakong ea mahlomola a maholo. Ka tsela e tšoanang, kutloisiso ea rona ea boprofeta bo bong bo hlahang bukeng ea Ezekiele e ntlafalitsoe. Lintho tse ling tse ntlafalitsoeng li akarelletsa boprofeta bo buang ka Gogo oa Magogo (khaolo ea 38 le ea 39), mosebetsi oa monna ea tšoereng lenaka la enke la mongoli (khaolo ea 9), thota e tletseng masapo a omeletseng le ho kopanngoa ha lithupa tse peli ka tsela ea tšoantšetso (khaolo ea 37). Litlhaloso tsena kaofela li ntlafatsa lintho tse neng li ngotsoe lilemo tse ngata tse fetileng bukeng ea ‘Know Jehovah.’

Ke kahoo re sa makaleng hore ebe batho ba Jehova ba ne ba ipotsa ba re: “Re tla e fumana neng buka e nang le litlhaloso tse ntlafalitsoeng tsa boprofeta ba Ezekiele?” Buka ena ea Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete e tl’o phetha morero oo. Ha u ntse u bala likhaolo tsa eona tse 22, u nahanisisa le ka lipapiso tsa eona, u tla thaba ha u bona hore ho entsoe lipatlisiso tse ngata ha ho ne ho ngoloa buka ena. Re ile ra rapela ra ba ra nahanisisa ka hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore ka Bibeleng ho be le buka ena e hlollang ea Ezekiele. Re ile ra nahana ka lipotso tse kang: Ke lintho life tseo batho ba phetseng mehleng ea Ezekiele ba neng ba ka ithuta tsona bukeng ea Ezekiele le tseo rona re ka ithutang tsona kajeno? Ke boprofeta bofe bo buang ka lintho tse tl’o etsahala nakong e tlang? Na ha re hlahloba boprofeta ba Ezekiele re lokela ho nka hore lintho tse itseng li tšoantšetsa lintho tse itseng? Likarabo tsa lipotso tsena li re thusa ho utloisisa ka ho hlakileng buka ena ea Ezekiele eo re thabelang ho e bala.

Ha u ntse u ithuta buka ena ea Ezekiele ho tloha qalong ho fihlela qetellong, u tla khahloa ke ho ithuta ka karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova. Re kholisehile hore u boetse u khahloa ke melao ea Jehova e phahameng eo a e behetseng bahlanka ba hae ba lefatšeng le ba leholimong ba batlang ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Buka ena ea Borapeli ba ’Nete e tl’o u thusa hore u ananele lintho tseo Jehova a seng a li etselitse batho ba hae le tseo a tla ba etsetsa tsona nakong e tlang. U tla hlokomela hore buka ena e pheta-pheta lintlha-kholo tse peli. Ntlha ea pele, e le hore re khahlise Jehova re lokela ho mo tseba le ho mo nka e le ’Musi oa Lintho Tsohle. Ea bobeli ke hore re lokela ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang re be re phele ka melao ea hae.

Re lakatsa eka buka ena e ka u matlafatsa eaba ea etsa hore u ikemisetse ho rapela Jehova ka tsela e tlotlisang lebitso la hae le leholo le le halalelang. E se eka e ka boela ea u khothatsa ’me ea etsa hore u lule u lebelletse nako eo ka eona lichaba tsohle li tla tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova.—Ezek. 36:23; 38:23.

E se eka Ntate oa rona ea lerato Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho batla ho utloisisa buka ena eo a ileng a susumetsa moprofeta Ezekiele hore a e ngole.

Bara ba bo lona,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova