Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 2B

Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng

Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng

Lebitso Ezekiele le bolela “Molimo oa Matlafatsa.” Le hoja boholo ba boprofeta ba Ezekiele e le litemoso tseo Molimo a li fileng batho ba hae, molaetsa oa hae ka kakaretso o lumellana le seo lebitso la hae le se bolelang hobane o matlafatsa tumelo ho batho ba batlang ho sebeletsa Molimo ka tsela e nepahetseng.

BAPROFETA-’MOHO LE EZEKIELE

  • JEREMIA,

    o hlaha lelapeng la boprista, boholo ba nako o ne a sebetsa a le Jerusalema (647-580 B.C.E.)

  • HULDA

    e ne e le moprofeta nakong eo buka ea Molao e fumanoang ka tempeleng hoo e ka bang ka selemo sa 642 B.C.E.

  • DANIELE,

    o ne a tsoa lelokong la borena la Juda, hape o ile a isoa Babilona ka 617 B.C.E.

  • HABAKUKE

    ho ka etsahala hore e bile moprofeta Juda qalong ea puso ea Jojakime

  • OBADIA

    o ile a profeta molaetsa oa kahlolo o eang ho Edomo ’me ho ka etsahala hore ebe e ne e le ka nako eo Jerusalema e neng e felisoa

BA PROFETILE NENG? (LILEMO TSOHLE KE TSA PELE HO MEHLA EA JESU)

LINTHO TSA BOHLOKOA TSE ETSAHETSENG MEHLENG EA EZEKIELE (LILEMO TSOHLE KE TSA PELE HO MEHLA EA JESU)

  1. h. 643: Ezekiele oa hlaha

  2. 617: O isoa botlamuoeng Babilona

  3. 613: E ba moprofeta, o bona lipono ka Jehova

  4. 612: O bona pono ea hore ho tla ba le bokoenehi tempeleng

  5. 611: O soma Jerusalema

  6. 609: Mosali oa hae oa shoa ’me Jerusalema e thibelloa ka lekhetlo la ho qetela

  7. 607: O fumana molaetsa oa hore Jerusalema e felisitsoe

  8. 593: O bona pono ea tempele

  9. 591: O profeta hore Nebukadnezare o tla hlasela Egepeta, o qeta ho ngola buka ea hae

MARENA A JUDA LE A BABILONA

  1. 659-629: Josiase o khothaletsa borapeli ba ’nete empa o shoella ntoeng ha a ntse a loana le Faro ea bitsoang Neko

  2. 628: Joakaze e ba morena ea khopo ’me o busa likhoeli tse tharo feela. Ka mor’a moo o tšoaroa ke Faro Neko

  3. 628-618: Jojakime ke morena ea khopo ’me Faro Neko oa mo laola

  4. 625: Nebukadnezare o hlola Baegepeta

  5. 620: Nebukadnezare o hlasela Juda ka lekhetlo la pele ’me o laola Jojakime Jerusalema

  6. 618: Jojakime o fetohela Nebukadnezare ’me ho ka etsahala hore ebe o ile a shoa ha Babilona e hlasela Naha e Tšepisitsoeng ka lekhetlo la bobeli

  7. 617: Jojakine eo hape a bitsoang Jekonia ke morena ea khopo ebile o busa likhoeli tse tharo feela ’me hamorao o inehela ho Nebukadnezare

  8. 617-607: Morena Tsedekia ea khopo, oa lekoala o laoloa ke Nebukadnezare

  9. 609: Tsedekia o fetohela Nebukadnezare. Ka mor’a moo, Nebukadnezare o hlasela Juda ka lekhetlo la boraro

  10. 607: Nebukadnezare o felisa Jerusalema, o hapa Tsedekia, o mo honya mahlo ebile o mo isa Babilona